Ka Bohata Bademona ba Bolela Hore Bafu Baa Phela
Bibele e re Satane ke ea “thetsang lefatše kaofela.” (Tšenolo 12:9) Satane le bademona ba hae ha ba batle hore re kholoe Lentsoe la Molimo, Bibele. Ba leka ho etsa hore batho ba kholoe hore bafu baa phela kae-kae sebakeng sa moea. A re boneng kamoo ba etsang sena ka teng.
Bolumeli ba Bohata
Malumeli a mangata a ruta hore motho e mong le e mong o na le sephefumolohi se fetelang sebakeng sa moea ka mor’a lefu la ’mele oa nama. A bolela hore ’mele oa shoa empa sephefumolohi hase shoe. Ho feta moo, a tiisa hore sephefumolohi se ke ke sa shoa, hore se na le ho se shoe.
Empa Lentsoe la Molimo ha le rute seo. Bibele e bontša hore sephefumolohi ke motho, eseng ntho e ’ngoe e ka har’a motho. Ka mohlala, ha Bibele e hlalosa ho bōptjoa ha Adama, e re: “’Me Jehova Molimo a tsoela pele ho etsa motho ka lerōle le tsoang mobung le ho bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba sephefumolohi se phelang.” (Genese 2:7, NW) Kahoo Adama ha aa ka a fuoa sephefumolohi; eena ka boeena e ne e le sephefumolohi.
Liphoofolo le tsona li bitsoa liphefumolohi.—Genese 1:20, 21, 24, 30, NW.
Kaha lentsoe la Bibele le reng “sephefumolohi” le bolela motho ka boeena, ha rea lokela ho makala hore liphefumolohi li ka shoa le hore e hlile lia shoa. Mangolo a re:
“Sephefumolohi se etsang sebe—sona ka bosona se tla shoa.”—Ezekiele 18:4, NW.
“’Me Samsone o ile a tsoela pele ho re: ‘Sephefumolohi sa ka a se ke se shoe hammoho le Bafilista.’”—Baahloli 16:30, NW.
“Na ka sabbatha ho loketse ho etsa ketso e ntle kapa ho etsa ketso e mpe, ho pholosa kapa ho bolaea sephefumolohi?”—Mareka 3:4, NW.
Mangolo a mang a bontša hore liphefumolohi li ka timetsoa (Genese 17:14, NW), li ka bolaoa ka sabole (Joshua 10:37, NW), li ka bipetsoa (Jobo 7:15), ’me li ka khangoa ke metsi (Jonase 2:5, BPN). Ka hona, sephefumolohi sea shoa.
Ha u bala Bibele ho tloha qalong ho fihlela qetellong, le ka mohla u ke ke ua fumana poleloana e reng “sephefumolohi se sa shoeng.” Sephefumolohi sa motho hase moea. Thuto ea sephefumolohi se sa shoeng hase thuto ea Bibele. Ke thuto ea Satane le bademona ba hae. Jehova o hloile mashano ’ohle a bolumeli.—Liproverbia 6:16-19; 1 Timothea 4:1, 2.
Mathuela
Tsela e ’ngoe eo Satane a thetsang batho ka eona ke ka mathuela. Lethuela ke motho ea amohelang ka ho toba melaetsa e tsoang lefatšeng la moea. Batho ba bangata haholo, ho akarelletsa le mathuela, ba lumela hore melaetsa ena e tsoa ho meea ea bafu. Empa joalokaha re se re bone ka Bibeleng, sena se ke ke sa etsahala.—Moeklesia 9:5, 6, 10.
Ka hona, melaetsa ee e tsoa ho bo-mang? E tsoa ho bademona! Bademona ba khona ho shebisisa motho ha a sa ntse a phela; ba tseba kamoo motho eo a neng a bua ka teng, hore na o ne a shebahala joang, hore na o ne a etsa eng, le hore na ke eng seo a neng a se tseba. Kahoo ho bonolo hore ba etsise batho ba shoeleng.—1 Samuele 28:3-19.
Lipale tsa Bohata
Tsela e ’ngoe eo Satane a ntšetsang pele leshano le mabapi le bafu ke ka lipale tsa bohata. Hangata lipale tse joalo li suthisetsa batho hōle le ’nete ea Bibele.—2 Timothea 4:4.
Afrika ho na le litšōmo tse ngata tse buang ka batho ba ileng ba bonoa ba phela ka mor’a hore ba shoe. Ka tloaelo, lipono tse joalo li bonoa hōle haholo le moo motho a neng a phela teng. Empa ipotse: ‘Na ho bonahala ho utloahala hore haeba motho a ne a e-na le matla a ho khutla bafung, a ka khutlela sebakeng se hōle le lelapa la hae le metsoalle?’
Hape, na e be hase feela hore motho eo ea bonoang o mpa a tšoana le motho ea ileng a shoa? Ka mohlala, basebeletsi ba bang ba Bakreste ba babeli ba neng ba ntse ba paka sebakeng se seng sa mahaeng ba ile ba hlokomela monna-moholo e mong eo esale a ba latela ka lihora tse ’maloa. Ha ba ’motsa, ba ile ba fumana hore monna eo o ne a nahana hore e mong oa basebeletsi bao ke ngoan’abo ea ileng a shoa lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ha e le hantle, o ne a fositse, empa o ile a hana ho lumela hore o fositse. Ak’u nahane feela hore na hamorao monna-moholo eo o ile a bolella metsoalle ea hae le baahisani pale efe!
Lipono, Litoro, le Mantsoe
Ntle ho pelaelo u tseba lintho tse makatsang tseo batho ba li boneng, ba li utloileng, kapa ba li lorileng. Hangata liphihlelo tse joalo tseo e seng tsa tlhaho li tšosa bao li ba tlelang. Marein, ea neng a phela Afrika Bophirimela, ka mehla o ne a utloa lentsoe la nkhon’oae ea shoeleng le ’mitsa bosiu. Marein o ee a hoeletse kaha oa be a tšohile, ’me a tsose lelapa la hae kaofela. Qetellong, ha a ka a hlola a phela hantle hloohong.
Joale, haeba ka sebele bafu baa phela, na ke ho utloahalang hore ba ka tšosa baratuoa ba bona? Ho hang ha ho joalo. Mohloli oa melaetsa e joalo e tšosang ke bademona.
Empa ho thoe’ng ka melaetsa e bonahalang eka ea thusa ebile ea tšelisa? Ka mohlala, Gbassay, ea tsoang Sierra Leone, o ne a kula. O ile a lora toro eo ho eona ntate oa hae ea shoeleng a ileng a itlhahisa ho eena. O ile a mo laela hore a ee sefateng se itseng, a khe lekhasi, a le tsoake le metsi, ’me a noe. O ne a sa lokela ho bua le mang kapa mang pele a etsa joalo. O ile a fela a etsa joalo ’me o ile a fola.
Mosali e mong o ile a re monna oa hae o ile a itlhahisa ho eena bosiung bo bong ka mor’a hore a shoe. O ile a re o ne a bonahala a le motle haholo a bile a apere liaparo tse ntle.
Melaetsa e joalo le lipono li bonahala li le molemo li bile li thusa. Na li tsoa ho Molimo? Che, ha li tsoe ho oona. Jehova ke “Molimo oa ’nete!” (Pesaleme ea 31:5) Le ka mohla o ne a ke ke a lumela ho re qhekella le ho re thetsa. Ke bademona feela ba etsang joalo.
Empa na ho na le bademona ba lokileng? Che. Le hoja ka linako tse ling ba ka bonahala ba fana ka thuso, kaofela ha bona ba babe. Ha Diabolose a ne a bua le Eva, o ile a bonahala a e-na le botsoalle. (Genese 3:1) Empa phello e ile ea ba efe ka eena ka mor’a hore a mo mamele ’me a etse seo a neng a se bolela? O ile a shoa.
Ua tseba hore ho tloaelehile hore motho e mobe a be le botsoalle ho batho bao a batlang ho ba thetsa le ho ba qhekella. Maele a se-Afrika a re: “Bo-meno-masoeu ba u bolaea ba tšeha.” ’Me Lentsoe la Molimo le re: ‘Satane o ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.’—2 Ba-Korinthe 11:14.
Molimo ha o sa buisana le batho lefatšeng ka litoro, lipono, kapa mantsoe a tsoang lefatšeng la moea. O ba tataisa le ho ba ruta ka Bibele, e ka etsang hore motho a “hlomellehe ka ho felletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o motle.”—2 Timothea 3:17, NW.
Ka hona, ha Jehova a re lemosa ka maqiti a Diabolose, o etsa joalo hobane oa re rata. Oa tseba hore bademona ke lira tse kotsi.
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Batho, liphoofolo, litlhapi, le linonyana—kaofela ke liphefumolohi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Karolo e itseng e theiloe lifotong tse hlahisitsoeng ke IRIS-EXPORT MEXICHROME
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Bibele e bontša hore sephefumolohi hase ntho e sa shoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha e le hantle bademona ba iketsa eka ke meea ea bafu
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ba bang ba nahana hore ba bone batho ba khutlileng bafung
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bademona ba thetsa batho ka litoro, lipono, le ka mantsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Satane o ile a re Eva a ke ke a shoa. Eva o ile a mo kholoa, empa qetellong o ile a shoa