Khaolong ea 25
Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
“Ke qalile ho ipholla litho tsa botona ha ke le lilemo li robeli. Hamorao ke ile ka ithuta hore na Molimo o talima seo joang. Nako le nako ha ke ne ke etsa seo, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke ipotsa: ‘Molimo a ka rata motho ea tšoanang le ’na tjee joang?’”—Luiz.
HA U kena lilemong tsa bocha, u ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, u ka ’na ua oela mokhoeng oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali.a Ba bangata ba ka ’na ba re ha ho letho le phoso ka seo. Ba ka ’na ba re, “Ha ho motho ea utloisoang bohloko.” Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la hore u qobe mokhoa ona. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le . . . takatso ea botona kapa ea botšehali.” (Bakolose 3:5) Ho ipholla litho ha ho bolaee takatso eo, empa hoa e totisa. Ho phaella moo, nahana ka lintlha tse latelang:
● Ho ipholla litho ho etsa hore motho a be le maikutlo a boithati. Ka mohlala, ha motho a ipholla litho o ameha feela ka hore na eena o ikutloa joang ’meleng.
● Ho ipholla litho ho etsa hore motho a nke batho ba bong bo fapaneng e le lintho feela tjee kapa lithulusi tsa ho ikhotsofatsa.
● Monahano oa boithati o bakoang ke ho tloaela ho ipholla litho o ka thatafaletsa motho hore a khotsofale ha a kopanela liphate lenyalong.
Ho e-na le ho khotsofatsa takatso e matla ea ho batla ho kopanela liphate ka hore u ipholle litho, loanela hore u be le boitšoaro. (1 Bathesalonika 4:4, 5) E le ho u thusa hore u etse seo, Bibele e u khothalletsa hore u qobe maemo a ka u tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate. (Liproverbia 5:8, 9) Empa u ka etsa’ng haeba u se u lemaletse ho ipholla litho? Mohlomong u lekile ho khaotsa mokhoa ona, empa u hlōlehile. Ho ka ba bonolo ho etsa qeto ea hore u ke ke ua fetoha, ebile u ke ke ua khona ho phela ka melao ea Molimo. Ke kamoo moshanyana e mong ea bitsoang Pedro a neng a ikutloa kateng. O re: “Ha ke ne ke khutlela mokhoeng ona, ke ne ke utloa bohloko bo tebileng. Ke ne ke nahana hore Molimo a ke ke a ntšoarela. Ke ne ke sitoa ho rapela.”
Haeba u ikutloa joalo, u se ke ua nyahama. Seo ha se bolele hore bothata ba hao bo ke ke ba rarolleha. Bacha ba bangata—le batho ba bang ba baholo—ba hlōtse tloaelo ena ea ho ipholla litho. Le uena u ka e hlōla!
Ho Sebetsana le Boikutlo ba ho ba Molato
Joalokaha ho bontšitsoe, batho ba tloaetseng ho ipholla litho ba atisa ho apareloa ke boikutlo ba ho ba molato. Ha ho pelaelo hore ‘ho hlomoha ka tsela ea bomolimo’ ho ka u susumelletsa hore u hlōle tloaelo ena e mpe. (2 Bakorinthe 7:11) Empa ho ikutloa u le molato ka ho feteletseng ho ka ba kotsi. Ho ka etsa hore u nyahame hoo u ka bonang ho le molemo hore u inehele.—Liproverbia 24:10.
Ka hona, leka ho talima boemo ba hao ka tsela e loketseng. Ho ipholla litho ke mokhoa o sa hloekang. Ho ka u etsa ‘lekhoba la litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng,’ ’me ha etsa hore u nahane lintho tse litšila. (Tite 3:3) Leha ho le joalo, ho ipholla litho hase mofuta oa boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate, o joaloka bohlola. (Juda 7) Haeba u na le bothata ba ho ipholla litho, ha ua lokela ho etsa qeto ea hore u entse sebe se ke keng sa tšoareloa. Ntho ea bohlokoa ke hore u loantše tloaelo eo le hore le ka mohla u se ke ua tela ntoeng ea hao!
Ho bonolo ho nyahama ka mor’a hore u khutlele mokhoeng oo. Ha seo se etsahala, hopola mantsoe a ho Liproverbia 24:16, a reng: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema; empa ba khopo ba tla etsoa hore ba khoptjoe ke tlokotsi.” Ho khutlela mokhoeng oo ka nakoana ha ho bolele hore u motho ea mobe. Kahoo, u se ke ua tela. Ho e-na le hoo, hlahloba hore na ke eng e entseng hore u khutlele mokhoeng oo, ’me u leke ho e qoba.
Iphe nako ea ho nahanisisa ka lerato la Molimo le mosa oa hae. Mopesaleme Davida, eo ka lebaka la bofokoli a ileng a etsa liphoso, o ile a re: “Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:13, 14) Ka sebele, Jehova oa tseba hore ha rea phethahala ’me ‘o itokiselitse ho re tšoarela.’ (Pesaleme ea 86:5) Ka lehlakoreng le leng, o batla hore re etse boiteko ba ho ntlafatsa. Kahoo, u ka etsa’ng hore u hlōle tloaelo ee?
Hlahloba boithabiso ba hao. Na u shebella lifilimi, mananeo a thelevishene kapa u sheba mecha ea Inthanete e u tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate? Ka bohlale mopesaleme o ile a rapela Molimo a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”b—Pesaleme ea 119:37.
Iqobelle ho nahana ka lintho tse ling. Mokreste e mong ea bitsoang William oa eletsa: “Pele u robala, bala ntho e itseng e amanang le lintho tsa moea. Ke habohlokoa hore ntho ea ho qetela eo u nahanang ka eona pele u robala e be ea moea.”—Bafilipi 4:8.
Buisana le motho e mong ka bothata bona. Ho hlajoa ke lihlong ho ka ’na ha u thatafaletsa ho bolella motho eo u mo tšepang taba ena. Empa ho etsa seo ho ka u thusa hore u hlōle tloaelo eo! Ke seo Mokreste e mong ea bitsoang David a ileng a se hlokomela. O re: “Ke ile ka buisana le Ntate lekunutung. Ha ke sa tla lebala seo a ileng a se bua. O ile a bososela ka mofuthu ’me a re, ‘Ke motlotlo ka uena.’ O ne a tseba hore e tlameha ebe ke ile ka iteta sefuba e le hore ke bue le eena ka taba eo. Mantsoe ao a ile a nkhothatsa haholo le ho ’matlafatsa boikemisetsong ba ka.
“Ka mor’a moo, Ntate o ile a mpontša litemana tse seng kae ho ntlhokomelisa hore ha ke e-s’o ‘ee hōle haholo,’ a ntan’o mpontša litemana tse ling ho netefatsa hore ke utloisisa kamoo phoso ea ka e tebileng kateng. O ile a mpolella hore ke leke ho qoba mokhoa oo ho fihlela nakong e itseng ’me ka mor’a moo re tla boela re buisane ka taba eo. O ile a re ke se ke ka nyahama haeba ke khutlela mokhoeng oo, empa nakong e tlang ke leke ho nka nako e teletsana ke sa khutlele ho oona.” David o ile a etsa qeto efe? O re: “Ke ile ka thusoa haholo ke hore ebe ho na le motho ea tsebang hore ke na le bothata boo, ea bileng a nthusang.”c
Ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase taba feela e sa reng letho. Bala lebaka la seo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate, ho iketsahallang feela e se ka boikemisetso. Ka mohlala, moshanyana a ka ’na a tsoha a e-na le takatso ea ho kopanela liphate kapa a tsoa peō ea botona bosiu ha a robetse. Ka ho tšoanang, banana ba bang ba ka ’na ba hlokomela hore ba tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate ba sa ikemisetsa, haholo-holo nakoana pele ba ilela khoeli kapa ka mor’a teng. Ho fapana le seo, ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho akarelletsa ho khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate ka boomo.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba Khaolo ea 33, Bukeng ea 2.
c Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 239-241, Bukeng ea 2.
LENGOLO LA SEHLOOHO
“U balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha, empa u phehelle ho loka, tumelo, lerato, khotso, hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong e hloekileng.”—2 Timothea 2:22.
KELETSO
Rapela pele takatso e ba matla. Kōpa Jehova Molimo hore a u fe “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore u tobane le teko eo.—2 Bakorinthe 4:7.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Motho leha e le ofe ea fokolang o inehela takatsong ea ho kopanela liphate. Empa motho e lokela ho ba monna kapa mosali oa sebele e le hore a bontše boitšoaro le ha a le mong.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka etsa hore ke lule ke nahana ka lintho tse hloekileng haeba ke ․․․․․
Ho e-na le hore ke khotsofatse takatso eo, ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hopola hore Jehova o lula a “itokiselitse ho tšoarela”?—Pesaleme ea 86:5.
● Kaha Molimo o entse hore batho ba be le takatso ea ho kopanela liphate, empa o boetse o re u lokela ho ba le boitšoaro, e tlameha ebe o tšepa hore u tla etsa’ng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 182]
“Kaha ke hlōtse bothata boo, hona joale ke na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Jehova, ’me seo ke sa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe!”—Sarah
[Setšoantšo se leqepheng la 180]
Ha u oa u ntse u matha, seo ha se bolele hore u lokela ho qala fatše—ho khutlela mokhoeng oa ho ipholla litho le hona ha ho senye tsoelo-pele eo u seng u e entse