Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
Pele motho ea nahanang a amohela mokhoa ofe kapa ofe o tebileng oa phekolo ea meriana, o tla ithuta melemo le likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Ho thoe’ng ka litšelo tsa mali? Hona joale ke eona kofuto ea sehlooho phekolong ea meriana. Lingaka tse ngata tse nang le thahasello ea sebele ho bakuli ba tsona li ka ’na tsa se ke tsa tsila-tsila mabapi le ho fana ka mali. A ’nile a bitsoa mpho ea bophelo.
Ba limillione ba ’nile ba nehelana ka mali kapa ba a amohela. Bakeng sa 1986-87 Canada e ne e e-na le batho ba fanang ka mali ba limillione tse 1,3 har’a baahi ba limillione tse 25. “[Selemong] se seng morao-rao tjena seo lipalo tsa sona li ntseng li le teng, United States feela ho ile ha sebelisoa litekanyo tsa mali tse pakeng tsa limillione tse 12 le limillione tse 14 litšelong tsa mali.”—The New York Times, ea February 18, 1990.
Dr. Louise J. Keating o re: “Mali a ’nile a ba le tšobotsi ‘ea matla a mohlolo.’ Lilemong tse 46 tse qalang tsa ho sebelisoa ha ’ona, lingaka le sechaba li ne li utloisisa hore phepelo ea mali e sireletsehile ho feta kamoo e neng e hlile e sireletsehile ka teng.” (Cleveland Clinic Journal of Medicine, May 1989) Boemo e ne e le bofe ka nako eo, hona ke bofe hona joale?
Esita le lilemong tse 30 tse fetileng, litsebi tsa mafu le batho ba sebetsang libankeng tsa mali ba ile ba eletsoa: “Mali a na le matla a maholo! A ka tlisa molemo o moholo kapa kotsi e khōlō. Lenane la ba bolaoang ke tšelo ea mali le lekana le lenane la ba bolaoang ke ho robatsoa ka sethethefatsi se bitsoang ether kapa ba bolaoang ke tšebetso ea ho ntšoa lelana. Ho boleloa hore ho shoa hoo e ka bang motho a le mong litšelong tsa mali tse 1 000 ho ea ho tse 3 000 kapa mohlomong tse 5 000. Tikolohong ea London ho tlalehiloe hore libotlolong tse ling le tse ling tse 13 000 tsa mali ao batho ba ileng ba a tšeloa ho ile ha e-shoa motho a le mong.”—New York State Journal of Medicine, January 15, 1960.
Na ho tloha nakong eo ho tla fihlela hona joale ho se ho felisitsoe likotsi hoo joale litšelo tsa mali li seng li sireletsehile? Ka ho toba, selemo se seng le se seng mali a batho ba makholo a likete a loantšana le mali ao ba a tšeloang, ’me ba bangata baa shoa. Ka lebaka la litlhaloso tse ka holimo, ho ka ’nang ha tla mohopolong oa hao ke mafu a tsamaisoang ke mali. Pele u hlahloba karolo ena, ak’u nahane ka likotsi tse ling tseo ba bangata ba sa li tsebeng.
MALI LE BOITŠIRELETSO BA ’MELE OA HAO MAFUNG
Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, bo-rasaense ba ile ba etsa hore kutloisiso ea motho ka ho rarahana ho tsotehang ha mali e be e tebileng haholoanyane. Ba ile ba ithuta hore ho na le mefuta e fapaneng ea mali. Ho hlahloba hore na mali a motho ea faneng ka mali le mali a mokuli aa lumellana ke habohlokoahali litšelong tsa mali. Haeba motho ea nang le mali a mofuta oa A a amohela mofuta oa B, mali a hae a ka ’na a loantšana le mali ao a a tšetsoeng. Sena se ka bolaea lisele tsa hae tse khubelu ’me sa ’molaea ka potlako. Le hoja ho aroloa ha mali ka mefuta ea ’ona le ho hlahloba hore na aa lumellana e se e le mosebetsi o tloaelehileng kajeno, liphoso lia etsahala. Selemo se seng le se seng batho ba bolaoa ke ho loantšana ha mali a bona le mali ao ba a tšetsoeng.
Linnete li bontša hore taba ea ho se lumellane ha mali e ama ho hongata haholo ho feta mefuta e seng mekae feela ea mali eo lipetlele li lekang ho hlahloba hore na ea lumellana. Hobane’ng? Sehloohong sa hae se reng “Litšelo tsa Mali: Tšebeliso, Tšebeliso e Mpe, le Likotsi,” Dr. Douglas H. Posey, e Monyenyane, oa ngola: “Hoo e ka bang lilemong tse 30 tse fetileng Sampson o ile a hlalosa tšelo ea mali e le mokhoa oo ha ho bapisoa e leng o kotsi . . . [Ho tloha ka nako eo] ho ile ha fumanoa ha ba ha khetholloa bonyane metsoako e meng e 400 ea lisele tse khubelu tsa mali e bitsoang li-antigen. Ha ho pelaelo hore lenane leo le tla tsoela pele ho eketseha hobane lera la sele e khubelu le rarahane haholo.”—Journal of the National Medical Association, July 1989.
Hona joale bo-rasaense ba ntse ba ithuta hore na mali a tšetsoeng ’meleng a qetella a entse’ng tsamaisong ea ’mele ea toantšo ea mafu, boitšireletso mafung. Seo se ka ’na sa bolela eng ho uena kapa ho mong ka uena ea hlokang ho buuoa?
Ha lingaka li fetisetsa pelo, sebete, kapa setho se seng sa motho e mong ho e mong, tsamaiso ea boitšireletso mafung ea motho eo ho fetisetsoang setho seo ho eena e ka ’na ea utloa hore ho kentsoe nama ea motho e mong ’meleng eaba ea e hana. Empa, tšelo ea mali ke ho fetisetsa nama ea motho e mong ho e mong. Esita le mali ao ho hlahlobiloeng “ka mokhoa o nepahetseng” hore na aa lumellana a ka hatella tsamaiso ea ’mele ea boitšireletso mafung. Sebokeng sa litsebi tsa mafu, ho ile ha hlahisoa ntlha ea hore lipampiri tsa phekolo ea meriana tse makholo-kholo “li ’nile tsa amahanya litšelo tsa mali le ho fetoha ha boitšireletso ba ’mele mafung.”—“Ho Hlaha Mabaka a Hanyetsang Litšelo tsa Mali,” Medical World News, December 11, 1989.
Mosebetsi o ka sehloohong oa tsamaiso ea ’mele oa hao ea boitšireletso mafung ke ho utloa hore na lisele tse bolaeang (tsa kankere) li teng le ho li bolaea. Na e be ho hatelloa ha boitšireletso ba ’mele mafung ho ka lebisa kankereng le lefung? Hlokomela litlaleho tsena tse peli.
Koranta ea Cancer (February 15, 1987) e ile ea fana ka liphello tsa phuputso e entsoeng Netherlands: “Ho bakuli ba nang le kankere maleng a maholo, ho ile ha bonoa hore tšelo ea mali e ba le phello e khōlō e mpe ho pheleng ha bona nako e telele. Sehlopheng sena ka kakaretso bakuli ba etsang karolo ea 48 lekholong ba ileng ba tšeloa mali le ba etsang karolo ea 74 lekholong ba sa kang ba tšeloa mali ba ile ba phela lilemo tse ling tse 5 ka mor’a moo.” Lingaka tsa Univesithi ea California Boroa li ile tsa tsoela pele ho hlahloba bakuli ba lekholo ka mor’a tšebetso ea ho buuoa ka lebaka la kankere. “Lenane la liketsahalo tseo ho tsona kankere ea kolu e ileng ea boela ea hlaha e bile karolo ea 14 lekholong ho ba sa kang ba amohela mali le karolo ea 65 lekholong ho ba ileng ba a amohela. Bakeng sa kankere ea ka hanong, ea ’metso, le ea linko kapa ea mahanana, lenane la liketsahalo tseo ho tsona kankere e ileng ea boela ea hlaha e ile ea ba karolo ea 31 lekholong ho ba sa kang ba amohela mali le karolo ea 71 lekholong ho ba ileng ba tšeloa mali.”—Annals of Otology, Rhinology & Laryngology, March 1989.
Liphuputso tse joalo li bontša’ng ka litšelo tsa mali? Sehloohong sa hae se reng “Litšelo tsa Mali le Ho Buuoa ka Lebaka la Kankere,” Dr. John S. Spratt o ile a etsa qeto ena: “Ho ka ’na ha hlokahala hore ngaka e buoang batho ka lebaka la kankere e fetohe ngaka e sa sebeliseng mali.”—The American Journal of Surgery, September 1986.
Mosebetsi o mong o ka sehloohong oa tsamaiso ea ’mele oa hao ea boitšireletso mafung ke ho loantša ho tšoaetsoa mafu. Kahoo hoa utloahala hore e be liphuputso tse ling li bontša hore bakuli ba amohelang mali ba ka tšoaetsoa mafu habobebe haholoanyane. Dr. P. I. Tartter o ile a etsa phuputso ea ho buuoa karolong e qetellang ea mala a maholo. Ho bakuli ba ileng ba tšeloa mali, ba etsang karolo ea 25 lekholong ba ile ba tšoaetsoa mafu, ha ba bapisoa le ba etsang karolo ea 4 lekholong ba sa kang ba amohela tšelo ea mali. Oa tlaleha: “Litšelo tsa mali li ile tsa amahanngoa le mathata a ho tšoaetsoa mafu ha li fanoa pele, bohareng, kapa ka mor’a tšebetso ea ho buuoa . . . Kotsi ea ho tšoaetsoa mafu ka mor’a tšebetso ea ho buuoa e ile ea ’na ea eketseha butle-butle ho ea ka lenane la litekanyo tsa mali tse fanoeng.” (The British Journal of Surgery, August 1988) Ba neng ba le teng sebokeng sa 1989 sa Mokhatlo oa Libanka tsa Mali oa Amerika ba ile ba ithuta sena: Le hoja ba etsang karolo ea 23 lekholong ba ileng ba amohela mali a fanoeng ke batho ba bang nakong ea tšebetso ea ho buuoa ea ho kenngoa makapa manonyeletsong a noka ba ile ba tšoaetsoa mafu, ba sa kang ba fuoa mali ha baa ka ba tšoaetsoa mafu ho hang.
Dr. John A. Collins o ngotse tjena mabapi le phello ea litšelo tsena tsa mali: “Ka sebele e ne e tla ba ho bohloko haeba ‘phekolo’ eo ho fumanoeng bopaki bo fokolang haholo ba hore ho na le letho le molemo leo e le finyellang hamorao ho ka fumanoa hore ke eona e eketsang bo bong ba mathata a maholo ao bakuli ba joalo ba thulanang le ’ona.”—World Journal of Surgery, February 1987.
NA HA LI BAKE MAFU KAPA LI TLETSE LIKOTSI?
Mafu a tsamaisoang ke mali a tšoenya lingaka le bakuli ba bangata ba hlokolosi. Ke mafu afe? Ka ho toba, u ke ke ua re ke lefu le le leng feela; ha e le hantle ke mafu a mangata.
Ka mor’a hore e bue ka mafu a tsebahalang haholoanyane, Techniques of Blood Transfusion (1982) e bua ka “mafu a mang a tšoaetsanoang a amahanngoang le tšelo ea mali,” a kang mokaola, lefu le tšoaetsanoang la cytomegalovirus, le malaria. Joale e re: “Ho tlalehiloe hore ho na le mafu a mang a ’maloa a fetisoang ke tšelo ea mali, a akarelletsang mafu a tšoaetsanoang a kokoana-hloko ea herpes, mononucleosis e tšoaetsanoang (kokoana-hloko ea Epstein-Barr), toxoplasmosis, trypanosomiasis [lefu la Afrika la feberu le borokoana le lefu la Chagas], leishmaniasis, brucellosis [feberu e tšoaetsanoang e hlahang khafetsa], typhus, filariasis, ’maselese, feberu ea mala, le feberu ea Colorado e bakoang ke matsetse.”
Ha e le hantle, lethathamo la mafu a joalo le ntse le hōla. E ka ’na eaba u kile ua bala lihlooho tsa litaba tse kang “Na Lefu la Lyme le ka Bakoa ke Tšelo ea Mali? Ha ho Bonolo Hore Hoo ho ka Etsahala, Empa Litsebi li na le Pelaelo eo.” Mali a motho eo tlhahlobo e bontšitseng hore o na le lefu la Lyme a sireletsehile hakae? Sehlopha sa liofisiri tsa bophelo bo botle se ile sa botsoa hore na se ne se tla amohela mali a joalo. “Kaofela ha tsona li ile tsa arabela ka ho re che, le hoja ho se e ileng ea buella hore mali a fanoeng ke batho ba joalo a lahloe.” Batho ka kakaretso ba lokela ho ikutloa joang ka mali a bolokiloeng ao litsebi ka botsona li neng li ke ke tsa a amohela?—The New York Times, July 18, 1989.
Lebaka la bobeli la ho ameha ke hore mali a bokelletsoeng naheng e ’ngoe eo ho eona ho nang le lefu le itseng le atileng a ka ’na a sebelisoa hōle le naha eo, moo sechaba kapa tsona lingaka li sa hlokomeleng kotsi eo. Kaha batho ba tsamaeang ba eketsehile kajeno, ho akarelletsa baphaphathehi le batho ba fallang ka mosebetsi, kotsi ea hore lefu le itseng le sa tsejoeng le ka ’na la ba teng sehlahisoeng sa mali e ntse e hōla.
Ho feta moo, setsebi se seng sa mafu a tšoaetsanoang se ile sa lemosa: “Phepelo ea mali e ka ’na ea lokela ho hlahlobisisoa ho qoba ho fetisoa ha mafu a ’maloa ao pele a neng a sa talingoe e le a tšoaetsanoang, a akarelletsang leukemia, lymphoma, le dementia [kapa lefu la Alzheimer].”—Transfusion Medicine Reviews, January 1989.
Le hoja likotsi tsena e le tse tšosang, tse ling li bakile tšabo e khōlō haholo ho feta moo.
SEOA SA AIDS
“AIDS e fetotse ka ho sa feleng tsela eo lingaka le bakuli ba nahanang ka eona ka mali. ’Me eo hase khopolo e mpe, kamoo ho boletseng lingaka tse neng li phuthehile Litsing tsa Sechaba tsa Bophelo bo Botle bakeng sa seboka sa tšelo ea mali.”—Washington Post, July 5, 1988.
Ka kotlo e loketseng seoa sa AIDS (acquired immunodeficiency syndrome [lefu la khaello ea boitšireletso ba ’mele mafung leo motho a ka le fumanang ho motho e mong]) se entse hore batho ba falimehele kotsi ea ho kenoa ke mafu a tšoaetsanoang a tsamaisoang ke mali. Hona joale ba limillione ba se ba e tšoaelitsoe. E ntse e hasana hoo e seng e sa laolehe. ’Me ho bonahala eka lenane la bao e ba bolaeang ke 100 lekholong.
AIDS e bakoa ke kokoana-hloko ea khaello ea boitšireletso ba ’mele oa motho mafung (HIV [human immunodeficiency virus]), e ka jaloang ke mali. Seoa sa kajeno sa AIDS se ile sa hlokomeloa ka 1981. Hona selemong se latelang seo, litsebi tsa bophelo bo botle li ile tsa ithuta hore kokoana-hloko eo e ne e ka fetisoa ke lihlahisoa tsa mali. Hona joale ho lumeloa hore lefapha la mesebetsi e meholo ea mali le ile la lieha ho nka khato, esita le ha litlhahlobo tse khethollang mali a nang le metsoako e loantšang kokoana-hloko (antibodies) ea HIV li se li le teng. Qetellong ho ile ha qaloa ho hlahloba mali a batho ba faneng ka mali ka 1985,a empa esita le ka nako eo ho ne ho sa hlahlobjoe lihlahisoa tsa mali tse neng li se li ntse li bolokiloe.
Ka mor’a moo batho ka kakaretso ba ile ba fuoa khothatso e tiileng, ‘Joale phepelo ea mali e se e sireletsehile.’ Leha ho le joalo, hamorao ho ile ha bontšoa hore ho na le ‘nako e kotsi e fetang pele matšoao a AIDS a bonahala.’ Ka mor’a hore motho a e tšoaetsoe, ho ka feta likhoeli pele a e-ba le metsoako e loantšang likokoana-hloko e ka fumanehang. Ka ho se hlokomele hore o jere kokoana-hloko eo e kotsi, a ka ’na a fana ka mali a neng a tla bonahala a se na lefu leo ha a hlahlobjoa. Sena ke sona se etsahetseng. Batho ba ile ba tšoaroa ke AIDS ka mor’a hore ba tšeloe mali a joalo!
Setšoantšo seo se ile sa e-ba lerootho le ho feta. The New England Journal of Medicine (June 1, 1989) e ile ea tlaleha ka “Ho Tšoaetsoa HIV ho Khutsitseng.” Ho ile ha pakoa hore batho ba ka jara kokoana-hloko ea AIDS ka lilemo-lemo empa litlhahlobo tse sa tobang tse teng hona joale li sa e fumane. Ba bang ba ne ba tla rata ho nyenyefatsa liketsahalo tsena ka hore ke tse hlahang seoelo, empa li paka “hore kotsi ea ho fetisoa ha AIDS ka mali le metsoako ea ’ona e ke ke ea felisoa ka ho felletseng.” (Patient Care, November 30, 1989) Qeto e tšoenyang ke ena: Tlhahlobo e bontšang hore lefu ha le eo e ke ke ea nkoa e le phatlalatso e se nang liphoso ea bophelo bo botle. Ke ba bakae ba sa ntsaneng ba tla fumana AIDS maling?
SEETA SE LATELANG? KAPA LIETA?
Batho ba bangata ba lulang mehahong e nang le mekato e mengata ba ’nile ba utloa ha seeta se le seng se re qi! mokatong o ka holim’a bona; joale ba ka ’na ba lula ba tšohile ba emetse molumo oa seeta sa bobeli. Qakeng ea mali, ha ho motho ea tsebang hore na ho sa ntsane ho ka ’na ha utloahala liqi tsa lieta tse ngata hakae tse bolaeang.
Kokoana-hloko ea AIDS e ile ea bitsoa HIV, empa hona joale litsebi tse ling li se li e bitsa HIV-1. Hobane’ng? Hobane li fumane kokoana-hloko e ’ngoe ea mofuta oa AIDS (HIV-2). E ka hlahisa matšoao a ho kula a tšoanang le a AIDS ’me e atile haholo libakeng tse ling. Ho feta moo, The New York Times e tlaleha hore “hase ka mehla litlhahlobo tsa AIDS tse sebelisoang mona hona joale li e fumanang.” (June 27, 1989) “Litšibollo tse ncha . . . li thatafaletsa libanka tsa mali ka ho eketsehileng ho kholiseha hore mali a fanoeng a sireletsehile.”
Kapa ho thoe’ng ka likokoana-hloko tse ling tse amanang le kokoana-hloko ea AIDS? Sehlopha se seng se etsang liphuputso se neng se sebetsa tlas’a taolo ea mopresidente (U.S.A.) se ile sa bolela hore “ho lumeloa hore [kokoana-hloko e ’ngoe e joalo] ke sona sesosa sa adult T-cell leukemia/lymphoma le lefu le matla la methapo.” Kokoana-hloko ena e se e ntse e le teng har’a batho ba fanang ka mali ’me e ka jaloa ke mali. Batho ba na le tokelo ea ho ipotsa, ‘Tlhahlobisiso ea libanka tsa mali e atleha hakae ho fumana likokoana-hloko tse ling tse joalo?’
Ha e le hantle, ke nako feela e tla bontša hore na ke likokoana-hloko tse ngata hakae tse hlahang maling tse sa ntsaneng li ipatile phepelong ea mali. Dr. Harold T. Meryman oa ngola: “Se sa tsejoeng e ka ’na ea e-ba sona se tšoenyang ho feta se tsejoang. Ho tla ba thata ho amahanya likokoana-hloko tse tšoaetsanoang tse ipatang ka lilemo tse ngata le litšelo tsa mali ’me ho li fumana ho tla ba thata le ho feta. Ka sebele sehlopha sa HTLV ke sona sa ho qala se ileng sa hlahella sa likokoana-hloko tsena.” (Transfusion Medicine Reviews, July 1989) “Joalokaha eka seoa sa AIDS hase masisa-pelo a lekaneng, . . . lilemong tsa bo-1980 ho ile ha hlokomelisoa ka likotsi tse ncha tse ’maloa tsa tšelo ea mali kapa tse hlalositsoeng tseo ho boletsoeng hore e ka ’na eaba li teng. Ha ho hlokahale hore motho a nahane haholo e le hore a khone ho bolela esale pele hore ho tla ba le mafu a mang a tebileng a bakoang ke likokoana-hloko le a fetisoang ke ho tšeloa mali a motho e mong.”—Limiting Homologous Exposure: Alternative Strategies, 1989.
Ho se ho utloahetse liqi tsa “lieta” tse ngata hoo Litsi tsa Taolo ea Mafu li buellang “mehato e akaretsang ea tšireletso.” Ke hore, ‘basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo bo botle ba lokela ho etsa khakanyo ea hore bakuli bohle ba ka tšoaetsa ba bang HIV le likokoana-hloko tse ling tse hlahang maling.’ Ka lebaka le letle, basebetsi ba tlhokomelo ea bophelo bo botle le batho ba bang ka kakaretso ba ntse ba hlahloba bocha pono ea bona ka mali.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Re ke ke ra etsa khakanyo ea hore mali ’ohle aa hlahlobjoa hona joale. Ka mohlala, ho tlalehoa hore qalong ea 1989, hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea libanka tsa mali tsa Brazil li ne li sa laoloe ke ’muso, ebile li ne li sa etse litlhahlobo tsa AIDS.
[Lebokose le leqepheng la 8]
“Hoo e batlang e le tšelo ea mali e le ’ngoe ho tse 100 e tsamaea le feberu, mohatsela, kapa “urticaria” [makhōpho]. . . . Hoo e batlang e le tšelo ea lisele tse khubelu tsa mali e le ’ngoe ho tse 6 000 e fella ka ho loantšana ha mali a mokuli le mali ao a a tšetsoeng e leng ho bolaeang lisele tse khubelu tsa mali. Bona ke bothata bo tebileng ba boitšireletso ba ’mele mafung bo ka ’nang ba hlaha ka tšohanyetso kapa ba hlaha butle matsatsi a ’maloa ka mor’a tšelo ea mali; bo ka ’na ba baka ho hlōleha [ha phio] ho sebetsa, “shock,” mahloele ka har’a methapo ea mali, esita le lefu.”—Seboka sa Litsi tsa Sechaba tsa Bophelo bo Botle (NIH [National Institutes of Health]), 1988.
[Lebokose le leqepheng la 9]
Rasaense oa Denmark Niels Jerne o ile a ba le kabelo Khaung ea 1984 ea Nobel ea Phekolo ea Meriana. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ile a hana tšelo ea mali, o ile a re: “Mali a motho a tšoana le mela ea menoana ea hae ea matsoho—ha ho mefuta e ’meli ea mali e tšoanang hantle.”
[Lebokose le leqepheng la 10]
MALI, A SENTSE LIBETE, LE . . .
Washington Post e ile ea hlalosa: “Ho makatsang, ha ho mohla AIDS e tsamaisoang ke mali . . . e kileng ea e-ba tšokelo e khōlō joaloka mafu a mang—ka mohlala, lefu la sebete.”
E, ba bangata haholo ba ile ba kula haholo ba ba ba bolaoa ke lefu le joalo la sebete, le se nang phekolo e tobileng. Ho latela U.S.News & World Report (May 1, 1989), hoo e ka bang karolo ea 5 lekholong ea ba fuoang mali United States ba tšoaroa ke lefu la sebete—e leng batho ba 175 000 ka selemo. Ba etsang hoo e ka bang halofo ea lenane leo ba fetoha bajari ba lefu leo ba ke keng ba phekoloa, ’me bonyane a le mong ho ba bahlano o tšoaroa ke cirrhosis kapa kankere ea sebete. Ho hakanngoa hore ba 4 000 baa shoa. Nahana ka lihlooho tsa litaba tseo u neng u tla li bala haeba sefofane se seholo sa jet se ne se ka soahlamana, sa bolaea batho bohle ba se palameng. Empa ho shoa ha batho ba 4 000 ho tšoana le ho soahlamana ha sefofane se seholo sa jet se tletseng batho khoeli e ’ngoe le e ’ngoe!
Ke khale lingaka li tseba hore lefu la sebete le seng matla haholo (mofuta oa A) le jaloa ke lijo kapa metsi a litšila. Ka mor’a moo li ile tsa bona hore mofuta o tebileng haholoanyane o jaloa ke mali, ’me li ne li se na tsela ea ho hlahlobisisa mali hore li o fumane. Qetellong, bo-rasaense ba bohlale ba ile ba ithuta mokhoa oa ho hlokomela “bopaki ba ho ba teng” ha kokoana-hloko ena (mofuta oa B). Mathoasong a bo-1970, mali a ne a se a hlahlobisisoa linaheng tse ling. Phepelo ea mali e ne e bonahala e sireletsehile ’me bokamoso ba mali bo ne bo bonahala e le bo khanyang! Empa na e ne e hlile e le bo khanyang?
Ka mor’a nakoana ho ile ha hlaka hore ba likete ba ileng ba fuoa mali a hlahlobisisitsoeng ba ne ba ntse ba tšoaroa ke lefu la sebete. Ka mor’a hore ba tšoaroe ke lefu leo le fokolisang, ba bangata ba ile ba ithuta hore libete tsa bona li senyehile. Empa haeba mali ao a ne a hlahlobiloe, ke hobane’ng ha see se ile sa etsahala? Mali ao a ne a e-na le mofuta o mong oa lefu leo, o bitsoang lefu la sebete leo eseng la mofuta oa A, kapa oa B (NANB [non-A, non-B hepatitis]). Ka lilemo tse leshome lefu leo le ile la kenella litšelong tsa mali—ba pakeng tsa karolo ea 8 le karolo ea 17 lekholong ba ileng ba tšeloa mali Iseraele, Italy, Japane, Spain, Sweden, le United States ba ile ba tšoaetsoa lefu leo.
Joale ho ile ha latela lihlooho tsa litaba tse kang “Qetellong Kokoana-hloko ea Lefu la Sebete la Mohlolo leo e Seng la Mofuta oa A, Kapa oa B e Khethollotsoe”; “Ho Pepesa Feberu e Maling.” Molaetsa o ne o boetse o re, ‘Kofuto e thetsang e fumanoe!’ Ka April 1989, batho ka kakaretso ba ile ba bolelloa hore tlhahlobo ea NANB, eo joale e neng e se e bitsoa lefu la sebete la mofuta oa C, ea fumaneha.
U ka ’na ua ipotsa hore na e be pheko ena hase e fihletsoeng pele ho etsoa lipatlisiso tse lekaneng. Ha e le hantle, babatlisisi ba Italy ba tlalehile ka kokoana-hloko e ’ngoe ea lefu la sebete, e hlahisitsoeng ke ho fetoloa ha liphatsa tsa lefutso, eo e ka ’nang eaba ke eona e ikarabellang bakeng sa karolo e le ’ngoe ho tse tharo tsa mafu ao. Harvard Medical School Health Letter (November 1989) e ile ea hlokomela: “Litsebi tse ling li tšoenyehile ka hore A, B, C, le D, ha e-s’o be litlhaku tse felletseng tse khethollang likokoana-hloko tsa lefu la sebete; ho ka ’na ha hlaha tse ling hape.” The New York Times (February 13, 1990) e ile ea re: “Litsebi li na le pelaelo e matla ea hore likokoana-hloko tse ling li ka ’na tsa baka lefu la sebete; haeba li ka fumanoa, li tla bitsoa lefu la sebete la mofuta oa E esita le ka litlhaku tse ling joalo-joalo.”
Na libanka tsa mali li talimane le lipatlisiso tse telele tsa litlhahlobo tse eketsehileng ho etsa hore mali e be a sireletsehileng? Ha motsamaisi oa Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Amerika a bua ka bothata ba litšenyehelo, o ile a etsa tlhaloso ena e ferekanyang: “Re ke ke ra ’na ra tsoela pele feela ho ’na re eketsa tlhahlobo e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe bakeng sa kofuto ka ’ngoe e tšoaetsanoang e ka ’nang ea jaloa.”—Medical World News, May 8, 1989.
Esita le tlhahlobo ea lefu la sebete la mofuta oa B e ntse e e-ba le liphoso; ba bangata ba ntse ba tšoaetsoa lefu leo ka mali. Ho feta moo, na batho ba tla khotsofala ha ho phatlalatsoa tlhahlobo ea lefu la sebete la mofuta oa C? The Journal of the American Medical Association (January 5, 1990) e ile ea bontša hore ho ka feta selemo pele likarolo tsa mali tse loantšang lefu leo li ka fumanoa ka tlhahlobo eo. Khabareng, batho ba tšetsoeng mali ao ba ka ’na ba talimana le libete tse senyehileng—le lefu.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lefu la Chagas le bontša kamoo mali a isang mafu ho batho ba hōle ka teng. “The Medical Post” (January 16, 1990) e tlaleha hore ‘batho ba limillione tse 10 ho ea ho tse 12 ba Latin America ba tšoaelitsoe lefu leo ’me ba ke ke ba phekoleha.’ Le ’nile la bitsoa “e ’ngoe ea likotsi tse hlahelletseng ka ho fetisisa tsa tšelo ea mali Amerika Boroa.” “Kokoanyana e nanyetsang e bolaeang” e lōma motho sefahlehong ha a robetse, e noa mali, e be e siea mantle a eona leqebeng leo. Motho ea lonngoeng a ka ’na a ba le lefu la Chagas ka lilemo (khabareng ho ka ’na ha etsahala hore a ’ne a fane ka mali) pele a ba le mathata a pelo a ka ’molaeang.
Ke hobane’ng ha seo se lokela ho tšoenya batho ba likontinenteng tse hōle? Ho “The New York Times” (May 23, 1989), Dr. L. K. Altman o ile a tlaleha ka bakuli ba nang le lefu la Chagas leo ba le fumaneng ka mor’a ho tšeloa mali, bao e mong oa bona a ileng a shoa. Altman o ile a ngola: “E ka ’na eaba ho ile ha ba le liketsahalo tse ling tse sa kang tsa fumanoa hobane [mona lingaka] ha lia tloaelana le lefu la Chagas, ebile ha li hlokomele hore le ka jaloa ke litšelo tsa mali.” E, mali e ka ba koloi eo mafu a tsamaeang ka eona ka ho pharalletseng.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Dr. Knud Lund-Olesen o ile a ngola: “Kaha . . . batho ba bang ba lihlopheng tse kotsing e khōlō ea ho ba le mafu ba ithaopela ho fana ka mali kahobane ka tsela eo ba tla be ba se ba hlahlobjoa hore na ba na le AIDS, ke ikutloa hore ho na le lebaka la ho ba leqe ho amohela tšelo ea mali. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hana sena ka lilemo tse ngata. Na li ne li ile tsa bona bokamoso esale pele?”—“Ugeskrift for Læger” (Makasine oa Lingaka oa Beke le Beke), September 26, 1988.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mopapa o ile a pholoha ho thunngoa. Ka mor’a hore a tlohe sepetlele, o ile a khutlisoa ka mor’a likhoeli tse peli, “a kula haholo.” Hobane’ng? Ka lebaka la lefu le tšoaetsanoang la cytomegalovirus le neng le ka ’na la ’molaea leo a neng a le fumane maling ao a a amohetseng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UPI/Bettmann Newsphotos
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Kokoana-hloko ea AIDS
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
CDC, Atlanta, Ga.