Buka ea Bibele ea 54—1 Timothea
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Macedonia
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 61–64 C.E.
1, 2. (a) Ho bonoa phapang efe pakeng tsa tlhaloso e ho Liketso ea ho kenngoa ha Pauluse teronkong le tlhaloso e ho Timothea oa Bobeli? (b) Ho bonahala eka Timothea oa Pele e ngotsoe neng, hona hobane’ng?
TLALEHO ea Luka ea bophelo ba Pauluse e bukeng ea Liketso e qetella ha Pauluse a le Roma a emetse karabelo ea boipiletso ba hae ho Cesare. Ho bontšoa hore Pauluse o ne a lula ntlong eo a neng a e hirile, a bolella bohle ba tlang ho eena ka ’Muso oa Molimo, ’me a etsa hoo “ka bolokolohi bo boholo ba ho bua, ho se tšitiso.” (Lik. 28:30, 31, NW) Empa lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, Pauluse oa ngola: ‘Kea hlokofatsoa, ke bile ke litlamong joaloka sesenyi,’ ’me o bua ka lefu la hae le seng le atametse. (2 Tim. 2:9, BPN; 4:6-8) Ke phetoho e khōlō hakaakang! Ketsahalong ea pele, o ile a tšoaroa joaloka motšoaruoa ea hlomphehang, ketsahalong ea bobeli, o tšoaroa joaloka senokoane. Ho ile ha etsahala’ng pakeng tsa nako ea tlhaloso ea Luka ea boemo ba Pauluse ka 61 C.E., qetellong ea lilemo tse peli tseo a li qetileng Roma, le ha Pauluse ka boeena a ngolla Timothea ka boemo boo a neng a le ho bona, e leng nako eo ho bonahalang eka e bile pejana feela ho lefu la hae?
2 Bothata ba ho akarelletsa nako ea ho ngola ha Pauluse mangolo a eang ho Timothea le Tite nakong e akarelitsoeng ke buka ea Liketso bo lebisitse bahlalosi ba bang ba Bibele qetong ea hore Pauluse o ile a atleha boipiletsong ba hae ho Cesare ’me o ile a lokolloa hoo e ka bang ka 61 C.E. The New Westminster Dictionary of the Bible e re: “Temana e qetellang ea Liketso e lumellana hamolemo le pono ena [ea hore Pauluse o ile a lokolloa ka mor’a ho koalloa teronkong ka lilemo tse peli] ho e-na le khopolo ea hore ho kenngoa teronkong ho hlalositsoeng ho ile ha fella ka ho ahloloa ha moapostola le lefu la hae. Luka o hatisa ’nete ea hore ha ho motho ea ileng a sitisa mosebetsi oa hae, ka hona ka sebele o fana ka maikutlo a hore mosebetsi oa hae o ne o sa le hōle le ho fela.”a Ka hona, Timothea oa Pele e ngotsoe nakong e pakeng tsa ho lokolloa ha hae ha a ne a kentsoe teronkong ka lekhetlo la pele Roma le ho kenngoa ha hae teronkong ka lekhetlo la ho qetela hona moo, kapa hoo e ka bang ka 61 ho ea ho 64 C.E.
3, 4. (a) Ha Pauluse a lokolloa teronkong, ka ho hlakileng o ile a etsa’ng? (b) O ngotse Timothea oa Pele a le hokae?
3 Ha Pauluse a lokolloa teronkong, ka ho hlakileng o ile a tsosolosa mosebetsi oa hae oa boromuoa hammoho le Timothea le Tite. Hore na Pauluse o kile a fihla Spain, joalokaha ba bang ba lekanya, ho ke ke ha tiisoa. Clement oa Roma o ile a ngola (hoo e ka bang ka 95 C.E.) ka hore Pauluse o ile a fihla “meeling e hōle-hōle ea B[ophirimela],” eo e ka ’nang eaba e ne e akarelletsa Spain.b
4 Pauluse o ngotse lengolo la hae la pele le eang ho Timothea a le hokae? Timothea oa Pele 1:3 e bontša hore Pauluse o ile a lokisetsa hore Timothea a sebetsane le litaba tse itseng tsa phutheho Efese ha eena a tsoela pele leetong la hae la ho ea Macedonia. Ho bonahala eka o ile a ngola lengolo le khutlelang ho Timothea morao koana Efese a le hona mona.
5. Ho na le bopaki bofe ba bonnete ba mangolo a Timothea?
5 Mangolo a mabeli a eang ho Timothea a ’nile a amoheloa e le a ngotsoeng ke Pauluse e bile e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng ho tloha mehleng ea khale haholo. Bangoli ba pele ba Bakreste, ba akarelletsang Polycarp, Ignatius, le Clement oa Roma, kaofela baa lumellana ho sena, ’me mangolo ao a akarellelitsoe mathathamong a libuka a makholong a seng makae a pele a lilemo e le lingoloa tsa Pauluse. Setsebi se seng sea ngola: “Ho na le lingoloa tse seng kae tsa T[estamente] e N[cha] tse nang le bopaki bo li tšehetsang bo matla ho feta bo tšehetsang lingoloa tsena . . . Ka hona likhanyetso tsa bonnete ba litlaleho tsena bo tlameha ho talingoa e le likhopolo tsa kajeno tse khahlanong le bopaki bo matla ba kereke ea pele.”c
6. (a) Pauluse o ngotse Timothea oa Pele ka mabaka afe a ’maloa? (b) Timothea o ne a e-na le pokello efe ea phihlelo le koetliso, ’me ke eng e bontšang hore e ne e le mosebetsi ea hōlileng moeeng?
6 Pauluse o ile a ngola lengolo lena la hae la pele le eang ho Timothea ka morero oa ho hlakisa mekhoa e itseng ea tlhophiso ka phuthehong. Ho ne ho boetse ho hlokahala hore a lemose Timothea hore a itebele khahlanong le lithuto tsa bohata le hore a matlafatse baena hore ba hanyetse ‘tsebo e joalo ea bohata.’ (1 Tim. 6:20, NW) Motse oa khoebo oa Efese le oona o ne o ka hlahisa liteko tsa lerato la lintho tse bonahalang le “lerato la chelete,” ’me e ne e le nako e loketseng ea hore a fane ka keletso e itseng le ho sena. (6:10, NW) Ka sebele Timothea o ne a e-na le pokello e ntle ea phihlelo le koetliso tse neng li ka sebelisoa mosebetsing ona. Ntat’ae e ne e le Mogerike ’me ’m’ae e ne e le Mojode ea tšabang Molimo. Ha ho tsejoe hantle hore na Timothea o qalile ho kopana le Bokreste neng. Ha Pauluse a etetse Lystra leetong la hae la bobeli la boromuoa, mohlomong qetellong ea 49 C.E. kapa mathoasong a 50 C.E., Timothea (mohlomong a le ka tlaase ho lilemo tse 20 kapa a le ka holimonyana ho tsona) o ne a se a ntse “a rorisoa ke baena ba Lystra le ba Ikone.” Kahoo Pauluse o ile a lokisetsa hore Timothea a tsamaee le eena le Silase. (Lik. 16:1-3) Timothea o boletsoe ka lebitso mangolong a 11 har’a mangolo a Pauluse a 14 esita le bukeng ea Liketso. Ka mehla Pauluse o ’nile a bontša thahasello e kang ea ntate ho eena ’me ka makhetlo a ’maloa o ile a mo abela ho etela le ho sebeletsa liphutheho tse fapaneng—e leng bopaki ba hore Timothea o ne a sebelitse hantle mosebetsing oa boromuoa ’me o ne a tšoaneleha bakeng sa ho jara boikarabelo bo boima.—1 Tim. 1:2; 5:23; 1 Ba-Thess. 3:2; Ba-Fil. 2:19.
LITABA TSE KA HARE TSA TIMOTHEA OA PELE
7. Ke hobane’ng ha Pauluse a khothalletsa Timothea ho lula Efese?
7 Khothatso e matla ea ho ba le tumelo ka letsoalo le letle (1:1-20). Ka mor’a ho lumelisa Timothea joaloka ‘ngoan’a hae oa sebele tumelong,’ Pauluse o mo khothalletsa ho lula Efese. O lokela ho khalemela ba rutang “thuto esele,” e lebisang lipotsong tse sa thuseng letho ho fapana le ho aba tumelo. Pauluse o re sepheo sa taelo ena ke ‘lerato le tsoang pelong e hloekileng le letsoalong le khutsitseng le tumelong e se nang boikaketsi.’ Oa phaella: “Ka ho fapoha tsena, ba bang ba khelohetse lipolelong tsa bosaoana.”—1:2, 3, 5, 6, BPN.
8. Ho bontšoa ha Pauluse mohau ho ne ho hatisa eng, ’me o ile a khothalletsa Timothea ho loana ntoa efe e ntle?
8 Le hoja Pauluse e ne e le monyefoli le mohlorisi pele, ho ntse ho le joalo, mosa o sa tšoanelang oa Morena “o ile oa ba mongata ka ho tlōlisang hammoho le tumelo le lerato le mabapi le Kreste Jesu,” kahoo o ile a bontšoa mohau. E ne e le moetsalibe ea ka sehloohong; ka hona o ile a fetoha pontšo ea mamello ea Kreste Jesu, ea “tlileng lefatšeng ho boloka baetsalibe.” Morena oa bosafeleng o tšoaneleha hakaakang bakeng sa ho amohela tlhompho le khanya ka ho sa feleng! Pauluse o laela Timothea ho loana ntoa e ntle, “ho boloka tumelo le letsoalo le letle.” Ha aa lokela ho tšoana le ba ‘senyehetsoeng ke tumelo ea bona,’ ba kang Hymenea le Alexandere, bao Pauluse a ba khalemelletseng ho nyefola.—1:14, 15, 19, NW.
9. (a) Ke lithapelo life tse lokelang ho etsoa, hona hobane’ng? (b) Ho thoe’ng ka basali ka phuthehong?
9 Litaelo tse amanang le borapeli le tlhophiso ka phuthehong (2:1–6:2). Batho ba mefuta eohle ba lokela ho rapelloa, ho akarelletsa ba boemong bo phahameng, e le hore Bakreste ba ka phela ka khotso ka boinehelo ba bomolimo. Thato ea Molimo, ’Moloki, ke hore “batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba tle tsebong e nepahetseng ea ’nete. Hobane ho na le Molimo o le mong, le mokena-lipakeng a le mong mahareng a Molimo le batho, motho, Kreste Jesu, ea inehetseng ho ba topollo e lekanang bakeng sa bohle.” (2:4-6, NW) Pauluse o ne a khethetsoe ho ba moapostola le tichere ea lintho tsena. Kahoo o mema banna hore ba rapele ka botšepehi le basali ba apare ka mokhoa o hlomphehang le ka kelello, joalokaha hoo ho tšoanela ba nang le tlhompho ea borapeli ho Molimo. Mosali o tlameha ho ithuta a khutsitse ’me a se ke a laola monna, “hobane Adama o bōpiloe pele, hamorao ha bōpjoa Eva.”—2:13.
10. Litšoaneleho tsa balebeli le bahlanka ba sebeletsang ke life, hona ke hobane’ng ha Pauluse a ngola lintho tsee?
10 Monna ea hahamallang ho ba molebeli o lakatsa mosebetsi o motle. Joale Pauluse o thathamisa litšoaneleho tsa balebeli le bahlanka ba sebeletsang. Molebeli o tlameha hore e be “ea sa nyatsoeng ka letho, monna oa mosali a le mong, ea nang le mekhoa e itekanetseng, ea hlaphohileng kelellong, ea laolehang, ea amohelang baeti, ea tšoanelehang ho ruta, eseng motho ea likhathatso oa letahoa, eseng ea otlang, empa ea leka-lekaneng, eseng ea ratang ntoa, eseng ea ratang chelete, monna ea okamelang lelapa la hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ikokobelitseng ka ho nka litaba tsohle ka ho teba . . . , eseng monna ea sa tsoa sokoloha . . . O lokela hore a boele a be le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle.” (3:2-7, NW) Ho na le litlhokahalo tse tšoanang bakeng sa bahlanka ba sebeletsang, ’me ba lokela ho lekoa hore na baa tšoaneleha pele ba sebeletsa. Pauluse o ngola lintho tsena e le hore Timothea a tle a tsebe kamoo a lokelang ho itšoara ka teng ka phuthehong ea Molimo, eo e leng “tšiea le motheo oa ’nete.”—3:15.
11. (a) Ho tla hlaha mathata afe hamorao? (b) Ke eng eo Timothea a lokelang ho e ela hloko, hona hobane’ng?
11 Mehleng ea morao ba bang ba tla kheloha tumelo ka lithuto tsa bademona. Banna ba baikaketsi ba buang mashano ba tla thibela lenyalo ’me ba fane ka taelo ea hore ho iloe lijo tseo Molimo o li bōpetseng hore li jeoe ka teboho. Joaloka mosebeletsi e motle, Timothea o tlameha ho hanyetsa lipale tsa bohata le ‘litšōmo tsa basali-baholo.’ Ka lehlakoreng le leng, o lokela ho ikoetlisa a habile boinehelong ba bomolimo. Pauluse o re: “Re sebetsa ka thata ’me re ikitlaetsa ka sepheo sena, hobane re behile tšepo ea rōna ho Molimo o phelang, oo e leng ’Moloki oa batho ba mefuta eohle, haholo-holo oa ba tšepahalang.” Ka hona Timothea o tlameha ho tsoela pele ho fana ka litaelo tsena le ho li ruta. Ha aa lokela ho lumella motho ofe kapa ofe ho nyatsa bocha ba hae, empa ho e-na le hoo, o tlameha ho ba mohlala oa boitšoaro le tšebeletso ea bomolimo. O lokela ho hapeha linthong tsena le ho itlhokomela ka mehla le ho hlokomela thuto ea hae, hobane ka ho lula linthong tsena, o tla ‘ipoloka a be a boloke le ba mo mamelang.’—4:7, 10, 16, NW.
12. Ho fanoe ka keletso efe mabapi le ho sebetsana le bahlolohali le ba bang ka phuthehong?
12 Pauluse o eletsa Timothea hore na a sebetsane le batho joang: a sebetsane le banna ba hōlileng joaloka bo-ntate, bahlankana joaloka baena, basali ba hōlileng joaloka bo-’mè, baroetsana joaloka bo-khaitseli. Ho lokela hore ho etsoe tokisetso e loketseng bakeng sa bao e hlileng e leng bahlolohali. Leha ho le joalo, lelapa la mohlolohali le lokela ho mo hlokomela haeba hoo ho khoneha. Ho hlōleha ho etsa sena e ne e tla be e le ho latola tumelo. Bonyane ha mohlolohali a le lilemo li 60, a ka kenngoa lethathamong haeba ho e-na le “bopaki bo fanoeng ka eena bakeng sa mesebetsi e metle.” (5:10, NW) Ka lehlakoreng le leng, bahlolohali ba bacha, ba lumellang litakatso tsa bona tsa botšehali hore li ba laole, ba lokela ho qheloa. Ho fapana le ho chalaka le ho seba, a ba ke ba nyaloe ’me ba be le bana, e le hore ba se ke ba fa mohanyetsi letho le ka mo susumetsang.
13. Ke ho nahanela hofe ho lokelang ho bontšoa ho banna ba hōlileng, batho ba tloaetseng ho etsa sebe ba lokela ho tšoaroa joang, ’me ke boikarabelo bofe bo holim’a makhoba?
13 Banna ba hōlileng ba okamelang ka tsela e ntle ba lokela ho talingoa e le ba tšoaneloang ke tlhompho e imenneng habeli, “haholo-holo ba sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng.” (5:17, NW) Ha hoa lokela hore ho amoheloe qoso e khahlanong le monna ea hōlileng haese ka bopaki ba lipaki tse peli kapa tse tharo. Batho ba tloaetseng ho etsa sebe ba lokela ho lauoa ka pel’a bashebelli bohle, empa ha baa lokela ho ahloloa pele ho fanoa ka bopaki kapa ho ahloloa ka leeme linthong tsena. Makhoba a lokela ho utloa beng ba ’ona, a nehelane ka tšebeletso e ntle, haholo-holo ho baena, bao e leng “balumeli le baratuoa.”—6:2.
14. Pauluse o re’ng ka boikhohomoso le lerato la chelete mabapi le “boinehelo ba bomolimo le ho khotsofala ka seo motho a nang le sona”?
14 Keletso tabeng ea “boinehelo ba bomolimo le ho khotsofala ka seo motho a nang le sona” (6:3-21). Motho ea sa khotsofalleng mantsoe a phelisang o tletse boikhohomoso ’me oa kula kelellong ka lebaka la lipotso, tse lebisang liphehisanong tse mabifi ka litaba tsa lefeela. Ka lehlakoreng le leng, “boinehelo ba bomolimo le ho khotsofala ka seo motho a nang le sona” ke mocha oa leruo le leholo. Motho o lokela ho khotsofala ha a e-na le mokhoa oa ho iphelisa le liaparo le bululo. Boikemisetso ba ho rua ke leraba le lebisang timetsong, ’me lerato la chelete ke “motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.” Pauluse o phehella Timothea, joaloka monna oa Molimo, ho baleha linthong tsena, ho phehella litšoaneleho tse molemo tsa Bokreste, ho loana ntoa e ntle ea tumelo, le ho “khomarela ka tieo bophelo bo sa feleng.” (6:6, 10, 12, NW) O tlameha ho boloka molao “ka tsela e hlokang letheba le e sa nyatsoeng” ho fihlela ponahalong ea Morena Jesu Kreste. Ba ruileng ‘ba lokela ho beha tšepo ea bona ho Molimo, eseng maruong a sa tsitsang,’ e le hore ba khomarele ka tieo bophelo ba sebele. Ha Pauluse a qetella, o khothalletsa Timothea ho lebela letlotlo la hae la thuto le ho furalla lipuo tse silafatsang le “likhanyetso tsa hoo ka bohata ho bitsoang ‘tsebo.’”—6:14, 17, 20, NW.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
15. Ho fanoa ka temoso efe khahlanong le likhakanyo le likhang?
15 Lengolo lena le fana ka temoso e matla ho ba qaputsang likhakanyong tse sa thuseng letho le liphehisanong tsa bo-rafilosofi. ‘Likhang tsa mantsoe’ li tsamaea le boikhohomoso ’me li lokela ho qojoa, hobane Pauluse o re bolella hore li thibela khōlo ea Bokreste, li fana feela ka “lipotso bakeng sa phuputso ho fapana le ho abjoa ha letho ke Molimo mabapi le tumelo.” (6:3-6, NW; 1:4, NW) Kaha likhang tsena li tsamaea le mesebetsi ea nama, li “hanyetsa thuto e phelisang ho latela litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng.”—1:10, 11, NW.
16. Pauluse o fane ka keletso efe tabeng ea lerato la lintho tse bonahalang?
16 Ho bonahala eka Bakreste ba Efese e neng e tletse meharo ea chelete ba ne ba hloka keletso tabeng ea ho loantša lerato la lintho tse bonahalang le likeko tsa lona. Pauluse o ile a fana ka keletso eo. Lefatše le ’nile la qotsa mantsoe a hae ka bolokolohi ha a re, ‘Lerato la chelete ke motso oa bobe bohle,’ empa ke ba fokolang hakaakang ba elang mantsoe a hae hloko! Ho fapana le hoo, ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba ele keletso ena hloko ka linako tsohle. Ho bona e bolela bophelo. Ho hlokahala hore ba balehe lerabeng le kotsi la lerato la lintho tse bonahalang, ba se tšepe “moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele.”—6:6-12, 17-19.
17. Ke keletso efe e fuoeng Timothea e nakong bakeng sa basebeletsi bohle ba bacha ba chesehang kajeno?
17 Lengolo la Pauluse le bontša hore Timothea ka boeena e ne e le mohlala o motle oa seo Mokreste e mocha a lokelang ho ba sona. Le hoja ha ho bapisoa a ne a le monyenyane lilemong, o ne a hōlile moeeng. O ne a ile a hahamalla ho tšoaneleha ho ba molebeli ’me o ile a putsoa ka ho enneng ka litokelo tseo a ileng a li thabela. Empa joaloka basebeletsi bohle ba bacha ba chesehang kajeno, ho ne ho hlokahala hore a ’ne a thuise ka lintho tsena le hore a hapehe ho tsona e le hore a ’ne a etse tsoelo-pele e eketsehileng. Keletso ea Pauluse ke e nakong bakeng sa bohle ba batlang thabo e eketsehileng ea ho etsa tsoelo-pele ea Bokreste: “U ke u itebele, u lebele le eona thuto; ’me u tiee teng; hobane, ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.”—4:15, 16.
18. Ke litokisetso life tse bontšang taolo ka phuthehong tse hlalositsoeng ka ho hlaka, ’me Pauluse o sebelisa Mangolo a Seheberu e le mohloli o mo fang matla joang?
18 Lengolo lena le bululetsoeng le re tlatsa kananelo bakeng sa litokisetso tsa Molimo tse bontšang taolo. Le bontša kamoo banna le basali ba ka phethang karolo ea bona ka teng ho bolokeng kutloano ea puso ea Molimo ka phuthehong. (2:8-15) Joale le tsoela pele ho hlalosa litšoaneleho tsa balebeli le bahlanka ba sebeletsang. Ka hona moea o halalelang o bontša litlhokahalo tse lokelang ho finyelloa ke ba sebeletsang maemong ana a khethehileng. Lengolo lena le boetse le khothalletsa basebeletsi bohle ba inehetseng ho finyella litekanyetso tsena, le re: “Motho ha a rata bolebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” (3:1-13) Boikutlo ba molebeli bo loketseng mabapi le batho ka ho fapa-fapana ho latela lilemo tsa bona le hore na ke ba batona kapa ba batšehali ka phuthehong bo hlalositsoe ka tsela e loketseng joaloka taba ea ho sebetsana le liqoso ka pel’a lipaki. Ha Pauluse a hatisa hore banna ba hōlileng ba sebetsang ka thata polelong le thutong ba tšoaneloa ke tlhompho e imenneng habeli, o qotsa Mangolo a Seheberu habeli e le mohloli o mo fang matla: “Hobane Lengolo le re: U se ke ua thiba molomo oa khomo ha e pola. Hape le re: Ea sebetsang o tšoaneloa ke moputso oa hae.”—1 Tim. 5:1-3, 9, 10, 19-21, 17, 18; Deut. 25:4; Lev. 19:13.
19. Tšepo ea ’Muso e etelletsoa pele joang, ’me ho fanoa ka khothatso efe e matla motheong oo?
19 Hoba a fane ka keletso ena eohle e ntle, Pauluse o phaella ka hore taelo eo e lokela ho bolokoa ka tsela e se nang letheba le e sa nyatsoeng ‘ho fihlela ponahalong ea Morena Jesu Kreste e le ’Musi oa babusi le Morena oa marena.’ Motheong oa tšepo ena ea ’Muso, lengolo lena le qetella ka khothatso e matla ea hore Bakreste “ba sebetse se molemo, ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.” (1 Tim. 6:14, 15, 18, 19) Ka sebele thuto e ntle ea Timothea oa Pele kaofela e molemo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a 1970, e hlophisitsoe ke H. S. Gehman, leqephe 721.
b The Ante-Nicene Fathers, Moq. I, leqephe 6, “The First Epistle of Clement to the Corinthians” (Epistole ea Pele ea Clement ho Bakorinthe), khao. V.
c New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, 1986, e hlophisitsoeng ke J. D. Douglas, leqephe 1203.