Khaolo 28
Ho Lekoa le ho Hlokoloa ka Phuthehong
TSOELO-PELE le khōlo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki tsa Jehova e ile ea akarelletsa maemo a mangata a lekileng tumelo ea batho ka bomong ka matla. Joalokaha ho pola le ho olosa ho arohanya koro le ’mōkō, ka tsela e tšoanang maemo ana a sebelelitse ho khetholla bao e leng Bakreste ba sebele. (Bapisa le Luka 3:17.) Batho ba kopanelang le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ’nile ba lokela ho bonahatsa se leng ka lipelong tsa bona. Na ba ne ba mpa ba sebeletsa molemo o itseng oa botho? Na e ne e mpa e le balateli ba motho ea itseng ea sa phethahalang? Kapa na ba ne ba ikokobelitse, ba thahasella ho tseba le ho etsa thato ea Molimo, ba inehetse ho Jehova ka ho felletseng?—Bapisa le 2 Likronike 16:9.
Ka ho tšoanang tumelo ea balateli ba Jesu Kreste ba lekholong la pele la lilemo e ile ea lekoa. Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore haeba ba tšepahala, ba tla kopanela le eena ’Musong oa hae. (Matt. 5:3, 10; 7:21; 18:3; 19:28) Empa haa ka a ba bolella hore na ba tla fumana moputso oo neng. Ba tobane le ho iphapanya ha batho bohle, esita le lehloeo boboleling ba bona, na ka botšepehi ba ne ba tla tsoela pele ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso oo pele bophelong ba bona? Hase bohle ba ileng ba etsa joalo.—2 Tim. 4:10.
Mokhoa oo Jesu ka boeena a neng a ruta ka oona e ile ea ba teko ho ba bang. Bafarisi ba ile ba khoptjoa ha ka ho toba a hana lineano tsa bona. (Matt. 15:1-14) Esita le ba bangata ba neng ba bolela hore ke barutuoa ba Jesu ba ile ba khopisoa ke mokhoa oo a neng a ruta ka oona. Ka lekhetlo le leng, ha a tšohla bohlokoa ba ho bontša tumelo molemong oa nama ea hae le mali tseo a li nehetseng ho ba sehlabelo, barutuoa ba hae ba bangata ba ile ba tšosoa ke puo ea tšoantšetso eo a ileng a e sebelisa. Ba sa emele tlhaloso e eketsehileng, ba ile ba “khutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaea le eena.”—Joh. 6:48-66.
Empa hase bohle ba ileng ba mo furalla. Joalokaha Simone Petrose a ile a hlalosa, “Morena, re ka ea ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng. ’Me re lumetse, ra ba ra tseba hobane ke uena Kreste, Mokhethoa oa Molimo.” (Joh. 6:67-69) Ba ne ba bone ba bile ba utloile lintho tse lekaneng hore ba kholisehe hore Jesu ke eo ka eena Molimo a neng a bonahatsa ’nete e mabapi le eena le morero oa hae. (Joh. 1:14; 14:6) Leha ho le joalo, liteko tsa tumelo li ile tsa tsoela pele.
Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho, o ile a sebelisa baapostola le ba bang joaloka balisa ba phutheho. E ne e le banna ba sa phethahalang, ’me ka linako tse ling ho se phethahale ha bona e ne e le teko ho ba ba pota-potileng. (Bapisa le Liketso 15:36-41; Ba-Galata 2:11-14.) Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho e-na le batho ka bomong ba ileng ba lahleheloa ke ho leka-lekana leratong la bona ho Bakreste ba hlahelletseng le ba ileng ba re: “’Na, ke oa Pauluse,” ha ba bang ba ile ba re: “’Na, ke oa Apollose.” (1 Ba-Kor. 3:4) Kaofela ha bona ho ne ho hlokahala hore ba itebele e le hore ba se ke ba lahleheloa ke pono ea se boleloang ke ho ba molateli oa Jesu Kreste.
Moapostola Pauluse o ile a bolela mathata a mang a tebileng esale pele, a hlalosa hore esita le ka har’a phutheho ea Bokreste batho ba ne ba tla “bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Lik. 20:29, 30) ’Me moapostola Petrose o ile a lemosa hore baruti ba bohata ka har’a bahlanka ba Molimo ba ne ba tla batla ho tlatlapa ba bang ka “lithuto tse senyang.” (2 Pet. 2:1-3) Ho totobetse hore liteko tsa tumelo le botšepehi tse lekolang pelo li ne li larile ka pele.
Kahoo, ho lekoa le ho hlokoloa hoo e leng karolo ea histori ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova ha hoa ka ha hlaha ho sa lebelloa. Empa ba bangata ba ile ba makatsoa ke ba ileng ba khoptjoa le se ba khopileng.
Na Kannete ba ne ba Ananela Thekollo?
Mathoasong a bo-1870, Moena Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hōla tsebong le kananelong ea morero oa Molimo. E ne e le nako ea khatholoho ea moea bakeng sa bona. Empa ka nako eo, ka 1878, ba ile ba tobana le teko e khōlō ea tumelo le botšepehi ba bona Lentsoeng la Molimo. Ho ne ho e-na le bothata mabapi le molemo oa sehlabelo oa nama le mali a Jesu—eona thuto e ileng ea khopisa barutuoa ba bangata ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo.
E bile lilemo tse peli feela pele sena se etsahala, ka 1876, ha C. T. Russell a ne a sebetsa hammoho le N. H. Barbour oa Rochester, New York. Lihlopha tsa bona tsa thuto li ile tsa kopana. Russell o ile a fana ka chelete ea ho tsosolosa khatiso ea makasine oa Barbour Herald of the Morning, Barbour e le mohlophisi ’me Russell e le motlatsi oa mohlophisi. Hape ba ne ba hatisitse buka e nang le sehlooho se reng Three Worlds, and the Harvest of This World.
Eaba ho etsahala ntho e tšosang! Tokollong ea Herald of the Morning, ea August 1878, Barbour o ile a ngola sehlooho seo ho sona a bontšang hore mangolo a kang 1 Petrose 3:18 le Esaia 53:5, 6, esita le Ba-Heberu 9:22 hase a bohlokoa, a ba a bolela hore khopolo ea hore Kreste o shoele ka morero oa ho re phekola libeng ha e utloahale. Hamorao Russell o ile a ngola: “Re ile ra makala haholo ha Monghali Barbour . . . a ngola sehlooho ho Herald se hanang thuto ea phekolo ea libe—a hana hore lefu la Kreste e ne e le theko ea thekollo ea Adama le moloko oa hae, a bolela hore lefu la Kreste le ne le sa lefelle libe tsa batho joalokaha motsoali oa lefatšeng a ke ke a nka ho hlaba ntsintsi ka lemao le ho e utloisa bohloko le ho e bolaea e le ho lefella phoso ea ngoana oa hae.”a
Ena e ne e le taba ea bohlokoa. Na Moena Russell o ne a tla tšoarella ka botšepehi ho seo Bibele e se bolelang ka ho hlaka mabapi le tokisetso ea Molimo ea poloko ea moloko oa batho? Kapa na o ne a tla sekisetsa filosofing ea batho? Le hoja Russell a ne a le lilemo li 26 feela ka nako eo ’me Barbour a le moholoanyane, Russell ka sebete o ile a ngola sehlooho tokollong e latelang feela ea Herald seo ho sona a ileng a sireletsa ka matla molemo oa mali a Kreste a phekolang libe, oo a ileng a bua ka oona joaloka “e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa lentsoe la Molimo.”
Hamorao, o ile a mema J. H. Paton, e leng motlatsi e mong oa mohlophisi oa Herald, hore a ngole sehlooho se tšehetsang tumelo maling a Kreste e le motheo oa phekolo ea sebe. Paton o ile a ngola sehlooho seo, ’me se ile sa hatisoa tokollong ea December. Ka mor’a ho leka ho behelana mabaka ka Mangolo le Barbour mabapi le taba ena ka makhetlo a itseng a sa atlehe, Russell o ile a ikarola ho eena ’me a khaotsa ho tšehetsa makasine oa hae ka lichelete. Ka July 1879, Russell o ile a qala ho hatisa makasine o mocha—Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence—oo ho tloha qalong feela o neng o tšehetsa thekollo. Empa ao ha ea ka ea e-ba ’ona feela mathata.
Lilemo tse peli hamorao, Paton, ea neng a sebeletsa e le moemeli ea tsamaeang oa Molula-Qhooa nakong eo, le eena o ile a qala ho furalla mokhatlo o hlophisitsoeng, ka mor’a moo a hatisa buka (e leng ea bobeli e hatisitsoeng ke eena eo sehlooho sa eona se reng Day Dawn) eo ho eona a ileng a latola tumelo ea ho oela sebeng ha Adama ho entseng hore qetellong ho hlokahale molopolli. O ile a beha mabaka a hore Morena ka boeena ke motho ea sa phethahalang eo ka bophelo ba hae a neng a mpa a bontša ba bang tsela ea ho khokhothela litšekamelo tsa bona tsa boetsalibe. Ka 1881, A. D. Jones, setho se seng sa sehlopha sena, o ile a qala ho ngola koranta (Zion’s Day Star) eo litaba tsa eona li tšoanang le tsa Molula-Qhooa empa ka khopolo ea hore e tla bua ka litšobotsi tsa morero oa Molimo tse bonolo haholoanyane. Qalong ho ile ha bonahala eka lintho tsohle li tsamaea hantle. Leha ho le joalo, ka nako e etsang selemo, koranta ea Jones e ile ea latola sehlabelo sa Kreste se phekolang, ’me ka selemo se latelang, e ne e se e latotse Bibele eohle. Ke’ng se neng se etsahalletse banna bao? Ba ne ba lumelletse likhopolo tsa botho le ho khahloa ke lifilosofi tsa batho tse ratoang hore li ba khelose Lentsoeng la Molimo. (Bapisa le Ba-Kolosse 2:8.) Koranta e hatisitsoeng ke A. D. Jones e ile ea tsoela pele ka nako e khutšoaane feela eaba ha e sa hatisoa. J. H. Paton o ile a etsa qeto ea ho hatisa makasine oo ho oona a neng a hlalosa kosepele ka tsela eo a neng a e bona ka eona, empa kabo ea oona e ne e lekanyelitsoe haholo.
Moena Russell o ne a amehile haholo ka phello eo sena sohle se bang le eona ho babali ba Molula-Qhooa. O ile a hlokomela hore se ne se beha tumelo ea motho ka mong tekong. O ne a tseba hantle hore ba bang ba ne ba utloisisa hore ho tšoaea phoso ha hae lithuto tseo e seng tsa Mangolo ho susumetsoa ke moea oa bora. Empa Moena Russell o ne a sa ipatlele balateli. Mabapi le se neng se etsahala, o ile a ngola: “Ho hlakile hore morero oa ho lekoa le ho hlokoloa hona ke oa ho khetha bohle bao takatso ea lipelo tsa bona e se nang boithati, ba inehetseng ho Morena ka ho felletseng ’me ba sa itšiele letho, ba thahasellang ho etsa thato ea Morena, le bao tšepo ea bona bohlaleng ba hae, tseleng ea hae le Lentsoeng la hae e leng khōlō hoo ba hanang ho khelosoa Lentsoeng la Morena, ka boiteko ba bolotsana bo etsoang ke ba bang, kapa ka merero le likhopolo tsa bona ka bobona.”
Na Molimo o ne a Sebelisa Mocha o Bonahalang?
Bonneteng ho na le mekhatlo e mengata ea bolumeli, ’me matichere a mangata haholo a sebelisa Bibele ho isa bohōleng bo itseng. Na Molimo o ne a sebelisa Charles Taze Russell ka ho toba? Haeba ho joalo, na Molimo o ile a khaotsa ho ba le mocha o bonahalang ha Moena Russell a e-shoa? Tsena e bile litaba tsa bohlokoa, tse ileng tsa tlisa ho lekoa le ho hlokoloa ho eketsehileng.
Ka sebele ho ne ho ke ke ha lebelloa hore Molimo a ka sebelisa C. T. Russell haeba a ne a sa khomarele Lentsoe la Molimo ka botšepehi. (Jer. 23:28; 2 Tim. 3:16, 17) Molimo o ne a ke ke a sebelisa motho eo ka tšabo a neng a ikhula ho boleleng seo a se boneng se ngoliloe ka ho hlaka ka Mangolong. (Ezek. 2:6-8) Leha e le hona hore Molimo o ne a ka sebelisa motho ea sebelisang tsebo ea hae ea Mangolo hampe ho itlisetsa khanya. (Joh. 5:44) Kahoo, linnete li bontša eng?
Ha Lipaki tsa Jehova kajeno li hlahloba mosebetsi oo a o entseng, lintho tseo a li rutileng, lebaka la hae la ho li ruta, le phello ea tsona, ha li na pelaelo ea hore ka sebele, Charles Taze Russell o ne a sebelisoa ke Molimo ka tsela e khethehileng le ka nako ea bohlokoa.
Pono ena ha ea thehoa feela boemong bo tiileng boo Moena Russell a ileng a bo nka mabapi le thekollo. Hape e kopanyelletsa taba ea hore o ile a hanyetsa a se na tšabo lithuto tse kopaneng le litumelo tsa motheo tsa Bokreste-’mōtoana, hobane li ne li loantšana le Mangolo a bululetsoeng. Litumelo tsena li ne li akarelletsa thuto ea Boraro-bo-bong (e simolohileng Babylona ea boholo-holo ’me batho bao ho thoeng ke Bakreste ba sa ka ba e amohela ho fihlela nako e telele ka mor’a hore ho ngoloa ha Bibele ho phethoe) esita le thuto ea hore liphefumolohi tsa batho ha li shoe (e ileng ea amoheloa ke batho ba ileng ba tšosoa ka ho fetelletseng ke filosofi ea Plato le e ileng ea ba pepesetsa likhopolo tse kang tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea liphefumolohi mollong oa lihele). Litsebi tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana le tsona lia tseba hore lithuto tsena ha li rutoe ka Bibeleng,b empa hase seo baruti ba tsona ba se buang lifalaneng. Ho fapana le hoo, Moena Russell o ile a etsa letšolo le leholo la ho arolelana le bohle ba neng ba rata ho mamela seo Bibele e hlileng e se buang.
Se hlokomelehang hape ke seo Moena Russell a ileng a se etsa ka linnete tse ling tsa bohlokoa haholo tseo a ileng a ithuta tsona Lentsoeng la Molimo. O ile a hlokomela hore Kreste o ne a tla khutla e le motho oa moea ea khanyang, ea sa bonahaleng mahlong a batho. Hoo e ka bang mathoasong a 1876, o ile a lemoha hore selemo sa 1914 se ne se tla tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba. (Luka 21:24, KJ) Litsebi tse ling tsa Bibele ka ho tšoanang li ne li hlokometse lintho tse ling ho tsena tsa ba tsa li tšehetsa. Empa Moena Russell o ile a sebelisa chelete ea hae eohle e le hore li ka phatlalatsoa lichabeng tsohle ka tekanyo eo ka eona ho seng motho e mong kapa sehlopha le se seng se kileng sa ho etsa ka nako eo.
O ile a phehella ba bang hore ka hloko ba bapise lingoliloeng tsa hae le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng e le hore ba ka khotsofala hore seo ba ithutang sona se tumellanong le lona ka ho felletseng. Ho ea ileng a ngola lengolo le kōpang boitsebiso, Moena Russell o ile a mo arabela: “Haeba ho ne ho loketse bakeng sa Bakreste ba pele hore ba tiise bonnete ba seo ba se fumaneng ho baapostola, ba neng ba bululetsoe ’me ba ipolela joalo, ke habohlokoa hakaakang hore le ikhotsofatse ka ho felletseng hore lithuto tsena li lumellana haufinyane le kemiso ea litaelo tsa bona le tsa Morena oa rōna;—kaha mongoli oa tsona o bolela hore haa bululeloa, empa o mpa a bolela hore o na le tataiso ea Morena, joaloka ea sebelisoang ke eena bakeng sa ho fepa mohlape oa hae.”
Moena Russell ha a ka a bolela hore o na le matla a phahametseng a motho le litšenolo tse tsoang ho Molimo. Haa ka a ikhapela tlotla bakeng sa seo a neng a se ruta. E ne e le seithuti se hlahelletseng sa Bibele. Empa o ile a hlalosa hore kutloisiso ea hae e khethehileng ea Mangolo e tlisitsoe ke ‘’nete e bonolo ea hore nako ea Molimo e loketseng e ne e fihlile.’ O ile a re: “Ha ke ne nke ke ka bua, ’me ho sa fumanoe kofuto e ’ngoe, majoe a ne a tla hooa.” O ile a ipolela e le feela sesebelisoa, se supang ho se boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo.
Charles Taze Russell o ne a sa batle tlotla e tsoang ho batho. E le ho lokisa mohopolo oa batho leha e le bafe bao tšekamelo ea bona e leng ho mo fa tlotla e fetelletseng, Moena Russell o ile a ngola, ka 1896: “Joalokaha ho isa bohōleng bo itseng, re sebelisitsoe, ka mohau oa Molimo, tšebeletsong ea kosepele, ke ho loketseng ho bua mona seo re ’nileng ra se bua khafetsa lekunutung, le seo re kileng ra se bolela nakong e fetileng makasineng ona,—e leng hore le hoja re ananela lerato, mohau, tšepo le bolekane ba bahlanka-’moho le rōna le ba ntlo eohle ea tumelo, ha re batle tlotla, tlhompho, bakeng sa rōna kapa lingoliloeng tsa rōna; kapa leha e le hona ho bitsoa Moruti kapa Rabbi. Leha e le hona ho lakatsa hore bolumeli leha e le bofe bo rehelloe ka rōna.”
Ha lefu la hae le atamela, haa ka a amohela pono ea hore ha ho letho le eketsehileng le ka ithutoang, hore ha ho sa na mosebetsi o lokelang ho etsoa. Hangata o ne a bua ka ho ngola moqolo oa bosupa oa Studies in the Scriptures. Ha a botsoa ka oona pele a e-shoa, o ile a bolella Menta Sturgeon, mphato oa hae mosebetsing oa ho tsamaea: “Motho e mong osele a ka o ngola.” Lengolong la hae la thato ea mofu o ile a bolela takatso ea hae ea hore Molula-Qhooa o tsoele pele ho hatisoa tlas’a tataiso ea komiti ea banna ba inehetseng ho Morena ka ho felletseng. O ile a bolela hore ba neng ba tla sebeletsa ka tsela eo e lokela ho ba banna ba “tšepahalang ka ho felletseng lithutong tsa Mangolo—haholo-holo thutong ea Thekollo—hore ha ho kamohelo ho Molimo le poloko bakeng sa bophelo bo sa feleng ka ntle le tumelo ho Kreste le boikokobetso Lentsoeng la Hae le ho moea oa lona.”
Moena Russell o ile a lemoha hore ho na le mosebetsi o mongata o sa ntseng o lokela ho etsoa oa ho bolela litaba tse molemo. Lenaneong la lipotso le likarabo le neng le tšoaretsoe Vancouver, B.C., Canada, ka 1915, o ile a botsoa hore na balateli ba Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba neng ba phela ka nako eo ba ne ba ka lebella ho amohela moputso oa bona oa leholimo neng. O ile a arabela: “Ha ke tsebe, empa ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. ’Me ho tla hlokahala baena ba likete le chelete e baloang ka limillione ho o etsa. Ha ke tsebe hore na tsena li tla hlaha kae—Morena o tseba lintho tseo a amehileng ka tsona.” Joale, ka 1916, nako e khutšoanyane pele a qala leeto la hae la ho fana ka lipuo leo a ileng a shoa a le ho lona, o ile a bitsetsa A. H. Macmillan, motlatsi oa motsamaisi, ka ofising ea hae. Lekhetlong leo o ile a re: “Ha ke sa khona ho etsa mosebetsi ona, ’me leha ho le joalo, ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa.” Ka lihora tse tharo o ile a hlalosetsa Moena Macmillan mosebetsi o moholo oa ho bolela oo a neng a o bona o larile ka pele, motheong oa Mangolo. O ile a arabela likhanyetso tsa Moena Macmillan ka tsela ena: “Mosebetsi ona hase oa motho.”
Ho Fetoha ha Tsamaiso ho Tlisa Liteko
Ba bangata ba neng ba kopanela le Moena Russell ba ne ba kholisehile ka tieo hore Morena o laola lintho. Lepatong la Moena Russell, W. E. Van Amburgh o ile a bolela: “Molimo o ’nile a sebelisa bahlanka ba bangata nakong e fetileng ’me ha ho pelaelo hore O tla ’ne a sebelise ba bangata nakong e tlang. Ha rea inehela ho motho, kapa mosebetsing oa motho, empa re inehetse ho etsa thato ea Molimo, joalokaha A tla re senolela eona ka Lentsoe la Hae le ketello-pele ea bomolimo. Molimo e sa ntse e le moeta-pele.” Moena Van Amburgh le ka mohla haa ka a thekesela kholisehong eo ho fihlela a e-shoa.
Leha ho le joalo, ka masoabi, ho ne ho e-na le ba bolelang hore ba rata Russell empa ba neng ba bonahatsa moea o fapaneng. Phello e bile hore maemo a fetohileng ka mor’a lefu la Russell a ile a fella ka ho lekoa le ho hlokoloa. Lihlopha tsa bakoenehi li ile tsa ikarola eseng United States feela empa le Belfast, Ireland; Copenhagen, Denmark; Vancouver le Victoria, British Columbia, Canada; le libakeng tse ling. Helsinki, Finland, ba bang ba ile ba amohela pono ea hore ka mor’a lefu la Russell ho ne ho se mocha o mong bakeng sa leseli la moea le eketsehileng. Ka baka la tšusumetso ea batho ba itseng ba hlahelletseng, ba 164 ba ile ba tsoa mokhatlong o hlophisitsoeng. Na seo se bile le tlhohonolofatso ea Molimo? Ka nakoana ba ile ba hatisa makasine oa bona le ho tšoara liboka tsa bona. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, sehlopha sena se ile sa tsekoloha, sa fokola, ’me sa fela; ’me bongata ba bona ba ile ba khutlela libokeng tsa Liithuti tsa Bibele ka thabo. Leha ho le joalo, hase bohle ba ileng ba khutla.
Lefu la Moena Russell, hammoho le liphetoho tse ileng tsa latela, le tsona li ile tsa tlisa teko ho R. E. B. Nicholson, mongoli oa lekala la Australia, ’me tsa etsa hore a senole se ka pelong ea hae feela. Ka mor’a lefu la Russell, Nicholson o ile a ngola: “Ke mo ratile ka lilemo tse fetang 25, e seng ka baka la mesebetsi ea hae, empa le ka baka la botho ba hae bo botle, ke ’nile ka thabela linnete tseo a li rometseng tse joaloka ‘nama ka nako e loketseng,’ ’me keletsong ea hae, ke rata botho bo nang le mohau, mosa, lerato tse kopantsoeng hamolemo le mamello le boikemisetso bo matla ba ho etsa le ho ba le sebete sa ho etsa ntho efe le efe ka morero oa ho finyella seo a neng a lumela hore ke thato ea Molimo kapa ho senoloa ha Lentsoe la Hae. . . . Ho na le bolutu boo motho a bang le bona ha a hlokomela hore motho enoa ea nang le tšehetso e matla ha a sa phela.”
Joseph F. Rutherford, mopresidente e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, e ne e se motho oa mofuta oo Nicholson a neng a nahana hore o lokela ho ba boemong ba bolebeli boo Moena Russell a neng a le ho bona. Nicholson o ile a nyatsa tsela e tobileng eo ka eona boitsebiso bo bocha ba Bibele bo ithutoang bo neng bo nyatsa bolumeli ba bohata. O ile a ikarola ho mokhatlo o hlophisitsoeng kapele, ’me a nka thepa ea Mokhatlo e ngata (eo a neng a e ngolisitse ka lebitso la hae) le ba leng Melbourne, bao le bona ba neng ba na le tšekamelo ea ho mo nka e le mohlala oo ba lokelang ho o latela. Ke hobane’ng ha see se ile sa etsahala? Ho bonahala hore Nicholson o ile a itumella hore e be molateli oa motho; kahoo, ha motho eo a se a le sieo, botšepehi ba Nicholson le cheseho ea hae bakeng sa ho sebeletsa Morena li ile tsa fela. Ha ho lea mong ho ba ileng ba ikarola ka nako eo ea ileng a tsoela pele hantle moeeng. Leha ho le joalo, ke ho ikhethang hore ebe Jane Nicholson, le hoja a ne a fokola, haa ka a kopanela le monna oa hae ha a ikarola. O ile a etelletsa boinehelo ba hae ho Jehova Molimo pele, ’me a tsoela pele ho mo sebeletsa ka nako e tletseng ho fihlela a e-shoa ka 1951.
Ba bangata ba ile ba lemoha hore se neng se etsahala lilemong tsa ka mor’a lefu la Moena Russell se ne se phetha thato ea Morena. E mong oa bahlanka ba Jehova Canada o ile a ngolla Moena Rutherford mabapi le sena, a re:
“Moena ea ratehang, u se ke ua nkutloella hona joale ha ke ngola sena seo ke se ngolang. Sebōpeho sa hao le sa Moena oa rōna ea ratehang Russell li fapane ka ho felletseng. Ba bangata haholo ba ne ba rata Moena Russell ka baka la botho ba hae, sebōpeho le lintho tse ling; ’me ke ba seng bakae ba neng ba mo hanyetsa. Ba bangata ba ile ba amohela ’nete hobane feela Moena Russell a ba bolelletse hore ba etse joalo. Joale, ba bangata ba ile ba rapela motho . . . U hopola kopanong e’ngoe ha Moena Russell a ba le puo e tobileng ka ho hlōleha ha baena bana ba bangata ba nang le morero o motle, a theha puo ea hae tabeng ea Johanne le lengeloi. (Tšenolo 22:8, 9) Ha a e-shoa kaofela re tseba se ileng sa etsahala.
“Empa uena, Moena Rutherford, u na le sebōpeho se ke keng sa bapisoa le sa Moena Russell. Esita le ponahalo ea hao e fapane. Hase molato oa hao. U e filoe tsoalong, ’me u ne u ke ke ua e hana. . . . Haesale u etsoa moeta-pele oa MOKHATLO, u ’nile oa nyatsoa ka tsela e leeme le mofuta o mobe ka ho fetisisa oa liketselletso tse tsoang ho baena. Empa ho sa tsotellehe sena sohle u ’nile ua tšepahala le ho inehela ho Morena ea ratehang le thōmong ea hae joalokaha e tlalehiloe ho Esaia 61:1-3. Na Morena o ne a tseba seo a se etsang ha a u etsa moeta-pele? Ruri o ne a tseba. Nakong e fetileng kaofela ha rōna re ne re na le tšekamelo ea ho rapela sebōpuoa ho feta ’Mōpi. Morena o ne a tseba seo. Kahoo a etsa sebōpuoa se nang le sebōpeho se fapaneng moeta-pele, kapa nka re, hore se ikarabelle mosebetsing, e leng mosebetsing oa kotulo. Ha u lakatse hore leha e le mang a u rapele. Kea tseba, empa u hlile u lakatsa hore bohle ba nang le tumelo ea bohlokoa e tšoanang ba thabele leseli leo hona joale le khanyang tseleng ea ba lokileng, ka tsela eo Morena a bonang ho loketse hore le khanye ka eona. ’Me ke seo Morena a batlang hore se etsoe.”
Ho Hlakisa Litšobotsi tse Khethollang “Mohlanka ea Tšepahalang le ea Bohlale”
Ba bangata ba ileng ba hlokoloa ka nako eo ba ile ba khomarela pono ea hore motho a le mong, Charles Taze Russell, e ne e le “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” eo Jesu a buileng ka eena esale pele ho Mattheu 24:45-47 (KJ), e leng mohlanka ea neng a tla aba lijo tsa moea ntlong ea tumelo. Haholo-holo ka mor’a lefu la hae, Molula-Qhooa ka booona o ile oa hlahisa pono ena ka lilemo tse ’maloa. Ka baka la karolo e hlahelletseng eo Moena Russell a ileng a e phetha, Liithuti tsa Bibele tsa nako eo li ile tsa bona eka sena ke ’nete. Hase eena ka boeena ea ileng a ntšetsa khopolo ena pele, empa o ile a hlokomela hore mabaka a ba e tšehetsang aa utloahala.c Leha ho le joalo, o ile a boela a hatisa hore mang le mang eo Morena a ka mo sebelisang karolong e joalo o tlameha ho ikokobetsa esita le ho chesehela ho lebisa khanya ho Monghali, le hore haeba ea khethiloeng ke Morena a hlōleha, o ne a tla nkeloa sebaka ke e mong.
Leha ho le joalo, ha leseli la ’nete le ntse le khanya mohato ka mohato esita le ho khanya haholoanyane ka mor’a lefu la Moena Russell, leha boboleli boo Jesu a bo boletseng esale pele bo ntse bo pharalla haholoanyane, ho ile ha totobala hore “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” (KJ), kapa “lekhoba le tšepahalang le le masene” (NW), ha a ka a fela ha Moena Russell a e-shoa. Ka 1881, Moena Russell ka boeena o ile a bontša hore “mohlanka” eo o entsoe ka Bakreste bohle ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ka moea. O ile a mo talima e le sehlopha sa mohlanka, sehlopha sa batho ba kopaneng ka morero oa ho etsa thato ea Molimo. (Bapisa le Esaia 43:10.) Kutloisiso ena e ile ea hatisoa ke Liithuti tsa Bibele ka 1927. Lipaki tsa Jehova kajeno li hlokomela makasine oa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse tšoanang le oona e le tse sebelisoang ke lekhoba le tšepahalang le le masene bakeng sa ho aba lijo tsa moea. Ha li bolele hore sehlopha sena sa lekhoba ha se etse phoso, empa li se talima joaloka mocha o le mong oo Morena a o sebelisang matsatsing ana a qetello a tsamaiso ena ea lintho.
Ha Boikhohomoso bo Fetoha Tšitiso
Leha ho le joalo, ho bile le linako tseo ka tsona batho ka bomong ba leng boemong ba boikarabelo ba ileng ba italima e le mocha oa leseli la moea, hoo ba ileng ba hana seo mokhatlo o hlophisitsoeng o fanang ka sona. Ba bang ba ile ba inehela takatsong ea ho sebelisa tšusumetso e khōloanyane ea botho. Ba ile ba batla hore ba bang ba ba latele, kapa, joalokaha moapostola Pauluse a bontšitse, “ho ikhulela barutuoa.” (Lik. 20:29, 30) Ha e le hantle, sena se ile sa beha tekong lipakane le botsitso ba moea ba bao ba neng ba leka ka matla ho ba hohela. Nahana ka mehlala e itseng:
Mangolo a khethehileng a neng a ngolloa Liithuti tsa Bibele tse Allegheny, Pennsylvania, a ile a li memela sebokeng ka April 5, 1894. Moena le Khaitseli Russell ba ne ba sa mengoa ’me ba ne ba le sieo, empa ba bang ba ka bang 40 ba ne ba le teng. Lengolo le neng le saennoe ke E. Bryan, S. D. Rogers, J. B. Adamson, le O. von Zech, le ne le bolela hore seboka sena se tla akarelletsa lintho tse amanang le “boiketlo bo phahameng haholo” ba bona. Se ile sa ipaka e le boiteko bo lonya ba batho bana ba nang le morero oa bolotsana oa ho senya likelello tsa ba bang ka ho senola seo ba neng ba nahana hore ke mesebetsi e mebe ea Moena Russell (le hoja linnete li ne li bontša se fapaneng), ba pheha khang ea hore Moena Russell o ne a na le matla a ho laola a mangata haholo (ao ba neng ba ipatlela oona), ’me ba belaela ka hore o rata ho sebelisa lingoliloeng bakeng sa ho phatlalatsa kosepele le liboka tsa lihlopha tsa Bibele ho e-na le ho fana feela ka lipuo (tseo ho tsona ba ka hlalosang lintho ho latela maikutlo a bona a botho). Phutheho e ile ea tšoenngoa haholo ke se etsahetseng, ’me ba bangata ba khoptjoa. Empa ba ileng ba furalla mokhatlo o hlophisitsoeng ha baa ka ba qetella e le batho ba moea haholoanyane kapa ba chesehang haholoanyane mosebetsing oa Morena.
Lilemo tse fetang 20 hamorao, pele ho lefu la hae, Moena Russell o ile a bolela morero oa hae oa ho romela Paul S. L. Johnson, sebui se hloahloa Brithani bakeng sa ho matlafatsa Liithuti tsa Bibele moo. Ka baka la ho hlompha maikutlo a Moena Russell, Mokhatlo o ile oa romela Johnson Brithani ka November 1916. Leha ho le joalo, hang ha a le Brithani, o ile a leleka baokameli ba Mokhatlo ba babeli. Ka baka la ho nahana hore ke motho oa bohlokoa, lipuong le mangolong o ile a pheha khang ea hore seo a se etsang se ile sa tšoantšetsoa ka Mangolong ke Esdrase, Nehemia le Mordekai. O ile a bolela hore ke mohlokomeli (kapa, motho ea ikarabellang) eo Jesu a buileng ka eena papisong ea hae ho Mattheu 20:8. O ile a leka ho laola chelete ea Mokhatlo, ’me a hlahlela nyeoe Lekhotleng le Phahameng la London ka morero oa ho finyella lipakane tsa hae.
Ka baka la ho nyopa ha boiteko ba hae, o ile a khutlela New York. Moo o ile a batla tšehetso e sa lokang ho ba itseng ba neng ba sebeletsa botong ea batsamaisi ba Mokhatlo. Ba ileng ba susumelletsoa ho lumellana le eena ba ile ba leka ka matla ho finyella lipakane tsa bona ka ho leka ho fetisa tšisinyo ea ho felisa litaelo tsa Mokhatlo tse fang mopresidente matla a ho tsamaisa litaba tsa oona. Ba ne ba batla hore ba be le matla a ho etsa liqeto tsohle. Moena Rutherford o ile a nka khato ea molao bakeng sa ho sireletsa lithahasello tsa Mokhatlo, ’me ho ile ha kōptjoa hore ba neng ba batla ho sitisa mosebetsi oa oona ba tlohe Lehaeng la Bethele. Sebokeng sa selemo le selemo sa ba nang le liabo Mokhatlong se ileng sa tšoaroa mathoasong a selemo se latelang, ha boto ea batsamaisi le liofisiri tsa eona li ne li khethoa bakeng sa selemo se latelang, ba ileng ba baka mofere-fere ba ile ba hanoa ka matla. Mohlomong ba bang ba bona ba ne ba nahana hore ba nepile, empa baena ba bona ba moea ba bangata haholo ba ile ba hlakisa hore ha ba lumele. Na ba ne ba tla amohela khalemelo eo?
Ka mor’a moo, P. S. L. Johnson o ile a ba teng libokeng tsa Liithuti tsa Bibele ’me a etsa hore ho bonahale eka o lumellana le litumelo le liketso tsa tsona. Empa ka mor’a hore a kholise ba bang, o ne a jala lipeō tsa lipelaelo. Haeba motho ea itseng a etsa tlhahiso ea ho ikarola ho Mokhatlo, ka boikaketsi o ne a sa khothalletse seo—ho fihlela botšepehi ba sehlopha bo felile ka ho felletseng. Ka ngollano esita le ka maeto a botho, o ile a leka ka matla ho susumetsa baena eseng United States feela empa hape le Canada, Jamaica, Europe, le Australia. Na see se ile sa atleha?
Mohlomong ho ile ha bonahala eka ho joalo ha litho tse ngata tsa phutheho li etsa qeto ea ho khaola likamano le Mokhatlo. Empa ba ne ba tšoana le lekala le khethutsoeng sefateng—le bileng letala ka nako e itseng, eaba lea pona le bile lea shoa. Ha bahanyetsi ba tšoara kopano ka 1918, ho ile ha hlahella liphapang, ’me ha ba le karohano. Ho ile ha latela likhaohano tse eketsehileng. Ba bang ba ile ba sebetsa ka nakoana joaloka lihlotšoana tse nang le moeta-pele eo ba mo ratang. Ha ho lea mong ho bona ea neng a inehetse mosebetsing oa ho fana ka bopaki ba phatlalatsa mabapi le ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e leng mosebetsi oo Jesu a ileng a o abela balateli ba hae.
Ha lintho tsena li ntse li etsahala, baena ba ile ba ikhopotsa se tlalehiloeng ho 1 Petrose 4:12: “Baratuoa, ha ho e-na le ho kang mollo har’a lōna hore le lekoe ke oona, se makaleng joale ka hola le hlahetsoe ke ntho e ka tsotoang.”
Ba boletsoeng ka holimo e ne e se bona feela ba ileng ba lumella boikhohomoso hore bo fokolise tumelo ea bona. Ba bang le bona ba ile ba etsa joalo, ho akarelletsa le Alexandre Freytag, mookameli oa ofisi ea Mokhatlo Geneva, Switzerland. O ne a rata ho ikhulela tlhokomelo, o ne a eketsa likhopolo tsa hae ha a fetolela lingoliloeng tsa Mokhatlo ka Sefora, a ba a sebelisa lisebelisoa tsa Mokhatlo bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tsa hae. Canada, W. F. Salter e ne e le mookameli oa Mokhatlo ea ileng a qala ho hanyetsa lingoliloeng tsa Mokhatlo, a tsebahatsa hore o ne a lebelletse ho ba mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ea latelang, ’me, ka mor’a hore a lelekoe, o ile a sebelisa sehloohoana sa mangolo a Mokhatlo ka bolotsana bakeng sa ho laela liphutheho tsa Canada le tsa linaha tse ling ho ithuta boitsebiso boo a bo ngotseng. E mong oa ba neng ba le Nigeria ke G. M. Ukoli, eo qalong a ileng a bontša cheseho bakeng sa ’nete eaba o qala ho e talima e le mokhoa oa ho fumana molemo oa lintho tse bonahalang le botumo ba botho. Hamorao, ha a sitisoa ho finyella lipakane tsa hae, o ile a nyatsa baena ba tšepahalang likoranteng tsa litaba. ’Me ho ne ho e-na le ba bang.
Esita le lilemong tsa morao tjena, batho ba bang ba leng boemong bo hlahelletseng ba bolebeli ba ile ba bonahatsa moea o tšoanang.
Ruri, ho totobetse hore batho bana ba ne ba na le bolokolohi ba ho lumela seo ba khethang ho se lumela. Empa mang le mang ea tšehetsang phatlalatsa kapa sephiring likhopolo tse khahlanong le se hlahang ho lingoliloeng tsa mokhatlo o hlophisitsoeng le ea etsang seo empa a bolela hore o emela mokhatlo oo o hlophisitsoeng, o baka likhaohano. Lipaki tsa Jehova li ile tsa sebetsana le maemo ao joang?
Ha lia ka tsa qala letšolo la mahloriso khahlanong le batho ba joalo (le hoja hangata bakhelohi ba ne ba tlatlapa bao pele e neng e le baena ba bona ba moea), leha e le hona ho batla ho ba ntša kotsi ’meleng (joalokaha ho ne ho etsa Kereke e K’hatholike e sebelisa Lekhotla le Otlang Bakhelohi). Ho e-na le hoo, li ile tsa latela keletso e bululetsoeng ea moapostola Pauluse, ea ileng a ngola: “Le falimehele ba bakang likarohano, ba le khelosang thutong eo le ithutileng eona. Le ba sesefe hobane ba joalo ha ba sebeletse Morena oa rōna Kreste . . . Ka lipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa lipelo tsa ba se nang bobe.”—Ba-Roma 16:17, 18, BPN.
Ha ba bang ba lemoha se neng se etsahala, le bona ba ile ba fuoa monyetla oa ho bonahatsa se leng ka lipelong tsa bona.
Likhopolo tsa Thuto tse Hlokang Tlhoekiso
Lipaki tsa Jehova ka bolokolohi li lumela hore kutloisiso ea tsona ea morero oa Molimo e lokisitsoe hangata ho theosa le lilemo. Taba ea hore tsebo ea morero oa Molimo e tsoela pele mohato ka mohato e bolela hore ho tlameha ho be le phetoho. Hase hore morero oa Molimo oa fetoha, empa leseli leo a tsoelang pele ho fana ka lona ho bahlanka ba hae le etsa hore ho hlokahale hore ba etse litokiso ponong ea bona.
Lipaki li bontša ka Bibele hore sena le sona se etsahetse ka bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba nakong e fetileng. Abrahama o ne a e-na le kamano e haufi le Jehova; empa ha a tloha Ure, monna eo oa tumelo o ne a sa tsebe naha eo Molimo a neng a mo isa ho eona, ’me ka lilemo tse ngata o ne a sa kholiseha ho hang ka tsela eo Molimo a neng a tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho mo etsa sechaba se seholo. (Gen. 12:1-3; 15:3; 17:15-21; Ba-Heb. 11:8) Molimo o ile a senolela baprofeta linnete tse ngata, empa ho ne ho e-na le lintho tse ling tseo ba neng ba sa li utloisise ka nako eo. (Dan. 12:8, 9; 1 Pet. 1:10-12) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a hlalosetsa baapostola ba hae lintho tse ngata, empa esita le qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng o ile a ba bolella hore ho sa na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho ithuta tsona. (Joh. 16:12) Tse ling tsa lintho tsena, tse kang morero oa Molimo oa ho tlisa Balichaba ka phuthehong, ha lia ka tsa utloisisoa ho fihlela baapostola ba bona se neng se hlile se etsahala phethahatsong ea boprofeta.—Lik. 11:1-18.
Joalokaha re ka lebella, nakong eo liphetoho li neng li hloka hore likhopolo tseo pele li neng li ratoa li tlosoe, seo e bile teko ho ba bang. Ho feta moo, hase litokiso tsohle tabeng ea kutloisiso tse ileng tsa tla habonolo feela ka mohato o le mong. Ka baka la ho se phethahale, ka linako tse ling ho na le tšekamelo ea ho fetelletsa lintho pele boemo bo nepahetseng bo hlokomeloa. Sena se ka nka nako. Sena se ile sa khopa ba bang ba nang le tšekamelo ea ho nyatsa. Nahana ka mohlala oa sena:
Khale koana ka 1880, lingoliloeng tsa Watch Tower li ne li bua ka makolopetso a sa tšoaneng a amanang le selekane sa Abrahama, selekane sa Molao, le selekane se secha. Bokreste-’mōtoana bo ne bo lebetse tšepiso ea Molimo ea hore malapa ’ohle a lefatšeng a tla fela a itlhohonolofatse peōng ea Abrahama. (Gen. 22:18, NW) Empa Moena Russell o ne a thahasella haholo ho lemoha tsela eo Molimo a neng a tla finyella sena ka eona. O ile a nahana hore o bone tlhaloso ea Bibele ea Letsatsi la Lipheko la Sejode tabeng ea hore na sena se ka finyelloa joang mabapi le selekane se secha. Ka 1907, ha ho buuoa ka lilekane tsona tseo hape, e le ka khatiso e khethehileng karolong ea majalefa-’moho le Kreste tabeng ea ho tlisetsa moloko oa batho litlhohonolofatso tse boletsoeng esale pele selekaneng sa Abrahama, Liithuti tsa Bibele tse ling li ile tsa phahamisa likhanyetso tse matla.
Ka nako eo ho ne ho e-na le litšitiso tse itseng tsa kutloisiso e hlakileng ea litaba. Liithuti tsa Bibele li ne li e-s’o bone ka nepo boemo boo Iseraele oa tlhaho e neng e le ho bona ka nako eo mabapi le morero oa Molimo. Litšitiso tsena ha lia ka tsa tlosoa ho fihlela ho totobala haholo hore Bajode joaloka sechaba ha ba thahaselle ho sebelisoa ke Molimo phethahatsong ea lentsoe la hae la boprofeta. Tšitiso e ’ngoe e ne e le ho hlōleha ha Liithuti tsa Bibele ho hlokomela ka nepo “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9, 10. Ho hlokomela hona ha hoa ka ha hlaka ho fihlela bongata bo boholo bo hlile bo qala ho iponahatsa phethahatsong ea boprofeta. Ba neng ba nyatsa Moena Russell ka matla le bona ba ne ba sa utloisise litaba tsena.
Leha ho le joalo, ba bang ba neng ba ipolela hore ke baena ba Bakreste ka bohata ba ile ba qosa Molula-Qhooa ka hore o latotse hore Jesu ke ’Muelli pakeng tsa Molimo le batho, hore o ne o latotse bonnete ba thekollo oa ba oa hana bohlokoa le bonnete ba phekolo ea libe. Ha ho le e ’ngoe ea tsena eo e neng e le ’nete. Empa ba bang ba neng ba bua sena e ne e le batho ba hlahelletseng, ’me ba ile ba hulela ba bang ho bona ho ba etsa barutuoa. E ka ’na eaba ba ne ba nepile makolopetsong a mang ao ba neng ba a ruta mabapi le selekane se secha, empa na Morena o ile a hlohonolofatsa seo ba neng ba se etsa? Ba bang ba bona ba ile ba tšoara liboka ka nako e itseng, eaba lihlopha tsa bona lia fela.
Ka ho fapaneng, Liithuti tsa Bibele li ile tsa tsoela pele ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo, joalokaha Jesu a ne a laetse barutuoa ba hae. Ka nako e tšoanang, li ile tsa tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho lebella liphetoho tse neng li tla hlakisa moelelo oa lona. Qetellong, ka bo-1930, litšitiso tse ka sehloohong tsa kutloisiso e hlakileng ea lilekane li ile tsa tlosoa, ’me lipolelo tse lokisitsoeng tsa taba ena li ile tsa hlaha ho Molula-Qhooa le ho lingoliloeng tse amanang le oona.d Sena se ile sa tlisetsa ba ileng ba leta ka mamello nyakallo e kaakang!
Na Litebello tsa Bona li ne li Nepahetse?
Ka linako tse itseng Liithuti tsa Bibele li ne li na le tšepo le tebello e ileng ea nyelisoa ke basomi. Leha ho le joalo, tšepo eo kaofela le litebello li ne li thehiloe takatsong e matla ea ho bona phethahatso ea seo Bakreste bana ba chesehang ba ileng ba hlokomela hore ke litšepiso tsa Molimo tse sa nyopeng.
Ho tsoa thutong ea bona ea Mangolo a bululetsoeng, ba ne ba tseba hore Jehova o ne a tšepisitse lichaba tsohle tsa lefatše litlhohonolofatso ka peō ea Abrahama. (Gen. 12:1-3; 22:15-18) Ka Lentsoeng la Molimo ba ile ba bona tšepiso ea hore Mor’a motho o tla busa holim’a lefatše lohle e le Morena oa leholimo, hore mohlatsoana oa ba tšepahalang o tla nkoa lefatšeng ho ea kopanela le eena ’Musong oa hae, le hore ba tla busa e le marena ka lilemo tse sekete. (Dan. 7:13, 14; Luka 12:32; Tšen. 5:9, 10; 14:1-5; 20:6) Ba ne ba tseba tšepiso ea Jesu ea hore o tla khutla ’me a nke bao a neng a ba lokiselitse sebaka leholimong. (Joh. 14:1-3) Ba ne ba tloaelane le tšepiso ea hore Messia o tla be a khethe ba bang ho bo-ntat’ae moholo hore e be mahosana lefatšeng lohle. (Pes. 45:16) Ba ile ba hlokomela hore Mangolo a boletse esale pele bofelo ba tsamaiso ea khale e khopo ea lintho ’me ba hlokomela hore sena se ne se amana le ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo Ea Matla ’Ohle ea Armageddone. (Matt. 24:3; Tšen. 16:14, 16) Ba ne ba khahliloe ka ho teba ke mangolo a bontšang hore lefatše le bōpetsoe hore le ahuoe ka ho sa feleng, hore ba phelang ho lona ba lokela ho ba le khotso ea ’nete, le hore bohle ba neng ba bontša tumelo sehlabelong sa botho se phethahetseng sa Jesu ba ka thabela bophelo bo sa feleng Paradeiseng.—Esa. 2:4; 45:18; Luka 23:42, 43; Joh. 3:16.
Re ne re ka lebella hore ba lokela ho ipotsa hore na lintho tsena li tla etsahala neng hona joang. Na Mangolo a bululetsoeng a ile a fana ka makolopetso a itseng?
Ba sebelisa tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e neng e hlalositsoe pele ke Christopher Bowen oa Engelane, ba ile ba nahana hore lilemo tse 6 000 tsa histori ea motho li felile ka 1873, hore ka mor’a moo ba ne ba le nakong ea sekete sa bosupa sa lilemo historing ea motho, le hore ka sebele ba ne ba le haufi le qaleho ea Lilemo tse Sekete tse boletsoeng esale pele. Letoto la libuka tse tsejoang e le Millennial Dawn (tseo hamorao li ileng tsa bitsoa Studies in the Scriptures), tse ileng tsa ngoloa ke C. T. Russell, le ile la lebisa tlhokomelo ho se boleloang ke sena ho latela seo Liithuti tsa Bibele li ileng tsa se utloisisa ka Mangolong.
Ntho e ’ngoe hape e ileng ea talingoa e le pontšo ea nako e ne e amana le tokisetso eo Molimo a ileng a e theha Iseraeleng ea boholo-holo bakeng sa Jubile, selemo sa tokollo, ea selemo se seng le se seng sa bo50. Sena se ne se tla ka mor’a letoto la lilemo tse supileng tse baloang hasupa, tseo se seng le se seng sa tsona se neng se fela ka selemo sa sabbatha. Ka selemo sa Jubile, makhoba a Baheberu a ne a lokolloa ’me litša tsa oona tseo a li jeleng lefa tse neng li rekisitsoe li ne li busetsoa ho oona. (Lev. 25:8-10) Ho sebetsoa ha lipalo ho neng ho thehiloe potolohong ena ea lilemo ho ile ha lebisa qetong ea hore mohlomong Jubile e khōloanyane ea lefatše lohle e qalile ka hoetla ka 1874, hore ho bonahala eka Morena o khutlile ka sona selemo seo ’me o ne a le teng a sa bonahale le hore “linako tsa tsosoloso ea lintho tsohle” li ne li fihlile.—Lik. 3:19-21, KJ.
Ba itšetlehile ka khopolo ea hore hamorao ho ka ’na ha ba le liketsahalo tse amanang le tsa lekholong la pele la lilemo, ba ile ba boela ba etsa qeto ea hore haeba kolobetso ea Jesu le ho tlotsoa ha hae lehoetleng la 29 C.E. e ne e amana le ho qaleha ha ho ba teng ho sa bonahaleng ka 1874, joale ho palama ha hae a kena Jerusalema joaloka Morena nakong ea selemo ka 33 C.E. ho ne ho tla supa nakong ea selemo ka 1878 e le nako eo ka eona a tla qala ho ba le matla joaloka Morena oa leholimo.e Hape ba ile ba nahana hore ba tla fuoa moputso oa bona oa leholimo ka nako eo. Ha seo se sa etsahale, ba ile ba etsa qeto ea hore kaha balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ne ba lokela ho kopanela le eena ’Musong, tsoho ea ho tsohela bophelong ba moea ea ba neng ba se ba robetse lefung e qalile ka nako eo. Hape ba ile ba beha mabaka a hore ho fela ha kamohelo e khethehileng ea Molimo ho Iseraele ea tlhaho ho fihlela ka 36 C.E. ho ka ’na ha supa ho 1881 e le nako ea ha monyetla o khethehileng oa ho ba karolo ea Iseraele ea moea o ne o tla koaloa.f
Puong eo J. F. Rutherford a ileng a fana ka eona ka March 21, 1920, holong ea Hippodrome, Motseng oa New York, e nang le sehlooho se reng “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa,” tlhokomelo e ile ea lebisoa selemong sa 1925. Ke motheong ofe se ileng sa nkoa e le sa bohlokoa? Bukaneng e hatisitsoeng selemong sona seo, ka 1920, ho ile ha hlalosoa hore haeba li-Jubile tse felletseng tse 70 li baloa ho latela seo ho neng ho utloisisoa hore ke nako eo Iseraele e keneng ka eona Naheng e Tšepisitsoeng (ho e-na le ho qala ka mor’a Jubile e tloaelehileng ea ho qetela pele ho kholeho ea Babylona ebe ho baloa ho fihlela qalong ea selemo sa Jubile qetellong ea potoloho ea bo50), se tla lebisa selemong sa 1925. Motheong oa se ileng sa boleloa moo, ba bangata ba ile ba ba le tšepo ea hore mohlomong ba setseng ba mohlatsoana ba tla fumana moputso oa bona oa leholimo ka 1925. Hape selemo sena se ne se amahanngoa le litebello tsa tsoho ea bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba pele ho Bokreste ka morero oa ho sebeletsa lefatšeng joaloka baemeli ba bohosana ba ’Muso oa leholimo. Haeba ruri seo se ne se ka etsahala, ho ne ho tla bolela hore moloko oa batho o ne o kene nakong eo ho eona lefu le neng le tla khaotsa ho rena, ’me ba limillione ba phelang ka nako eo ba neng ba ka ba le tšepo ea hore ba ke ke ba hlola ba e-shoa lefatšeng. Ke tebello e thabisang hakaakang! Le hoja litebello tsa bona li ne li fosahetse, ba ile ba li arolelana le ba bang ka cheseho.
Hamorao, ho tloha ka 1935 ho ea ho 1944, tlhahlobo ea tokisetso ea tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e ile ea senola hore phetolelo e haelloang ea Liketso 13:19, 20 ho King James Version,g hammoho le mabaka a mang a itseng, e ne e entse hore tatellano ea liketsahalo e fosahale ka nako e ka holimo ho lilemo tse lekholo.h Hamorao sena se ile sa lebisa khopolong—eo ka linako tse ling ho boleloang hore ke ntho e ka etsahalang, ka linako tse ling ho boleloa hore ke taba e tiileng haholoanyane—ea hore kaha nako ea lilemo tse likete tse supileng tsa histori ea motho li ne li tla qala ka 1975, liketsahalo tse amanang le ho qaleha ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete li ka ’na tsa qala ho etsahala ka nako eo.
Na litumelo tsa Lipaki tsa Jehova litabeng tsee li ipakile li nepahetse? Ho hlakile hore ha lia ka tsa etsa phoso tabeng ea ho lumela hore Molimo a ke ke a hlōleha ho phetha seo a se tšepisitseng. Empa litsela tse ling tseo li neng li bala nako ka tsona le litebello tseo li neng li li amahanya le linako tsena li ile tsa etsa hore li soetsehe ka ho tebileng.
Ka mor’a 1925, lenane la batho ba bang teng libokeng le ile la theoha haholo liphuthehong tse ling Fora le Switzerland. Hape, ka 1975, ho ile ha ba le ho soetseha ha litebello tse mabapi le ho qaleha ha Lilemo tse Sekete li sa phethahale. Phello e bile hore ba bang ba ile ba ikhula mokhatlong o hlophisitsoeng. Ba bang, kaha ba ne ba batla ho senya tumelo ea ba kopanelang, ba ile ba khaoloa. Ha ho pelaelo, ho soetseha ka baka la nako e ne e le sesosa, empa maemong a mang lisosa li ne li tebile haholoanyane. Ba bang ba ne ba bile ba pheha khang khahlanong le tlhokahalo ea ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ba bang ba itseng ha baa ka ba khotsofalla feela ho tloha mokhatlong o hlophisitsoeng ba khutsitse; ba ile ba ba mabifi ha ba hanyetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oo ba kileng ba kopanela le oona, ’me ba ile ba sebelisa likoranta tsa litaba le thelevishene bakeng sa ho phatlalatsa likhopolo tsa bona. Leha ho le joalo, lenane la ba ileng ba kheloha le ne le le lenyenyane ha ho bapisoa.
Le hoja liteko tsena li ile tsa fella ka ho hlokoloa ’me ba bang ba ile ba fefoha joaloka ’mōkō ha koro e olosoa, ba bang ba ile ba lula ba tiile. Hobane’ng? Mabapi le phihlelo ea hae ea botho le ea ba bang ka 1925, Jules Feller o ile a hlalosa: “Ba neng ba behile tšepo ea bona ho Jehova ba ile ba lula ba tiile ’me ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bona oa boboleli.” Ba ile ba hlokomela hore ho ne ho entsoe phoso empa hore Lentsoe la Molimo le ne le sa hlōleha tabeng efe le efe, ’me ka baka leo ho ne ho se lebaka la ho lumella tšepo ea bona hore e fifale kapa ba nyehlise mosebetsing oa ho bontša batho hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo ea moloko oa batho.
Litebello tse ling li ne li sa phethahatsoa, empa seo ha sea ka sa bolela hore tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e ne e se na molemo. Boprofeta bo tlalehiloeng ke Daniele mabapi le ponahalo ea Messia libeke tse 69 tsa lilemo ka mor’a ‘ho tsoa ha taelo e bolelang hore Jerusalema e tla tsosoa e hahoe bocha’ bo ile ba phethahala ka nako e loketseng, ka 29 C.E.i (Dan. 9:24-27) Hape selemo sa 1914 se ile sa bontšoa ke boprofeta ba Bibele.
1914—Litebello le Taba ea Sebele
Ka 1876, C. T. Russell o ile a ngola sehlooho sa pele sa lihlooho tse ngata tseo ho tsona a ileng a supa selemong sa 1914 e le ho fela ha Linako tsa Balichaba tseo Jesu Kreste a ileng a bua ka tsona. (Luka 21:24, KJ) Moqolong oa bobeli ea Millennial Dawn, o hatisitsoeng ka 1889, Moena Russell o ile a bontša ka tsela e utloahalang makolopetso a neng a tla nolofalletsa babali ho bona motheo oa Mangolo bakeng sa se builoeng le ho itlhahlobela sona. Nakong ea lilemo tse ka bang 40 tse lebisang ho 1914, Liithuti tsa Bibele li ile tsa aba likopi tse limillione tsa lingoliloeng tse lebisang tlhokomelo tabeng ea ho fela ha Linako tsa Balichaba. Lingoliloeng tse ling tse seng kae tsa bolumeli li ile tsa hlokomela tatellano ea liketsahalo tsa Bibele e neng e lebisa selemong sa 1914, empa ke sehlopha sefe ntle le Liithuti tsa Bibele se ileng sa tsoela pele ho e phatlalatsa lefatšeng lohle ’me sa phela ka tsela e bontšang hore se lumela hore Linako tsa Balichaba li tla fela ka selemo seo?
Ha 1914 e atamela, litebello li ile tsa ba matla haholoanyane. See se ne se tla bolela eng? Ho The Bible Students Monthly (Moqolo VI, No. 1, e hatisitsoeng mathoasong a 1914), Moena Russell o ile a ngola: “Haeba re na le nako e nepahetseng le tatellano ea liketsahalo ho latela nako ea tsona, Linako tsa Balichaba li tla fela selemong sena—1914. Bohlokoa ba see ke bofe? Re ke ke ra tiisa. Tebello ea rōna ke hore puso ea Messia e tla qala ho sebetsa hoo e ka bang ka nako ea ho fela ha matla a fuoeng Balichaba. Tebello ea rōna, ho sa tsotellehe hore na ke ea ’nete kapa ea bohata, ke hore ho tla ba le ho bonahatsoa ho hlollang ha likahlolo tsa Molimo khahlanong le ho hloka tōka, le hore sena se tla bolela hore mekhatlo e mengata ea hona joale e tla felisoa, haeba e se kaofela ha eona.” O ile a hatisa hore o ne a sa lebella “ho fela ha lefatše” ka 1914 le hore lefatše le hlola ka ho sa feleng empa hore taolo ea lintho ea hona joale, eo Satane e leng ’musi oa eona, e lokela ho feta.
Tokollong ea oona ea October 15, 1913, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o boletse: “Ho latela ho baloa ho molemohali ha nako ea tatellano ea liketsahalo hoo re khonang ho ho etsa, e batla e le nako eo—ho sa tsotellehe hore e ka ba October, 1914, kapa hamorao. Le hoja re ke ke ra bolela ka tieo, re lebelletse liketsahalo tse itseng: (1) Ho fela ha Linako tsa Balichaba—taolo ea Balichaba lefatšeng—le (2) Ho qaleha ha ’Muso oa Messia lefatšeng.”
See se ne se tla etsahala joang? Ho ne ho bonahala ho utloahala ho Liithuti tsa Bibele tsa nakong eo hore ho ne ho tla akarelletsa ho tlotlisoa ha bafe kapa bafe ba ntseng ba le lefatšeng ba neng ba khethiloe ke Molimo hore ba kopanele ’Musong oa leholimo le Kreste. Empa ba ile ba ikutloa joang ha seo se sa phethahale ka 1914? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa April 15, 1916, o ile oa bolela: “Re lumela hore nako ena e pakiloe e nepahetse ka ho felletseng. Re lumela hore Linako tsa Balichaba li felile.” Leha ho le joalo, e ile ea eketsa ka tieo: “Morena haa ka a bolela hore Kereke eohle e tla tlotlisoa ka 1914. Re ile ra mpa ra noha feela ’me kamoo ho bonahalang ka teng, ra etsa phoso.”
Tabeng ena ba batlile ba tšoana le baapostola ba Jesu. Baapostola ba ne ba tseba ’me ba nahana hore ba lumela boprofeta bo mabapi le ’Muso oa Molimo. Empa ka linako tse sa tšoaneng ba ne ba e-na le litebello tse fosahetseng mabapi le hore na bo tla phethahala joang ’me bo tla phethahala neng. Sena se ile sa etsa hore ba bang ba soetsehe.—Luka 19:11; 24:19-24; Lik. 1:6.
Ha October 1914 e feta ba sa ka ba fetohela bophelong ba leholimo joalokaha ba ne ba lebelletse, Moena Russell o ne a tseba hore ho ne ho tla ba le ho hlahlojoa ha pelo ho tebileng. Ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1914, o ile a ngola: “A re hopoleng hore re nakong ea teko. Baapostola ba ile ba feta nakong e tšoanang le ena lipakeng tsa lefu la Morena oa rōna le Pentekonta. Ka mor’a tsoho ea Morena, O ile a hlaha ho barutuoa ba Hae ka makhetlo a seng makae, ’me ha baa ka ba Mo bona ka matsatsi a mangata. Eaba baa nyahama ’me ba re, ‘Ho leta ha ho thuse’; e mong a re, ‘Ke il’o tšoasa litlhapi.’ Ba bang ba babeli ba re, ‘Re tla ea le uena.’ Ba ne ba le haufi le ho ea khoebong ea ho tšoasa litlhapi le ho tlohela mosebetsi oa ho tšoasa batho. Ena e ne e le nako ea teko bakeng sa barutuoa bana. Kahoo, le hona joale ke eona. Haeba ho na le lebaka leha e le lefe le ka susumelletsang ofe kapa ofe ho nyahlatsa Morena le ’Nete ea Hae le ho khaotsa ho itela molemong oa Lithahasello tsa Morena, joale hase lerato la Molimo le ka pelong le susumellelitseng thahasello ho Morena, empa ke ho hong ho itseng; mohlomong ke tšepo ea hore nako e ne e le khutšoanyane; boinehelo e ne e le ba nako e itseng feela.”
Ho bonahala eka sena e ne e le se etsahalang ho ba bang. Menahano ea bona le litakatso li ne li tsepamisitsoe haholo-holo tebellong ea ho fetohela bophelong ba leholimo. Ha sena se sa phethahale ka nako eo ba neng ba e lebelletse, ba ile ba koalla likelello tsa bona bohlokoa ba lintho tse hlollang tse ileng tsa etsahala ka 1914. Ba ile ba lahleheloa ke pono ea linnete tsohle tsa bohlokoa tseo ba ileng ba ithuta tsona Lentsoeng la Molimo, ’me ba ile ba qala ho soma batho ba neng ba ba thusitse ho ithuta tsona.
Ka boikokobetso, Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlahloba Mangolo hape, ka morero oa ho etsa hore Lentsoe la Molimo le lokise pono ea tsona. Kholiseho ea tsona ea hore Linako tsa Balichaba li felile ka 1914 ha ea ka ea fetoha. Butle-butle li ile tsa bona ka ho hlakileng hore ’Muso oa Messia o qalile joang—hore o hlonngoe leholimong ha Jehova a neha Jesu Kreste, Mora oa hae, matla a bolaoli; hape, hore sena ha sea ka sa lokela ho ema ho fihlela majalefa hammoho le Jesu a nyolleloa bophelong ba leholimo empa hore ba ne ba tla tlotlisoa ’moho le eena hamorao. Ho phaella moo, ba ile ba bona hore ho phatlalatsoa ha tšusumetso ea ’Muso ho ne ho sa hloke hore ho qaloe ka hore ho tsosoe baprofeta ba boholo-holo, empa hore Morena o ne a tla sebelisa Bakreste ba tšepahalang ba phelang hona joale joaloka baemeli ba hae hore ba fe batho ba lichaba tsohle monyetla oa ho phela ka ho sa feleng e le bafo ba lefatšeng ba ’Muso.
Ha setšoantšo sena se seholo se hlaka mahlong a bona, ho ile ha fella ka ho lekoa le ho hlokoloa ho tsoelang pele. Empa ba neng ba hlile ba rata Jehova le ba ileng ba thabela ho mo sebeletsa ba ile ba ananela haholo litokelo tsa tšebeletso tse ileng tsa ba bulehela.—Tšen. 3:7, 8.
E mong oa bona ke A. H. Macmillan. Hamorao o ile a ngola: “Le hoja litebello tsa rōna tsa ho nkeloa leholimong li sa ka tsa phethahatsoa ka 1914, Linako tsa Balichaba li ile tsa fela selemong seo . . . Ha rea ka ra tšoenngoa ka ho khethehileng ke hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ileng ea etsahala joalokaha re ne re lebelletse, hobane re ne re tšoarehile haholo ka mosebetsi oa Photo-Drama le ka mathata a bakiloeng ke ntoa.” O ile a ipoloka a tšoarehile tšebeletsong ea Jehova ’me a thabela ho bona lenane la baboleli ba ’Muso le nyolohela ka holimo ho millione nakong ea bophelo ba hae.
Ha a nahana ka phihlelo ea hae ea lilemo tse 66 tse fetileng a le mokhatlong o hlophisitsoeng, o ile a re: “Ke bone liteko tse ngata tse matla li hlahela mokhatlo o hlophisitsoeng le liteko tsa tumelo ea ba leng ka hare ho oona. Ka thuso ea moea oa Molimo o ile oa pholoha ’me oa ’na oa atleha.” Mabapi le ho fetoloa ha kutloisiso ha nako e ntse e e-ea, o ile a phaella: “Linnete tsa motheo tseo re ithutileng tsona Mangolong li ile tsa lula li tšoana. Kahoo ke ithutile hore re lokela ho amohela liphoso tsa rōna ’me re tsoele pele ho etsa liphuputso Lentsoeng la Molimo bakeng sa leseli le eketsehileng. Ho sa tsotellehe hore na nako le nako re lokela ho etsa litokiso life ponong ea rōna, seo se ke ke sa fetola tokisetso e lereko ea thekollo le tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.”
Nakong ea bophelo ba hae, Moena Macmillan o ile a bona hore, har’a litaba tse ileng tsa fella ka liteko tsa tumelo, boikemisetso ba ho paka le ho ananela mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo li ile tsa senola se neng se hlile se le ka lipelong tsa batho ka bomong. Ka tsela efe?
Tšebeletso ea Tšimo le Tlhophiso li Fetoha Bothata
Ho tloha ka tokollo ea eona ea pele, le ka khatiso e eketsehileng ka mor’a moo, Zion’s Watch Tower e ile ea phehella Mokreste e mong le e mong oa ’nete ho arolelana ’nete le ba bang. Ka mor’a moo, babali ba Molula-Qhooa ba ile ba khothalletsoa khafetsa hore ba ananele tokelo ea bona le boikarabelo ba ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ba bangata ba ile ba kopanela ka litsela tse lekanyelitsoeng, empa hoo e ka bang ba seng bakae ba ne ba le ka pele mosebetsing, ba ea ka ntlo le ntlo e le hore ba ka fa e mong le e mong monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso.
Leha ho le joalo, ho qala ka selemo sa 1919, taba ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo e ile ea hlahella ka matla haholoanyane. Moena Rutherford o ile a e hatisa ka matla puong eo a neng a fana ka eona Cedar Point, Ohio, selemong seo. Phuthehong ka ’ngoe e ileng ea kōpa hore Mokhatlo o e hlophise bakeng sa tšebeletso, ho ile ha lokisetsoa hore ho be le motsamaisi oa tšebeletso, ea khethiloeng ke Mokhatlo, bakeng sa ho hlokomela mosebetsi. O ne a lokela ho etella pele ka boeena le ho tiisa hore phutheho e na le lintho tse hlokahalang.
Ka 1922, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa hatisa sehlooho se reng “Tšebeletso ke ea Bohlokoa.” O ile oa bua ka tlhokahalo e potlakileng ea hore batho ba utloe litaba tse molemo tsa ’Muso, oa lebisa tlhokomelo taelong ea Jesu ea boprofeta e ho Mattheu 24:14, ’me oa bolella baholo liphuthehong: “Ho se be lea mong ea nahanang hore ka baka la ho ba moholo oa sehlopha mosebetsi oa hae e lokela ho ba ho bolela ka molomo feela. Haeba a fumana monyetla oa ho ea ho batho le ho ba fa molaetsa o ngotsoeng, eo ke tokelo e khōlō ’me ke ho bolela kosepele, hangata ke tsela ea ho e bolela e atlehang ho feta leha e le efe e ’ngoe.” Joale sehlooho sena se ile sa botsa: “Na leha e le ofe ea hlileng a inehetseng ho Morena a ka lokafatsa botsoa ba hae ka nako ee?”
Ba bang ba ile ba ikhula. Ba ile ba hlahisa likhanyetso tsa mefuta eohle. Ha baa ka ba nahana hore ho “rekisa libuka” ho loketse, le hoja mosebetsi o ne o sa etsoe bakeng sa ho fumana phaello ’me e le ka lingoliloeng tsena ba ileng ba ithuta ’nete ka ’Muso oa Molimo. Ha ho paka ka ntlo le ntlo ka libuka ka Sontaha ho khothalletsoa, ho tloha ka 1926, ba bang ba ile ba ba khahlanong le seo, le hoja Sontaha e ne e le letsatsi leo batho ba bangata ka tloaelo ba le behelletseng ka thōko bakeng sa borapeli. Bothata bo boholo e ne e le hore ba ne ba inka e le batho ba bohlokoa haholo bakeng sa ho ea ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng Bibele e bolela hore Jesu o ile a roma barutuoa ba hae malapeng a batho ho ea bolela, ’me moapostola Pauluse o ile a bolela “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.”—Lik. 20:20, NW; Matt. 10:5-14.
Ha ho hatisoa ha tšebeletso ea tšimo ho ntse ho eketseha, bao lipelo tsa bona li neng li sa ba susumelletse ho etsisa Jesu le baapostola ba hae joaloka lipaki ba ile ba ikhula butle-butle. Lenane la litho tsa Phutheho ea Skive e Denmark, hammoho le la liphutheho tse ling tse itseng, le ile la fokotseha ka lehare. Ho batho ba ka bang lekholo ba neng ba kopanela Phuthehong ea Dublin Ireland, ke ba bane feela ba ileng ba sala. Ho bile le ho lekoa le ho hlokoloa ho tšoanang United States, Canada, Norway le linaheng tse ling. Sena se ile sa fella ka ho hloekisoa ha liphutheho.
Bao ka tieo ba neng ba batla ho ba baetsisi ba Mor’a Molimo ba ile ba arabela hamolemo khothatsong ea Mangolo. Leha ho le joalo, boikemisetso ba bona ha boa ka ba etsa hore ho be bonolo hakaalo ho bona hore ba qale ho ea ka ntlo le ntlo. Ba bang ba bile le bothata ba ho qalisa. Empa litokisetso tsa ho paka ka sehlopha le tšebeletso e khethehileng ea likopano e bile khothatso. Ka mor’a nako e telele bo-khaitseli ba babeli ba ka leboea ho Jutland, Denmark, ba ntse ba hopola letsatsi la bona la pele tšebeletsong ea tšimo. Ba ile ba kopana le sehlopha, ba mamela litaelo, ba qala ho ea tšimong ea bona, eaba ba qala ho lla. Baena ba babeli ba ile ba bona se etsahalang ’me ba memela bo-khaitseli bana hore ba sebetse le bona. Kapele ba ile ba ba mafolo-folo hape. Ka mor’a ho latsoa tšebeletso ea tšimo, ba bangata ba ne ba tletse nyakallo ’me ba chesehela ho etsa se eketsehileng.
Joale, ka 1932, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ne o e-na le sehlooho se likarolo tse peli se reng “Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova.” (Litokollo tsa August 15 le September 1) Se ile sa bontša hore ho khethoa ha baholo ka livoutu ka liphuthehong ho khahlanong le Mangolo. Liphutheho li ile tsa phehelloa ho sebelisa feela banna ba neng ba le mafolo-folo tšebeletsong ea tšimo libakeng tsa boikarabelo, banna ba phelelang boikarabelo bo boleloang ke lebitso Lipaki tsa Jehova. Banna bana ba ne ba lokela ho sebeletsa joaloka komiti ea tšebeletso. E mong oa bona, ea thontsoeng ke phutheho, o ne a khethoa ke Mokhatlo hore e be motsamaisi oa tšebeletso. Belfast, Ireland, sena se ile sa hlokola ba bangata bao takatso ea bona e neng e le botumo ba botho ho e-na le tšebeletso ea boikokobetso.
Mathoasong a bo-1930, ba bangata Jeremane ba neng ba leka ho nyahamisa ba bang ho etsa tšebeletso ea tšimo ba ile ba ikhula liphuthehong. Ba bang ka tšabo ba ile ba ikhula ha ka 1933 mosebetsi o thibeloa linaheng tse ngata tsa Jeremane. Empa ba likete ba ile ba mamella liteko tsena tsa tumelo ’me ba iponahatsa ba ikemiselitse ho bolela ho sa tsotellehe kotsi e neng e ameha.
Boboleli ba ’Muso bo ile ba etsoa ka matla lefatšeng lohle. Tšebeletso ea tšimo e ile ea fetoha karolo ea bohlokoa ea bophelo ba Lipaki tsa Jehova tsohle. Ka mohlala, phutheho e Oslo, Norway, e ne e hira libese ka mafelo-beke bakeng sa ho isa bahoeletsi metseng e haufinyane. Ba ne ba kopana hoseng haholo, ba fihla tšimong ea bona ka hora ea borobong kapa ea leshome, ba sebetsa ka thata tšebeletsong ea tšimo ka lihora tse supileng kapa tse robeli, ebe ba kopana le sehlopha se leng beseng bakeng sa leeto la bona la ho khutlela hae. Ba bang ba ne ba ea libakeng tsa mahaeng ka libaesekele, ka mekotlana ea libuka le mabokose a tšetseng libuka tse eketsehileng. Lipaki tsa Jehova li ne li thabile, li cheseha, ’me li kopane ho etsa thato ea Molimo.
Ka 1938, ha tlhokomelo e boela e lebisoa ho khethoeng ha banna ba ikarabellang ka liphuthehong,j ho felisoa ha likhetho tsohle tsa livoutu tsa bahlanka tsa sebaka ka seng ho ile ha ananeloa ka kakaretso. Ka thabo liphutheho li ile tsa etsa liqeto tse bontšang kananelo bakeng sa tlhophiso ea puso ea Molimo ’me tsa kōpa “Mokhatlo” (oo li neng li utloisisa hore ke masala a tlotsitsoeng, kapa lekhoba le tšepahalang le le masene) hore o hlophise phutheho bakeng sa tšebeletso le ho khetha bahlanka bohle. Ka mor’a moo, Sehlopha se Busang se bonahalang se ile sa tsoela pele ho etsa khetho e hlokahalang le ho hlophisa liphutheho bakeng sa mosebetsi o kopanetsoeng le o behang litholoana. Ke lihlopha tse seng kae feela tse ileng tsa ikhula ’me tsa tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng lekhatheng lena.
Ba Inehetse ka ho Felletseng ho Phatlalatseng Molaetsa oa ’Muso
E le hore mokhatlo o hlophisitsoeng o ka tsoela pele ho amoheloa ke Jehova, o tlameha ho inehela ka ho khethehileng mosebetsing oo Lentsoe la hae le laelang hore o etsoe mehleng ea rōna. Mosebetsi oo ke oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matt. 24:14) Leha ho le joalo, ho bile le makhetlo a seng makae ao ka ’ona batho ka bomong ba ileng ba sebetsa ka thata le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ileng ba boela ba ikitlaelletsa ho o sebelisa bakeng sa ho ntšetsa pele mananeo a neng a bonahala a khelosetsa metsoalle ea bona mesebetsing e meng. Ha ba khalemeloa, sena se ile sa fetoha teko ho bona, haholo-holo ha ba ne ba ikutloa hore merero ea bona e ne e le metle.
Sena se ile sa etsahala Finland ka 1915, ha baena ba bang ba theha mokhatlo o kopaneng o bitsoang Ararat ’me ba sebelisa tokollo ea Molula-Qhooa oa Sefinishe bakeng sa ho susumetsa babali ba oona ho kenella mokhatlong ona oa khoebo. Ea neng a qalisitse mosebetsi ona Finland o ile a arabela ka boikokobetso ha Moena Russell a bontša hore eena le metsoalle ea hae ba ne ba itumella hore ba “khelosoe mosebetsing oa bohlokoa oa Kosepele.” Leha ho le joalo, boikhohomoso bo ile ba sitisa moena e mong, ea neng a kile a ba mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova ka lilemo tse fetang leshome Norway, hore a amohele taeo eona eo.
Ka bo-1930, United States, bothata bo batlileng bo tšoana le bona bo ile ba hlaha. Liphutheho tse ’maloa li ne li hatisa leqephe la tsona la litaelo tsa tšebeletso ea khoeli le khoeli, le neng le akarelletsa likhopotso tse tsoang ho Bulletin ea Mokhatlo esita le liphihlelo le kemiso ea litokisetso tsa tšebeletso ea sebaka seo. Le leng la oona, le hatisitsoeng Baltimore, Maryland, le ile la fana ka tšehetso e chesehang mosebetsing oa ho bolela empa le lona le ile la sebelisoa ka sepheo sa ho ntšetsa pele merero e itseng ea khoebo. Qalong Moena Rutherford o ile a fana ka tumello ho e meng ea eona ka liketso. Empa ha ho hlokomeloa se ka hlahisoang ke ho kenella mererong e joalo, Molula-Qhooa o ile oa bontša hore Mokhatlo ha oa li lumella. Sena se ile sa tlisa teko ea botho e matla ho Anton Koerber, hobane o ne a rerile hore a thuse baena ba hae ka tsela ena. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, o ile a boela a sebelisa matla a hae ka ho felletseng bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli o etsoang ke Lipaki tsa Jehova.
Bothata bo tšoanang bo ile ba hlaha Australia ho tloha ka 1938 ’me ba eketseha nakong ea thibelo ea Mokhatlo (January 1941 ho ea ho June 1943). E le hore e ka hlokomela se neng se bonahala e le litlhoko tse utloahalang ka nako eo, ofisi ea lekala ea Mokhatlo e ile ea kenella ka ho toba mesebetsing e sa tšoaneng ea khoebo. Kahoo, ho ile ha etsoa phoso e khōlō. Ba ne ba na le mechine ea motlakase e sakhang likutu tsa lifate, “mapolasi a ’Muso” a fetang 20, k’hamphani ea boenjeniere, lebaka la bohobe, le likhoebo tse ling. Libaka tse peli tsa khatiso ea khoebo li ne li fana ka tšireletso bakeng sa khatiso e tsoelang pele ea libuka tsa Mokhatlo nakong ea thibelo. Empa likhoebo tse ling tsa bona li ile tsa etsa hore ba amehe ho tlōleng molao oa Bokreste oa ho se nke lehlakore, mosebetsi o ikhakantseng ka sebōpeho sa hore ke mosebetsi o kenyang chelete le ho phelisa bo-pula-maliboho nakong ea thibelo. Leha ho le joalo, matsoalo a ba bang a ile a tšoenyeha ka ho teba. Le hoja bongata bo ile ba lula mokhatlong o hlophisitsoeng, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ile oa emisa. Ke’ng se neng se sitisa tlhohonolofatso ea Jehova?
Ha thibelo ea mosebetsi e tlosoa ka June 1943, baena ba neng ba le ofising ea lekala ka nako eo ba ile ba utloisisa hore likhoebo tsena li lokela ho tlosoa, molemong oa ho beha tlhokomelo boboleling ba ’Muso bo leng bohlokoa ka ho fetisisa. Sena se ile sa finyelloa ka lilemo tse tharo, ’me lenane la litho tsa lelapa la Bethele le ile la theohela lenaneng le tloaelehileng. Empa ho ne ho ntse ho hlokahala hore ho tlosoe lintho tse belaetsang ’me ka tsela eo ho tsosolosoe tšepo e felletseng mokhatlong o hlophisitsoeng.
Nathan H. Knorr, mopresidente oa Mokhatlo, le mongoli oa hae M. G. Henschel ba ile ba etela Australia haholo-holo bakeng sa ho sebetsana le boemo bona ka 1947. Ha o fana ka tlaleho mabapi le taba ena, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1, 1947, o itse ka mosebetsi oa khoebo o ’nileng oa etsoa: “E ne e se mosebetsi oa letsatsi le letsatsi oa boipheliso oa baena ba tšoarehileng bakeng sa ho iphelisa o neng o ameha, empa e ne e le taba ea hore ofisi ea Lekala ea Mokhatlo e ne e fumane mefuta e sa tšoaneng ea liindasteri ’me e bitsitse bahoeletsi ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, haholo-holo bo-pula-maliboho, bakeng sa ho sebetsa liindastering tsena ho e-na le ho bolela kosepele.” Sena se ne se lebisitse ho kenelleng ka tsela e sa tobang ntoeng. Likopanong tse leng motse-moholo oa profinsi ka ’ngoe, Moena Knorr o ile a bua ka ho toba le baena ka boemo bona. Kopanong ka ’ngoe ho ile ha etsoa qeto eo ho eona baena ba Australia ba ileng ba amohela phoso ea bona ’me ba kōpa mosa oa Jehova le hore a ba tšoarele ka Jesu Kreste. Kahoo, ho ne ho hlokahala phalimeho ’me ho ’nile ha tobanoa le liteko e le hore mokhatlo o hlophisitsoeng o ka tsoela pele ho inehela ka ho felletseng ho phatlalatseng molaetsa oa ’Muso oa Molimo.
Ha Lipaki tsa Jehova li nahana ka histori ea tsona ea kajeno, li bona bopaki ba hore ruri Jehova o ’nile a hloekisa batho ba hae. (Mal. 3:1-3) Maikutlo, litumelo le liketso tse fosahetseng butle-butle li ’nile tsa tlosoa, ’me batho bafe le bafe ba khethileng ho khomarela lintho tsena ba tlositsoe le tsona. Ba setseng hase batho ba ikemiselitseng ho sekisetsa ’nete ea Bibele e le hore ba ka amohela filosofi ea batho. Hase balateli ba batho empa ke bahlanka ba inehetseng ho Jehova Molimo. Ba arabela ka thabo tataisong ea mokhatlo o hlophisitsoeng hobane ba bona bopaki bo sa foseng ba hore ke oa Jehova. Ba thabela leseli la ’nete le ntseng le eketsa ho khanya. (Liprov. 4:18) Ka bomong ba nka ho ba Lipaki tsa Jehova, baboleli ba ’Muso oa Molimo, e le tokelo e khōlō.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, Khatiso e Eketsehileng, April 25, 1894, maq. 102-4.
b Mabapi le Boraro-bo-bong, bona New Catholic Encyclopedia, Moqolo XIV, 1967, leqephe 299; Dictionary of the Bible, ea J. L. McKenzie, S.J., 1965, leqephe 899; The New International Dictionary of New Testament Theology, Moqolo 2, 1976, leqephe 84. Mabapi le sephefumolohi, bona New Catholic Encyclopedia, Moqolo XIII, 1967, maqephe 449-50, 452, 454; The New Westminster Dictionary of the Bible, e hlophisitsoeng ke H. S. Gehman, 1970, leqephe 901; The Interpreter’s Bible, Moqolo I, 1952, leqephe 230; Peake’s Commentary on the Bible, e hlophisitsoeng ke M. Black le H. H. Rowley, 1962, leqephe 416.
c Ho latela Moena Russell, mosali oa hae, eo hamorao a ileng a mo lahla, ke eena oa pele ea ileng a bontša hore Mattheu 24:45-47 e sebetsa ho eena. Bona litokollo tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) tsa July 15, 1906, leqephe 215; March 1, 1896, leqephe 47; le June 15, 1896, maqephe 139-40.
d Vindication, Buka ea Bobeli, maq. 258-9, 268-9; Molula-Qhooa (oa Senyesemane), April 1, 1934, maq. 99-106; April 15, 1934, maq. 115-22; August 1, 1935, maq. 227-37.
e Taba ea hore 1878 e ne e le selemo sa bohlokoa ho ile ha bonahala e tiisoa ke tšupiso ea Jeremia 16:18 (‘nako ea Jakobo ea kahlolo e mennoeng habeli,’ KJ) hammoho le ho sebetsoa ha lipalo ho bontšang hore lilemo tse 1 845 li fetile ho tloha lefung la Jakobo ho fihlela ka 33 C.E., ha Iseraele ea tlhaho e ne e lahloa, le hore ho menoa ha nako ena habeli, kapa ho phetoa ha eona habeli, ho ne ho tla atoloha ho tloha ka 33 C.E. ho fihlela ka 1878.
f Ha ho atolosoa linako tsena tse amanang ho ea pele, ho ile ha boleloa hore ho etsoa ha Jerusalema lesupi ka 70 C.E. (lilemo tse 37 ka mor’a hore barutuoa ba Jesu ba mo thoholetse joaloka morena ha a kena Jerusalema a kaletse) ho ka ’na ha supa ho 1915 (lilemo tse 37 ka mor’a 1878) bakeng sa tlhōrō ea morusu o bontšang ho hloka molao oo ba neng ba nahana hore Molimo o ne a tla o lumella e le mokhoa oa ho felisa mekhatlo ea lefatše e leng teng. Linako tsena li ile tsa hlaha likhatisong tse phetiloeng hape tsa Studies in the Scriptures. (Bona Moqolo II, maqephe 99-101, 171, 221, 232, 246-7; bapisa khatiso e phetiloeng hape ea 1902 le likhatiso tsa pelenyana, tse kang khatiso ea 1914 ea Millennial Dawn.) Ho bona ho ne ho bonahala eka sena se lumellana hantle le se neng se hatisitsoe mabapi le hore selemo sa 1914 se tšoaea ho fela ha Linako tsa Balichaba.
g Bapisa le phetolelo ea The Emphasised Bible, e fetoletsoeng ke J. B. Rotherham; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe mabapi le Liketso 13:20 ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References.
h Bona “’Nete e Tla le Lokolla,” khaolo XI; “The Kingdom Is at Hand,” maqephe 171-5; hape le The Golden Age, March 27, 1935, maqephe 391, 412. Leseling la mathathamo ana a lokisitsoeng a tatellano ea liketsahalo tsa Bibele, ho ne ho ka bonoa hore tšebeliso ea pele ea lilemo tsa 1873 le 1878, esita le linako tse ling tse amanang le tsona tse nkiloeng ho tsona motheong oa liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo tse amanang le tsona, li ne li thehiloe holim’a ho hloka kutloisiso.
i Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, maqephe 899-904.
j Bona Khaolo 15, “Ho Hōla ha Kaheho ea Mokhatlo o Hlophisitsoeng.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 619]
Ho lekoa le ho hlokoloa ha hoa ka ha hlaha ho sa lebelloa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 621]
‘Ba hana ho khelosoa Lentsoeng la Morena’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 623]
“Ha re batle tlotla, tlhompho, bakeng sa rōna kapa lingoliloeng tsa rōna”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 624]
“Molimo e sa ntse e le moeta-pele”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 626]
“Mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ha a ka a fela ha Moena Russell a e-shoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 627]
Boiteko bo lonya ba ho senya likelello tsa ba bang
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 628]
Ba bang ba ile ba lumella boikhohomoso hore bo fokolise tumelo ea bona
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 629]
“Le falimehele ba bakang likarohano . . . Le ba sesefe”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 630]
Ba bang ka bohata ba ile ba qosa “Molula-Qhooa” ka hore o latotse bonnete ba thekollo
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 635]
“Re ile ra mpa ra noha feela ’me kamoo ho bonahalang ka teng, ra etsa phoso”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 636]
Ba neng ba hlile ba rata Jehova ba ile ba ananela haholo litokelo tsa tšebeletso tse ileng tsa ba bulehela
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 638]
“Na leha e le ofe ea hlileng a inehetseng ho Morena a ka lokafatsa botsoa ba hae ka nako ee?”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 641]
Maikutlo, litumelo le liketso tse fosahetseng butle-butle li ’nile tsa tlosoa
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 622]
W. E. Van Amburgh
Ka 1916, W. E. Van Amburgh o ile a bolela: “Mosebetsi ona o moholo o etsoang lefatšeng lohle hase mosebetsi oa motho a le mong. . . . Ke mosebetsi oa Molimo.” Le hoja a bone ba bang ba o furalla, o ile a lula a tiile kholisehong eo ho fihlela a e-shoa ka 1947, a le lilemo li 83.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 633]
Jules Feller
Ha e sa le mohlankana, Jules Feller o ile a bona liteko tse matla tsa tumelo. Liphutheho tse ling Switzerland li ile tsa fokotseha ka lehare ho tloha lenaneng la nako e fetileng kapa ka tlaase ho moo. Empa hamorao o ile a ngola: “Ba neng ba behile tšepo ea bona ho Jehova ba ile ba lula ba tiile ’me ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bona oa boboleli.” Moena Feller le eena o ile a ikemisetsa ho etsa seo, phello e bile hore ho fihlela ka 1992 o ile a thabela ho ba tšebeletsong ea Bethele ka lilemo tse 68.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 634]
C. J. Woodworth
Ho ea ileng a khaotsa ho etsa tšebeletso ea Jehova hobane balateli ba Jesu Kreste ba tlotsitsoeng ba sa ka ba nkeloa leholimong ka 1914, C. J. Woodworth o ile a ngola se latelang:
“Lilemong tse 20 tse fetileng ’na le uena re ne re lumela kolobetso ea masea; hore Molimo o file baruti tokelo ea ho a kolobetsa; hore kolobetso ea hlokahala bakeng sa ho pholoha tlhokofatso ea ka ho sa feleng; hore Molimo ke lerato; hore Molimo o bōpile ’me o tsoela pele ho bōpa batho ba limillione tse likete ka setšoantšo sa Hae ba tla ba ka mosing o khamang oa sebabole se tukang ka ho sa feleng, ka tieo ba kōpa lerotholi la metsi bakeng sa ho folisa bohloko ba bona empa ba sa le fumane . . .
“Re ne re lumela hore ka mor’a hore motho a shoe, oa phela; re ne re lumela hore le ka mohla Jesu Kreste haa ka a shoa; hore O ne a ke ke a shoa; hore ha ho Thekollo e kileng ea lefshoa kapa e ka hlolang e lefshoa; hore Jehova Molimo le Kreste Jesu Mora oa Hae ke motho a le mong; hore Kreste ke Ntate oa Hae ka boeena; hore Jesu ke Mora oa Hae ka boeena; hore Moea o Halalelang ke motho; hore ’ngoe ha e kopana le ’ngoe, le ’ngoe, ke ’ngoe; hore ha Jesu a ne a fanyehiloe sefapanong ’me a re, ‘Molimo Oa Ka, Molimo Oa Ka, u Ntahletse’ng,’ O ne a bua le Eena ka Boeena; . . . hore mebuso ea hona joale ke karolo ea ’Muso oa Kreste; hore Diabolose o bile sebakeng se hōle kae-kae Liheleng tseo ho seng motho ea kileng a li fumana, ho e-na le hore o sebelisa borena holim’a mebuso ea lefatše lena . . .
“Ke rorisa Molimo bakeng sa letsatsi leo ka lona ’Nete ea Hona Joale e ileng ea tlisoa monyakong oa ka. E bile molemo haholo, ea khatholla kelello le pelo, hoo ka potlako ke ileng ka khaotsa thetso le boikaketsi ba nako e fetileng ’me ka sebelisoa ke Molimo hore ke bule mahlo a lōna a foufalitsoeng. Re ne re nyakallela ’Nete hammoho, re sebetsa hammoho ka lilemo tse 15. Morena o ile a u hlompha haholo joaloka ’muelli oa hae; ha ho motho ea kileng a senola booatla ba Babylona ka tsela e molemo joaloka uena. Lengolong la hao ua botsa, ‘Ke’ng se tla latela?’ Aha, joale ho latela karolo e soabisang ea boemo bona! Se latelang ke hore u itumella hore u halefisoe ke motho eo mesebetsi ea hae ea lerato le eo tlhohonolofatso ea hae e tsoang Holimo e tlisitseng ’Nete lipelong tsa rōna. U ile ua furalla mokhatlo o hlophisitsoeng, ’me ua tsamaea le linku tse ngata. . . .
“Mohlomong ho uena ke bonahala ke le leoatla hobane ke sa ka ka ea Leholimong, ka October 1, 1914, empa ha u bonahale u le leoatla ho ’na—le hanyenyane!
“Nakong ena eo ho eona ho nang le lichaba tsa lefatše tse khōlō ka ho fetisisa tse leshome tse ntseng li raha-raha bohlokong ba tsona ba lefu, ho ’na ho bonahala e le nako e sa lokelang bakeng sa ho batla ho nyelisa motho, ’me e le eena feela motho, eo ka lilemo tse 40 a ileng a ruta hore Linako tsa Balichaba li tla fela ka 1914.”
Tumelo ea Moena Woodworth ha ea ka ea sisinyeha ha liketsahalo tsa 1914 li sa phethahale kamoo li neng li lebelletsoe ka teng. O ile a mpa a hlokomela hore ho na le ho hongata hoo ba lokelang ho ithuta hona. Ka baka la tšepo ea hae morerong oa Molimo, o ile a qeta likhoeli tse robong a le teronkong ka 1918-19. Hamorao o ile a sebeletsa e le mohlophisi oa limakasine tsa “The Golden Age” le “Consolation.” O ile a lula a tiile tumelong a bile a tšepahala mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ho fihlela a e-shoa ka 1951, a le lilemo li 81.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 637]
A. H. Macmillan
“Ke bone e le bohlale ho leta ka mamello hore Jehova a hlakise kutloisiso ea rōna ea litaba tsa Mangolo ho e-na le hore re tšoenngoe ke mohopolo o mocha. Ka linako tse ling litebello tsa rōna bakeng sa nako e itseng li ne li feta seo Mangolo a ileng a se tiisa. Ha litebello tseo li sa phethahale, seo ha sea ka sa fetola merero ea Molimo.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 620]
Teko e khōlō ea tumelo e ne e akarelletsa ho hlokomela molemo oa sehlabelo sa Jesu se phekolang libe
[Litšoantšo tse leqepheng la 625]
Ba bang ba neng ba rata Russell ba ile ba hlokomela hore tsela eo ba itšoarang ka eona mabapi le sebōpeho sa Rutherford e ile ea senola hore na ha e le hantle ba sebeletsa mang
[Litšoantšo tse leqepheng la 639]
Ha ho hatisoa ha tšebeletso ea tšimo ka ho eketsehileng, ba bangata ba ile ba ikhula; ba bang ba ile ba bontša cheseho e eketsehileng
“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), April 1, 1928
“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), June 15, 1927
“Molula-Qhooa” (oa Senyesemane), August 15, 1922
[Litšoantšo tse leqepheng la 640]
Ha tlhophiso ea puso ea Molimo e hlahella, ba neng ba batla botumo ba botho ba ile ba hlokoloa