Mehla ea Qetello
Tlhaloso: Bibele e sebelisa polelo “mehla ea qetello” ha e bua ka nako e qetellang e isang kahlolong e lokisitsoeng ea bomolimo e tšoaeang ho fela hoa tsamaiso ea lintho. Tsamaiso ea Sejode ka borapeli ba eona bo neng bo likoloha tempeleng e Jerusalema e bile mehleng ea eona ea qetello nakong e ileng ea fihlela tlhōrō ka timetso ea eona ka 70 C.E. Se etsahetseng ka nako eo se ne se tšoantšetsa se neng se tla utluoa ka tsela e matla haholo le ka tekanyo ea lefatše lohle ka nako ea ha lichaba tsohle li tla be li talimane le ho phethahatsoa hoa kahlolo e laetsoeng ke Molimo. Tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo, e lefatšeng ka bophara, e kene mehleng ea eona ea qetello ka 1914, ’me o mong oa moloko o neng o phela ka nako eo le oona o tla ba teng ho bona bofelo ba eona bo feletseng ‘mahlomoleng a maholo.’
Ke eng e bontšang hore rōna kajeno re phela “mehleng ea qetello”?
Bibele e hlalosa liketsahalo le maemo tse tšoaeang nako ena ea bohlokoa. “Pontšo” e entsoe ka lintho tse ngata tse nang le bopaki bo bongata; ka hona ho phethahala hoa eona ho hloka hore litšobotsi tsohle tsa pontšo li bonahale ka ho hlakileng molokong o le mong. Litšobotsi tse sa tšoaneng tsa pontšo li tlalehiloe ho Mattheu likhaolo 24, 25, Mareka 13 le Luka 21; ho na le lintlha tse tsoelang pele ho 2 Timothea 3:1-5, 2 Petrose 3:3, 4 le Tšenolo 6:1-8. Ka mohlala, re tla nahana ka likarolo tse seng kae feela tse hlahelletseng tsa pontšo ena.
“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla” (Matt. 24:7)
Ka lilemo tse likete ntoa e ’nile ea senya bophelo lefatšeng. Ho ’nile ha loanoa lintoa tsa lefatše lohle le lintoa tsa lichaba. Empa ho tloha ka 1914 ntoa ea pele ea lefatše e ile ea loanoa. Ena e ne e se feela khohlano pakeng tsa mabotho a mabeli lebaleng la ntoa. Ka lekhetlo la pele, mebuso eohle e meholo e ne e le ntoeng. Lichaba tsohle—ho akarelletsa le batho ba seng ntoeng—li ile tsa bokelloa ho tšehetsa boiteko ba ntoa. Ho hakanngoa hore bofelong ba ntoa karolo ea 93 lekholong ea baahi ba lefatše e ne e amehile. (Ka bohlokoa ba histori ba selemo sa 1914, bona leqephe 299.)
Joalokaha ho hlile hoa boleloa ho Tšenolo 6:4, ‘khotso e ile ea tlosoa lefatšeng.’ Ka hona lefatše le tsoetse pele le le boemong ba moluba-lube ho tloha ka 1914. Ntoa ea II ea Lefatše e loannoe ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945. Ho latela Molaoli oa ntoa ea seng a le phomolong Gene La Rocque, ho tla fihlela ka 1982 ho ne ho bile le lintoa tse ling tse 270 ho tloha ka 1945. Lekholong lena la lilemo ho fenethiloe batho ba ka fetang limillione tse 100. Hape, ho latela khatiso ea 1982 ea World Military and Social Expenditures, selemong seo, batho ba limillione tse 100 ba ne ba tšoarehile ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang liketsong tsa ntoa.
Na ho sa hlokahala ho eketsehileng ho phethahatsa karolo ee ea boprofeta? Ho na le lihlomo tsa nuclear tse mashome a likete tsa malala-a-laotsoe. Bo-ramahlale ba phahameng ba boletse hore haeba lichaba li ne li ka sebelisa leha e le karoloana e nyenyane feela ea pokello ea tsona ea nuclear, tsoelo-pele ’me mohlomong le mofuta oohle oa motho o ne o tla timetsoa. Empa eo hase phello eo boprofeta ba Bibele bo e supang.
“Litlala li tla ba teng, . . . ka nģa tse ngata” (Matt. 24:7)
Litlala tsa sekoboto li bile ngata haholo historing ea motho. Li hlasetse lekholo la lilemo la bo20 hakae? Ntoa ea lefatše ea isa tlaleng e pharaletseng Europe le Asia. Afrika e otliloe ke komello, e fellang ka khaello e khōlō ea lijo. Bofelong ba 1980 Mokhatlo oa Lijo le Temo o ile oa hakanya hore batho ba limillione tse 450 ba ne ba lapile ho isa moo ba tšeremang ’me ba ka bang billione ba ne ba se na lijo tse lekaneng hore ba ka ja. Ho bana, selemo le selemo ho shoa ba ka bang limillione tse 40—ka lilemo tse ling ba bang ba limillione tse 50—ka lebaka la khaello ea lijo.
Na ho na le ho ikhethang ka litlala tsee? Tšenolo 6:6 e ile ea bontša hore tekanyetso e nyenyane haholo ea lijo tse lengoang ka bongata tse kang koro kapa harese li ne li tla rekoa ka moputso oa letsatsi (denare; bona Mattheu 20:2), ’me e ne e lemosa khahlanong le ho sebelisa kapele phepelo ea oli ea mohloare le veine. Lintho tsena tsohle li ne li talingoa e le tse hlokahalang ka nako eo Bochabela bo Hare; kahoo sena se ne se bolela esale pele khaello e matla ea lijo. Boemo bona ha bo sa le sebakeng se le seng, empa bo aparetse lefatše. Ka 1981 The New York Times e ile ea tlaleha: “Ho ntlafala hoa maemo a bophelo le patlahalo e ntseng e hōla ea lijo lefatšeng ka bophara li hatelletse theko ea lijo, li thatafaletsa linaha tse futsanehileng hore li ka lata lijo tseo li li hlokang linaheng tse ling.” Linaheng tse ngata tlhahiso ea lijo, leha e se e le ka thuso ea thuto ea kajeno ea mahlale, ha e-ea khona ho nka leoto le keketseho ea palo-khōlō ea baahi. Litsebi tsa kajeno tsa lijo ha li bone tharollo ea letho ea sebele bothateng bona.
“Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše li tla ba teng” (Luka 21:11)
Ke ’nete hore ho bile le litšisinyeho tse khōlō makholong a lilemo a fetileng; ho feta mona, bo-ramahlale, ka thepa ea bona e utloang habonolo hona joale, ba utloa litšisinyeho tse fetang millione ka selemo. Empa ha ho hlokahale lisebelisoa tse khethehileng hore batho ba tsebe ha tšisinyeho e khōlō ea lefatše e le teng.
Na ho hlile hoa e-ba teng litšisinyeho tse khōlō tsa bohlokoa tsa lefatše ho tloha ka 1914? Ka boitsebiso bo fumanoeng ho Setsi sa Sechaba sa Boitsebiso ka Popeho ea Lefatše se Boulder, Colorado, bo tlatsitsoe ke libuka tse ’maloa tsa litšupiso, ho ile hoa thathamisoa litšisinyeho tsa lefatše ka 1984 tseo boholo ba tsona e neng e le 7,5 kapa ho feta sekaleng sa Richter, kapa tse ileng tsa fella ka tšenyo ea thepa ea lidolara tse limillione tse hlano (U.S.) kapa ho feta, kapa tse ileng tsa bolaea batho ba 100 kapa ho feta. Ho ile hoa fumaneha litšisinyeho tsa lefatše tse joalo tse 856 ka lilemo tse 2 000 pele ho 1914. Lethathamo lona leo la bontša hore ka lilemo tse 69 feela kamorao ho 1914 ho bile le litšisinyeho tse joalo tse 605. Hono ho bolela hore, ha ho bapisoa le lilemo tse fetileng tse 2 000, karolelano ka selemo e bile tse khōlō hakaalo ka makhetlo a 20 ho tloha ka 1914.
“Mafu a akaretsang” (Luka 21:11)
Qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše mokakallane oa Spania oa haola le lefatše, o bolaea batho ba fetang limillione tse 20 ’me e le ka tekanyo eo ho seng e kileng ea tšoana le eona historing ea maloetse. Ho sa tsotellehe tsoelopele thutong ea mahlale ea bongaka, ba bangata ba hlaseloa selemo le selemo ke kankere, lefu la pelo, maloetse a mangata a neheletsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, tšesefalo ea methapo, malaria, bofofu ba linōka le boloetse ba Chagas.
‘Tlōlo ea molao e tsamaeang le ho tapa hoa lerato la ba bangata’ (Matt. 24:11, 12)
Setsebi se seholo sa bonokoane se re: “Ntho e le ’ngoe e u tobang phatleng ha u sheba bonokoane ka lefatše lohle ke ho ata le ho phehella hoa bona ho eketsehang hohle. Mekhelo eo e ka ’nang eaba e teng e ema e qalikane ka ho tsotehang, ’me haufinyane e ka ’na ea hoholoa ke leqhubu le phahameng.” (The Growth of Crime, New York, 1977, Sir Leon Radzinowicz le Joan King, maq. 4, 5) Keketseho ke ea sebele; hase feela taba ea litlaleho tse ntle. Ke ’nete, meloko e fetileng le eona e ne e e-na le linokoane, empa ha ho mohla bonokoane bo kileng ba ata joaloka hona joale. Batho ba seng ba hōlile ba tseba hoo ka phihlelo.
Tlōlo ea molao eo ho boleloang ka eona boprofeteng e akarelletsa tello bakeng sa melao e tsebahalang ea Molimo, ho ikhaba ho e-na le ho haba Molimo bophelong ba motho. Ka lebaka la boikutlo bona, tekanyo ea tlhalano e phahame ka ho fetisisa, likamano tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo le bosodoma li amoheleha ka bophara, ’me ho ntšoa limpa tse mashome a limillione selemo le selemo. Tlōlo e joalo ea molao e amana (ho Mattheu 24:11, 12) le tšusumetso ea baprofeta ba bohata ba qhelang Lentsoe la Molimo ba shebile lithuto tsa bona. Ho ela hloko lifilosofi tsa bona ho e-na le ho tšoarella Bibeleng ho tlatsetsa lefatšeng le se nang lerato. (1 Joh. 4:8) Bala tlhaloso ea hona ho 2 Timothea 3:1-5.
“Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng” (Luka 21:25, 26)
U.S.News & World Report (October 11, 1965, leq. 144) eitse: “’Nete ke hore kajeno boikutlo bo le bong bo boholo bo laolang bophelo ba rōna ke tšabo.” Makasine ea Majeremane Hörzu e tlalehile hore: “Ha ho mohla batho ba kileng ba tšoha joaloka hona joale.”—No. 25, June 20, 1980, leq. 22.
Ho na le mabaka a mangata a tlatsetsang moeeng ona oa tšabo oa lefatše: bonokoane bo mabifi, ho hloka mesebetsi, ho se tsitse hoa moruo hobane lichaba tse ngata haholo li melatong e khathatsang matla, ho silafatsoa hoa tikoloho ho lefatšeng ka bophara, ho haella hoa litlamo tse matla le tse lerato tsa lelapa, le boikutlo bo boima ba hore batho ba haufi le kotsi ea ho felisoa ka nuclear. Luka 21:25 e bolela ‘lipontšo letsatsing, khoeling le linaleling, le ho luma hoa leoatle’ mabapi le tsieleho ea lichaba. Hangata ho chaba hoa letsatsi ha ho tlise tebello e monate, empa tšabo ea hore na letsatsi le tla le life; ha khoeli le linaleli li khanya, tšabo ea bonokoane e etsa hore batho ba honyelle kamorao ho mamati a notletsoeng. Lekholong la bo20 la lilemo, e seng pele ho lona, lifofane le limisaele li sebeliselitsoe ho ea etsa tšenyo e khōlō e theohang maholimong. Likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse nkileng liqubu-qubu tsa limisaele li nyonyoba ka maoatleng, sekepe se le seng se joalo se hlomelletsoe ho ea ripitla metse e 160. Hase feela lichaba li tsielehileng!
‘Balateli ba ’nete ba Kreste ba tla hlouoa ke lichaba tsohle ka baka la lebitso la hae’ (Matt. 24:9)
Tlhoriso ena ha e tsoaloe ke ho kena-kenana le lipolotiki empa ‘ka baka la lebitso la Jesu Kreste,’ hobane balateli ba hae ba itšoarella ka eena e le Morena oa Messia oa Jehova, ka lebaka la ho mamela Kreste pele ho ’musi ofe kapa ofe oa lefatše, ka lebaka la ho tšoarella hoa bona ka botšepehi ’Musong oa hae ’me ba sa fetohe ba kena-keneng litabeng tsa mebuso ea batho. Joalokaha histori ea kajeno e paka, eo ebile phihlelo ea Lipaki tsa Jehova likarolong tsohle tsa lefatše.
‘Evangeli ena ea ’muso e boleloa lefatšeng lohle ka morero oa bopaki’ (Matt. 24:14)
Molaetsa o neng o tla boleloa ke hore ’Muso oa Molimo o matsohong a Jesu Kreste o qalile ho busa maholimong, hore haufi o tla felisa tsamaiso eohle ea lintho e khopo, hore tlas’a puso ea oona batho ba tla etsoa ba phethahetseng ’me lefatše le tla fetoha paradeise. Litaba tseo tse molemo li boleloa kajeno linaheng le lihlopheng tsa lihleke-hleke tse fetang 200, ho ea pheletsong ea lefatše. Lipaki tsa Jehova li nehela makholo a limillione a lihora tšebeletsong ena selemo le selemo, li eta khafetsa ka ntlo le ntlo hore moo ho khonehang e mong le e mong a neoe monyetla oa ho utloa.
Liketsahalo tsee tsohle tsa “mehleng ea qetello” li supa eng?
Luka 21:31, 32: “Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi [ke hore, ke nako ea ha o tla timetsa lefatše la joale le khopo ’me o nke taolo e feletseng ea litaba tsa lefatše]. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe.” (“Moloko” o neng o phela ha phethahatso ea pontšo e qaleha ka 1914 o tsofetse joale. Nako e setseng e tlameha e be e le khutšoaane haholo. Maemo a lefatše a fana ka pontšo e ’ngoe le e ’ngoe ea hore ho fela ho le joalo.)
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li re ‘mehla ea qetello’ e qalile ka 1914?
Selemo sa 1914 se tšoailoe ke boprofeta ba Bibele. Bakeng sa lintlha tse qaqileng mabapi le kemiso ea nako, bona maqephe 283-286, tlas’a sehlooho se seholo “Matsatsi.” Ho nepahala hoa nako ho bontšoa ke ’nete ea hore maemo a lefatše a hlileng a boleloa hore a tla tšoaea nako ena a qalile hantle ka 1914 joalokaha ho hlile hoa boleloa. Linnete tse ngotsoeng ka holimo li bontša sena.
Bo-rahistori ba lefatše ba talima selemo sa 1914 joang?
“Ha re hetla morao qhooeng moo re leng teng hona joale, re bona ka ho hlaka kajeno hore ho qhoma hoa Ntoa ea I ea Lefatše ho ile hoa kenya ‘Nako ea Likhathatso’ ea lekholo la mashome a mabeli la lilemo—ka tlhaloso e makhethe ea rahistori oa Lenyesemane Arnold Toynbee—eo tsoelopele ea rōna e e-song ho tsoe ho eona ho hang. Ka ho toba kapa ka mokhoa o sa tobang pherekano eohle ea lilemo tse fetileng tse mashome a mahlano e qalile ho tloha ka 1914.”—The Fall of the Dynasties: The Collapse of the Old Order (New York, 1963), Edmond Taylor, leq. 16.
“Batho ba moloko oa Ntoa ea II ea Lefatše, moloko oa ka, kamehla ba tla nahana hore khohlano ea bona ke eona e tlisitseng phetoho e khōlō ea kajeno. . . . Re lokela ho lumelloa monahano oo oa rōna oa lefeela, ho latela hore na rōna re kopane hokae le histori. Empa le teng re tsebe hore, ka mantsoe a kahisano, phetoho e khōlō ka ho fetisisa e tlile le Ntoa ea I ea Lefatše. Ke nakong eo moo litsamaiso tsa lipolotiki le tsa kahisano, tse neng li eme ka makholo a lilemo, li ileng tsa arohana—ka linako tse ling ka nako ea libeke feela. ’Me tse ling tsa hla tsa fetoha ho hang. Ke Ntoeng ea I ea Lefatše moo lintho tseo e neng e le khale haholo li sa thekesele li ileng tsa lahleha. . . . Ntoa ea II ea Lefatše ea ntšetsa pele, ea atolosa le ho tiisa phetoho ena. Ka mantsoe a kahisano Ntoa ea II ea Lefatše e bile ntoa ea ho qetela ea Ntoa ea I ea Lefatše.”—The Age of Uncertainty (Boston, 1977), John K. Galbraith, leq. 133.
“Ho se ho fetile lilemo tse mashome a mahlano, empa leha ho le joalo letheba le siiloeng ke tlokotsi ea Ntoa e Khōlō [Ntoa ea I ea Lefatše, e qalileng ka 1914] ’meleng le moeeng tsa lichaba le sa ntsane le bonahala . . . Phihlelo ena e bohloko ebile e khōlō linthong tse bonahalang le boitšoarong hoo ho seng letho le ileng la sala le tšoana le pele. Mokhatlo ka kakaretso: litsamaiso tsa mebuso, meeli ea lichaba, melao, mabotho a hlometseng, likamano tsa linaha, empa hape le likhopolo, bophelo ba lelapa, katleho, maemo, likamano tsa botho—ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hlanama. . . . Sethō sa qetella se lahlehetsoe ke botsitso ba sona, ho se mohla se tla bo fumana hape ho tla fihlela kajeno.”—General Charles de Gaulle, a bua ka 1968 (Le Monde, Nov. 12, 1968, leq. 9).
Na ho na le ea tla beng a phela lefatšeng kamor’a ho fela hoa tsamaiso ea joale ea lefatše?
Hantle haholo. Bofelo ba tsamaiso ea joale ea lefatše lohle bo ke ke ba tla ka lebaka la polao e sa khetheng ea ntoa ea nuclear, empa bo tla tla mahlomoleng a maholo a tla akarelletsa “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšen. 16:14, 16) Ntoa eo e ke ke ea timetsa lefatše, leha e le hore e tla bolaea batho bohle.
Matt. 24:21, 22: “Mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.” (Kahoo, ho na le ‘batho’ ba tla pholoha.)
Liprov. 2:21, 22: “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”
Pes. 37:29, 34: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng. U itšepise ka Jehova, u tiee litseleng tsa hae, ’me o tla u holisa, u tle u je lefa la lefatše; u tla bona le tšenyeho ea ba babe.”
Ke hobane’ng ha Molimo o lumella hore ho fete nako e ngata hakana pele o timetsa ba khopo?
2 Pet. 3:9: “Morena [Jehova] ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.”
Mar. 13:10: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.”
Matt. 25:31, 32, 46: “Mohla Mor’a motho [Jesu Kreste] a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. ’Me bona bao [ba hlōloang ho hlokomela baena ba moea ba Kreste e le baemeli ba Morena ka boeena] ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”
Bona le maqephe 389, 390 le 65-67.
Haeba e Mong a Re—
‘Maemo ha a fetella ka letho kajeno; ho ’nile hoa e-ba le lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, bonokoane’
U ka ’na ua arabela: ‘Kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa joalo. Re tsoaletsoe lefatšeng leo ho lona lintho tsena e leng litaba tsa kamehla. Empa bo-rahistori ba hlalosa hore ho na le ntho e ’ngoe e fapaneng haholo ka lekholo la bo20 la lilemo. (Bala se qotsitsoeng leqepheng 299.)’
Kapa u ka re: ‘’Nete ea bohlokoa hase feela hore ho ’nile hoa e-ba le lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le bonokoane. Na u ile ua lemoha hore pontšo eo Jesu a faneng ka eona ke e entsoeng ka lintho tse ngata?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Ha a ka a re ketsahalo leha e le efe e le ’ngoe e ne e tla paka hore re “mehleng ea qetello.” Empa ha pontšo eohle e bonahala, hoo ke hoa bohlokoa—’me haholo-holo ha e bonahala lefatšeng lohle ’me e qala ka selemo se tsepamisitsoeng ke kemiso ea nako ea Bibele.’ (Bona maqephe 293-298, le maqephe 283-285.)
‘U tseba joang hore moloko o mong oa kamoso o ke ke oa tšoanela boprofeta hamolemo ho feta oona?’
U ka ’na ua arabela: ‘Eo ke potso e thahasellisang, ’me karabelo e phahamisa ’nete ea hore re hlile re phela “mehleng ea qetello.” Joang? Haele hantle, karolo ea pontšo e fanoeng ke Jesu e ama ntoa pakeng tsa lichaba le mebuso. Empa ho ne ho tla etsahala joang kajeno haeba phethahatso ea pontšo e ne e hloka hore re emele ntoa e ’ngoe hape e akaretsang e tla qhoma pakeng tsa mebuso e meholo? Ntoa e joalo e ne e tla sia baphonyohi ba fokolang haholo ka palo haeba ba ne ba tla ba teng. Ka hona, u-ua bona hore morero oa Molimo oa hore baphonyohi ba be teng o bontša hore hona joale re haufi haholo le bofelo ba tsamaiso ena ea khale.’
Kapa u ka re: ‘Ho tšoantša liketsahalo tsa lefatše le boprofeta bona ho tšoana le ho tšoantša khatiso ea mela ea menoana ea letsoho le mong a eona. Ho ke ke hoa hlola ho e-ba le motho e mong ea nang le khatiso e kang eo. Ka ho tšoanang, liketsahalo tse qalileng ka 1914 li ke ke tsa phetoa molokong o mong o tlang.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bōpang pontšo e bonahala ka ho hlaka.’ (2) ‘Ruri ha re batle ho tšoana le batho ba mehleng ea Noe. (Matt. 24:37-39)’
‘Bofelo re ke ke ra bo bona bophelong ba rōna’
U ka ’na ua arabela: ‘Empa u fela u lumela hore neng-neng Molimo o tla kenella, na ha ho joalo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Tsela feela eo leha e le mang ho rōna a neng a ka tseba hore na hoo ho tla etsahala neng ke haeba a re fumantšitse boitsebiso boo. Joale, Jesu o boletse ka ho hlaka hore ha ho motho ea tsebang letsatsi kapa hora, empa o ile a hlalosa ka ho qaqa lintho tse neng li tla etsahala molokong oo ho neng ho tla etsahala ho oona.’ (2) ‘Tlhaloso eo e sebetsana le liketsahalo tseo uena ka bouena u tloaelaneng le tsona. (Haeba ho ka khoneha, bua ka lintlha tsa pontšo, u sebelisa linnete tse fanoeng maqepheng a fetileng.)’
‘Ha ke tšoenyehe ke lintho tsena; ke phelela letsatsi le le leng ka nako’
U ka ’na ua arabela: ‘Ruri ho hotle ho se belaele ho tlōla tekanyo ka bokamoso. Empa bohle re leka ho lokisetsa bophelo ba rōna e le hore re ka itšireletsa le baratuoa ba rōna. Tokisetso e nang le kelello e molemo. Bibele e bontša hore ho na le lintho tsa bohlokoa tse tlang, ’me re bohlale haeba re ka lokisetsa e le hore re ka rua molemo ho tsona. (Liprov. 1:33; 2 Pet. 3:13)’
‘Ha ke toute ka maemo ana ’ohle a mabe; ke rata ho ba le tšepo ka bokamoso’
U ka ’na ua arabela: ‘Ho khahlisang, Jesu o itse ho ne ho tla ba le lebaka le letle la hore balateli ba hae ba be le tšepo mehleng ea rōna. (Luka 21:28, 31)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa hlokomela hore ha a ba bolelle hore ba iphoufaletse se etsahalang lefatšeng e be baa ithabela. O re ho ba le tšepo hoa bona ho ne ho tla ba le motheo o motle; e ne etlaba ka lebaka la hobane ba utloisisa se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše ’me ba tseba hore na phello e ne etlaba efe.’