Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Robeli
Paradeise e Tsosolositsoeng!
1. Ke hobane’ng ha malumeli a mangata a fana ka tšepo ea bophelo paradeiseng?
“TABATABELO ea paradeise ke o mong oa mehopolo e matla ka ho fetisisa e sa tloheng maikutlong a batho. E ka ’na eaba ke oona o matla ka ho fetisisa le o phehellang ho feta eohle. Tlholohelo ea paradeise ea mofuta o mong o itseng e bonahala likarolong tsohle tsa bophelo ba bolumeli.” Ke kamoo The Encyclopedia of Religion e bolelang kateng. Tabatabelo e joalo ke ea tlhaho, kaha Bibele e re bolella hore bophelo ba motho bo qalile Paradeiseng—serapeng se setle se se nang ho kula le lefu. (Genese 2:8-15) Ha ho makatse hore ebe malumeli a mangata lefatšeng a fana ka tšepo ea bophelo paradeiseng ea mofuta o mong o itseng nakong e tlang.
2. Ke hokae moo re ka fumanang tšepo ea sebele mabapi le Paradeise e tlang?
2 Likarolong tse ngata tsa Bibele, re ka bala ka tšepo ea sebele ea Paradeise e tlang. (Esaia 51:3) Ka mohlala, karolo ea boprofeta ba Esaia e tlalehiloeng khaolong ea 35 e hlalosa ho fetoloa ha libaka tsa lefeella ho ba lirapa tsa boikhathollo tse kang lirapa tse nang le lifate le masimo a litholoana. Lifofu lia bona, limumu li khona ho bua le ba sa utloeng litsebeng ba khona ho utloa. Paradeiseng ena e tšepisitsoeng, ha ho mesarelo leha e le ho feheloa, e leng ho bolelang hore esita le lefu ha le sa le eo. Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Mantsoe aa a lokela ho utloisisoa joang? Na a re fa tšepo kajeno? Ho hlahloba khaolo ena ea Esaia ho tla arabela lipotso tsena.
Naha e Entsoeng Lesupi ea Thaba
3. Ho ea ka boprofeta ba Esaia, naha e tla fetoha joang?
3 Boprofeta ba Esaia bo bululetsoeng ba Paradeise e tsosolositsoeng bo qala ka mantsoe ana: “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone. Ruri e tla thunya, ’me ka sebele e tla thaba ka nyakallo le ka mohoo oa nyakallo. E tla fuoa khanya ea Lebanone, botle ba Karmele le ba Sharone. Ho tla ba le ba tlil’o bona khanya ea Jehova, botle ba Molimo oa rōna.”—Esaia 35:1, 2.
4. Naha ea Bajuda e fetoha lefeella neng hona joang?
4 Esaia o ngola mantsoe ana hoo e ka bang ka selemo sa 732 B.C.E. Lilemo tse ka bang 125 hamorao, Bababylona ba timetsa Jerusalema ’me batho ba Juda ba isoa botlamuoeng. Naha ea habo bona e sala e se na baahi, e le lesupi. (2 Marena 25:8-11, 21-26) Ka tsela ena temoso ea Jehova ea hore batho ba Iseraele ba tla isoa botlamuoeng haeba ba ipaka ba sa tšepahale ea phethahala. (Deuteronoma 28:15, 36, 37; 1 Marena 9:6-8) Ha sechaba sa Baheberu se e-ea kholehong naheng esele, masimo a sona le lirapa tsa sona tsa lifate tsa litholoana tse noselitsoeng hantle li sala li sa hlokomeloa ka lilemo tse 70 ’me li ba joaloka lefeella.—Esaia 64:10; Jeremia 4:23-27; 9:10-12.
5. (a) Ho tsosolosoa maemo a kang a paradeise joang naheng? (b) Batho ba “bona khanya ea Jehova” ka kutloisiso efe?
5 Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo bolela esale pele hore naha ha e na ho lula e le lesupi ka ho sa feleng. E tla tsosolosoa hore e be paradeise ea sebele. E tla fuoa “khanya ea Lebanone” le “botle ba Karmele le ba Sharone.”a Joang? Hoba ba khutle botlamuoeng, Bajuda ba boetse ba khona ho lema masimo a bona le ho a nosetsa, ’me naha ea bona e boetse e beha litholoana tse enneng joaloka pele. Tlotla bakeng sa sena e ka lebisoa ho Jehova feela. Ke ka thato ea hae le ka tšehetso le tlhohonolofatso ea hae Bajuda ba khonang ho thabela maemo a joalo a kang a paradeise. Batho ba khona ho bona “khanya ea Jehova, botle ba Molimo” oa bona ha ba ela hloko hore ke letsoho la Jehova le tlisitseng phetoho e hlollang naheng ea habo bona.
6. Ho bonahala phethahatso efe ea bohlokoa ea mantsoe a Esaia?
6 Leha ho le joalo, naheng e tsosolositsoeng ea Iseraele, mantsoe a Esaia a phethahala ka tsela ea bohlokoa le ho feta. Ka kutloisiso ea moea, Iseraele e ’nile ea e-ba boemong ba komello, bo kang ba lehoatata ka lilemo tse ngata. Ha batlamuoa ba ne ba le Babylona, borapeli bo hloekileng bo ne bo khinehile haholo. Ho ne ho se na tempele, ho se na aletare ho bile ho se na sehlopha se hlophisitsoeng sa baprista. Mahlabelo a kamehla a ne a emisitsoe. Joale, Esaia o profeta boemo bo fapaneng. Tlas’a boeta-pele ba banna ba kang Zorobabele, Esdrase le Nehemia, baemeli ba meloko eohle e 12 ea Iseraele ba khutlela Jerusalema, ba tsosolosa tempele le ho rapela Jehova ka bolokolohi. (Esdrase 2:1, 2) Ka sebele ena ke paradeise ea moea!
Ho Cheseha ke Moea
7, 8. Ke hobane’ng ha batlamuoa ba Bajuda ba lokela ho ba le boikutlo bo nepahetseng, hona mantsoe a Esaia a fana ka khothatso joang?
7 Mantsoe a Esaia khaolo ea 35 a na le molaetsa oa thabo. Moprofeta o phatlalatsa bokamoso bo khanyang bakeng sa sechaba se bakileng. Ka sebele, o bua ka kholiseho le ka tšepo. Lilemo tse makholo a mabeli hamorao, ha ba le mothating oa ho khutlisetsoa naheng ea habo bona, Bajuda ba botlamuoeng le bona ho hlokahala hore ba be le kholiseho le tšepo e joalo. A sebelisa Esaia, ka tsela ea boprofeta Jehova oa ba phehella: “Matlafatsang matsoho a fokolang, ’me le tiise mangole a tetemang. E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng: ‘E-bang matla. Le se ke la tšoha. Bonang! Molimo oa lōna o tla tla ka phetetso, Molimo a tle ka puseletso. O tla tla ’me a le pholose.’”—Esaia 35:3, 4.
8 Ha nako e telele ea botlamuoa e fela joale ke nako ea ho nka khato. Morena Cyruse oa Persia, eo e leng kofuto ea Jehova ea phetetso khahlanong le Babylona, o phatlalalitse hore borapeli ba Jehova bo lokela ho tsosolosoa Jerusalema. (2 Likronike 36:22, 23) Malapa a likete a Baheberu a lokela ho itlhophisetsa ho nka leeto le kotsi la ho tloha Babylona ho ea Jerusalema. Ha a fihla moo, a tla lokela ho hloma libaka tse loketseng tsa bolulo le ho itokisetsa mosebetsi o moholohali oa ho tsosolosa tempele le motse. Ho Bajuda ba bang ba Babylona, sena sohle se ka bonahala e le se tepeletsang. Leha ho le joalo, ena hase nako ea ho tetema kapa ho tšoha. Bajuda ba lokela ho matlafatsana le ho tšepa Jehova. O ba tiisetsa hore ba tla bolokeha.
9. Bajuda ba khutlang ba fuoa tšepiso efe e hlollang?
9 Ba lokolotsoeng botlamuoeng Babylona ba tla ba le lebaka le letle la ho thaba, kaha ba letetsoe ke bokamoso bo hlollang ha ba khutlela Jerusalema. Esaia o bolela esale pele: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.”—Esaia 35:5, 6a.
10, 11. Ke hobane’ng ha mantsoe a Esaia a lokela hore ebe a na le moelelo oa moea ho Bajuda ba khutlang, hona a fana ka maikutlo afe?
10 Ho hlakile hore Jehova o nahana ka boemo ba moea ba batho ba hae. Ba filoe kotlo ea lilemo tse 70 ba le botlamuoeng ka lebaka la bokoenehi ba bona ba pejana. Leha ho le joalo, ha a fana ka taeo, Jehova ha aa ka a otla batho ba hae ka bofofu, ho se utloe litsebeng, kholofalo le ho ba limumu. Kahoo, ho tsosolosoa ha sechaba sa Iseraele ha ho hloke phekolo ea kholofalo e itseng ’meleng. Jehova o tsosolosa se neng se lahlehile, e leng bophelo bo botle ba moea.
11 Bajuda ba bakileng baa phekoloa kaha ba boetse baa hlaphoheloa moeeng—ba boetse ba ba le pono ea moea le bokhoni ba ho utloa, ho mamela le ho bua ka lentsoe la Jehova. Baa hlokomela hore ba lokela ho lula haufi le Jehova. Ka boitšoaro ba bona bo botle, ba “hooa ka nyakallo” ba rorisa Molimo oa bona ka thabo. Ea neng a ‘holofetse’ pele o chesehela borapeli ba hae ho Jehova o bile o ba mafolofolo. Ka puo ea tšoantšetso, o “tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”
Jehova o Khatholla Batho ba Hae
12. Jehova o tla hlohonolofatsa naha ka metsi ho isa bohōleng bofe?
12 Ho thata ho nahana ka paradeise e se nang metsi. Paradeise ea tšimolohong e neng e le Edene e ne e e-na le metsi a mangata. (Genese 2:10-14) Naha e ileng ea fuoa Iseraele le eona e ne e le “naha ea liphula tsa melapo e phoroselang ea metsi.” (Deuteronoma 8:7) Ka ho loketseng, joale, Esaia o etsa tšepiso ena e khathollang: “Metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata. Sebaka se bataotsoeng ke mocheso se tla tšoana le letamo le nang le lehlaka, ’me mobu o nyoriloeng o tšoane le liliba tsa metsi. Sebakeng sa bolulo sa liphokojoe, sebakeng sa tsona sa phomolo, ho tla ba le joang bo botala bo nang le lehlaka le limela tsa loli.” (Esaia 35:6b, 7) Ha Baiseraele ba boela ba hlokomela naha ea bona, libaka tseo e leng lesupi tseo liphokojoe li kileng tsa solla ho tsona li tla apareloa ke limela tse tala, tse tlokomang. Sebaka se omeletseng le se lerōle se tla fetoha “sebaka se qhafu-qhafu” seo loli le lehlaka le leng la metsi li ka melang ho sona.—Jobo 8:11.
13. Ke metsi afe a moea a tlang ho fumaneha ka bongata sechabeng se tsosolositsoeng?
13 Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta ke metsi a ’nete a moea, ao Bajuda ba khutletseng naheng ea habo bona ba tlang ho a thabela ka bongata. Jehova o tla sebelisa Lentsoe la hae ho fana ka tsebo, khothatso le matšeliso. Ho feta moo, banna ba hōlileng ba tšepahalang le likhosana ba tla ba “joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi.” (Esaia 32:1, 2) Ba ntšetsang pele borapeli bo hloekileng, joaloka Esdrase, Hagai, Jeshua, Nehemia, Zakaria le Zorobabele, ka sebele e tla ba bopaki bo phelang ba phethahatso ea boprofeta ba Esaia.—Esdrase 5:1, 2; 7:6, 10; Nehemia 12:47.
“Tsela ea Khalalelo”
14. Hlalosa leeto la ho tloha Babylona ho ea Jerusalema.
14 Leha ho le joalo, pele Bajuda ba botlamuoeng ba thabela maemo a joalo a paradeise ea sebele le ea moea, ba tla lokela ho nka leeto le lelelele le kotsi ho tloha Babylona ho ea Jerusalema. Ho nka tsela e khaoletsang ho ne ho tla bolela ho haola lik’hilomithara tse ka bang 800 sebakeng se kang lehoatata, se sa rateheng. Ho tsamaea ka tsela e batlang e se na litšitiso tse ngata ho ne ho tla bolela ho nka leeto la lik’hilomithara tse 1 600. Ho nka leha e le efe ea litsela tseo ho ne ho tla bolela ho qeta likhoeli tse ’maloa ba ipepeselitse maemo a mabe a leholimo le kotsi ea ho khahlana le liphoofolo tse hlaha esita le batho ba kang libatana. Leha ho le joalo, ba kholoang boprofeta ba Esaia ha baa tšoenyeha ka ho feteletseng. Hobane’ng?
15, 16. (a) Jehova o sireletsa Bajuda ba tšepahalang ba khutlelang hae joang? (b) Ke ka kutloisiso efe hape Jehova a lokisetsang Bajuda tsela e khōlō e sireletsehileng?
15 A sebelisa Esaia, Jehova oa tšepisa: “Ka sebele ho tla ba le tsela e khōlō moo, tsela ka boeona; e tla bitsoa Tsela ea Khalalelo. Ea sa hloekang a ke ke a feta ho eona. E tla ba bakeng sa ea tsamaeang tseleng, ’me ha ho maoatla a tla lelera ho eona. Ho ke ke ha e-ba le tau moo, ’me mofuta o meharo oa libata o ke ke oa tsamaea ho eona. Li ke ke tsa fumanoa teng; ’me ho tla tsamaea ba rekolotsoeng.” (Esaia 35:8, 9) Jehova o pholositse batho ba hae! Ke “ba rekolotsoeng” ba hae, ’me o ba tiisetsa hore o tla ba sireletsa leetong la bona la ho khutlela hae. Na ho na le tsela ea sebele e betliloeng, e phahameng le e sirelelitsoeng e tlohang Babylona e eang Jerusalema? Che, empa tšireletso ea Jehova ho batho ba hae leetong la bona ke e tiileng hoo e kang ba tseleng e joalo.—Bapisa le Pesaleme ea 91:1-16.
16 Bajuda ba boetse ba sirelelitsoe likotsing tsa moea. Tsela e khōlō ea tšoantšetso ke “Tsela ea Khalalelo.” Ba sa hlompheng lintho tse halalelang kapa ba sa hloekang moeeng ha ba tšoanelehe ho tsamaea ho eona. Ha ba hlokahale naheng e tsosolositsoeng. Ba amohelehang ba na le tšusumetso e loketseng. Ha ba khutlele Juda le Jerusalema ka moea oa bochaba oa boikhohomoso kapa oa ho hahamalla lithahasello tsa botho. Bajuda ba sekametseng linthong tsa moea baa hlokomela hore lebaka le ka sehloohong la ho khutla ha bona ke ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng ba Jehova naheng eo.—Esdrase 1:1-3.
Batho ba Jehova Baa Thaba
17. Boprofeta ba Esaia bo ’nile ba tšelisa Bajuda ba tšepahalang joang ha ba le botlamuoeng ka nako e telele?
17 Khaolo ea 35 ea boprofeta ba Esaia e qetella ka mantsoe a thabisang: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla ’me ka sebele ba tle Sione ka mohoo oa thabo; thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang e tla ba lihloohong tsa bona. Ba tla fihlela thabo e khaphatsehang le nyakallo, mesarelo le ho feheloa li tla baleha.” (Esaia 35:10) Bajuda ba botlamuoeng ba ’nileng ba talima boprofeteng bona bakeng sa ho fumana matšeliso le tšepo ha ba le botlamuoeng e ka ’na eaba ba ’nile ba ipotsa hore na likarolo tsa bona tse sa tšoaneng li ne li tla phethahala joang. Mohlomong ha baa utloisisa likarolo tse ngata tsa boprofeta bona. Leha ho le joalo, ho ’nile ha hlaka hore ba ne ba tla “khutla ’me ka sebele ba tle Sione.”
18. Ho sareloa le ho feheloa ho teng Babylona ho nkeloa sebaka ke thabo e khaphatsehang le nyakallo joang naheng e tsosolositsoeng?
18 Kahoo, ka selemo sa 537 B.C.E., banna ba ka bang 50 000 (ba akarelletsang makhoba a 7 000) hammoho le basali le bana ba kena leetong la likhoeli tse ’nè la ho khutlela Jerusalema, ba tšepile Jehova ka ho feletseng. (Esdrase 2:64, 65) Likhoeli tse seng kae feela hamorao, aletare ea Jehova ea tsosolosoa, e leng ho betlang tsela ea ho tsosolosoa ho feletseng ha tempele. Boprofeta ba Esaia bo fanoeng lilemong tse 200 tse fetileng boa phethahala. Ho sareloa le ho feheloa ha sechaba ha se le Babylona ho nkeloa sebaka ke thabo e khaphatsehang le nyakallo naheng e tsosolositsoeng. Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae. Paradeise—ea sebele le ea moea—e tsosolositsoe!
Ho Tsoaloa ha Sechaba se Secha
19. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore boprofeta ba Esaia bo phethahala ka tsela e lekanyelitsoeng feela lekholong la botšelela la lilemo B.C.E.?
19 Ke ’nete hore lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., phethahatso ea Esaia khaolo ea 35 e ba e lekanyelitsoeng. Maemo a paradeise a thabeloang ke Bajuda ba khutletseng naheng ea habo bona ha a tšoarelle. Ka mor’a nako e itseng, lithuto tsa bolumeli ba bohata le bochaba li silafatsa borapeli bo hloekileng. Ka tsela ea moea, Bajuda ba boetse baa sareloa le ho feheloa. Qetellong Jehova oa ba lahla hore e se hlole e e-ba batho ba hae. (Matheu 21:43) Kaha ba se ba boetse ba sa mamele, thabo ea bona ha e be ea ka ho sa feleng. Sena sohle se supa pele phethahatsong e khōloanyane ea Esaia khaolo ea 35.
20. Ke Iseraele efe e ncha e qalileng ho ba teng lekholong la pele la lilemo C.E.?
20 Ka nako ea Jehova e loketseng, Iseraele e ’ngoe, e leng ea moea, e ile ea e-ba teng. (Bagalata 6:16) Jesu o ile a rala motheo oa tsoalo ea Iseraele ena e ncha nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng. O ile a tsosolosa borapeli bo hloekileng, ’me ka lithuto tsa hae, metsi a ’nete a boela a qala ho phalla. O ile a folisa ba kulang nameng le moeeng. Ho ile ha hlaha mohoo oa thabo ha ho phatlalatsoa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Libeke tse supileng ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae, Jesu ea tlotlisitsoeng o ile a theha phutheho ea Bokreste, Iseraele ea moea e entsoeng ka Bajuda le ba bang ba rekolotsoeng ka mali a Jesu a tšolotsoeng, ba tsoetsoeng e le bara ba Molimo ba moea le barab’abo Jesu, ’me ba tlotsitsoe ka moea o halalelang.—Liketso 2:1-4; Baroma 8:16, 17; 1 Petrose 1:18, 19.
21. Mabapi le phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, ke liketsahalo life tse ka ’nang tsa nkoa e le phethahatso ea likarolo tse itseng tsa boprofeta ba Esaia?
21 Ha a ngolla litho tsa Iseraele ea moea, moapostola Pauluse o ile a sebelisa mantsoe a ho Esaia 35:3 ha a re: “Otlollang matsoho a lepeletseng le mangole a tšeremang.” (Baheberu 12:12) Joale, kamoo ho bonahalang kateng, mantsoe a Esaia khaolo ea 35 a ile a phethahala lekholong la pele la lilemo C.E. Ka kutloisiso ea sebele, ka mohlolo Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba etsa hore lifofu li bone le ba sa utloeng litsebeng ba utloe. Ba etsa hore ‘ba holofetseng’ ba khone ho tsamaea le limumu li boele li bue. (Matheu 9:32; 11:5; Luka 10:9) Habohlokoa le ho feta, ba lipelo li lokileng ba ile ba tsoa bolumeling ba bohata ho tla thabela paradeise ea moea ka phuthehong ea Bokreste. (Esaia 52:11; 2 Bakorinthe 6:17) Joaloka tabeng ea Bajuda ba khutlang Babylona, bana ba balehileng ba fumane hore ho hlokahala moea o nepahetseng, oa ho ba sebete.—Baroma 12:11.
22. Bakreste ba tšepahalang, ba batlang ’nete mehleng ea kajeno ba ile ba e-ba botlamuoeng Babylona joang?
22 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Na boprofeta ba Esaia bo na le phethahatso e ’ngoe, e feletseng haholoanyane e akarelletsang phutheho ea Bokreste kajeno? E. Ka mor’a lefu la baapostola, palo ea Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng e ile ea fokotseha haholo, ’me Bakreste ba bohata, “mofoka,” ba tlokoma lefatšeng. (Matheu 13:36-43; Liketso 20:30; 2 Petrose 2:1-3) Esita le lekholong la bo19 la lilemo, ha batho ka bomong ba tšepahalang ba qala ho ikarola ho Bokreste-’mōtoana le ho batla borapeli bo hloekileng, kutloisiso ea bona e ile ea sala e ntse e qaphalelitsoe ke lithuto tseo e seng tsa Mangolo. Ka 1914, Jesu o ile a behoa teroneng e le Morena oa Bomesia, empa nakoana ka mor’a moo, boemo ba batho bana ba batlang ’nete ka tieo bo ile ba bonahala bo le lerootho. Phethahatsong ea boprofeta, lichaba ‘li ile tsa loana le bona ’me tsa ba hlōla,’ ’me boiteko ba Bakreste bana ba tšepahalang ba ho bolela litaba tse molemo bo ile ba khinoa. Ha e le hantle, ba ile ba e-ba botlamuoeng Babylona.—Tšenolo 11:7, 8.
23, 24. Mantsoe a Esaia a phethahetse ka litsela life har’a batho ba Molimo ho tloha ka 1919?
23 Leha ho le joalo, ka 1919, lintho li ile tsa fetoha. Jehova o ile a ntša batho ba hae botlamuoeng. Ba ile ba qala ho lahla lithuto tsa bohata tse neng li silafalitse borapeli ba bona pejana. Ka hona, ba ile ba thabela pholiso. Ba ile ba e-ba paradeiseng ea moea, eo le kajeno e ntseng e tsoela pele ho atolohela lefatšeng lohle. Ka kutloisiso ea moea, lifofu li ithuta ho bona ’me ba sa utloeng litsebeng ba ithuta ho utloa—ba hlokomela ka ho feletseng ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo, ba lula ba ela hloko hore ho hlokahala hore ba lule ba le haufi le Jehova. (1 Bathesalonika 5:6; 2 Timothea 4:5) Bakreste ba ’nete ha e sa le limumu, ba chesehela ho “hooa,” ho bolella ba bang linnete tsa Bibele. (Baroma 1:15) Ba neng ba tetema moeeng, kapa ‘ba holofetse,’ joale ba bonahatsa cheseho le thabo. Ka puo ea tšoantšetso, ba khona ho “tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”
24 Bakreste bana ba tsosolositsoeng ba tsamaea ‘Tseleng ea Khalalelo.’ “Tsela” ena, e tlohang Babylona e Moholo e eang paradeiseng ea moea, e bulehetse barapeli bohle ba hloekileng moeeng. (1 Petrose 1:13-16) Ba ka tšepa hore Jehova o tla ba sireletsa le ho kholiseha hore Satane a ke ke a atleha ho felisa borapeli ba ’nete ka litlhaselo tsa hae tsa bobatana. (1 Petrose 5:8) Batho ba sa mameleng le batho leha e le bafe ba itšoarang joaloka libatana tse meharo ha ba lumelloe ho silafatsa ba tseleng ena e khōlō ea Molimo ea khalalelo. (1 Bakorinthe 5:11) Tikolohong ena e sireletsehileng, batho ba Jehova ba lopolotsoeng—batlotsuoa le “linku tse ling”—ba thabela ho sebeletsa Molimo a le mong feela oa ’nete.—Johanne 10:16.
25. Na Esaia khaolo ea 35 e tla phethahala ka tsela ea sebele? Hlalosa.
25 Ho thoe’ng ka bokamoso? Na boprofeta ba Esaia bo tla ke bo phethahale ka tsela ea sebele? E. Liphekolo tsa mohlolo tseo Jesu le baapostola ba hae ba li entseng lekholong la pele la lilemo li ile tsa bontša takatso ea Jehova le bokhoni ba hae ba ho etsa phekolo e joalo ka tekanyo e khōlō nakong e tlang. Lipesaleme tse bululetsoeng li bua ka bophelo bo sa feleng maemong a khotso lefatšeng. (Pesaleme ea 37:9, 11, 29) Jesu o ile a fana ka tšepiso ea bophelo Paradeiseng. (Luka 23:43) Ho tloha bukeng ea eona e qalang ho isa ho e qetellang, Bibele e fana ka tšepo ea paradeise ea sebele. Ka nako eo, lifofu, ba sa utloeng litsebeng, ba holofetseng le limumu ba tla phekoloa ’meleng le hona e le ka ho sa feleng. Ho sareloa le ho feheloa ho tla fela. Ka sebele ho tla ba le nyakallo ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.—Tšenolo 7:9, 16, 17; 21:3, 4.
26. Mantsoe a Esaia a matlafatsa Bakreste joang kajeno?
26 Le hoja Bakreste ba ’nete ba letetse tsosoloso ea Paradeise ea sebele ea lefatšeng, esita le hona joale ba thabela litlhohonolofatso tsa paradeise ea moea. Ba talimana le liteko le matšoenyeho ba e-na le tšepo. Ba tšepile Jehova ka ho feletseng, baa khothatsana, ba ela hloko temoso ena: “Matlafatsang matsoho a fokolang, ’me le tiise mangole a tetemang. E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng: ‘E-bang matla. Le se ke la tšoha.’” Ba na le tšepo e feletseng tiisong ena ea boprofeta: “Bonang! Molimo oa lōna o tla tla ka phetetso, Molimo a tle ka puseletso. O tla tla ’me a le pholose.”—Esaia 35:3, 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mangolo a hlalosa Lebanone ea boholo-holo e le naha e behang litholoana e nang le meru e tlokomang le likedare tse khōlō, ho tšoana le Serapa sa Edene. (Pesaleme ea 29:5; 72:16; Ezekiele 28:11-13) Sharone e ne e tsebahala ka melapo ea eona le meru ea eona ea eike; Karmele e ne e tumme ka lirapa tsa eona tsa morara, lirapa tsa lifate tsa litholoana le matsoapo a pupelitsoeng ke lipalesa.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 370]
[Litšoantšo tse leqepheng la 375]
Mahoatata a tla fetoha libaka tse mongobo tseo ho melang lehlaka le loli ho tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 378]
Jesu o ile a folisa ba kulang moeeng le nameng