Khaolo ea Bobeli
Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
1, 2. (a) Jeremia o ile a ba le pono efe eo e ileng ea e-ba sehlooho sa liphatlalatso tsa hae tsa boprofeta? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella molaetsa oa Jeremia?
MOLIMO o ile a botsa moprofeta oa hae eo a neng a sa tsoa mo roma a re: “U bona’ng?” Jeremia e mocha o ile a araba a re: “Ke bona pitsa e molomo o moholo e beselelitsoeng [“e butsoeloang,” NW], ’me molomo oa eona o furaletse leboea.” Li sa tloha feela, pono eo e ile ea fana ka sesupo sa hore na Jeremia o ne a tla phatlalatsa molaetsa oa mofuta ofe. (Bala Jeremia 1:13-16.) Pitsa ea tšoantšetso e ne e butsoeloa ho eketsa malakabe a ka tlas’a eona. Ka sebele, Jehova o ne a bolela esale pele hore likhathatso tse kang mokelikeli o chesang haholo, li ne li tla tšoloha pitseng ena ebe li qhalanela naheng ea Juda ka lebaka la ho se tšepahale ho neng ho rena moo. U nahana hore ke hobane’ng ha molomo oa pitsa eo o ne o sekametse ka boroa? Seo se ne se bolela hore khathatso e ne e tla tsoa ka leboea—Babylona e ne e tla hlasela e hlaha ka lehlakoreng leo. Seo se ile sa fela sa phethahala. Lilemong tseo Jeremia e neng e le moprofeta ka tsona, o ile a bona ha pitsa ena e belang e tšoloha ka makhetlo a latellanang, e leng se ileng sa etsa hore Jerusalema e timetsoe.
2 Babylona ha e sa le eo, empa u na le lebaka la hore u thahaselle melaetsa ea Jeremia ea boprofeta. Hobane’ng? Hobane u phela “karolong e qetellang ea matsatsi,” e leng nakong eo batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste; empa bona hammoho le likereke tsa bona ha ba amoheloe ke Molimo. (Jer. 23:20) Leha ho le joalo, joaloka Jeremia, uena le Lipaki-’moho le uena ha le bolele molaetsa oa kahlolo feela empa le boetse le bolela le molaetsa o fanang ka tšepo.
3. (a) Litaba tse bukeng ea Bibele ea Jeremia li hlophisitsoe joang? (b) Morero oa Khaolo ea 2 ea buka ee ke ofe?
3 Ho ka etsahala hore ebe ho e-na le hore Jeremia a tlalehe liketsahalo nakong eo li neng li etsahala ka eona, o ile a bitsetsa mongoli oa hae litaba tse hlahang tlalehong ea hae lilemong tsa hae tsa ho qetela e le moprofeta. (Jer. 25:1-3; 36:1, 4, 32) Buka ena ha ea ngola litaba ho latela tatellano ea liketsahalo kaha Jeremia o ile a hlophisa likarolo tse ngata ho ea ka lihlooho tsa tsona. Kahoo, ho tla ba bohlokoa hore u fumane kakaretso ea liketsahalo tse neng li etsahala nakong eo ho neng ho ngoloa buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia le hore na liketsahalo tseo li etsahetse ka tatellano efe. Hlokomela chate e leqepheng la 19. Ha u tseba hore na ke mang eo e neng e le morena oa Juda ka nako efe, mohlomong u bile u tseba le hore na ke sefe se neng se etsahala Juda le libakeng tse e potolohileng, seo se tla u thusa hore u utloisise hantle lintho tseo Jeremia a li buileng le tseo a neng a li etsa. U tla be u itokisitse hantle hore u rue molemo melaetseng eo Molimo a e boleletseng sechaba sa Hae, e neng e phatlalatsoa ke Jeremia.
LINTHO TSE ETSAHETSENG MEHLENG EA JEREMIA
4-6. Boemo ba sechaba sa Molimo sa boholo-holo e ne e le bofe lilemong tse mashome pele Jeremia a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta?
4 Jeremia o ile a profeta nakong ea liphetoho tse khōlō. E ne e le nakong eo ho neng ho e-na le bora pakeng tsa Assyria, Babylona le Egepeta. Lilemo tse ka bang 93 pele Jeremia a qala mosebetsi oa hae oa boprofeta, Assyria e ile ea hlōla ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome eaba e leleka baahi ba oona ba bangata. Ka nako eo, Jehova o ile a sireletsa Jerusalema le morena oa eona ea tšepahalang Ezekiase tlhaselong ea Assyria. U tla hopola kamoo ka mohlolo Molimo a ileng a bolaea masole a lireng a 185 000 kateng. (2 Mar. 19:32-36) E mong oa bara ba Ezekiase e ne e le Manase. Ho ka etsahala hore ebe Jeremia o hlahile nakong ea lilemo tse 55 tsa puso ea Manase, e leng nakong eo ka eona Juda e neng e laoloa ke Assyria litabeng tsa lipolotiki.—2 Likron. 33:10, 11.
5 Jeremia o ile a ngola buka ea 1 Marena le ea 2 Marena, tseo ho tsona re balang hore Manase o ile a boela a haha libaka tse phahameng tseo ntat’ae a neng a li felisitse. Manase o ile a hahela Baale le makhotla a leholimo lialetare, a ba a li haha le ka tempeleng ea Jehova. Manase o ile a tšolla mali a mangata a se nang molato, a ba a etsetsa molimo oa bohata sehlabelo sa secheso ka mora oa hae. Ka bokhutšoanyane, o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō.” Ka lebaka la bokhopo bona bohle, Molimo o ile a bolela hore Jerusalema le Juda li ne li tla oeloa ke tlokotsi e neng e se e oetse Samaria le Iseraele. (2 Mar. 21:1-6, 12-16) Ka mor’a lefu la Manase, mora oa hae Amone o ile a ntšetsa pele mekhoa ea ntat’ae ea borapeli ba litšoantšo, empa haufinyane lintho li ne li tla fetoha. Ka mor’a lilemo tse peli, Amone o ile a bolaoa ’me mora oa hae ea lilemo li robeli Josiase, o ile a behoa boreneng ka 659 B.C.E.
6 Nakong ea puso ea Josiase ea lilemo tse 31, Babylona e ile ea qala ho ba matla ho feta Assyria. Josiase o ile a bona sena e le monyetla oa hore Juda e boele e ipuse e tsoe khatellong ea naha e ’ngoe. Ho fapana le ntat’ae le ntat’ae moholo, Josiase o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi a ba a etsa liphetoho tse khōlō bolumeling. (2 Mar. 21:19–22:2) Selemong sa bo12 e le morena, Josiase o ile a felisa libaka tse phahameng, lipalo tse halalelang le litšoantšo tsa bolumeli ba bohata ’musong oohle oa hae ’me ka mor’a moo a laela hore tempele ea Jehova e lokisoe. (Bala 2 Likronike 34:1-8.) Taba e thahasellisang ke hore Jeremia o ile a fuoa mosebetsi oa hore e be moprofeta oa Molimo selemong sa bo13 (e leng ka 647 B.C.E.) sa puso ea Josiase.
E ka ’na eaba u ka be u ile ua ikutloa joang haeba u ne u le moprofeta mehleng ea Jeremia?
7, 8. (a) Puso ea Morena Josiase e ne e fapane joang le ea marena a tlileng pele ho eena e leng Manase le Amone? (b) Josiase e ne e le motho oa mofuta ofe? (Sheba lebokose le leqepheng la 20.)
7 Nakong eo tempele e neng e tsosolosoa, selemong sa bo18 sa puso ea Morena Josiase ea molemo, moprista ea phahameng o ile a fumana “buka ea molao.” Morena o ile a re mongoli oa hae a mo balle eona. Josiase o ile a hlokomela liphoso tsa sechaba sa hae, a batla tataiso ea Jehova ka moprofeta oa mosali Hulda, a ba a khothalletsa bafo ba hae hore ba mamele litaelo tsa Molimo. Hulda o ile a bolella Josiase hore Jehova o ne a tla tlisetsa batho ba Juda “tlokotsi” ka lebaka la ho hloka botšepehi ha bona. Leha ho le joalo, kaha Josiase o ne a e-na le maikutlo a matle ka borapeli bo hloekileng, tlokotsi eo e ne e ke ke ea tla nakong eo a ntseng a phela.—2 Mar. 22:8, 14-20.
8 Morena Josiase o ile a tsosolosa letšolo la hae la ho felisa ntho efe kapa efe e neng e amana le borapeli ba litšoantšo. Mahlahahlaha ana a ile a mo susumelletsa hore a kene le sebakeng seo e neng e kile ea e-ba sa ’muso oa Iseraele o ka leboea ho ea qhaqha libaka tse phahameng le aletare e neng e le Bethele. O ile a ba a hlophisa hore ho ketekoe mokete oa Paseka o ikhethang. (2 Mar. 23:4-25) Nahana feela hore na e tlameha ebe sena se ile sa thabisa Jeremia hakaakang! Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba thata ho susumetsa batho hore ba fetole mekhoa ea bona. Manase le Amone ba ne ba rutile batho borapeli ba litšoantšo bo nyonyehang, kahoo batho ba ne ba sa tšepahale borapeling bo hloekileng. Ho sa tsotellehe liphetoho tseo Josiase a neng a li entse, Molimo o ile a susumetsa Jeremia hore a bolele hore melimo ea batho ba Juda e ne e le mengata joaloka metse ea bona. Batho ba habo moprofeta Jeremia ba ne ba tšoana le mosali ea sa tšepahaleng—ba ne ba furaletse Jehova ’me ba entse botekatse le melimo esele. Jeremia o ile a re: “Le behile lialetare tse ngata joaloka literata tsa Jerusalema bakeng sa ntho e hlabisang lihlong, lialetare tsa ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.”—Bala Jeremia 11:1-3, 13.
9. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala linaheng tse ling lilemong tsa ho qetela tsa puso ea Josiase?
9 Feela joalokaha taba ea hore Jeremia o ile a phatlalatsa melaetsa ea mofuta oo e sa ka ea fetola Bajuda, ha ea ka ea fetola taba ea hore lichaba tse ba potolohileng li ne li qhoebeshana li loanela hore e be tsona tse laolang lichaba tse ling. Ka 632 B.C.E., mabotho a kopaneng a Bababylona le Bamede a ile a hapa motse-moholo oa Assyria, Ninive. Lilemo tse tharo hamorao, Faro Neko oa Egepeta o ile a etella pele lebotho la hae ho ea ka leboea ho ea thusa Baassyria ba neng ba le mathateng. Ka mabaka a sa boleloang ka Bibeleng, Josiase o ile a leka ho phekhola mabotho a Egepeta Megido, empa o ile a ntšoa maqeba a mabe. (2 Likron. 35:20-24) Ebe ketsahalo ee e bohloko e ne e tla tlisa liphetoho life Juda bolumeling le lipolotiking? Hona Jeremia o ne a tla thulana le mathata afe a macha?
MAEMO A BOLUMELI AA FETOHA
10. (a) Linako tsa ka mor’a lefu la Josiase li tšoana joang le tsa mehleng ea rōna? (b) U ka rua molemo joang ka ho hlahloba hore na Jeremia o ile a itšoara joang?
10 Nahana feela hore na e tlameha ebe Jeremia o ile a ikutloa joang ha a utloa hore Josiase o shoele! Ka lebaka la ho sareloa o ile a binela morena koli-ea-malla. (2 Likron. 35:25) Ena e ne e se e ntse e le nako e bakang matšoenyeho, ’me ho hlokahala ha botsitso linaheng tse ling ho ile ha etsa hore Juda e be tlas’a khatello. Linaha tse tharo—e leng Egepeta, Assyria le Babylona—li ne li tseka ho laola lichaba tse tikolohong eo. Ka mor’a lefu la Josiase maemo a bolumeli a ile a fetoha Juda. Eo e bile qetello ea puso eo ka kakaretso e neng e se khahlanong le mosebetsi oa Jeremia ’me ho ile ha qala e neng e le mabifi. Barab’abo rōna ba bangata ba ’nile ba thulana le phetoho e tšoanang mehleng ena, ka hore moo ba neng ba e-na le bolokolohi ba ho sebeletsa Molimo ebe ba se ba hlorisoa le mosebetsi oa bona o se o thibeloa. Ke mang ea tsebang hore na ke ba bakae ba rōna ba ka ’nang ba thulana le liphetoho tse tšoanang haufinyane? Ebe liphetoho tseo li ka ’na tsa re ama joang? Ho ka ’na ha hlokahala hore re etse’ng e le hore re lule re tšepahala? Re ntse re nahanne ka lipotso tseo, e ka ba ho khothatsang hore re hlokomele mathata ao Jeremia a ileng a a hlōla.
11. Ho ile ha etsahala’ng Juda ka mor’a lefu la Josiase?
11 Baahi ba Juda ba ile ba beha mora oa Josiase e leng Joakaze boreneng Jerusalema. Joakaze, eo lebitso le leng la hae e leng Shalume, o ile a busa likhoeli tse tharo feela. Ha Faro Neko a ne a khutlela ka boroa ka mor’a ho loantša Bababylona, o ile a theola morena enoa e mocha setulong a mo isa Egepeta, ’me Jeremia o ile a bolela hore Joakaze ‘o ne a sa tl’o hlola a khutla.’ (Jer. 22:10-12; 2 Likron. 36:1-4) Setulong sa hae Neko o ile a beha Jojakime, e leng e mong oa bara ba Josiase. Jojakime ha aa ka a etsisa mohlala o motle oa ntat’ae. Ho e-na le hore a ntšetse pele matšolo a ntat’ae a ho tlisa liphetoho, o ile a rapela melimo ea litšoantšo.—Bala 2 Marena 23:36, 37.
12, 13. (a) Qalong ea puso ea Jojakime, ho ne ho rena maemo afe bolumeling? (b) Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba tšoara Jeremia joang?
12 Qalong ea puso ea Jojakime, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a ee tempeleng ’me a nyatse Bajuda pepenene ka lebaka la bokhopo ba bona. Ba ne ba nka eka tempele ea Jehova ke seroala se neng se tla ba sireletsa. Leha ho le joalo, haeba ba ne ba sa tlohele “ho utsoa, ho bolaea le ho feba le ho hlapanya ka bohata le ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo le ho latela melimo e meng,” Jehova o ne a tla furalla tempele ea hae. O ne a tla furalla le baikaketsi ba neng ba rapela ho eona, feela joalokaha a ile a furalla tabernakele e neng e le Shilo mehleng ea Moprista ea Phahameng Eli. Naha ea Juda e ne “e tla fetoha sebaka se ripitliloeng.” (Jer. 7:1-15, 34; 26:1-6)a Nahana hore na Jeremia o ne a hloka sebete se sekaakang hore a phatlalatse molaetsa oo! Ho ka etsahala hore ebe o ne a o phatlalatsa pontšeng, ka pel’a batho ba hlaheletseng le ba nang le tšusumetso. Ka tsela e tšoanang, kajeno bara le barali babo rōna ba ’nile ba utloa hore ba hloka sebete e le hore ba be le seabo mosebetsing oa ho fana ka bopaki seterateng kapa ha ba buisana le barui kapa batho ba bohlokoa. Leha ho le joalo, re ka kholiseha ka sena: Molimo o tla re tšehetsa joalokaha a ile a tšehetsa Jeremia.—Baheb. 10:39; 13:6.
13 Ka lebaka la maemo a bolumeli le a lipolotiki a neng a rena Juda, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba tla etsa joang ha ba utloa mantsoe a Jeremia? Ho latela se tlalehiloeng ke moprofeta eo ka boeena, “baprista le baprofeta le sechaba sohle sa [ntšoara], sa re: ‘Ruri u tla shoa.’” Ba ne ba loloma ke bohale ’me ba re: “Monna enoa o tšoaneloa ke kahlolo ea lefu.” (Bala Jeremia 26:8-11.) Leha ho le joalo, bahanyetsi ba Jeremia ha baa ka ba hlōla. Jehova o ne a e-na le moprofeta eo oa hae hore a mo pholose. Jeremia ha aa ka a tšoha le hoja ho ne ho bonahala eka bahanyetsi ba hae ba ne ba le bangata ebile ba ne ba ka ’na ba mo hlōla. Le uena ha ua lokela ho tšoha.
Maemo a ne a fapane joang pusong ea Manase, ea Amone le ea Josiase? U ka ’na ua ithuta eng tseleng eo Jeremia a ileng a etsa mosebetsi o thata oo a neng a o filoe?
“U NGOLE . . . MANTSOE ’OHLE”
14, 15. (a) Ke mosebetsi ofe oo Jeremia le mongoli oa hae Baruke ba ileng ba o qala selemong sa bone sa puso ea Jojakime? (b) Jojakime e ne e le motho oa mofuta ofe? (Sheba lebokose le leqepheng la 25.)
14 Selemong sa bone sa puso ea Jojakime, Jehova o ile a bolella Jeremia hore a ngole mantsoe ’ohle ao Jehova a neng a mo boleletse ’ona ho tloha mehleng ea Josiase. Kahoo, Jeremia o ile a bitsetsa mongoli oa hae Baruke lintho tsohle tseo Molimo a neng a mo boleletse tsona lilemong tse 23 tse fetileng. Melaetsa ea hae e ne e ama marena a ka bang 20 hammoho le mebuso. Jeremia o ile a laela Baruke hore a bale moqolo ona ka lentsoe le phahameng ka tlung ea Jehova. Morero oa see e ne e le ofe? Jehova o ile a re: “Mohlomong ba ntlo ea Juda ba tla mamela tlokotsi eohle eo ke nahanang ho e etsa ho bona, e le hore ba ka khutla, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe, e le hore nka tšoarela liphoso tsa bona le libe tsa bona.”—Jer. 25:1-3; 36:1-3.
15 Ha molaoli oa lekhotla a balla Jojakime moqolo oo, morena o ile a o tabola eaba oa o chesa. Ka mor’a moo o ile a laela hore Jeremia le Baruke ba tlisoe ho eena. “Empa Jehova a ba boloka ba patiloe.” (Bala Jeremia 36:21-26.) Ka lebaka la maikutlo a Jojakime a mabe, Jehova o ile a sebelisa moprofeta oa hae hore a bolelle morena hore o ne a “tla patoa ka lepato la esele e tona.” O ne a tla ‘hulanngoa a lahleloe ka nģ’ane ho liheke tsa Jerusalema.’ (Jer. 22:13-19) Na u nahana hore ho ka nkoa feela hore Jeremia o ne a mpa a feteletsa litaba boprofeteng boo bo bolelang lintho ka ho hlaka?
16. Ke molaetsa ofe o khothatsang oo Jeremia a ileng a o phatlalatsa?
16 Ho sa tsotellehe taba ea hore o ne a lokela ho phatlalatsa melaetsa eo ea kahlolo, Jeremia e ne e se moprofeta ea buang ka lintho tse bohloko feela. O ne a boetse a phatlalatsa molaetsa o fanang ka tšepo. Jehova o ne a tla pholosa masala a Iseraele lireng tsa ’ona a be a a khutlisetse naheng ea habo ’ona moo a neng a tla lula a sireletsehile. Molimo o ne a ‘tla hlaba selekane se secha se hlolang ka nako e sa lekanyetsoang’ le sechaba sa hae ’me a ngole molao oa hae ka lipelong tsa sona. O ne a tla se tšoarela liphoso tsa sona ebe ha a sa hlola a hopola libe tsa sona. Ho feta moo, setloholo sa Davida se ne se “tla phethisa toka le ho loka naheng.” (Jer. 31:7-9; 32:37-41; 33:15) Boprofeta bona bo ne bo tla phethahala ka mor’a lilemo tse mashome esita le tse makholo ebile bo ka re fa tšepo ea bokamoso ba ka ho sa feleng. Empa mehleng eo ea Jeremia, lira tsa Juda li ile tsa tsoela pele ka merero ea tsona.—Bala Jeremia 31:31, 33, 34; Baheberu 8:7-9; 10:14-18.
HO PHAHAMA HA BABYLONA
17, 18. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala linaheng tse ling lilemong tsa ho qetela tsa puso ea Jojakime le ea Tsedekia?
17 Ka 625 B.C.E., Bababylona le Baegepeta ba ile ba loana ntoa ea makhaola-khang Karkemishe, haufi le Nōka ea Eufrate hoo e ka bang lik’hilomithara tse 600 ka leboea ho Jerusalema. Morena Nebukadnezare o ile a hlōla mabotho a Faro Neko, eaba o felisa puso ea Egepeta tikolohong eo. (Jer. 46:2) Joale Nebukadnezare o ile a hatella Juda ’me Jojakime o ile a tlameha hore e be mohlanka oa hae. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse tharo tsa ho ba tlas’a taolo ea Nebukadnezare, Jojakime o ile a mo fetohela. (2 Mar. 24:1, 2) Ka lebaka la sena, Nebukadnezare le lebotho la hae ba ile ba kena Juda ka 618 B.C.E. ’me ba likaliketsa Jerusalema. Nahana feela hore na ena e ne e le nako ea pherekano e kaakang esita le ho moprofeta oa Molimo, Jeremia. Ho bonahala eka Jojakime o ile a bolaoa nakong eo ea thibella.b Mora oa hae Jojakine o ile a inehela ho Bababylona ka mor’a hore a lule teroneng ea Juda ka likhoeli tse tharo feela. Nebukadnezare o ile a tlatlapa maruo a Jerusalema ’me a isa kholehong Jojakine, malapa a morena, a bahlomphehi ba Juda, a banna ba matla sechabeng le litsebi tsa eona tsa mesebetsi ea matsoho. Har’a ba isitsoeng kholehong e ne e le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.—2 Mar. 24:10-16; Dan. 1:1-7.
18 Ka mor’a moo, Nebukadnezare o ile a beha mora e mong oa Josiase e leng Tsedekia, boreneng ba Juda. E ne e tla ba morena oa ho qetela oa leloko la Davida lefatšeng. Puso ea hae e ile ea fela ha Jerusalema le tempele ea eona li ne li timetsoa ka 607 B.C.E. (2 Mar. 24:17) Leha ho le joalo, lilemong tse 11 tsa puso ea Tsedekia ho ne ho se na botsitso sechabeng le lipolotiking Juda. Ho hlakile hore Jeremia o ne a lokela ho beha tšepo ea hae ka botlalo ho Ea neng a mo romme hore e be moprofeta.
19. Batho ba mehleng ea Jeremia ba ile ba etsa joang ha ba utloa molaetsa oa hae, hona ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella seo?
19 Ipehe boemong ba Jeremia. Ho tloha pusong ea Josiase, Jeremia o ile a bona ho hloka botsitso lipolotiking le ho fokola litabeng tsa moea har’a sechaba sa Molimo. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore lintho li ne li tla mpefala. Batho ba motseng oa habo ba ile ba re ho eena : “U se ke ua profeta ka lebitso la Jehova, e le hore u se ke ua shoela matsohong a rōna.” (Jer. 11:21) Esita leha boprofeta ba Jeremia bo ne bo phethahala, Bajuda ba ile ba re: “Mabapi le lentsoe leo u re boleletseng lona ka lebitso la Jehova, ha re u mamele.” (Jer. 44:16) Empa bophelo ba batho bo ne bo le kotsing joalokaha bo le kotsing le kajeno. Molaetsa oo u o phatlalatsang o tsoa ho Jehova feela joalokaha le oa Jeremia o ne o tsoa ho eena. Ka lebaka leo, u ka eketsa cheseho ea hao bakeng sa mosebetsi oa boboleli ka hore u hlahlobe hore na Jehova o ile a sireletsa moprofeta oa hae joang nakoana pele Jerusalema e timetsoa.
Ke eng eo re ka ithutang eona tseleng eo Jeremia a ileng a itšoara ka eona pusong ea Jojakime? Jeremia o ile a phatlalatsa boprofeta bofe bo ikhethang bo phethahalang esita le mehleng ea rōna?
MATSATSI A HO QETELA A LESIKA LA BORENA
20. Ke hobane’ng ha Jeremia a ile a thatafalloa ka ho khetheha pusong ea Tsedekia? (Sheba lebokose le leqepheng la 29.)
20 Mohlomong nako e bileng thata ka ho fetisisa nakong ea mosebetsi oa Jeremia oa boprofeta, e bile pusong ea Tsedekia. Joaloka babusi ba bangata ba tlileng pele ho eena, Tsedekia o ile “a tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova.” (Jer. 52:1, 2) E ne e le mofo oa Bababylona, ’me Nebukadnezare o ile a re a etse kano ka lebitso la Jehova, kano ena e ne e mo tlama hore a ikokobeletse morena oa Babylona. Ho sa tsotellehe seo, qetellong Tsedekia o ile a mo fetohela. Ka eona nako eo, lira tsa Jeremia li ne li mo hatella ka matla hore a tšehetse bofetoheli boo.—2 Likron. 36:13; Ezek. 17:12, 13.
21-23. (a) Ke lihlopha life tse loantšanang tse neng li fumaneha Juda nakong ea puso ea Tsedekia? (b) Jeremia o ile a tšoaroa joang ka lebaka la maikutlo ao a neng a e-na le ’ona, hona ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella seo?
21 Kamoo ho bonahalang kateng, qalong ea puso ea Tsedekia, manģosa a ile a fihla Jerusalema a tsoa ho marena a Edomo, Moabe, Ammone, Tyre le Sidone. Mohlomong sepheo sa ’ona e ne e le ho susumelletsa Tsedekia hore a kene selekaneng sa ’ona se neng se le khahlanong le Nebukadnezare. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a khothalletsa Tsedekia hore a ikokobeletse Babylona. Tumellanong le seo, Jeremia o ile a fa manģosa ao lijoko e le ho tšoantšetsa hore linaha tsa bona le tsona li ne li lokela ho sebeletsa Bababylona. (Jer. 27:1-3, 14)c Batho ha baa ka ba thabela maikutlo ao, ’me Hanania o ile a etsa hore mosebetsi oa Jeremia oa ho ba ’muelli ea phatlalatsang molaetsa oo batho ba sa o rateng o be boima le ho feta. Hanania e ne e le moprofeta oa bohata eo ka lebitso la Molimo a ileng a bolela phatlalatsa hore joko ea Babylona e ne e tla rojoa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a sebelisa Jeremia ho bolela hore pele selemo se fela, Hanania oa moikhakanyi o ne a tla shoa. Ho ile ha fela ha e-ba joalo.—Jer. 28:1-3, 16, 17.
22 Joale Juda e ne e arohane likoto tse peli tsa mahlakore a loantšanang—le leng e ne e le la ba khothalletsang hore ho ikokobelletsoe Babylona ha le leng e ne e le la ba khothalletsang hore e fetoheloe. Ka 609 B.C.E., Tsedekia o ile a fela a e fetohela ka hore a kōpe thuso ea sesole Egepeta. Joale Jeremia o ne a lokela ho sebetsana le moea oa bochaba o neng o phahame oa ba neng ba tšehetsa bofetoheli. (Jer. 52:3; Ezek. 17:15) Nebukadnezare hammoho le mabotho a hae ba ile ba khutlela Juda ho ea felisa phetohelo e neng e le teng, ba ile ba hapa metse eohle ea Juda ’me ba boela ba thibella Jerusalema. Nakong ena e thata, molaetsa oa Jeremia o neng o e-ea ho Tsedekia le bafo ba hae e ne e le hore Jerusalema e ne e tla haptjoa ke Bababylona. Ba neng ba tla sala motseng oo ba ne ba tla tobana le lefu. Ba neng ba tla tsoa ba ee ho Bakalde bona ba ne ba tla pholoha.—Bala Jeremia 21:8-10; 52:4.
23 Likhosana tsa Juda li ile tsa bolela hore Jeremia e ne e le lehlaba-phio le neng le tšehetsa Bababylona. Ha a ne a bolela ’nete, likhosana tsa Juda li ile tsa mo otla eaba li mo kenya ka ntlong ea litlamo. (Jer. 37:13-15) Leha ho le joalo, Jeremia o ne a ntse a ke ke a bebofatsa molaetsa oa Jehova. Ka lebaka leo, likhosana li ile tsa phehella Tsedekia hore a bolaee Jeremia. Li ile tsa kenya moprofeta eo ka lemeneng le se nang metsi moo a ka beng a bolailoe ke seretse se tebileng. Empa Ebede-meleke, e leng Moethiopia ea neng a sebetsa ka tlung ea morena o ile a mo pholosa. (Jer. 38:4-13) Mehleng ena, ka makhetlo a mangata batho ba Jehova ba ’nile ba thulana le mathata kaha ka lebaka la matsoalo a bona ba sa jele paate litabeng tsa lipolotiki le liphehisanong tsa tsona. Ho hlakile hore lintho tseo Jeremia a ileng a thulana le tsona li ka u matlafalletsa hore u thulane le liteko u be u li hlōle.
24. Hlalosa liketsahalo tsa 607 B.C.E.
24 Ka 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba qetella ba lihile marako a Jerusalema ’me motse o ile oa oa. Mabotho a Nebukadnezare a ile a chesa tempele ea Jehova, a heletsa marako a motse ’me a bolaea bahlomphehi bohle ba Juda. Tsedekia o ile a leka ho baleha, empa ba ile ba mo tšoara ’me ba mo tlisa ka pele ho mohlōli oa hae. Bara ba Tsedekia ba ile ba bolaeloa ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare o ile a re Tsedekia a foufatsoe, a tlangoe ebe o isoa Babylona. (Jer. 39:1-7) Ka sebele, mantsoe a Jeremia mabapi le Juda le Jerusalema a ne a phethahetse. Ho e-na le hore a thabe, moprofeta eo oa Molimo o ile a siama ka lebaka la tlokotsi e neng e hlahetse batho ba habo. Re ka bala hore na o ne a ikutloa joang bukeng ea Bibele ea Lillo Tsa Jeremia. Ha re bala buka eo re lokela ho ameha haholo.
MOSEBETSI O ILENG OA ETSOA KE MASALA A JUDA
25, 26. (a) Ke liketsahalo life tse ileng tsa latela ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe? (b) Batho ba mehleng ea Jeremia ba ile ba etsa joang ha ba utloa molaetsa oa hae ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe?
25 Ho ne ho etsahala’ng ho Jeremia ha liketsahalo tsee tse tšosang li ntse li etsahala? Likhosana tsa Jerusalema li ne li mo kentse chankaneng, empa Bababylona ba neng ba hlōtse ba ile ba mo tšoara hantle, ba ba ba mo lokolla. Hamorao, Jeremia o ile a ba har’a Bajuda ba neng ba isoa kholehong, empa o ile a lokolloa. Ho ne ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo a neng a lokela ho li etsa tšebeletsong ea Molimo; o ne a ntse a e-na le mosebetsi oo a lokelang ho o etsa har’a baphonyohi. Nebukadnezare o ile a khetha Gedalia hore e be ’musisi oa naha e hapiloeng ’me a tšepisa Bajuda ba neng ba setse khotso haeba ba ne ba ka tsoela pele ba mo sebeletsa, eena morena oa Babylona. Leha ho le joalo, Bajuda ba neng ba sa khotsofala ba ile ba fenetha Gedalia. (Jer. 39:13, 14; 40:1-7; 41:2) Jeremia o ile a khothalletsa masala a Bajuda hore a ’ne a lule ka hare ho naha le hore a se ke a tšaba morena oa Babylona. Leha ho le joalo, baeta-pele ba bona ba ile ba re Jeremia o leshano, ba balehela Egepeta, ’me ba nka Jeremia le Baruke ka mahahapa. Leha ho le joalo, Jeremia o ile a profeta hore Nebukadnezare o ne a tla hlasela le eona naha eo ’me a e hlōle ebe o tlisetsa baphaphathehi ba Bajuda tlokotsi.—Jer. 42:9-11; 43:1-11; 44:11-13.
26 Le lekhetlong lena, batho ba habo Jeremia ha baa ka ba mamela moprofeta oa ’nete oa Molimo. Hobane’ng? Ba ile ba re: “Ho tloha ka nako eo ka eona re ileng ra khaotsa ho etsetsa ‘mofumahali oa maholimo’ mosi oa sehlabelo le ho mo tšollela linyehelo tsa seno re haeletsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me re felisitsoe ka sabole le ke tlala.” (Jer. 44:16, 18) Ruri sena se bontša hore na batho ba mehleng ea Jeremia ba ne ba se ba le babe hakaakang! Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho khothala haholo ha re tseba hore motho ea sa phethahalang a ka lula a tšepahala ho Jehova ho sa tsotellehe hore na o pota-potiloe ke batho ba se nang tumelo hakae!
27. Ke sefe seo re se tsebang ka lilemo tsa ho qetela tsa mosebetsi oa Jeremia oa boprofeta?
27 Ketsahalo ea ho qetela eo Jeremia a e tlalehileng—e leng ho lokolloa chankaneng ha Jojakine ke mohlahlami oa Nebukadnezare, Evile-merodake—e etsahetse ka 580 B.C.E. (Jer. 52:31-34) Nakong ena e ka ’na eaba Jeremia o ne a ka ba lilemo li 90. Ha re na boitsebiso boo re ka bo tšepang bo mabapi le ho shoa ha hae. Ho ka etsahala hore ebe o ile a qeta lilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba hae a le Egepeta ’me o ile a shoella teng a ntse a tšepahala ka mor’a ho qeta lilemo tse 67 a sebeletsa Jehova ka tsela e khethehileng. O ile a sebeletsa Molimo nakong eo borapeli ba ’nete bo neng bo ntšetsoa pele le lilemong tse ngata tseo ka tsona borapeli ba bokoenehi bo neng bo atile. Ho na le batho ba tšabang Molimo ba ileng ba mo mamela. Leha ho le joalo, ba bangata ha baa ka ba mamela molaetsa oa hae, ’me ba bang ba ile ba hla ba mo hanyetsa pepenene. Na seo se ile sa bontša hore Jeremia o ne a hlōlehile? Che! Li sa tloha feela Jehova o ile a re ho eena: “Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena.’” (Jer. 1:19) Kajeno, rōna Lipaki Tsa Jehova re filoe mosebetsi o tšoanang le oa Jeremia. Kahoo, re ka lebella hore batho ba re tšoare ka tsela e tšoanang. (Bala Matheu 10:16-22.) Joale, re ka ithuta eng ho Jeremia, ’me re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli joang? A re ke re tšohleng lipotso tsena.
Tsedekia le bafo ba hae ba sa kang ba mamela molaetsa oa Jeremia ba ile ba hlaheloa ke eng? U nka Jeremia joang?
a Ho tšoana ho pakeng tsa Jeremia 7:1-15 le 26:1-6 ho entse hore batho ba bang ba fihlele qeto ea hore litemana tseo li bua ka ketsahalo e tšoanang.
b Daniele 1:1, 2 e re ho ile ha nehelanoa ka Jojakime ho Nebukadnezare selemong sa boraro sa puso ea Jojakime, mohlomong ebile e le selemo sa boraro a le tlas’a taolo ea Nebukadnezare. Sena se ka ’na sa bolela hore morena o ile a shoa nakong ea thibella eo ho bonahalang e ile ea atleha. Ha ho na tlaleho ea Bibele e tiisang tlaleho ea Josephus ea hore Nebukadnezare o ile a bolaea Jojakime eaba o lahlela setopo sa hae ka ntle ho marako a Jerusalema sa se ke sa patoa.—Jer. 22:18, 19; 36:30.
c E ka ’na eaba ke phoso ea mokopitsi hore ebe Jeremia 27:1 e bua ka Jojakime kaha temana ea 3 le ea 12 li bua ka Tsedekia.