KHAOLO EA LESHOME LE METSO E ROBONG
O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tiisetsa
1, 2. (a) Josefa le lelapa la hae ba ile ba tlameha ho etsa liphetoho life? (b) Ke litaba life tse bohloko tseo Josefa a ileng a tlameha ho li bolella mosali oa hae?
JOSEFA o lahlela thoto e ’ngoe holim’a esele. Nahana feela a qamaka koana le koana motseng o lefifi oa Bethlehema ebe o phaphatha esele ea hae e shahlileng lephakong. Ha ho pelaelo hore o ne a ntse a nahana ka leeto le lelelele leo a tla le nka, le lebang Egepeta. Ho batho basele, ba puo esele, ba mekhoa esele—ebe lelapa la hae le lenyenyane le tla tloaela liphetoho tsee tse khōlō joang?
2 Ho ne ho se bonolo hore a bolelle Maria, mosali oa hae eo a mo ratang, litaba tsena tse bohloko, empa Josefa o ile a iteta sefuba. O ile a mo bolella ka toro eo ho eona lengeloi le ileng la mo fa molaetsa ona o tsoang ho Molimo: Morena Heroda, o ne a batla ho bolaea mora oa bona e monyenyane! Ba ne ba lokela ho tsamaea hang-hang. (Bala Matheu 2:13, 14.) Maria o ne a tšoenyehile haholo. Ke hobane’ng ha motho e mong a ne a ka batla ho bolaea ngoana oa hae ea se nang molato le ea seng kotsi? Maria le Josefa ba ne ba sa utloisise. Empa ba ne ba tšepile Jehova, eaba ba itokisetsa tsela.
3. Hlalosa hore na leeto la Josefa le lelapa la hae le ne le le joang ha ba tloha Bethlehema. (Sheba le setšoantšo.)
3 Ha motse oohle oa Bethlehema o ile le sephume sa boroko, o sa tsebe se etsahalang, Josefa, Maria le Jesu ba ile ba tsoa ka lenyele har’a lefifi. Ha Josefa le lelapa la hae ba ea ba lebile ka boroa ’me leholimo le qala ho ela ka bochabela, mohlomong o ne a ipotsa ka se larileng ka pele. Ebe ’metli eo oa mapolanka oa boemo bo tlaase o ne a tla sireletsa lelapa la hae joang ka pel’a mabotho a matla joalo? Na o ne a tla khona ho hlokomela lelapa la hae kamehla? Na o ne a tla khona ho tšoara ka tieo e le hore a phethe mosebetsi oo o boima oo Jehova Molimo a mo fileng oona oa ho hlokomela le ho hōlisa ngoana eo ea khethehileng? Josefa o ne a shebane le mathata a boima. Ha re hlahloba kamoo a ileng a atleha kateng ha a tobane le mathata ao, re tla bona hore na ke hobane’ng ha kajeno bo-ntate—le rōna kaofela—re lokela ho bontša tumelo e tšoanang le ea Josefa.
Josefa o Ile a Sireletsa Lelapa la Hae
4, 5. (a) Ke joang bophelo ba Josefa bo ileng ba fetohela ruri? (b) Lengeloi le ile la khothatsa Josefa joang hore a khone ho phetha kabelo e boima?
4 Likhoeli pejana, motseng oa habo oa Nazaretha, bophelo ba Josefa bo ile ba fetoha ka mor’a ho lebeletsana le morali oa Heli. Josefa o ne a tseba Maria e le moroetsana ea itšoereng hantle le ea tšepahalang. Empa joale o ile a utloa hore Maria ke moimana! Eaba o rera ho mo hlala ka lenyele e le hore a se ke a mo hlabisa lihlong.a Leha ho le joalo, lengeloi le ile la bua le eena torong, le hlalosa hore Maria o imisitsoe ke moea o halalelang oa Jehova. Le ile la phaella ka ho re mora eo a mo immeng o tla “pholosa batho ba habo libeng tsa bona.” Le ile la boela la khothatsa Josefa, la re: “U se ke ua tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng.”—Mat. 1:18-21.
5 Josefa, monna ea lokileng le ea mamelang, o ile a fela a etsa joalo. O ile a amohela boikarabelo bo boimahali, ba ho hōlisa le ho hlokomela mora eo e neng e se oa hae empa e le mora oa bohlokoa ka ho fetisisa ho Molimo. Hamorao, Josefa le mosali oa hae oa moimana ba ile ba ea Bethlehema e le ha ba mamela taelo ea ’muso ea ho ingolisa. Ngoana o ile a hlahela hona moo.
6-8. (a) Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore ho be le phetoho e ’ngoe bophelong ba Josefa le ba lelapa la hae le lenyenyane? (b) Ke bopaki bofe bo bontšang hore Satane ke eena ea ileng a romela “naleli”? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
6 Josefa le lelapa la hae ha baa ka ba khutlela Nazaretha. Ho e-na le hoo, ba ile ba lula Bethlehema, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang tse leshome ho tloha Jerusalema. Ba ne ba futsanehile, empa Josefa o ile a etsa sohle se matleng a hae hore Maria le Jesu ba se ke ba lapa kapa ba sotleha. Ho e-s’o ee kae, ba ile ba fumana bolulo ntlong ea boemo bo tlaase. Joale ha Jesu e se e le ngoana e monyenyane—mohlomong a lata selemo sa bobeli—bophelo ba bona bo ile ba fetoha hape ka tšohanyetso.
7 Ho ile ha fihla sehlopha sa banna ba linohe tsa linaleli ba tsoang Bochabela, mohlomong ba tsoa hōle Babylona. Ba ne ba latetse “naleli” hore ba fihle lapeng la Josefa le Maria ’me ba ne ba batla ngoana eo e tla ba morena oa Bajuda. Banna bao ba ile ba ba bontša tlhompho e khōlō.
8 Ebang ba ne ba tseba kapa che, banna bao ba linohe ba ile ba beha Jesu e monyenyane kotsing e khōlō. “Naleli” eo ba neng ba e bone ha ea ka ea ba isa Bethlehema pele, empa e ile ea ba isa Jerusalema.b Ha ba le moo, ba ile ba bolella Morena Heroda ea khopo hore ba batla ngoana eo e tla ba morena oa Bajuda. Sena se ile sa etsa hore Heroda a be mōna hoo a ile a loloma ke bohale.
9-11. (a) Ke joang ea matla ho feta Heroda kapa Satane a ileng a kenella? (b) Leeto le neng le e-ea Egepeta le ne le fapane joang le kamoo litšōmo le lipale tsa bohata li le hlalosang kateng?
9 Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore ea matla ho feta Heroda kapa Satane o ile a kenella. Joang? Ha baeti bana ba fihla moo Jesu a neng a le teng ’me ba bona ’mè oa hae, ba ile ba ntša limpho, ba sa batle ho buseletsoa ka letho. E tlameha ebe Josefa le Maria ba ile ba makala hakaakang ha ba iphumana ba se ba e-na le “khauta le libano tse tšoeu le myra”—e leng matlotlo a bohlokoa! Linohe li ne li rerile ho khutlela morao ho ea bolella Morena Heroda hore na li fumane ngoana hokae. Leha ho le joalo, Jehova o ile a kenella. O ile a hlaha ho tsona ka toro, a li laela hore li khutlele hae ka tsela e ’ngoe.—Bala Matheu 2:1-12.
10 Nakoana ka mor’a hore linohe li tlohe, lengeloi la Jehova le ile la fa Josefa temoso ena: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m’ae u balehele Egepeta, ’me u lule moo ho fihlela ke u laela; etsoe Heroda o haufi le ho batla ngoana eo e monyenyane hore a mo timetse.” (Mat. 2:13) Kahoo, joalokaha ho boletsoe qalong, Josefa o ile a tlōla matjato. Kaha o ne a amehile ka ho sireletseha ha ngoana oa hae, o ile a isa lelapa la hae Egepeta. Ka lebaka la hore linohe tseo tsa linaleli tsa bahetene li ile tsa fa lelapa la Josefa limpho tseo tsa theko e phahameng, lelapa la hae le ne le se le e-na le lintho tse ka le thusang ha le ntse le jakile Egepeta.
Josefa ha aa ka a tsilatsila ’me o ile a itela hore a sireletse ngoana oa hae
11 Hamorao, litšōmo le lipale tsa bohata li ile tsa leka ho natefisa taba ea leeto leo la ho ea Egepeta, li bolela hore Jesu e monyenyane o ile a khutsufatsa leeto ka mohlolo, a etsa hore linokoane li se ke tsa ba ntša kotsi, a ba a etsa hore lifate tsa palema li kobehe ka pel’a ’mè oa hae e le hore a khole litholoana tsa tsona.c ’Nete ke hore e ne e le leeto le lelelele haholo le le boima kaha ba ne ba e-ea moo ba sa tsebeng.
Josefa o ile a itella lelapa la hae
12. Batsoali ba hōlisetsang bana lefatšeng lena le kotsi ba ka ithuta’ng ho Josefa?
12 Batsoali ba ka ithuta lintho tse ngata ho Josefa. Ha aa ka a tsilatsila ho tlohela mosebetsi oa hae le ho tela bophelo ba hae e le hore a sireletse lelapa la hae kotsing. Ho hlakile hore o ne a nka lelapa la hae e le letlotlo le halalelang le tsoang ho Jehova. Kajeno batsoali ba hōlisetsa bana ba bona lefatšeng le kotsi, le tletseng lintho tse ka behang bana kotsing, tsa silafatsa boitšoaro ba bona kapa tsa ba senyetsa bophelo. Ka sebele bo-’mè le bo-ntate bao joaloka Josefa ba nkang khato ba sa tsilatsile, ba sebetsang ka thata ho sireletsa bana ba bona linthong tse joalo tse kotsi, ba lokela ho babatsoa!
Josefa o ne a Hlokomela Lelapa la Hae
13, 14. Ho tlile joang hore Josefa le ba lelapa la hae ba qetelle ba lula Nazaretha?
13 Ho bonahala eka lelapa la Josefa ha lea ka la lula nako e telele Egepeta, hobane nakoana ka mor’a moo lengeloi le ile la mo tsebisa hore Heroda o shoele. Josefa o ile a khutlisetsa lelapa la hae naheng ea habo. Boprofeta ba boholo-holo bo ne bo boletse hore Jehova o tla bitsa mora oa hae hore a tsoe “Egepeta.” (Mat. 2:15) Josefa o ile a thusa ho etsa hore boprofeta boo bo phethahale, empa joale o ne a tla isa lelapa la hae hokae?
14 Josefa o ne a le hlokolosi. Kaha o ne a tšaba mohlahlami oa Heroda, e leng Arkelause, eo le eena a neng a le mabifi ebile e le ’molai, Josefa o ile a etsa lintho ka bohlale. Molimo o ile a tataisa Josefa hore a ise lelapa la hae ka leboea, hōle le Jerusalema e neng e le kotsi, a khutlele motseng oa habo oa Nazaretha ea Galilea. Ke hona moo eena le Maria ba ileng ba hōlisetsa bana ba bona teng.—Bala Matheu 2:19-23.
15, 16. Josefa o ne a sebetsa mosebetsi oa mofuta ofe, hona e ka ’na eaba o ne a sebelisa lithulusi life?
15 Ba ne ba phela bophelo bo sa rarahanang—empa ho ne ho se bonolo. Bibele e re Josefa e ne e le ’metli oa mapolanka, e leng poleloana e akarelletsang litsela tse ngata tsa ho sebetsa ka lepolanka, tse kang ho rema lifate, ho li hula le ho li omisa e le hore li sebelisoe ha ho hahoa matlo, liketsoana, marokho, likariki, mabili, lijoko le lisebelisoa tsa ho lema tsa mefuta-futa. (Mat. 13:55) E ne e le mosebetsi oa matsoho o boima. Hangata ’metli oa mapolanka oa mehleng ea Bibele o ne a sebeletsa haufi le monyako oa ntlo ea hae ea boemo bo tlaase kapa ntlong e ka thōko.
16 Josefa o ne a sebelisa lithulusi tsa mefuta-futa, tse ling mohlomong e le tseo a li filoeng ke ntate oa hae. Mohlomong o ne a sebelisa sekoere, choko, selepe, sakha, ase, hamore, noto, lichesele, elese, likhomaretsi tse fapa-fapaneng, mohlomong le lipekere, le hoja li ne li le theko e boima.
17, 18. (a) Jesu o ile a ithuta’ng ho ntate oa hae ea mo hōlisitseng? (b) Ke hobane’ng ha Josefa a ne a lokela ho sebetsa ka thata le ho feta?
17 Nahana ka Jesu ha e sa le moshanyana ’me a shebelletse ntate oa hae ea mo hōlisang a sebetsa. A tonne mahlo ’me a shebile ka hloko sohle seo Josefa a neng a se etsa, ha ho pelaelo hore o ne a tsota kamoo ntate oa hae a neng a shahlile kateng, a sebetsa ka matla ka matsoho a hae le kamoo a neng a le bohlale kateng. Mohlomong Josefa o ile a qala ho ruta mora oa hae e monyenyane mesebetsi e bonolo e kang ho tlosa makukuno a lepolanka ka letlalo le omisitsoeng la tlhapi. Mohlomong o ile a ruta Jesu phapang pakeng tsa mapolanka a sa tšoaneng ao a neng a a sebelisa—ka mohlala, a sikamore, a eike, kapa a mohloaare.
Josefa o ile a koetlisa mora oa hae hore e be ’metli oa mapolanka
18 Jesu o ne a tseba hore le hoja ntate oa hae a ne a le matla hoo a neng a rema lifate, a etsa maballo le ho otlella mapolanka, o ne a boetse a le bonolo, a hlokomela eena, ’mè oa hae le banab’abo ka lerato. Josefa le Maria ba bile le lelapa le leholo le ileng la qetella le e-na le bana ba tšeletseng ntle ho Jesu. (Mat. 13:55, 56) Josefa o ile a tlameha ho sebetsa ka thata haholo e le hore a ba hlokomele le ho ba fepa.
Josefa o ne a tseba hore ho hlokomela lelapa la hae moeeng e ne e le ntho e ka sehloohong
19. Josefa o ne a hlokomela lelapa la hae joang moeeng?
19 Leha ho le joalo, Josefa o ne a utloisisa hore ho hlokomela lelapa la hae linthong tsa moea e ne e le ntho e ka sehloohong. Kahoo o ne a qeta nako a ruta bana ba hae ka Jehova Molimo le melao ea Hae. Eena le Maria ba ne ba e-ea le bona kamehla synagogeng e haufi, moo ho neng ho baloa Molao ka lentsoe le phahameng o bile o hlalosoa. E ka ’na eaba ha ba khutlela hae, Jesu o ne a botsa lipotso tse ngata ’me Josefa a leka ka matla hore a arabe lipotso tsa moshanyana oa hae. Josefa o ne a boetse a e-ea le lelapa la hae meketeng ea bolumeli Jerusalema. Bakeng sa Paseka ea selemo le selemo, mohlomong Josefa o ne a hloka libeke tse peli hore a nke leeto le ka etsang lik’hilomithara tse 120, a be teng moketeng a be a khutle.
Josefa o ne a e-ea khafetsa le lelapa la hae ho ea rapela tempeleng Jerusalema
20. Bakreste bao e leng lihlooho tsa malapa ba ka latela mohlala oa Josefa joang?
20 Bakreste bao kajeno e leng lihlooho tsa malapa ba latela mohlala oo. Ba itella bana ba bona, ba ameha haholo ka ho ba ruta ka Molimo ho feta ntho leha e le efe esita le lintho tsa nama. Ba ikitlaetsa ka matla ho tšoara borapeli ba lelapa le ho ea le bana ba bona libokeng tsa Bokreste le likopanong. Joaloka Josefa, baa tseba hore ho etsa joalo, ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo ba ka e etsetsang bana ba bona.
“Re Khathatsehile”
21. Ho ne ho e-ba joang lapeng la Josefa ka nako ea Paseka, hona Josefa le Maria ba ile ba hlokomela neng hore Jesu o lahlehile?
21 Ha Jesu a le lilemo li 12, Josefa o ile a ea le lelapa la hae Jerusalema joalokaha e ne e le tloaelo. E ne e le Paseka, nako ea thabo ’me malapa a maholo a ne a tsamaea hammoho a kolokile har’a naha e tala nakong ea selemo. Ha ba ntse ba atamela naha e ntle e sabaletseng e haufi le motse o lutseng qhooeng oa Jerusalema, ba bangata ba ne ba bina lipesaleme tse tummeng tsa methati. (Pes. 120-134) Mohlomong motse o ne o phethesela o tletse ka batho. Ka mor’a moo, malapa a ne a qala ho khutlela hae ka lihlopha. E ka ’na eaba Josefa le Maria ba ne ba tšoarehile ka litokisetso tsa leeto, eaba ba nka hore Jesu o tsamaea le ba bang, mohlomong beng ka bona. Ke feela ka mor’a letsatsi ba tlohile Jerusalema, ba ileng ba hlokomela hore Jesu o ne a lahlehile, e leng se ileng sa ba tšosa!—Luka 2:41-44.
22, 23. Josefa le Maria ba ile ba etsa’ng ha ba hlokomela hore moshanyana oa bona o lahlehile, hona Maria o ile a re’ng ha ba mo fumana?
22 Ba ile ba ikhata mehlala ba ferekane ho ea Jerusalema. Ak’u nahane feela ha ba ntse ba nyolosa ba theosa le literata, ba hoeletsa mora oa bona motseng o neng o thotse o bonahala o se na batho. Ebe o hokae? Letsatsing la boraro ba ntse ba batla, ebe Josefa o ile a qala ho ipotsa hore na o hlōlehile ka ho feletseng ho hlokomela letlotlo le halalelang le tsoang ho Jehova? Qetellong ba ile ba leba tempeleng. Ha ba le moo ba ile ba batla ho fihlela ba fihla phaposing eo ho eona ho neng ho bokane banna ba bangata ba rutehileng, ba tsebang Molao—Jesu e monyenyane a lutse har’a bona! Nahana feela ho re kokololo! ho Josefa le Maria ha ba mo bona.—Luka 2:45, 46.
23 Jesu o ne a mametse banna bana ba rutehileng ’me a botsa lipotso ka cheseho. Banna bana ba ne ba makaletse kutloisiso ea ngoana enoa le likarabo tsa hae. Empa Maria le Josefa bona ba ne ba hloletsoe. Ha ho na moo Bibele e bontšang hore Josefa o ile a bua ho hong. Empa Maria o ile a bua ka tsela e ba akaretsang hantle ka bobeli, a re: “Ngoana, ke hobane’ng ha u re entse tjee? Bona! ’na le ntat’ao re ’nile ra u batla re khathatsehile.”—Luka 2:47, 48.
24. Bibele e etsa hore re utloisise boikarabelo ba ho ba motsoali joang?
24 Kahoo, ka mantsoe a seng makae feela a bohlale, Lentsoe la Molimo le entse hore re utloisise boikarabelo ba ho ba motsoali. Bo ka ba boima esita le ha ngoana e le ea phethahetseng! Ho ba motsoali lefatšeng la kajeno le kotsi e ka ba ntho e ‘khathatsang’ haholo, empa bo-ntate le bo-’mè ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Bibele ea lumela hore ba tobane le bothata.
25, 26. Jesu o ile a re’ng ha a araba batsoali ba hae, hona e ka ’na eaba Josefa o ile a ikutloa joang ha mor’a hae a bua mantsoe ao?
25 Jesu o ne a le sebakeng seo a neng a ikutloa a le haufi haholo le Ntate oa hae ea leholimong, Jehova, moo a neng a ka ithuta eng kapa eng eo a neng a ka khona ho ithuta eona. Kahoo, o ile a araba batsoali ba hae habonolo ka botšepehi, a re: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?”—Luka 2:49.
26 E tlameha ebe Josefa o ile a nahana ka mantsoe ao ka makhetlo a mangata. Mohlomong o ile a ikutloa a le motlotlo. Etsoe o ne a sebelitse ka thata ho ruta ngoana enoa hore a ikutloe ka tsela eo ka Jehova Molimo. Nakong eo ea boshanyana, Jesu o ne a se a ntse a tseba hantle hore na ha ho thoe motho ke “ntate” ho boleloa’ng—e leng tsebo eo a bileng le eona ka lebaka la ho hōlisoa ke Josefa.
27. Joaloka ntate, u na le boikarabelo bofe, hona ke hobane’ng ha u lokela ho hopola mohlala oa Josefa?
27 Haeba u ntate, na ua hlokomela hore na u na le boikarabelo bo bokaakang ba ho thusa bana ba hao hore ba utloisise hore na Ntate ea lerato, ea sireletsang lelapa la hae ke ea joang? Kahoo, haeba u hōlisa bana bao e seng ba hao, hopola mohlala oa Josefa ’me u tšoare e mong le e mong joaloka motho ea khethehileng le oa bohlokoa. Thusa bana bao hore ba be le kamano e haufi le Ntate oa bona ea leholimong, Jehova Molimo.—Bala Baefese 6:4.
Josefa o Ile a Tiisetsa
28, 29. (a) Mantsoe a tlalehiloeng ho Luka 2:51, 52 a senola eng ka Josefa? (b) Josefa o ile a thusa mora oa hae joang hore a hatele pele bohlaleng?
28 Bibele e re bolella makumane feela ka bophelo ba Josefa, leha ho le joalo re ka rua molemo ha re a hlahloba ka hloko. Re bala hore Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona”—e leng batsoali ba hae. Re boetse re bala hore “Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.” (Bala Luka 2:51, 52.) Mantsoe ao a re bolella eng ka Josefa? Lintho tse ngata. Re ithuta hore Josefa o ile a ’na a etella pele lelapa la hae, kaha mora oa hae ea phethahetseng o ne a mo hlompha ’me o ile a lula a ikokobelletsa eena.
29 Re boetse re bala hore Jesu o ile a tsoela pele ho ba bohlale le ho feta. Ha ho pelaelo hore Josefa o ile a thusa mora oa hae tsoelo-peleng eo. Mehleng eo, ho ne ho e-na le maele ao Bajuda ba neng ba a hlompha. Maele ao a ntse a le teng le kajeno. A ne a fana ka maikutlo a hore ke batho ba rutehileng feela bao ho ka thoeng ba bohlale e le kannete, athe ba etsang mosebetsi oa matsoho joaloka babetli ba mapolanka, lihoai le litei tsa tšepe “ba ke ke ba khona ho phethahatsa toka le ho ahlola; ’me ba ke ke ba khona ho rarolla lilotho.” Hamorao, Jesu o ile a bontša hore polelo eo hase ’nete. Ha e sa le moshanyana, ha ho pelaelo hore ka makhetlo a mangata o ne a utloa ntate oa hae ea mo hōlisitseng a ruta ka tsela e tsotehang lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng mahlong a Jehova, le hoja e ne e le ’metli oa mapolanka oa maemo a tlaase.
30. Josefa o behetse bo-ntate mohlala joang kajeno?
30 Re boetse re bona kamoo Josefa a neng a hlokometse Jesu kateng. E ne e le moshanyana ea hlokomelehileng ’me o ile a hōla ea e-ba monna ea shahlileng le ea phetseng hantle ’meleng. Ho feta moo, Josefa o ile a koetlisa mora oa hae hore e be setsebi sa mosebetsi oa matsoho. Jesu ha aa ka a tsejoa feela e le mora oa ’metli empa hape o ne a tsejoa e le “’metli oa mapolanka.” (Mar. 6:3) Kahoo, Josefa o ile a etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ha a ne a koetlisa Jesu. Bo-ntate ba bontša bohlale ha ba etsisa Josefa ka hore ba hlokomele bana ba bona ’me ba ba thuse hore ba khone ho iphelisa.
31. (a) Bopaki bo bontša hore e ka ’na eaba Josefa o shoele neng? (Sheba le lebokose.) (b) Josefa o re sietse mohlala ofe oo re ka o etsisang?
31 Ha re fihla tlalehong ea Bibele moo Jesu a kolobetsoang ha a le lilemo li 30, ha ho sa buuoa letho ka Josefa. Bopaki bo bontša hore Maria e ne e le mohlolohali ha Jesu a qala tšebeletso ea hae. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Josefa o Shoele Neng?”) Leha ho le joalo, Josefa o siile mohlala o ikhethang oa ntate ea ileng a sireletsa lelapa la hae, a le hlokomela a ba a tiisetsa ho fihlela qetellong. Ntate ofe kapa ofe, hlooho efe kapa efe ea lelapa, kapa Mokreste ofe kapa ofe o lokela ho bontša tumelo e tšoanang le ea Josefa.
a Mehleng eo, ho lebeletsana ho ne ho nkoa ka tsela e tšoanang le lenyalo.
b Ho hlaha ha “naleli” ena e ne e se hoa tlhaho; kapa hona hore e ne e rometsoe ke Molimo. Ho hlakile hore Satane o ile a sebelisa naleli eo ka tsela ea mohlolo e le hore a finyelle morero oa hae o khopo oa hore a bolaee Jesu.
c Bibele e bolela ka ho hlaka hore Jesu o entse mohlolo oa hae oa pele, “tšimoloho ea lipontšo tsa hae” ka mor’a hore a kolobetsoe.—Joh. 2:1-11.