Khaolo ea Leshome le Motso o Mong
“Le se ke la Tšepa Bahlomphehi”
1, 2. (a) Bajuda ba hlōleha ho ela hloko temoso efe e bululetsoeng, hona phello e ba efe? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a botsa: “Le hokae lengolo la tlhalo?”
“LE SE ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena. . . . Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae, Moetsi oa leholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 146:3-6) Hoja feela Bajuda ba phelang mehleng ea Esaia ba ne ba ka etsa seo mopesaleme a ileng a eletsa ka sona! Hoja feela ba ne ba ke ke ba beha tšepo ea bona ho Egepeta kapa ho sechaba leha e le sefe se seng sa bohetene, empa ba e beha ho “Molimo oa Jakobo”! Joale, ha lira tsa Juda li e hlasela, Jehova o ne a tla nka khato ho e sireletsa. Leha ho le joalo, Juda e hanne ho retelehela ho Jehova ho kōpa thuso. Ka lebaka leo, Jehova o tla lumella hore Jerusalema e timetsoe ’me baahi ba Juda ba isoe botlamuoeng Babylona.
2 Juda e ke ke ea jarisa leha e le mang molato haese eona ka boeona. E ke ke ea bolela ka nepo hore ho timetsoa ha eona ho tlisoa ke hobane Jehova a sebetsane le eona ka bolotsana kapa hobane a hlokomolohile selekane seo a se entseng le sechaba. ’Mōpi ha a robe lilekane. (Jeremia 31:32; Daniele 9:27; Tšenolo 15:4) E le ho hatisa ntlha ena, Jehova o botsa Bajuda: “Joale, le hokae lengolo la tlhalo la ’m’a lōna, eo ke itseng a tsamaee?” (Esaia 50:1a) Tlas’a Molao oa Moshe, monna ea hlalang mosali o tlameha ho mo neha lengolo la tlhalo. Joale eba mosali o lokolohile hore a ka nkoa ke monna e mong. (Deuteronoma 24:1, 2) Ka kutloisiso ea tšoantšetso, Jehova o fane ka lengolo le joalo ho ’muso oo e leng morali’abo Juda, e leng Iseraele, empa ha aa ka a fana ka lona ho Juda.a E ntse e le eena “monghali eo e leng monna” oa eona. (Jeremia 3:8, 14) Ka sebele Juda ha e na bolokolohi ba ho etsa bolekane le lichaba tsa bohetene. Kamano ea eona le Jehova e tla tsoela pele “ho fihlela Shilo [Mesia] a tla.”—Genese 49:10.
3. Jehova o ‘rekisa’ batho ba hae ka lebaka lefe?
3 Jehova o boetse o botsa Juda: “Ke ofe ho batho bao ke ba kolotang eo ke le rekisitseng ho eena?” (Esaia 50:1b) Bajuda ha ba na ho isoa botlamuoeng Babylona ho ea lefella sekoloto se itseng seo ho nkoang hore Jehova o na le sona. Jehova ha a tšoane le Moiseraele ea futsanehileng ea tlamehang ho rekisetsa motho eo a mo kolotang bana ba hae e le hore a lefe sekoloto. (Exoda 21:7) Ho e-na le hoo, Jehova o supa lebaka la sebele leo ka lona batho ba hae ba tlang ho etsoa makhoba: “Bonang! Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lōna, ’me ’m’a lōna ho itsoe a tsamaee ka lebaka la litlōlo tsa lōna.” (Esaia 50:1c) Ke Bajuda ba lahlileng Jehova; eena ha aa ka a ba lahla.
4, 5. Jehova o bontša joang hore o rata batho ba hae, empa Juda e itšoara joang?
4 Potso e latelang ea Jehova e totobatsa ka ho hlaka lerato leo a nang le lona ho batho ba hae: “Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ha ke kena? Ha ho ne ho se na ea arabang ha ke hoeletsa?” (Esaia 50:2a) Jehova o kene ho batho ba hae, ka tsela ea tšoantšetso, ka bahlanka ba hae ba baprofeta, bakeng sa ho ba kōpa ka tieo hore ba khutlele ho eena ka lipelo tsohle tsa bona. Empa ha ba arabele. Bajuda ba khetha ho tšepa motho oa lefatše hore a ba tšehetse, ka linako tse ling ba bile ba retelehela ho Egepeta.—Esaia 30:2; 31:1-3; Jeremia 37:5-7.
5 Na Egepeta ke mopholosi ea ka tšeptjoang ho feta Jehova? Ho bonahala eka Bajuda bao ba sa tšepahaleng ba lebetse liketsahalo tse ileng tsa lebisa ho tsoaloeng ha sechaba sa bona lilemong tse makholo tse fetileng. Jehova oa ba botsa: “Na ka sebele letsoho la ka le khutsufetse hoo le ke keng la lopolla, kapa na ha ke na matla a ho lopolla? Bonang! Ke pshesa leoatle ka khalemelo ea ka e matla; ke etsa hore linōka e be lefeella. Litlhapi tsa tsona li nkha hampe kahobane ho se na metsi, ’me li bolaoa ke lenyora. Ke apesa maholimo ka ho fifala, ’me ke etsa lesela la mokotla seaparo sa ’ona.”—Esaia 50:2b, 3.
6, 7. Jehova o ile a bonahatsa matla a hae a pholosang joang khahlanong le tšokelo ea Egepeta?
6 Ka 1513 B.C.E., Egepeta e ne e le mohatelli oa batho ba Molimo—e ne e se molopolli eo ho lebeletsoeng hore o tla tla. Baiseraele e ne e le makhoba naheng eo ea bohetene. Empa Jehova o ile a ba lopolla, ’me topollo eo e ile ea e-ba e thabisang hakaakang! Pele o ile a tlisetsa naha eo Likotlo tse Leshome. Ka mor’a kotlo ea leshome e senyang ka ho khetheha, Faro oa Egepeta o ile a phehella Baiseraele hore ba tlohe naheng eo. (Exoda 7:14–12:31) Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore ba tlohe, Faro o ile a fetola maikutlo a hae. O ile a phutha mabotho a hae ’me a sala Baiseraele morao e le hore a ba qobelle ho khutlela Egepeta. (Exoda 14:5-9) Ba setsoe morao ke lebotho la masole a Egepeta ’me ka pele ho bona e le Leoatle le Lefubelu, Baiseraele ba ne ba qabeletsoe! Empa Jehova o ne a tla ba loanela.
7 Jehova o ile a khina Baegepeta ba habelelitseng ka mor’a bona ka ho beha topallo ea leru pakeng tsa bona le Baiseraele. Ka lehlakoreng leo Baegepeta ba neng ba le ka ho lona la leru leo le teteaneng, ho ne ho le lefifi; ka lehlakoreng la Baiseraele, ho khanya. (Exoda 14:20) Joale, mabotho a Egepeta a thibeletsoe, Jehova a “qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle le ho fetola boliba ba leoatle mobu o omileng.” (Exoda 14:21) Hang ha metsi a se a arohile, sechaba sohle—banna, basali le bana—sa khona ho tšela Leoatle le Lefubelu ho ea moo ho sireletsehileng. Ha batho ba hae ba se ba le haufi le ho fihla lebōpong le ka mose ola, Jehova a tlosa leru. Ba ba jaheletse ka bohale bo tukang, Baegepeta ba itšohlometsa bolibeng ba leoatle. Ha batho ba hae ba se ba fihlile lebōpong ba sireletsehile, Jehova o lokolla metsi, o etsa hore Faro le mabotho a hae ba khangoe ke ’ona. Kahoo Jehova o ile a loanela batho ba hae. Eo ke khothatso e kaakang ho Bakreste kajeno!—Exoda 14:23-28.
8. Qetellong baahi ba Juda ba isoa botlamuoeng ka lebaka la ho hlokomoloha litemoso life?
8 Mehleng ea Esaia, ho se ho fetile lilemo tse makholo a supileng tlhōlo eo ea bomolimo e etsahetse. Joale Juda e se e le sechaba se ikemetseng. Ka linako tse ling, e tšoara lipuisano tsa machaba le mebuso ea lichaba tse ling, tse kang Assyria le Egepeta. Empa baeta-pele ba lichaba tsena tsa bohetene ba ke ke ba tšeptjoa. Ba tla lula ba etelletsa pele lithahasello tsa bona ho e-na le lilekane leha e le life tseo ba li etsang le Juda. Ba bua lebitsong la Jehova, baprofeta ba lemosa sechaba hore se se ke sa tšepa batho ba joalo, empa mantsoe a baprofeta bao ha a natsoe. Qetellong, Bajuda ba tla isoa botlamuoeng Babylona ho ea qeta lilemo tse 70 ba le bohlankeng. (Jeremia 25:11) Leha ho le joalo, Jehova ha a na ho lebala batho ba hae, ebile ha a na ho ba lahla ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ka nako e behiloeng, o tla ba hopola, ’me o tla ba bulela tsela ea ho khutlela naheng ea habo bona ho ea tsosolosa borapeli bo hloekileng. Ka morero ofe? Oa ho lokisetsa ho tla ha Shilo, eo batho bohle ba lokelang ho mo mamela!
Shilo oa Tla
9. Shilo ke mang, hona ke mosuoe oa mofuta ofe?
9 Ho feta lilemo tse makholo. “Tekanyo e feletseng ea nako” ea fihla, ’me ea bitsoang Shilo, Morena Jesu Kreste, oa hlahella lefatšeng. (Bagalata 4:4; Baheberu 1:1, 2) ’Nete ea hore Jehova o khethile molekane oa hae ea haufi-ufi hore e be ’Muelli oa hae ho Bajuda e bontša kamoo Jehova a ratang batho ba hae kateng. Jesu o ipaka ho ba ’muelli oa mofuta ofe? Ea hloahloa ka ho fetisisa! Jesu hase ’muelli feela, ke mosuoe—Mosuoe ea Hloahloa. Seo ha se makatse, hobane o na le Morupeli ea babatsehang—Jehova Molimo ka seqo. (Johanne 5:30; 6:45; 7:15, 16, 46; 8:26) Sena se tiisoa ke seo Jesu a se buang ka tsela ea boprofeta a sebelisa Esaia: “’Musi Morena Jehova o mphile leleme la ba rutiloeng, e le hore ka lentsoe ke tsebe ho araba ea khathetseng. O ntsosa hoseng ho hong le ho hong; o tsosa tsebe ea ka hore e utloe joaloka ba rutiloeng.”—Esaia 50:4.b
10. Jesu o bonahatsa lerato leo Jehova a nang le lona ho batho ba Hae joang, hona Jesu o fumana karabelo efe?
10 Pele a e-tla lefatšeng, Jesu o ne a sebetsa lehlakoreng la Ntate oa hae leholimong. Kamano e mofuthu pakeng tsa Ntate le Mora e hlalosoa ka tsela ea thothokiso ho Liproverbia 8:30: “Ke ile ka ba mabapa le [Jehova] ke le mosebetsi ea hloahloa, . . . ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle.” Ho mamela Ntate oa hae ho ile ha tlisetsa Jesu thabo e khōlō. O ne a rata “bara ba batho” joaloka Ntate oa hae. (Liproverbia 8:31) Ha a fihla lefatšeng, Jesu o araba ‘ea khathetseng ka lentsoe.’ O qala tšebeletso ea hae ka ho bala litemana tse tšelisang tse boprofeteng ba Esaia: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, . . . ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile.” (Luka 4:18; Esaia 61:1) Ke litaba tse molemo hakaakang ho mafutsana! Ke litaba tse khathollang hakaakang ho ba khathetseng! Phatlalatso eo e lokela ho ba e thabisang hakaakang ho batho! Ba bang baa thaba—empa eseng kaofela. Qetellong, ba bangata ba hana ho amohela bopaki ba Jesu ba hore ke ea rutiloeng ke Jehova.
11. Ke bo-mang ba kenang jokong le Jesu, hona ba fumana eng?
11 Leha ho le joalo, ba bang ba batla ho utloa ka ho eketsehileng. Ba arabela ka thabo memong ea Jesu e thabisang: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Matheu 11:28, 29) Har’a ba atamelang ho Jesu ba bang ke banna bao e bang baapostola ba hae. Baa tseba hore ho kena jokong le Jesu ho bolela hore ba lokela ho sebetsa ka thata. Har’a tse ling, mosebetsi ona o akarelletsa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Matheu 24:14) Ha baapostola le barutuoa ba bang ba kopanela mosebetsing ona, baa hlokomela hore ruri o khatholla meea ea bona. Kajeno Bakreste ba tšepahalang ba etsa mosebetsi o tšoanang, ’me ho kopanela ho oona ho ba tlisetsa thabo e tšoanang.
Hase Lerabele
12. Jesu o bontša ka litsela life hore o mamela Ntate oa hae oa leholimo?
12 Ha ho mohla Jesu a lebalang morero oa hae oa ho tla lefatšeng—ho etsa thato ea Molimo. Tsela eo a talimang litaba ka eona e boleloa esale pele: “’Musi Morena Jehova o butse tsebe ea ka, ’me ha kea ba lerabele. Ha kea ka ka retelehela ka lehlakoreng le fapaneng.” (Esaia 50:5) Kamehla Jesu o mamela Molimo. Ha e le hantle, o mo mamela hoo a ka reng: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.” (Johanne 5:19) Ho ka etsahala hore bophelong ba hae pele e e-ba motho, Jesu o ne a ile a sebetsa le Ntate oa hae ka lilemo tse limilione, esita le tse likete tse limilione. Ka mor’a hore a tle lefatšeng, o ntse a tsoela pele ho latela litaelo tsa Jehova. Rōna balateli ba sa phethahalang ba Kreste, re lokela ho ba hlokolosi hakaakang ho etsa seo Jehova a se laelang!
13. Jesu o letetsoe ke eng, leha ho le joalo o ipontša a le sebete joang?
13 Ba bang ba ba lahlang Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova baa mo hlorisa, ’me sena le sona se boleloa esale pele: “Ke file babolai mokokotlo oa ka, le marama a ka ke a file ba hlothang moriri. Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka linthong tse tlotlollang le ho tšoeloa ka mathe.” (Esaia 50:6) Ho latela boprofeta, Mesia o tla hlokofatsoa le ho tlotlolloa ke bahanyetsi. Jesu oa se tseba sena. ’Me oa tseba hore na ho hlorisoa hoo ho tla lebisa hokae. Leha ho le joalo, ha nako ea hae lefatšeng e atamela qetellong, ha a bontše ho tšoha. Ka boikemisetso bo joaloka lejoe le thata o leba Jerusalema, moo bophelo ba hae e le motho bo tlang ho fella teng. Ha a le tseleng e eang teng, Jesu o bolella barutuoa ba hae: “Ke rōna bana, re nyolohela Jerusalema, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba, ’me ba tla mo fetola litšeho ’me ba tla mo tšoela ka mathe le ho mo shapa ’me ba mo bolaee, empa o tla tsoha matsatsi a mararo hamorao.” (Mareka 10:33, 34) Tšoaro ena eohle e sehlōhō e tla be e hlohlelelitsoe ke batho bao e lokelang hore ebe ke bona ba tsebang hamolemo—baprista ba ka sehloohong le bangoli.
14, 15. Mantsoe a Esaia a reng Jesu o ne a tla otloa le ho tlotlolloa a phethahala joang?
14 Bosiung ba la 14 Nisane 33 C.E., Jesu o serapeng sa Gethesemane le ba bang ba balateli ba hae. O ntse a rapela. Ka tšohanyetso, ho hlaha mokhopi ’me oa mo tšoara. Empa ha aa tšoha. Oa tseba hore Jehova o na le eena. Jesu o tiisetsa baapostola ba hae ba tšohileng hore haeba a ne a batla, o ne a ka ipiletsa ho Ntate oa hae hore a romele lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi hore li tl’o mo pholosa, empa oa phaella: “Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang?”—Matheu 26:36, 47, 53, 54.
15 Sohle se ileng sa boleloa esale pele mabapi le liteko le lefu la Mesia sea phethahala. Ka mor’a nyeoe-’mōtoana e neng e le ka pele ho Sanhedrine, Jesu o hlongoa lipotso ke Ponse Pilato, ea laelang hore a shapuoe. Masole a Roma “a mo otla hloohong ka lehlaka [le ho] mo tšoela ka mathe.” Kahoo mantsoe a Esaia aa phethahala. (Mareka 14:65; 15:19; Matheu 26:67, 68) Le hoja Bibele e sa bolele hore litelu tsa Jesu li hlothoa ka tsela ea sebele—e leng pontšo ea nyeliso e feteletseng—ha ho pelaelo hore sena sea etsahala, feela joalokaha Esaia a ile a bolela esale pele.c—Nehemia 13:25.
16. Jesu o itšoara joang ha a le tlas’a khatello e matla, hona ke hobane’ng ha a sa hlajoe ke lihlong?
16 Ha Jesu a le ka pel’a Pilato, ha a mo kōpe hore a baballe bophelo ba hae empa o lula a khutsitse ka seriti, a tseba hore o tlameha ho shoa e le hore Mangolo a phethahale. Ha ’musisi enoa oa Roma a bontša hore o na le matla a ho ahlolela Jesu lefu kapa ho mo lokolla, ka sebete Jesu oa araba: “U ka be u se na matla ho hang khahlanong le ’na hoja u ne u sa a nehoa ho tsoa holimo.” (Johanne 19:11) Masole a Pilato a tšoara Jesu ka tsela e se nang botho, empa a hlōleha ho mo hlabisa lihlong. Ke hobane’ng ha a lokela ho hlajoa ke lihlong? Hase hore o hlokofaletsoa tlōlo e itseng ea molao. Ho e-na le hoo, o hlorisetsoa ho loka. Ntlheng ena, mantsoe a Esaia a boprofeta a tsoelang pele aa phethahala: “’Musi Morena Jehova o tla nthusa. Ke ka lebaka leo nke keng ka ikutloa ke tlotlolotsoe. Ke ka lebaka leo ke behileng sefahleho sa ka joaloka lejoe le thata, ’me kea tseba hore nke ke ka hlajoa ke lihlong.”—Esaia 50:7.
17. Jehova o tšehelitse Jesu ka litsela life nakong eohle ea tšebeletso ea hae?
17 Ho ba sebete ha Jesu ho tiisoa ke ho tšepa ha hae Jehova ka ho feletseng. Boitšoaro ba hae bo bontša hore o lumellana ka ho feletseng le mantsoe a Esaia: “Ea bolelang hore ke lokile o haufi. Ke mang ea ka tsekisanang le ’na? A re emeng hammoho. Ke mang eo e leng mohanyetsi oa ka kahlolong? A ke a nkatamele. Bonang! ’Musi Morena Jehova o tla nthusa. Ke mang ea ka phatlalatsang hore ke khopo? Bonang! Kaofela ha bona, joaloka seaparo, ba tla tsofala. Ba tla jeoa ke tšoèlè.” (Esaia 50:8, 9) Letsatsing leo Jesu a kolobetsoang ka lona, Jehova o mo phatlalatsa a lokile e le mora oa Molimo oa moea. Ha e le hantle, lentsoe la Molimo lea utloahala ketsahalong eo, le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Ho elella qetellong ea bophelo ba hae lefatšeng, ha Jesu a ntse a khumame a rapela serapeng sa Gethesemane, ‘lengeloi le tsoang leholimong le bonahala ho eena ’me lea mo matlafatsa.’ (Luka 22:41-43) Kahoo Jesu oa tseba hore Ntate oa hae o amohela tsela ea hae ea bophelo. Mora enoa ea phethahetseng oa Molimo ha aa ka a etsa sebe. (1 Petrose 2:22) Lira tsa hae li mo qosa ka bohata ka hore ha a boloke Sabatha, ke letahoa ebile ke motho ea nang le modemona, empa Jesu ha a tlotlolloe ke mashano a tsona. Molimo o na le eena, kahoo ke mang ea ka bang khahlanong le eena?—Luka 7:34; Johanne 5:18; 7:20; Baroma 8:31; Baheberu 12:3.
18, 19. Bakreste ba tlotsitsoeng ba fetile har’a maemo afe a tšoanang le ao Jesu a fetileng har’a ’ona?
18 Jesu o lemosa barutuoa ba hae: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20) E se neng liketsahalo li paka sena e le ’nete. Ka Pentekonta ea 33 C.E., moea o halalelang o theohela ho barutuoa ba tšepahalang ba Jesu, ’me phutheho ea Bokreste ea tsoaloa. Hoo e ka bang hang ka mor’a moo baeta-pele ba bolumeli ba leka ho thibela mosebetsi oa boboleli o etsoang ke banna le basali bana ba tšepahalang bao joale ba seng ba amana le Jesu e le karolo ea “peō ea Abrahama” le bara ba Molimo ba moea ba nketsoeng ka lapeng. (Bagalata 3:26, 29; 4:5, 6) Ho tloha lekholong la pele la lilemo ho tla fihlela joale, Bakreste ba tlotsitsoeng, le hoja ba emela ho loka ka tieo, ba ile ba tlameha ho loana le liphatlalatso tsa leshano le mahloriso a sehlōhō a tlisoang ke lira tsa Jesu.
19 Ho ntse ho le joalo, ba hopola mantsoe a Jesu a khothatsang: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong.” (Matheu 5:11, 12) Kahoo, esita le litlhaselong tse sehlōhō ka ho fetisisa, Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba hloname. Ho sa tsotellehe seo bahanyetsi ba bona ba ka ’nang ba se bua, baa tseba hore Molimo o ba boletse ba lokile. Mahlong a hae ha ‘ba na sekoli ’me ke ba ke keng ba qosoa.’—Bakolose 1:21, 22.
20. (a) Ke bo-mang ba tšehetsang Bakreste ba tlotsitsoeng, hona ba fetile boemong bofe? (b) Ho tla joang hore Bakreste ba tlotsitsoeng le “linku tse ling” ba be le leleme la ba rutiloeng?
20 Mehleng ea kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšehetsoa ke “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” Le bona bo emela ho loka. Ke ka lebaka leo le bona bo ’nileng ba utloisoa bohloko hammoho le barab’abo bona ba tlotsitsoeng ’me bo “hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me [bo] li soeufalitse maling a Konyana.” Jehova o bo boletse bo lokile bo e-na le tebello ea ho phonyoha “matšoenyehong a maholo.” (Tšenolo 7:9, 14, 15; Johanne 10:16; Jakobo 2:23) Esita le haeba bahanyetsi ba bona ba bonahala eka ba matla hona joale, boprofeta ba Esaia bo bolela hore ka nako ea Molimo e loketseng, bahanyetsi bao ba tla tšoana le seaparo se jeloeng ke tšoèlè, se lokelang ho lahloa feela. Ka nako e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le “linku tse ling” ba lula ba le matla ka ho sebelisa thapelo kamehla, ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ba teng libokeng tsa borapeli. Kahoo ba rutoa ke Jehova ’me ba ithuta ho bua ka leleme la ba rutiloeng.
Tšepa Lebitso la Jehova
21. (a) Ke bo-mang ba tsamaeang leseling, hona phello ea bona ke efe? (b) Ho etsahala’ng ka ba tsamaeang lefifing?
21 Joale hlokomela phapang e khōlō: “Ke mang har’a lōna ea tšabang Jehova, ea mamelang lentsoe la mohlanka oa hae, ea tsamaileng lefifing le sa khaotseng le eo ho sa bang le khanya bakeng sa hae? A ke a tšepe lebitso la Jehova ’me a itšetlehe ka Molimo oa hae.” (Esaia 50:10) Ba mamelang lentsoe la Mohlanka oa Molimo, Jesu Kreste, ba tsamaea leseling. (Johanne 3:21) Hase feela hore ba sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, empa ba boetse ba tšepa mong’a lebitso leo. Esita le haeba ka nako e ’ngoe ba kile ba tsamaea lefifing, hona joale ha ba sa tšaba batho. Ba itšetlehile ka Molimo. Leha ho le joalo, ba phehellang ho tsamaea lefifing ba tšoaroa ke tšabo ea batho. Ho bile joalo ka Ponse Pilato. Le hoja a ne a tseba hore Jesu ha a na molato liqosong tsa bohata tseo a qositsoeng ka tsona, tšabo e ile ea thibela ’musisi eo oa Roma ho lokolla Jesu. Masole a Roma a ile a bolaea Mora oa Molimo, empa Jehova a mo tsosa ’me a mo roesa moqhaka oa khanya le tlhompho. Ha etsahala’ng ka Pilato? Ho ea ka rahistori oa Mojuda, Flavius Josephus, lilemo tse ’nè feela ka mor’a lefu la Jesu, Pilato o ile a nkeloa sebaka e le ’musisi oa Roma ’me a laeloa hore a khutlele Roma ho ea arabela liqoso tsa phoso e tebileng. Ho ile ha etsahala’ng ka Bajuda ba ileng ba etsa hore Jesu a bolaoe? Lilemo tse ka tlaase ho tse mashome a mane hamorao, mabotho a Roma a ile a timetsa Jerusalema ’me a bolaea baahi ba eona kapa a ba isa bokhobeng. Ha ho be le phello e thabisang ho ba khethang lefifi!—Johanne 3:19.
22. Ke hobane’ng ha e le bothoto bo tšabehang ho tšepa batho bakeng sa poloko?
22 Ho tšepa batho bakeng sa poloko ke bothoto bo tšabehang. Boprofeta ba Esaia bo hlalosa lebaka: “Bonang! Lōna bohle ba hotetsang mollo, ba etsang hore litlhase li khanye, tsamaeang khanyeng ea mollo oa lōna, le har’a litlhase tseo le li hotelitseng. Ka sebele letsohong la ka le tla ba le sena: Le tla robala le le bohlokong bo boholo.” (Esaia 50:11) Baeta-pele ba batho baa tla ba be ba ikele. Motho ea nang le tšusumetso a ka ’na a hapa likelello tsa batho ka nakoana feela. Empa esita le motho ea nang le boikemisetso bo botle ka ho fetisisa a ka finyella ho itseng feela. Ho e-na le ho hotetsa khanare ea mollo, joalokaha batšehetsi ba hae ba lebeletse, a ka ’na a atleha ho hotetsa “litlhase” tse seng kae feela, tse hlahisang leseli le fokolang le mofuthu o fokolang ebe ka potlako lia tima. Ka lehlakoreng le leng, ba behang tšepo ea bona ho Shilo, e leng Mesia oa Molimo ea tšepisitsoeng, ha ho mohla ba tla soetseha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litemaneng tse tharo tse qalang tsa Esaia khaolo ea 50, Jehova o hlalosa sechaba sa Juda ka kakaretso e le mosali oa hae ’me baahi ba eona e le bana ba eona.
b Ho tloha temaneng ea bone ho isa qetellong ea khaolo, ho bonahala eka mongoli o bua ka eena ka boeena. Mohlomong Esaia o ile a feta ho tse ling tsa liteko tseo a buang ka tsona litemaneng tsena. Leha ho le joalo, ka kutloisiso e feletseng, boprofeta bona bo phethahala ho Jesu Kreste.
c Ka ho thahasellisang, ho Septuagint, Esaia 50:6 e baleha tjena: “Ke fane ka mokokotlo oa ka hore o shapuoe, le marama a ka hore a otloe.”
[Setšoantšo se leqepheng la 155]
Bajuda ba tšepa babusi ba batho ho fapana le ho tšepa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 156, 157]
Jehova o ile a sireletsa batho ba hae ka ho beha topallo ea leru pakeng tsa bona le Baegepeta, Leoatleng le Lefubelu