Khaolo ea 7
Kutlo ea U Sireletsa
NA U ne u ka rata ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e ratang? Na ka linako tse ling u ee u lakatse eka ho ka be ho se na motho ea ntseng a u bolella hore na u etse’ng? Joale, ak’u mpolelle ’nete feela hore na uena u nahana’ng.—
Empa ke hofe ho molemo ho uena? Na e hlile ke bohlale ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u batlang ho e etsa? Kapa na lintho li ba molemo ha u mamela ntate oa hao le ’mè oa hao?— Molimo o re u lokela ho mamela batsoali ba hao, kahoo e tlameha ebe ho na le lebaka le utloahalang la ho etsa seo. A re ke re bone haeba re ka le fumana.
U lilemo li kae?— Na ua tseba hore na ntate oa hao o lilemo li kae?— ’Mè oa hao kapa nkhono oa hao kapa ntate-moholo oa hao ba lilemo li kae?— Ba phetse nako e telele ho feta eo u e phetseng. Ha motho a phela nako e teletsana, o ba le nako e eketsehileng ea ho ithuta lintho. O utloa lintho tse ngata le ho bona lintho tse ngata ’me o etsa lintho tse ngata selemo le selemo. Kahoo bacha ba ka ithuta ho batho ba baholo.
Na u tseba ngoana e mong e monyenyane ho uena?— Na u tseba ho mo feta?— Ke hobane’ng ha u tseba ho mo feta?— Ke hobane u phetse nako e teletsana ho mo feta. U bile le nako e ngata ea ho ithuta lintho ho feta ngoana e monyenyane ho uena.
Ke mang ea phetseng nako e telele ho u feta kapa ho mpheta kapa ho feta motho leha e le mang e mong?— Ke Jehova Molimo. O tseba ho u feta, le ’na o tseba ho mpheta. Ha a re bolella hore re etse ntho e itseng, re ka kholiseha hore ke ntho e nepahetseng eo re lokelang ho e etsa, le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho e etsa. Na u ne u tseba hore Mosuoe e Moholo le eena o kile a fumana ho le thata ho mamela?—
Ka lekhetlo le leng Molimo o ile a kōpa Jesu hore a etse ntho e ’ngoe e thata haholo. Jesu o ile a rapela ka eona, joalokaha re bona mona. O ile a rapela a re: “Haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na.” Ka ho rapela joalo, Jesu o ile a bontša hore ho etsa thato ea Molimo ho ne ho se bonolo kamehla. Empa Jesu o ile a qetella thapelo ea hae joang? Na ua tseba?—
Jesu o ile a e qetella ka ho re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” (Luka 22:41, 42) E, o ne a batla hore ho etsoe thato ea Molimo, eseng ea hae. O ile a tsoela pele a etsa seo Molimo a neng a se batla ho e-na le seo eena a neng a nahana hore se tla ba molemo.
Re ka ithuta eng ho see?— Re ithuta hore seo Molimo a se buang se nepahetse ka linako tsohle, le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho se etsa. Empa re ithuta thuto e ’ngoe hape. Na ua tseba hore na ke efe?— Re ithuta hore Molimo le Jesu hase motho a le mong, joalokaha batho ba bang ba bolela. Jehova Molimo o moholo ebile o tseba ho feta Mora oa hae, Jesu.
Ha re mamela Molimo, re bontša hore rea mo rata. Bibele e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) Akere ua bona joale hore kaofela re lokela ho mamela Molimo. Akere le uena u batla ho mo mamela?—
A re nke Bibele ea rōna ’me re bone hore na Molimo o re bana ba etse’ng. Re tlil’o bala se boleloang ke Bibele ho Baefese khaolo ea 6, temana ea 1, ea 2 le ea 3. E re: “Bana, le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.’”
Akere ua bona, ke Jehova Molimo ea reng u mamele ntate oa hao le ’mè oa hao. Ho ba “hlompha” ho bolela’ng? Ho bolela hore u lokela ho ba tšoara ka tlhompho. Molimo o tšepisa hore haeba u mamela batsoali ba hao, u tla “tsoella hantle.”
E-re ke u phetele pale ea batho ba bang ba ileng ba pholosoa ke ho mamela. Batho bana ba ne ba phela motseng o moholo oa Jerusalema. Batho ba bangata motseng oo ba ne ba sa mamele Molimo, kahoo Jesu a ba lemosa hore Molimo o tlil’o timetsa motse oa bona. Jesu o ile a boela a ba bolella hore na ba ka pholoha joang haeba ba rata se lokileng. O ile a re: ‘Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho, le tla tseba hore timetso ea eona e atametse. Eo e tla ba nako ea hore le tsoe Jerusalema ’me le balehele lithabeng.’—Luka 21:20-22.
Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, mabotho a ile a fihla ho tla hlasela Jerusalema. Mabotho a Roma a ile a e lika-liketsa ka hohle. Eaba ka mabaka a mang a itseng masole aa tloha. Batho ba bangata ba ile ba nahana hore kotsi e fetile. Kahoo ba itulela motseng. Empa Jesu o ne a itse ba lokela ho etsa’ng?— Uena u ka be u entse’ng ha u ne u lula Jerusalema?— Ba ileng ba kholoa seo Jesu a se buileng ba ile ba siea mahae a bona ’me ba balehela lithabeng tse hōle le Jerusalema.
Selemo se ile sa feta, ho se letho le etsahalang Jerusalema. Selemo sa bobeli sa feta, ho se letho le etsahalang. Le selemo sa boraro sa feta, ho se letho le etsahalang. Mohlomong batho ba bang ba ile ba nahana hore ba balehileng motseng ke lithoto. Empa joale ka selemo sa bone, mabotho a Roma a khutla. A boela a lika-liketsa Jerusalema ka hohle. Joale ho ne ho se ho se na nako ea ho baleha. Lekhetlong lena mabotho a ile a timetsa motse. Batho ba bangata ba motseng ba shoa, ’me ba setseng ba isoa botlamuoeng.
Empa ho ile ha etsahala’ng ka ba ileng ba mamela Jesu?— Ba ile ba sireletseha. Ba ne ba le hōle le Jerusalema. Kahoo ha baa ka ba tsoa kotsi. Ho mamela ho ile ha ba sireletsa.
Na le uena haeba u mamela, u tla sireletseha?— Batsoali ba hao ba ka ’na ba u bolella hore le ka mohla u se ke ua bapalla seterateng. Ke hobane’ng ha ba cho joalo?— Hobane u ka ’na ua thuloa ke koloi. Empa ka letsatsi le leng u ka ’na ua re: ‘Likoloi ha li eo seterateng hona joale. Nke ke ka tsoa kotsi. Bana ba bang ba bapalla seterateng, ’me ha ke e-s’o bone ba tsoile kotsi.’
Ke kamoo batho ba bangata ba Jerusalema ba neng ba nahana kateng. Ka mor’a hore mabotho a Roma a tlohe, ho ile ha bonahala eka ho sireletsehile. Ba bang ba ne ba setse motseng. Kahoo le bona ba lula. Ba ne ba lemositsoe, empa ba se ke ba mamela. Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke bophelo.
A re nke mohlala o mong. Na u kile ua bapala ka lithutsoana tsa mollo?— Ho ka ’na ha bonahala ho le monate ha u ntse u tloeba mollo. Empa ho bapala ka mollo ho ka ba kotsi. Ntlo eohle e ka cha lore! ’me le uena u ka shoa!
Hopola hore ho mamela ka nako e itseng feela ha hoa lekana. Empa haeba u lula u mamela, seo se tla u sireletsa. Hona ke mang ea reng ho uena, “Bana, le mamele batsoali ba lōna”?— Ke Molimo. ’Me u hopole hore o cho joalo hobane a u rata.
Joale ak’u bale litemana tsena tse bontšang bohlokoa ba ho mamela: Liproverbia 23:22; Moeklesia 12:13; Esaia 48:17, 18; le Bakolose 3:20.
[Setšoantšo se leqepheng la 42]
Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela batho ba baholo?
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Re ka ithuta eng thapelong ea Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 45]
Ho mamela taelo ea Jesu ho ile ha pholosa batho baa joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 46]
Ke hobane’ng ha u lokela ho mamela le ha u sa bone kotsi ea letho?