Khaolo ea 8
Ba Bang ba re Phahametse
KEA kholoa u tla lumellana le ’na hore batho ba bang ba re phahametse, kapa ba baholo ba bile ba matla ho re feta. U ne u ka re ke mang ea re phahametseng?— Ke Jehova Molimo. Ho thoe’ng ka Mora oa hae, Mosuoe e Moholo? Na le eena o re phahametse?— E, o re phahametse.
Jesu o phetse le Molimo leholimong. E ne e le Mora oa moea, kapa lengeloi. Na Molimo o ile a bōpa mangeloi a mang, kapa bara ba bang ba moea?— E, o bōpile a limilione. Mangeloi ana le ’ona a re phahametse ebile a matla ho re feta.—Pesaleme ea 104:4; Daniele 7:10.
Na u sa hopola lebitso la lengeloi le ileng la bua le Maria?— Ke Gabriele. Le ile la bolella Maria hore ngoana oa hae e ne e tla ba Mora oa Molimo. Molimo o ile a kenya bophelo ba Mora oa hae oa moea ka ho Maria e le hore Jesu a ka tsoaloa e le lesea lefatšeng.—Luka 1:26, 27.
Na ua lumela hore mohlolo oo o etsahetse? Na ua lumela hore Jesu o ne a ile a phela le Molimo leholimong?— Jesu o ile a re o ne a phela leholimong. Jesu o ne a tseba seo joang? Mohlomong ha a ntse a hōla, Maria o ile a mo bolella seo Gabriele a se buileng. E ka ’na eaba Josefa le eena o ile a bolella Jesu hore Ntate oa hae ha e le hantle ke Molimo.
Ha Jesu a kolobetsoa, Molimo o ile a bua a le leholimong, a re: “Enoa ke Mora oa ka.” (Matheu 3:17) Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a rapela: “Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:5) Ha e le hantle, Jesu o ne a kōpa hore a khutlisetsoe leholimong ho ea phela teng hape le Molimo. O ne a ka phela teng joang?— Ka hore feela Jehova Molimo a boele a mo etse motho ea sa bonahaleng oa moea, kapa lengeloi.
Joale ke batla ho u botsa potso e ’ngoe ea bohlokoa. Na ke mangeloi ’ohle a molemo? Uena u re’ng?— Ka nako e ’ngoe mangeloi ’ohle a ne a le molemo. Hobane a ne a bōpiloe ke Jehova, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e molemo. Empa lengeloi le leng le ile la fetoha le lebe. Ho ile ha tla joang hore le be lebe?
E le hore re fumane karabo, re lokela ho khutlela morao nakong ea ha Molimo a bōpa monna le mosali oa pele, e leng Adama le Eva. Batho ba bang ba re tlaleho e buang ka bona e mpa e le taba feela e iqapetsoeng. Empa Mosuoe e Moholo o ne a tseba hore ke ’nete.
Ha Molimo a bōpa Adama le Eva, o ile a ba beha serapeng se setle se bitsoang Edene. E ne e le serapa se nang le lifate le lipalesa, e le paradeise. Ba ne ba ka ba le bana ba bangata, ea e-ba lelapa le leholo, ’me ba phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Empa ba ne ba lokela ho ithuta thuto ea bohlokoa. Thuto eo ke eo re ileng ra buisana ka eona. A re ke re bone haeba re sa e hopola.
Jehova o ile a bolella Adama le Eva hore ba ka ja litholoana tsohle tseo ba li ratang lifateng tse ka serapeng. Empa ba ne ba sa lokela ho ja litholoana tsa sefate se seng se itseng. Molimo o ile a ba bolella se tlang ho etsahala haeba ba ne ba ka li ja. O ile a re: ‘Ka sebele le tla shoa.’ (Genese 2:17) Joale, Adama le Eva ba ne ba lokela ho ithuta thuto efe?—
Ba ne ba lokela ho ithuta ho mamela. Ha e le hantle, bophelo bo itšetlehile ka ho mamela Jehova Molimo! Ho ne ho sa lekana hore Adama le Eva ba re feela ba tla mo mamela. Ba ne ba lokela ho bontša seo ka liketso. Haeba ba ne ba mamela Molimo, ba ne ba tla be ba bontša hore baa mo rata le hore ba batla hore e be ’Musi oa bona. Ka hona ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng Paradeiseng. Empa haeba ba ne ba ka ja sefate seo, ba ne ba tla be ba bontša eng?—
Ba ne ba tla be ba bontša hore ha ba ananele seo Molimo a ba fileng sona. Na uena u ka be u ile ua mamela Jehova?— Qalong Adama le Eva ba ile ba mamela. Eaba joale motho e mong ea ba phahametseng o thetsa Eva. A etsa hore a se ke a mamela Jehova. Motho eo ke mang?—
Bibele e re noha e ile ea bua le Eva. Empa ua tseba hore noha ha e tsebe ho bua. Joale ho tlile joang hore e tsebe ho bua?— Lengeloi le leng le ile la etsa hore ho bonahale eka ke noha e buang. Empa ha e le hantle ke lengeloi le neng le bua. Lengeloi leo le ne le qalile ho nahana lintho tse mpe. Le ne le batla hore Adama le Eva ba le rapele. Le ne le batla hore ba mamele lona. Le ne le batla ho nka sebaka sa Molimo.
Kahoo lengeloi leo le lebe le ile la kenya maikutlo a fosahetseng kelellong ea Eva. Le sebelisa noha, le ile la re ho eena: ‘Molimo ha aa le bolella ’nete. Ha le na ho shoa haeba le ja litholoana tsa sefate seo. Le tla ba bohlale le tšoane le Molimo.’ Na u ne u tla kholoa seo le se buang?—
Eva o ile a qala ho batla ntho eo Molimo a sa mo fang eona. O ile a ja tholoana ea sefate se hanetsoeng. Eaba o e fa le Adama. Adama ha aa ka a kholoa seo noha e se buileng. Empa takatso ea hae ea hore a be le Eva e ne e le matla ho feta lerato la hae ho Molimo. Kahoo le eena o ile a ja tholoana ea sefate.—Genese 3:1-6; 1 Timothea 2:14.
Phello ea e-ba efe?— Adama le Eva ba fetoha batho ba sa phethahalang, ba tsofala ’me ba shoa. Kaha ba ne ba sa phethahala, bana bohle ba bona le bona ba ne ba sa phethahala ’me qetellong ba tsofala ’me ba shoa. Molimo o ne a buile ’nete! Ka sebele bophelo bo itšetlehile ka ho mo mamela. (Baroma 5:12) Bibele e re bolella hore lengeloi le ileng la thetsa Eva le bitsoa Satane Diabolose, ’me mangeloi a mang a ileng a fetoha a mabe a bitsoa bademona.—Jakobo 2:19; Tšenolo 12:9.
Joale, na ua bona hore na ke hobane’ng ha lengeloi le molemo leo Molimo a le bōpileng le ile la fetoha le lebe?— Ke hobane le ile la qala ho nahana lintho tse mpe. Le ile la batla ho ba Nkokonono. Le ne le tseba hore Molimo o itse Adama le Eva ba be le bana, ’me le ne le batla hore bana bao le bona ba le rapele. Diabolose o batla hore motho e mong le e mong a se ke a mamela Jehova. Kahoo o leka ho kenya maikutlo a fosahetseng likelellong tsa rōna.—Jakobo 1:13-15.
Diabolose o re ha ho motho ea hlileng a ratang Jehova. O re ’na le uena ha re rate Molimo ebile ha re batle ho etsa seo Molimo a se bolelang. O re re mamela Jehova hafeela lintho li re tsamaela hantle. Na Diabolose o nepile? Na ho joalo?
Mosuoe e Moholo o ile a re Diabolose ke raleshano! Jesu o ile a bontša hore o ne a hlile a rata Jehova ka ho Mo mamela. Jesu o ne a sa mamele Molimo ha ho le bonolo feela. O ne a mamela ka linako tsohle, esita le ha batho ba bang ba ne ba mo thatafaletsa lintho. O ile a tšepahala ho Jehova ho isa lefung. Ke kahoo Molimo a ileng a mo tsosetsa bophelong hore a phele ka ho sa feleng.
Kahoo u ka re sera sa rōna se seholo ka ho fetisisa ke mang?— Ke Satane Diabolose. Na re ka ’mona?— Che re ke ke ra ’mona! Empa rea tseba hore o teng le hore o re phahametse ebile o matla ho re feta. Empa, ke mang ea phahametseng Diabolose?— Ke Jehova Molimo. Kahoo rea tseba hore Molimo a ka re sireletsa.
Bala ka Eo re lokelang ho mo rapela: Deuteronoma 30:19, 20; Joshua 24:14, 15; Liproverbia 27:11; le Matheu 4:10.
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Ebe Maria le Josefa ba ne ba re’ng ho Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 48, 49]
Adama le Eva ba ne ba ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 50]
Ke mang ea neng a etsa hore noha e bue le Eva?
[Litšoantšo tse leqepheng la 50]
Ho ile ha etsahala’ng ka Adama le Eva ka mor’a hore ba se ke ba mamela Molimo?