Khaolo ea 16
“Jesu . . . o Ile a ba Rata ho Isa Bofelong”
1, 2. Jesu o etsa’ng mantsiboeeng a ho qetela a e-na le baapostola ba hae, hona ke hobane’ng ha a nka nakoana ee e mo saletseng e le ea bohlokoa?
HA Jesu a bokella baapostola ba hae ka kamoreng e ka holimo ntlong e ’ngoe Jerusalema, oa tseba hore ao ke mantsiboea a ho qetela a e-na le bona. Nako ea hore a khutlele ho Ntate oa hae e atametse. Ho setse lihoranyana pele Jesu a tšoaroa ’me tumelo ea hae e lekoa ka ho feletseng. Empa le ha a se a tjametsoe ke lefu, o ntse a amehile ka seo baapostola ba hae ba se hlokang.
2 Jesu o ne a se a ntse a boleletse baapostola hore o tlil’o ba siea, empa o ntse a e-na le lintho tse ngata tseo a batlang ho ba bolella tsona ho ba matlafalletsa se larileng ka pele. Kahoo o sebelisa nako ena ea bohlokoa e mo saletseng ho ba ruta lintlha tsa bohlokoa tse tla ba thusa hore ba lule ba tšepahala. O bua le bona ka tsela e mofuthu le e lerato ho feta leha e le neng pele. Empa ke hobane’ng ha Jesu a amehile ka baapostola ba hae haholo ho fapana le ho ameha ka se larileng ka pele ho eena? Ke hobane’ng ha a nka lihora tsee tse mo saletseng a e-na le bona e le tsa bohlokoa haholo? Ke hobane oa ba rata. O ba rata ka lerato le tebileng.
3. Re tseba joang hore Jesu ha aa ka a ema ho fihlela bosiung ba hae ba ho qetela hore a bontše balateli ba hae hore oa ba rata?
3 Lilemo tse mashome hamorao ha moapostola Johanne a ngola selelekela sa tlaleho ea hae e bululetsoeng ea se etsahetseng mantsiboeeng ao, o ile a re: “Kahobane a ne a tseba pele ho mokete oa paseka hore hora ea hae ea hore a tlohe lefatšeng lena ho ea ho Ntate e fihlile, Jesu, kaha a ratile ba hae ba neng ba le lefatšeng, o ile a ba rata ho isa bofelong.” (Johanne 13:1) Jesu ha aa ka a ema ho fihlela bosiung boo hore a bontše “ba hae” hore oa ba rata. Nakong eohle ea tšebeletso ea hae, o ile a bontša ka litsela tse ngata lerato leo a ratang baapostola ba hae ka lona. Ho tla re tsoela molemo ho hlahloba tse ling tsa litsela tseo a bontšitseng lerato ka tsona, kaha ha re mo etsisa ntlheng ena, re paka hore re barutuoa ba hae ba sebele.
O Ile a Bontša ho se Fele Pelo
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a be le mamello ha a sebelisana le barutuoa ba hae? (b) Jesu o ile a etsa’ng ha baapostola ba hae ba bararo ba sitoa ho lula ba falimehile serapeng sa Gethesemane?
4 Lerato le tsamaisana le ho se fele pelo. Bakorinthe ba Pele 13:4 e re “lerato lea tiisetsa,” ’me ho tiisetsa ho akarelletsa ho mamella ba bang. Na ho ne ho hlokahala hore Jesu a be le mamello ha a sebelisana le barutuoa ba hae? E, ruri ho ne ho hlokahala! Joalokaha re bone Khaolong ea 3, baapostola ba ile ba nka nako ho hlaolela boikokobetso. Ba ile ba phehisana khang ka makhetlo ka taba ea hore na ke mang e moholo har’a bona. Jesu o ile a etsa’ng? Na o ile a ba halefela a bontša ho teneha kapa hona ho khopeha? Che, o ile a behelana mabaka le bona a sa fele pelo, esita le ha ho ne ho tsoha “phehisano e chesang” ka taba ena bosiung ba ho qetela a e-na le bona!—Luka 22:24-30; Matheu 20:20-28; Mareka 9:33-37.
5 Hamorao hona bosiung boo, mamello ea Jesu e ile ea boela ea lekoa ha a ile serapeng sa Gethesemane le baapostola ba 11 ba tšepahalang. Jesu o ile a siea baapostola ba robeli kae-kae, a kenella hare serapeng le Petrose, Jakobo le Johanne. Eaba Jesu o re ho bona: “Moea oa ka o saretsoe haholo, esita le ho isa lefung. Salang mona ’me le lule le lebetse.” O ile a kenella hare ’me a qala ho rapela ka matla. Ka mor’a hore a qete nako a ntse a rapela, o ile a khutlela ho baapostola ba bararo. O ile a fumana ba ntse ba etsa’ng? O ile a fumana ba ile le sephume sa boroko, nakong ena ea teko e matla eo a tobaneng le eona! Na o ile a ba jajabetsa ka bohale ha a fumana hore ha baa falimeha? Che, o ile a ba khothatsa ka mamello. Tsela e mosa eo a ileng a bua le bona ka eona e ile ea bontša hore oa utloisisa hore ba tlas’a khatello le hore ba na le mefokolo.a O ile a re: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” Jesu ha aa ka a ba fella pelo bosiung boo, esita le hoja ha a khutla ka lekhetlo la bobeli le la boraro, a ile a ’na a ba fumana ba robetse!—Matheu 26:36-46.
6. Re ka etsisa Jesu joang ha re sebelisana le ba bang?
6 Ke ho khothatsang ho hlokomela hore Jesu ha aa ka a lahla tšepo ka baapostola ba hae. Qetellong mamello ea hae e ile ea tsoala katleho, kaha banna bao ba tšepahalang ba ile ba ithuta bohlokoa ba ho ikokobetsa le ba ho lula ba falimehile. (1 Petrose 3:8; 4:7) Re ka etsisa Jesu joang ha re sebelisana le ba bang? Baholo ka ho khetheha ba lokela ho ba le mamello. Balumeli-’moho ba ka ’na ba ea ho moholo ea itseng ka mathata ao ba nang le ’ona athe moholo eo le eena o khathetse kapa ho na le lintho tse itseng tse mo tšoenyang. Ka linako tse ling, batho ba thusoang ba ka ’na ba nka nako pele ba sebelisa keletso eo ba e filoeng. Leha ho le joalo, baholo ba nang le mamello ba tla rupela “ka bonolo” le ho “tšoara mohlape ka mosa.” (2 Timothea 2:24, 25; Liketso 20:28, 29) Batsoali le bona ba lokela ho etsisa Jesu ka ho bontša ho se fele pelo, kaha ka linako tse ling bana ba nka nako pele ba sebelisa keletso kapa khalemelo eo ba e filoeng. Lerato le mamello li tla thusa batsoali hore ba se ke ba lahla tšepo ha ba ntse ba leka ho koetlisa bana ba bona. Ka sebele mamello e joalo e ka hlahisa meputso e meholo.—Pesaleme ea 127:3.
O Ile a ba Hlokomela ka Seo ba se Hlokang
7. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae seo ba se hlokang nameng joang?
7 Lerato le bontšoa ka liketso tse se nang boithati. (1 Johanne 3:17, 18) “Ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:5) Lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a fe barutuoa ba hae seo ba neng ba se hloka nameng. O ne a atisa ho ba etsetsa lintho le pele ba bolela seo ba se hlokang. Ha a bona hore ba khathetse, o ile a etsa tlhahiso ea hore ba ee “sebakeng se ka thōko ’me [ba] phomole hanyenyane.” (Mareka 6:31) O ile a ithaopela ho ba fepa—hammoho le batho ba bang ba likete ba neng ba tlil’o mo mamela ha a ruta, ha a hlokomela hore ba lapile.—Matheu 14:19, 20; 15:35-37.
8, 9. (a) Ke’ng se bontšang hore Jesu o ne a lemoha seo barutuoa ba hae ba se hlokang moeeng ’me a ba fa sona? (b) Ha Jesu a le thupeng, o ile a bontša joang hore o amehile ka ho teba ka boiketlo ba ’mè oa hae?
8 Jesu o ne a lemoha seo barutuoa ba hae ba se hlokang moeeng ebe o ba fa sona. (Matheu 4:4; 5:3) O ne a atisa ho ba ela hloko ka ho khethehileng ha a ruta. O ile a fana ka Thuto ea Thabeng ka ho khetheha molemong oa barutuoa ba hae. (Matheu 5:1, 2, 13-16) Ha a ruta ka lipapiso, “o ne a hlalosetsa barutuoa ba hae lintho tsohle boinotšing.” (Mareka 4:34) Jesu o ile a khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho netefatsa hore balateli ba Hae ba tla feptjoa hantle moeeng ha a se a khutletse leholimong. Sehlopha sena sa lekhoba se entsoeng ka barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ka moea ba lefatšeng, se ’nile sa fana ka ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng’ ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E.—Matheu 24:45.
9 Letsatsing leo Jesu a bolauoeng ka lona, o ile a bontša ka tsela e amang maikutlo hore o amehile ka hore batho bao a ba ratang ba be le boiketlo moeeng. Nahana ka boemo bo latelang. Jesu o ne a le thupeng, a utloa bohloko bo otlang pelo. Kamoo ho bonahalang kateng, e le hore a khone ho hema o ne a lokela ho ema ka litšetšekoane. Ha ho pelaelo hore seo se ne se mo utloisa bohloko le ho feta ha boima ba ’mele bo ngamola maqeba a lipekere a maotong a hae ’me mokokotlo oa hae o hlenhlaneng o hohla thupa eo a khokhothetsoeng ho eona. Kaha ho bua ho tsamaisana le ho hema, e tlameha ebe ho ne ho le thata ho bile ho le bohloko ha a bua. Empa nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a bua mantsoe a bontšang lerato le tebileng leo a ratang ’mè oa hae, Maria, ka lona. Ha Jesu a bona Maria le moapostola Johanne ba eme haufi le moo, o ile a re ho ’mè oa hae ka lentsoe le phahameng hoo batho ba ka thōko ba neng ba ka utloa: “Mosali, bona! Mora oa hao!” A ntan’o re ho Johanne: “Bona! ’M’ao!” (Johanne 19:26, 27) Jesu o ne a tseba hore moapostola eo ea tšepahalang o ne a tla fa Maria seo a se hlokang nameng le moeeng.b
10. Batsoali ba ka etsisa Jesu joang ha ba ntse ba hlokomela lintho tseo bana ba bona ba li hlokang?
10 Batsoali ba tsotellang ba fumana ho le molemo ho thuisa ka mohlala oa Jesu. Ntate ea ratang ba lelapa la hae e le kannete o tla ba lokisetsa lintho tseo ba li hlokang nameng. (1 Timothea 5:8) Lihlooho tsa malapa tse leka-lekanyang lintho le tse lerato li lokisetsa hore ho be le nako e itseng ea phomolo le boikhathollo. Habohlokoa le ho feta batsoali ba Bakreste ba lokisetsa bana ba bona seo ba se hlokang moeeng. Joang? Batsoali bao ba hlophisa hore lelapa le tšoare thuto ea Bibele kamehla, ’me ba leka ho etsa hore nako ea thuto e be e hahang le eo bana ba e thabelang. (Deuteronoma 6:6, 7) Ka lipuo le ka liketso, batsoali ba ruta bana hore tšebeletso ke mosebetsi oa bohlokoahali le hore ho lokisetsa liboka tsa Bokreste le ho ba teng ho tsona ke karolo ea bohlokoa kemisong ea lintho tsa moea.—Baheberu 10:24, 25.
O ne a Ikemiselitse ho Tšoarela
11. Jesu o rutile balateli ba hae eng mabapi le ho tšoarela?
11 Ho tšoarela ke tšobotsi e ’ngoe ea lerato. (Bakolose 3:13, 14) Bakorinthe ba Pele 13:5 e re lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.” Jesu o ile a ruta balateli ba hae ka makhetlo a ’maloa bohlokoa ba ho ba ba tšoarelang. O ile a ba phehella hore ba tšoarele ba bang “eseng, Ho fihlela makhetlong a supileng, empa, Ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng”—ke hore, ka makhetlo a se nang palo. (Matheu 18:21, 22) O ile a ba ruta hore moetsalibe o lokela ho tšoareloa haeba a bontša pako ha a khalemeloa. (Luka 17:3, 4) Empa Jesu o ne a sa tšoane le Bafarisi ba baikaketsi, ba neng ba ruta ka molomo feela; eena o ne a ruta ka mohlala. (Matheu 23:2-4) A re boneng kamoo Jesu a bonahalitseng kateng hore o ikemiselitse ho tšoarela esita le nakong eo a neng a soetsoa ke motsoalle oa hae eo a mo tšepang.
12, 13. (a) Petrose o ile a soetsa Jesu joang bosiung boo Jesu a tšoeroeng ka bona? (b) Jesu o ile a etsa’ng ha a se a tsositsoe bafung ho bontša hore o ne a sa rute ba bang feela tjee hore ba tšoarele?
12 Jesu o ne a tloaelane haholo le moapostola Petrose, eo e neng e le motho ea botsoalle le ea nkehang maikutlo ka linako tse ling. Jesu o ile a hlokomela litšobotsi tse ntle tseo Petrose a nang le tsona ’me a mo fa tlotla ea ho etsa lintho tse ikhethang tšebeletsong. Petrose hammoho le Jakobo le Johanne ba ile ba bona mehlolo e itseng eo ba bang ho ba 12 ba sa kang ba e bona. (Matheu 17:1, 2; Luka 8:49-55) Joalokaha re se re bone, Petrose ke e mong oa baapostola ba ileng ba kenella le Jesu hare serapeng sa Gethesemane bosiung boo a tšoeroeng ka bona. Empa bosiung bona boo ha Jesu a ekoa a bile a tšoaroa, Petrose le baapostola ba bang ba ile ba siea Jesu ba baleha. Hamorao, Petrose o ile a iteta sefuba a ema ka ntle ha Jesu a ntse a qosoa ka tsela e seng molaong. Leha ho le joalo, Petrose o ile a boela a tšoha ’me a etsa phoso e tebileng—a bua leshano ka makhetlo a mararo a latola hore o tseba Jesu! (Matheu 26:69-75) Jesu o ile a etsa’ng? Uena u ne u ka etsa’ng ha motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo a ne a ka u soetsa ka tsela e joalo?
13 Jesu o ile a ikemisetsa ho tšoarela Petrose. O ne a tseba hore Petrose o sithabelitsoe ke sebe seo a se entseng. Ha e le hantle, moapostola eo ea bakileng o ile a ‘sitoa ho itšoara ’me a qala ho lla.’ (Mareka 14:72) Letsatsing leo Jesu a tsositsoeng ka lona bafung, o ile a itlhahisa ho Petrose, mohlomong ho tšelisa moapostola eo le ho mo khothatsa. (Luka 24:34; 1 Bakorinthe 15:5) Le pele likhoeli tse peli li feta, Jesu o ile a hlompha Petrose ka ho mo lumella hore a etelle pele ha ho pakeloa matšoele a neng a le Jerusalema letsatsing la Pentekonta. (Liketso 2:14-40) Hape re hopole hore Jesu ha aa ka a jara baapostola ba bang bohle ka pelo ka hore ebe ba ile ba mo siea kherehloa. Ho e-na le hoo, o ile a ’na a ba bitsa “barab’eso” le ha a se a tsositsoe bafung. (Matheu 28:10) Na see ha se totobatse hore Jesu o ne a sa rute ka molomo feela hore batho ba bang ba tšoarele?
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta ho tšoarela, hona re ka bontša joang hore re ikemiselitse ho tšoarela?
14 Kaha re barutuoa ba Kreste, re lokela ho ithuta ho tšoarela ba bang. Hobane’ng? Ho fapana le Jesu, rōna ha rea phethahala—re tšoana le batho ba bang ba ka ’nang ba re fosetsa. Nako le nako, rea khoptjoa ka seo re se buang le seo re se etsang. (Baroma 3:23; Jakobo 3:2) Ha re tšoarela ba bang ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore re ba bontše mosa, re inolofalletsa hore le rōna Molimo a re tšoarele libe tseo re li etsang. (Mareka 11:25) Joale re ka bontša joang hore re ikemiselitse ho tšoarela ba ka ’nang ba re fosetsa? Maemong a mangata, lerato le re thusa ho hlokomoloha liphoso tse sa reng letho le mefokolo ea ba bang. (1 Petrose 4:8) Haeba ba re foselitseng ba bakile e le kannete, joaloka Petrose, re batla ho etsisa Jesu ka hore re ikemisetse ho ba tšoarela. Ho e-na le ho jara motho ka pelo, ka bohlale re khetha ho se koetle sekhopi. (Baefese 4:32) Ka ho etsa joalo, re tlatsetsa tabeng ea hore ho be le khotso ka phuthehong le hore le rōna re be le khotso ea kelello.—1 Petrose 3:11.
O Ile a Bontša ho ba Tšepa
15. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a tšepa barutuoa ba hae le hoja ba ne ba e-na le mefokolo?
15 Lerato le amana haufi-ufi le ho tšepa motho e mong. Lerato “le lumela lintho tsohle.”c (1 Bakorinthe 13:7) Lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a bontše hore o ikemiselitse ho tšepa barutuoa ba hae le hoja ba sa phethahala. O ne a ba tšepa ’me a lumela hore botebong ba lipelo tsa bona ba rata Jehova ’me ba batla ho etsa thato ea Hae. Le ha ba ne ba etsa liphoso, Jesu o ne a sa belaelle sepheo seo ba etsang lintho ka sona. Ka mohlala, ha moapostola Jakobo le moapostola Johanne ba kōpa ’mè oa bona hore a ba kōpele hore ba lule haufi le Jesu ’Musong oa hae, Jesu ha aa ka a belaella botšepehi ba bona kapa a ba leleka hore e se ke ea hlola e e-ba baapostola.—Matheu 20:20-28.
16, 17. Jesu o ile a abela barutuoa ba hae boikarabelo bofe?
16 Jesu o ile a bontša hore o tšepa barutuoa ba hae ka hore a ba abele boikarabelo bo sa tšoaneng. Ka makhetlo a mabeli ha a atisa lijo ka mohlolo ’me a fepa matšoele, o ile a fa barutuoa ba hae boikarabelo ba ho aba lijo tseo. (Matheu 14:19; 15:36) Ha a lokisetsa Paseka ea hae ea ho qetela, o ile a roma Petrose le Johanne hore ba e’o lokisa lintho Jerusalema. Ba ile ba batla konyana, veine, bohobe bo sa lomosoang, meroho e babang le lintho tse ling tse neng li hlokahala. Eo e ne e se kabelo feela tjee e sa reng letho, kaha Molao oa Moshe o ne o laetse hore Paseka e ketekoe ka tsela e nepahetseng, ’me Jesu o ne a tlameha ho latela Molao oo. Ntle ho moo, hamorao hona mantsiboeeng ao Jesu o ile a sebelisa veine le bohobe bo sa lomosoang e le litšoantšetso tsa bohlokoa ha a theha Sehopotso sa lefu la hae.—Matheu 26:17-19; Luka 22:8, 13.
17 Jesu o ile a nka ho loketse hore a tšepe barutuoa ba hae hore ba ka jara boikarabelo bo tōma ho feta boo. Joalokaha re se re bone, o ile a abela balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng boikarabelo ba bohlokoa ba hore ba abe lijo tsa moea. (Luka 12:42-44) Hape u hopole hore o file barutuoa ba hae taelo ea bohlokoa ea hore ba bolele ’me ba etse barutuoa. (Matheu 28:18-20) Le hoja hona joale Jesu a busa a le leholimong a sa bonahale, o behile “limpho tseo e leng banna” tse tšoanelehang moeeng hore li hlokomele phutheho ea hae e lefatšeng.—Baefese 4:8, 11, 12.
18-20. (a) Re ka bontša joang hore re tšepa balumeli-’moho le rōna? (b) Re ka etsisa Jesu joang tabeng ea ho ithaopela ho abela ba bang boikarabelo? (c) Ho tlil’o tšohloa eng khaolong e latelang?
18 Re ka etsisa mohlala oa Jesu joang ha re sebelisana le ba bang? Ho bontša balumeli-’moho le rōna hore rea ba tšepa ho bontša hore rea ba rata. A re hopoleng hore lerato le sheba lintho ka leihlo le letle, ha le nyatsa-nyatse. Ha ba bang ba re soetsa, e leng se tla ’ne se etsahale nako le nako, lerato le tla re thibela ho potlakela ho etsa qeto ea hore ba etsa seo hobane ba e-na le boikemisetso bo bobe. (Matheu 7:1, 2) Haeba re lula re nahana ka lintho tse ntle tseo balumeli-’moho le rōna ba li etsang, re tla ba tšoara ka tsela e tla ba haha eseng e tla ba liha.—1 Bathesalonika 5:11.
19 Na re ka etsisa Jesu tabeng ea ho ithaopela ho abela ba bang boikarabelo? Ho molemo ha ba nang le boikarabelo ka phuthehong ba abela ba bang mosebetsi ka tsela e loketseng le e tla finyella ho itseng, ba tšepa hore ba tla etsa sohle se matleng a bona. Ka hona baholo ba nang le phihlelo ba fana ka koetliso e hlokahalang ho thusa bahlankana ba tšoanelehang ho “hahamalla” boikarabelo bo eketsehileng e le hore ba thuse ka phuthehong. (1 Timothea 3:1; 2 Timothea 2:2) Koetliso eo ke ea bohlokoa. Ha Jehova a ntse a tsoela pele ho potlakisa mosebetsi oa ’Muso, ho tla hlokahala hore banna ba tšoanelehang ba koetlisetsoe ho hlokomela keketseho eo.—Esaia 60:22.
20 Jesu o re sietse mohlala o babatsehang ka ho bontša hore o rata ba bang. Lintlheng tsohle tseo re ka mo latelang ho tsona, ho etsisa tsela eo a bontšitseng lerato ka eona ke habohlokoa ka ho fetisisa. Khaolong e latelang re tla tšohla ponahatso e khōlō ka ho fetisisa ea hore oa re rata—e leng ea ho ithaopela ho tela bophelo ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Baapostola ba ne ba sa robatsoa ke mokhathala feela. Tlaleho e tšoanang le eo e ho Luka 22:45 e re Jesu o ile a “ba fumana ba otsela ka lebaka la ho sareloa.”
b Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo Maria e ne e se e le mohlolohali, ’me bana ba bang ba hae e ne e e-s’o be barutuoa ba Jesu.—Johanne 7:5.
c Ke ’nete hore sena ha se bolele hore lerato le bothoto kapa hona hore le lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe feela tjee. Ho e-na le hoo, lerato ha le nyatsa-nyatse lintho ho sa hlokahale kapa hona ho li belaella. Lerato ha le potlakele ho ahlola sepheo seo ba bang ba etsang lintho ka sona kapa hona ho etsa qeto ea hore ba na le boikemisetso bo bobe.
U ka Latela Jesu Joang?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise keletso ea Jesu tabeng ea ho tšoarela ba bang?—Matheu 6:14, 15.
● Re ka sebelisa ntlha eo Jesu a e hatisitseng papisong ea hae joang tabeng ea hore re lokela ho tšoarela ba bang?—Matheu 18:23-35.
● Jesu o bontšitse joang hore o nahanela barutuoa ba hae, hona re ka mo etsisa joang tabeng ee?—Matheu 20:17-19; Johanne 16:12.
● Jesu o ile a bontša Petrose joang hore oa mo tšepa, hona re ka bontša joang hore re tšepa ba bang?—Luka 22:31, 32.
[Litšoantšo tse leqepheng la 164, 165]
Batsoali ba tsotellang ba bontša ho se fele pelo ’me ba fa bana ba bona lintho tseo ba li hlokang
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 166]