THUTO EA 36
Tšepiso ea Jafeta
Baiseraele ba ile ba boela ba lahla Jehova ’me ba rapela melimo ea bohata. Melimo eo ha ea ka ea ba thusa ha Baamone ba ba loantša. Baiseraele ba ile ba sotleha ka lilemo tse ngata. Qetellong ba re ho Jehova: ‘Re entse sebe. Re kopa u re sireletse ho lira tsa rona.’ Eaba ba senya litšoantšo tseo ba neng ba li rapela ’me ba rapela Jehova hape. Jehova o ne a sa rate ha ba sotleha.
Jehova o ile a khetha monna ea matla ea bitsoang Jafeta hore a etelle masole a Baiseraele pele ha a e’o loantša Baamone. Jafeta o ile a re ho Jehova: ‘Ha u ka re thusa ho hlola ntoeng ena, ke tla u fa motho oa pele ea tla tsoa ka tlung ea ka ho nkhahlanyetsa.’ Jehova o ile a mamela thapelo ea Jafeta eaba o mo thusa hore a hlole ntoeng eo.
Ha Jafeta a khutla ntoeng, motho oa pele ea ileng a tsoa ho tla mo khahlanyetsa ke morali oa hae, ngoana ea mong feela. O ile a tla a ntse a tantša, a letsa moropa. Jafeta o ile a etsa’ng? O ile a hopola tšepiso ea hae eaba o re: ‘Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko. Ke tšepisitse Jehova hore motho ea tla tsoa pele ho tla nkhahlanyetsa, ke tla fana ka eena tabernakeleng Shilo. Kahoo, ke lokela ho fana ka uena tabernakeleng.’ Morali oa hae a re ho eena: ‘Ntate, haeba u tšepisitse Jehova, phetha tšepiso ea hao. Empa pele ke ea, ke kopa ho qeta likhoeli tse peli thabeng le metsoalle ea ka. Ka mor’a moo ke tla ea Shilo.’ Morali oa Jafeta o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi tabernakeleng bophelo bohle ba hae. Metsoalle ea hae e ne e mo chakela Shilo selemo le selemo.
“Ea ratang mora kapa morali ho mpheta, ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.”—Matheu 10:37