Mali
Tlhaloso: Lero le hlollang ka sebele le potolohang methapong ea batho le ea liphoofolo tse ngata tse nang le lisele tse ngata-ngata, le fana ka lijo le moea o hloekileng, le hleka litšila le ho nka karolo e khōlō ho sireletsa ’mele maloetseng a tšoaetsanoang. Mali a ameha haufi-ufi bophelong hoo Bibele e reng “moea oa nama o maling.” (Lev. 17:11) E le Mohloli oa bophelo, Jehova o fane ka litaelo tse tiileng maloka le tšebeliso ea mali.
Bakreste ba laeloa ho ‘tela mali’
Lik. 15:28, 29: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna [sehlopha se busang sa phutheho ea Bokreste], hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng [kapa, tse bolailoeng li sa ntšoa mali], le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka khotso!” (Ka hona ho ja mali ho lekanngoa le borapeli ba litšoantšo le bofebe, lintho tseo re ke keng ra rata ho kopanela ho tsona.)
Ho ka jeoa nama ea liphoofolo, e seng mali
Gen. 9:3, 4: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; ke le neile tsona tsohle, joale ka ha ke le neile limela tse tala. Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.”
Phoofolo efe kapa efe e sebelisetsoang lijo e lokela ho fophisoa mali hantle. E fenethiloeng kapa e bolailoeng ke sefi kapa e fumanoang kamor’a hore e shoe, ha e-ea lokela lijo. (Lik. 15:19, 20; bapisa Levitike 17:13-16.) Ka ho tšoanang, sejo sefe kapa sefe se tšetsoeng mali a sa tsoakoang kapa a tsoakiloeng ha sea lokela ho jeoa.
Molimo o lumelletse feela ha mali a sebelisetsoa sehlabelo
Lev. 17:11, 12: “Moea oa nama o maling. Ke le neile ’ona aletareng, a tle a etsetse meea ea lōna pheko, hobane ke ka baka la moea mali a ka etsang pheko. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Ho se be motho har’a lōna ea jang mali; le eena molichaba ea ikahetseng har’a lōna, a se ke a ja mali.” (Mahlabelo ao ’ohle a liphoofolo Molaong oa Moshe a ne a tšoantšetsa sehlabelo se le seng sa Jesu Kreste.)
Ba-Heb. 9:11-14, 22: “Empa Kreste, moprista e moholo . . . o kene hang feela sehalalelisisong, e seng ka mali a liphooko le a manamane, empa e leng ka mali a hae a sebele, ’me a etsa topollo e sa feleng. Hobane ha esita mali a lipoho le a liphooko, le melora ea sethole eo ho fokoang ba litšila ka eona, li ba hlatsoa ka nģeng ea nama, ana ha e le mali a Kreste, ea itlhahisitseng ho Molimo ka Moea oa ka mehla eohle, e le pheko e se nang letheba, mali ao a tla hlatsoa matsoalo a lōna hakakang mesebetsing e shoeleng, hore le tle le sebeletse Molimo o phelang! . . . ’me ha mali a sa tšolohe, ha ho teselo ea libe.”
Ba-Ef. 1:7: “Ke ka ho eena [Jesu Kreste] re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re, tšoarelo ea litšito, ka monono oa mohau oa hae.”
Ba neng ba ipolela hore ke Bakreste makholo a pejana a lilemo C.E. ba ne ba utloisisa litaelo tsa Bibele ka mali joang?
Tertullian (oa hoo e ka bang ka 160-230 C.E.): “Litsela tsa lōna tseo e seng tsa tlhaho li ke li tlotlolohe ka pel’a Bakreste. Lijong tsa rōna, kaha ke lijo tse tloaelehileng, ha ho na mali leha e le a liphoofolo. . . . Lōna [Ba-Roma ba bahetene] le nea Bakreste linama tse sitsoeng tse tšetsoeng mali linyeoeng tsa bona. Haele hantle, le kholisehile hore eona ntho eo le lekang ho ba khelosa tseleng e nepahetseng ka eona, ke tlōlo ea molao ho bona. Ho tla joang hore, le tšepe hore ha ba thothometsoa ke mali a phoofolo, le lumele hore ba tla chachehela mali a motho?”—Tertullian, Apologetical Works, and Minucius Felix, Octavius (New York, 1950), e fetoletsoeng ke Emily Daly, leq. 33.
Minucius Felix (oa lekholo la boraro la lilemo C.E.): “Ha re batle mali a motho hoo lijong tsa rōna re sa sebeliseng le mali a liphoofolo tse jeoang.”—The Ante-Nicene Fathers (Grand Rapids, Mich.; 1956), e hlophisitsoeng ke A. Roberts le J. Donaldson, Moq. IV, leq. 192.
Litšelo tsa Mali
Na thibelo ea Bibele e akarelletsa le mali a motho?
E, ’me Bakreste ba pele ba e utloisisitse ka tsela eo. Liketso 15:29 e re “tela . . . mali.” Ha e re ho teloe mali a phoofolo feela. (Bapisa Levitike 17:10, e neng e thibela ho ja “mali afe le afe.”) Tertullian (ea ngotseng ho sireletsa litumelo tsa Bakreste ba pele) o itse: “Thibelo e behetsoeng ‘mali’ re tla e utloisisa e le (thibelo) ea mali a motho haholo-holo.”—The Ante-Nicene Fathers, Moq. IV, leq. 86.
Na tšelo e hlile e tšoana le ho ja mali?
Ha mokuli a sitoa ho ja ka lehano sepetlele, o fepuoa le methapong. Joale, na motho eo ho seng mohla a jang mali ka lehano la hae empa a amohela mali ka ho a tšeloa methapong o hlile o hlonepha molao oa “ho tela . . . mali”? (Lik. 15:29) Ha re bapisa, nahana ka motho eo ngaka e mo boleletseng hore a tele joala. Na o ne a tla be a hlompha haeba a tlohela ho noa joala empa a etsa hore bo kenngoe ka ho toba methapong ea hae?
Tabeng ea mokuli ea hanang mali, na ho na le lipheko tse ling tse ka emang sebakeng?
Hangata metsoako e bonolo ea saline, Ringer’s, le dextran e ka sebelisoa ho eketsa karolo e metsi ea mali, ’me metsoako ena e teng hoo e ka bang lipetleleng tsohle tse tsoetseng pele. Haele hantle, ka ho sebelisa metsoako ena ho qojoa likotsi tse tsamaeang le ho tšela mali. Canadian Anaesthetists’ Society Journal (January 1975, leq. 12) e re: “Likotsi tsa tšelo ea mali li etsa hore metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali ebe molemo: ho qoba maloetse a bakoang ke likokoanyana tsa mahloko, ho se nyallane hoa mali le ho se amohelehe hoa mali ’meleng.” Lipaki tsa Jehova ha li na khanyetso ea bolumeli ea tšebeliso ea metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali ha e sa etsoa ka mali.
Haele hantle, Lipaki tsa Jehova li hlile li phekoloa hamolemo haholo hobane ha li amohele mali. Ngaka e ileng ea ngola ho American Journal of Obstetrics and Gynecology (June 1, 1968, leq. 395) e lumetse hore: “Ha ho pelaelo hore boemo boo ho bona uena [ngaka e buoang] u buoang ntle ho monyetla oa ho tšela mali bo batla bo ntlafatsa ho buoa hoa hao. U etsa ka matla haholo ho thiba mothapo o mong le o mong o lutlang mali.”
Ke ho buoa hoa mefuta eohle ho ka etsoang ka katleho ntle ho ho tšela mali. Hona ho akarelletsa ho buoa pelo, boko, ho poma likarolo tsa ’mele le ho tlosoa ka ho feletseng hoa litho tse nang le kankere. Ha a ngola ho New York State Journal of Medicine (October 15, 1972, leq. 2527) Dr. Philip Roen, o itse: “Ha rea tsila-tsila ho buoa ka tsela efe kapa efe ho tse bontšitsoeng re sebelisa metsoako e thusang mali e sa lumelloang ka molao.” Dr. Denton Cooley, Sepetleleng sa Pelo sa Texas, o itse: “Re ile ra hlolloa haholo ke liphello [tsa ho sebelisa metsoako e sa etsoang ka mali e eketsang karolo e metsi ea mali] ho Lipaki tsa Jehova hoo re ileng ra qala ho sebelisa mokhoa ona ho bakuli bohle ba rōna ba pelo.” (San Diego Union, December 27, 1970, leq. A-10) “Ho buuoa hoa pelo ‘ntle ho mali,’ ho qalileng ho lokiselitsoe batho ba baholo ba mokha oa Lipaki tsa Jehova hobane bolumeli ba bona bo hanela litšelo tsa mali, hona joale ho sebelisoa ka sebete leha re buoa lipelo tse tetemang tsa masea le tsa bana.”—Cardiovascular News, February 1984, leq. 5.
Haeba e Mong a Re—
‘Le nehella bana ba lōna lefu ka baka la ho hana litšelo tsa mali. Ke lumela hore ke sehlōhō’
U ka ’na ua arabela: ‘Empa re ba lumella hore ba tšeloe—ho hong ho sireletsehileng haholoanyane. Re lumela mofuta oa litšelo o sa tsamaiseng kotsi ea lintho tse kang AIDS, lefu la sebete le malaria. Re batlela bana ba rōna tlhokomelo e molemohali, joalokaha ke tiisa hore e ka lakatsoa ke motsoali ofe le ofe ea lerato.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha ho tsoile mali a mangata, ntho ea bohlokoa haholo ke ho eketsa karolo e metsi. Ha ho pelaelo hore u-ua hlokomela hore mali a rōna karolo e fetang 50 lekholong ke metsi; joale ho na le lisele tse khubelu le tse tšoeu, jj. Ha mali a tsoile ka bongata, ’mele ka booona o tšela ka methapong lisele tse ngata tsa mali tseo o neng o li bolokile ’me o potlakisa ho etsoa hoa tse ncha. Empa joale ho hlokahala hore ho eketsoe karolo e metsi. Metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali e sa etsoang ka mali e ka sebelisoa ho koala sekheo seo, ’me rea e amohela.’ (2) ‘Metsoako e eketsang karolo e metsi ea mali e sebelisitsoe ho batho ba likete-kete, ka liphello tse babatsehang.’ (3) ‘Hoo e leng hoa bohlokoa haholo ho rōna ke seo Bibele e se buang ho Liketso 15:28, 29.’
Kapa u ka re: ‘Ke utloisisa pono ea hao. Ke lumela hore u nahana ka ngoana oa hao a se a le boemong boo. Re ka leka sohle se matleng a rōna joaloka batsoali ho sireletsa boiketlo ba ngoana oa rōna, na ha ho joalo? Ka hona haeba batho ba kang ’na le uena re hanela ngoana oa rōna pheko eitseng, ruri ho tla be ho e-na le lebaka le tlamang la sena.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u nahana hore batsoali ba bang ba ka ’na ba susumetsoa ke seo Lentsoe la Molimo le se bolelang mona ho Liketso 15:28, 29?’ (2) ‘Ka hona potso ke hore, Na re na le tumelo e lekaneng ea ho etsa se laeloang ke Molimo?’
‘Lōna le hana litšelo tsa mali’
U ka ’na ua arabela: ‘Likoranta li ’nile tsa phatlalatsa litaba tsa maemo a mang ao ho oona li neng li ikutloa hore Lipaki li ka ’na tsa e-shoa haeba li sa amohele mali. Ebe ke sona seo u se hopotseng? . . . Ke hobane’ng ha re nka boemo boo re bo nkang?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u rata mosali (monna) oa hao ka ho lekaneng hoo u ka utloisisang ho bea bophelo ba hao kotsing bakeng sa hae? . . . Hape ho na le banna ba beang bophelo ba bona kotsing ka baka la naha ea habo bona, ’me ba nkoa e le bahale, na ha ho joalo? Empa ho na le e mong e moholo ho feta motho ofe kapa ofe le ntho leha e le efe mona lefatšeng, ’me eo ke Molimo. Na u ka bea bophelo ba hao kotsing ka baka la ho o rata le ho tšepahala pusong ea oona?’ (2) ‘Khang-khang mona ke botšepehi ho Molimo. Ke Lentsoe la Molimo le re bolellang hore re tele mali. (Lik. 15:28, 29)’
Kapa u ka re: ‘Ho na le lintho tse ngata tse batlang li tloaelehile kajeno tseo Lipaki tsa Jehova li li qobang—ka mohlala, leshano, bofebe, bosholu, ho tsuba ’me, joalokaha u boletse, tšebeliso ea mali. Hobane’ng? Hobane re laola bophelo ba rōna ka Lentsoe la Molimo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u ne u tseba hore Bibele e re re lokela ho “tela mali”? Ke rata ho u bontša eona. (Lik. 15:28, 29)’ (2) ‘Mohlomong u-ua hopola hore Molimo o boleletse batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, hore ba ka ja lifateng tsohle Edeneng ntle ho ho se le seng. Empa ba se ke ba mamela, ba ja tholoana eo e hanetsoeng ’me ba lahleheloa ke sohle. Ke bothoto bo bokaakang! Haele hantle hona joale, ha ho sefate se nang le tholoana e hanetsoeng. Empa kamorao ho Moroallo oa mehleng ea Noe Molimo oa boela oa beela batho thibelo e le ’ngoe. Ka lekhetlo lena e ne e ama mali. (Gen. 9:3, 4)’ (3) ‘Ka hona, potso ea sebele ke ena, Na re lumela ho Molimo? Ha re o mamela, re ka lebella bophelo bo sa feleng phethehong tlas’a ’Muso oa oona. Leha re ka shoa, o re tiisetsa tsoho.’
‘Teng haeba ngaka e re, “U tla shoa ha u sa tšeloe mali”?’
U ka ’na ua arabela: ‘Haeba boemo bo hlile bo le bobe hakaalo, na ngaka e ka tiisa hore mokuli a ke ke a shoa haeba a tšeloa mali?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa ho na le e mong ea ka phelisang motho hape, ’me eo ke Molimo. Na ha u lumele hore, ha u tjamelane le lefu, ho furalla Molimo ka ho tlōla molao oa oona ekaba qeto e fokolang? Ke lumela ho Molimo kannete. Uena? Lentsoe la oona le tšepisa tsoho ho ba lumelang ho Mora oa oona. Na u-ua ho kholoa hoo? (Joh. 11:25)’
Kapa u ka re: ‘Mohlomong ho bolela hore ngaka ha e tsebe hore na e ka sebetsa taba joang ntle ho mali. Haeba ho ka etsahala, re leka ho e kopanya le ngaka e nang le tsebo e hlokahalang, kapa re batla litšebeletso tsa ngaka e ’ngoe.’