“New World Translation”
Tlhaloso: Phetolelo ea Mangolo a Halalelang e nkileng ka ho toba Seheberung, Searameng le Segerikeng ka Senyesemane sa kajeno ka komiti ea lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova. Tsena li ile tsa itlhalosa tjena ka mosebetsi oa tsona: “Bafetoleli ba buka ena, ba tšabang le ba ratang Moqapi ea Halalelang oa Mangolo a Halalelang, ba ikutloa ba e-na le boikarabelo bo khethehileng ho Eena ho fetisa mehopolo le lipolelo tsa hae ka nepo kamoo ho ka khonehang. Hape li ikutloa li e-na le boikarabelo ho babali ba batlisisang ba itšetlehileng ka phetolelo ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo o Holimo-limo bakeng sa polokeho ea bona ea ka ho sa feleng.” Qalehong phetolelo ena e ile ea lokolloa ka mekhahlelo, ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960. Likhatiso tsa lipuo tse ling li ile tsa theoa phetolelong ea Senyesemane.
“New World Translation” e theiloe ho eng?
E le motheo oa ho fetolela Mangolo a Seheberu, ho sebelisitsoe mangolo a Rudolf Kittel Biblia Hebraica, likhatiso tsa 1951-1955. Khatiso e hlahlobiloeng bocha ea 1984 ea New World Translation e ruile molemo ka ho ntlafatsoa tumellanong le Biblia Hebraica Stuttgartensia ea 1977. Ho phaella moo, ho ile hoa nyareloa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng le liphetolelo tse ling tse ngata tsa khale tsa lipuo tse ling. Bakeng sa Mangolo a Bakreste a Segerike, ho ile hoa sebelisoa haholo mangolo a bohlokoa a Segerike a 1881 a lokiselitsoeng ke Westcott le Hort, empa mangolo a mang a bohlokoa a ile a nyareloa hammoho le liphetolelo tse ’maloa tsa pele tsa lipuo tse ling.
Bafetoleli e ne e le bo-mang?
Ha e fana ka mpho ea litokelo tsa bohatisi tsa phetolelo ea eona, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea kōpa hore litho tsa eona li se ke tsa boleloa ka mabitso. Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e hlomphile kōpo ea bona. Bafetoleli ba ne ba sa ipatlele botumo empa feela ho hlompha Moqapi ea Halalelang oa Mangolo a Halalelang.
Ha lilemo li ntse li e-ea likomiti tse ling tsa bofetoleli li nkile pono e tšoanang. Ka mohlala, sephuthelo sa pampiri sa Khatiso ea Litšupiso (1971) sa New American Standard Bible se re: “Ha rea sebelisa mabitso a liithuti leha e le life bakeng sa litšupiso kapa lipuello hobane re lumela hore Lentsoe la Molimo le lokela ho ikemela ka bokhabane ba lona.”
Na ka sebele ke phetolelo ea barutehi?
Kaha bafetoleli ba kōpile hore ba se ke ba boleloa ka mabitso, potso ea thuto ea bona e ke ke ea arabeloa mona. Phetolelo e lokela ho ahloloa ka bokhabane ba eona.
Ee ke phetolelo ea mofuta ofe? ’Nete e salang ke hore ke phetolelo e nepahetseng, e fetoletseng lintho haholo joalokaha li ne li le joalo ka lipuong tsa pele. Hase kakaretso e bohlasoa eo ho eona bafetoleli ba siang lintlha tseo ba nkang hore hase tsa bohlokoa ebe ba eketsa ka maikutlo ao ba lumelang hore a tla ba le thuso. E le thuso ho liithuti, likhatiso tse ’maloa li fana ka taba e batsi tlaase ho leqephe ho bontša liphetolelo tse sa tšoaneng moo ho lumellehang hore lipolelo li ka ngoloa ka litsela tse sa tšoaneng, hape e thathamisitse meqolo eitseng ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho eo liphetolelo tse itseng li theiloeng ho eona.
Litemana tse ling li ka ’na tsa baleha ka mokhoa oo motho a sa o tloaelang. Ke phetolelo efe e nepahetseng? Babali ba memeloa ho hlahloba bopaki ba meqolo ea boholo-holo bo boletsoeng botlaaseng ba leqephe khatisong ea Litšupiso ea New World Translation, ho bala litlhaloso tse fanoeng sehlomathisong, le ho bapisa phetolelo le liphetolelo tse ling. Hangata ba tla fumana hore bafetoleli ba bang le bona ba bone hore hoa hlokahala ho bea taba ka mokhoa o tšoanang.
Ke hobane’ng ha ho sebelisitsoe lebitso Jehova ka Mangolong a Bakreste a Segerike?
Ho ke ho hlokomeloe hore New World Translation hase eona Bibele feela e etsang sena. Lebitso la bomolimo le hlaha liphetolelong tsa Mangolo a Bakreste a Segerike ka Seheberung, litemaneng tse qotsang ka ho toba ka Mangolong a bululetsoeng a Seheberu. The Emphatic Diaglott (1864) e na le lebitso Jehova ka makhetlo a 18. Liphetolelo tsa Mangolo a Bakreste a Segerike bonyane ka lipuo tse ling tse 38 le tsona li sebelisa lebitso la Molimo lipuong tsa tsona.
Khatiso eo Jesu Kreste a ileng a e bea lebitsong la Ntate oa hae e bontša hore eena ka boeena o ne a le sebelisa ka bolokolohi. (Matt. 6:9; Joh. 17:6, 26) Ho latela Jerome oa lekholong la bone la lilemo C.E., moapostola Mattheu o ile a ngola Molaetsa oa hae pele ka Seheberu, ’me Molaetsa oo o qotsa ka makhetlo a mangata litemaneng tsa Mangolo a Seheberu tse nang le lebitso le halalelang. Bangoli ba bang ba Mangolo a Bakreste a Segerike ba qotsitse ho Septuagint ea Segerike (phetolelo ea Mangolo a Seheberu ka Segerikeng, e qaliloeng hoo e ka bang ka 280 B.C.E.), eo likopi tsa eona tsa pele li neng li e-na le lebitso le halalelang ka litlhaku tsa Seheberu, joalokaha ho bontšoa ke maqhetsoana a sebele a ntseng a bolokiloe.
Moprofesa George Howard oa Univesithi ea Georgia o ile a ngola: “Kaha Tetragram [litlhaku tse ’ne tsa Seheberu bakeng sa lebitso le halalelang] e ne e sa ntsane e ngoloa likoping tsa Bibele ea Segerike e neng e etsa Mangolo a kereke ea pele, hoa utloahala ho lumela hore bangoli ba T[estamente e] N[cha], ha ba ne ba qotsa Mangolong, ba ile ba boloka Tetragram ka libukeng tsa Bibele.”—Journal of Biblical Literature, March 1977, leq. 77. (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.)
Ke hobane’ng ha ho bonahala litemana tse ling li le sieo?
Litemana tseo, tse fumanoang liphetolelong tse ling, ha li eo meqolong ea boholo-holo ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho e fumanehang. Ha li bapisoa le liphetolelo tse ling tsa morao tjena, tse kang The New English Bible le Jerusalem Bible ea K’hatholike, ho bonahala hore bafetoleli ba bang le bona ba hlokometse hore litemana tsena tseo ho buuoang ka tsona hase karolo ea Bibele. Mabakeng a mang, li nkiloe karolong e ’ngoe ea Bibele eaba li ekelletsoa bukeng e kopitsoang ke mongoli.
Haeba e Mong a Re—
‘Le na le Bibele ea lōna’
U ka ’na ua arabela: ‘U na le phetolelo efe ea Bibele? Na ke . . . (thathamisa tse teng ka puo ea heno)? Ho na le liphetolelo tse ngata.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Ke thabela ho sebelisa phetolelo leha e le efe eo u e ratang. Empa mohlomong u ka ’na ua thahasella ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke rata New World Translation haholo. Ke ka lebaka la puo ea eona ea kajeno le e utloahalang, hape hobane bafetoleli ba ile ba tšoarella haufi haholo le seo lipuo tsa pele tsa Bibele li neng li se bua.’
Kapa u ka re: ‘Seo u se buang se nketsa hore ke ikutloe hore e tlameha e be u na le Bibele ka lapeng la hao. U sebelisa phetolelo efe ea Bibele? . . . Na u ka thabela ho tla le eona?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Bakeng sa rōna bohle, ho sa tsotellehe hore na re sebelisa phetolelo efe, ho Johanne 17:3 Jesu o hatisitse ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola, joalokaha u ka e bona mona Bibeleng ea hao. . . . ’
Monyetla o mong: ‘Ho na le liphetolelo tse ngata tsa Bibele. Mokhatlo oa rōna o khothalletsa hore re sebelise tse ngata tsa tsona e le hore re ka bapisa ra ba ra thusa liithuti ho fumana se hlileng se boleloang ke Mangolo. Joalokaha e ka ’na eaba u-ua tseba, qalehong Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu, Searame, le Segerike. Ka hona re ananela seo bafetoleli ba se entseng ho e ngola ka lipuo tsa habo rōna. U sebelisa phetolelo efe ea Bibele?’
Tlhahiso e eketsehileng: ‘Ho hlakile hore u motho ea ratang Lentsoe la Molimo. Ka hona kea tiisa hore u ka thahasella ho tseba hore na ke phapang efe e khōlō pakeng tsa New World Translation le liphetolelo tse ling. E ama lebitso la motho oa bohlokoahali eo ho buuoang ka eena ka Mangolong. Na u-ua tseba hore na ke mang?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Na u ne u tseba hore lebitso la hae la botho le hlaha ka Bibeleng ka Seheberu sa pele ka makhetlo a ka bang 7 000—ho feta lebitso lefe kapa lefe?’ (2) ‘Ho etsa phapang ea eng hore na re sebelisa lebitso la Molimo kapa che? Koana, na u na le metsoalle ea hlooho ea khomo eo u sa tsebeng mabitso a eona? . . . Haeba re batla kamano ea botho le Molimo, re tla be re tlohile ka leoto le nepahetseng ha re o tseba ka lebitso. Hlokomela seo Jesu a se boletseng ho Johanne 17:3, 6. (Pes. 83:18)’