THUTO EA 35
Anna o Rapella ho ba le Mora
Monna oa Moiseraele ea bitsoang Elkana o ne a e-na le basali ba babeli, e leng Anna le Penina ’me a rata Anna ho feta Penina. Penina o ne a lula a soma Anna hobane a se na bana empa eena a e-na le ba bangata. Elkana o ne a tsamaea le ba lelapa la hae selemo le selemo ho ea rapela tabernakeleng e Shilo. Ka le leng ha ba le moo, a bona hore Anna o utloile bohloko haholo. Eaba o re: ‘Anna, u se ke oa lla. Ke ntse ke le teng. Kea u rata.’
Hamorao, Anna o ile a e’o rapela a le mong. O ne a ntse a lla ha a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: ‘Jehova haeba u ka mpha mora, ke tla u fa eena hore a u sebeletse bophelo bohle ba hae.’
Moprista ea Phahameng Eli o ile a bona Anna a ntse a lla eaba o nahana hore o tahiloe. Empa Anna a re ho eena: ‘Che moren’a ka, ha kea tahoa. Ke ntse ke bolella Jehova bothata ba ka.’ Eli o ile a hlokomela hore o entse phoso ha a re Anna o tahiloe eaba o re: ‘E se eka Molimo a ka u fa seo u se kopang.’ Anna o ile a ikutloa a imolohile eaba oa tsamaea. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a ba le mora eaba o mo reha Samuele. U ka inahanela feela hore na Anna o ne a thabile hakaakang!
Anna ha aa ka a lebala tšepiso ea hae ho Jehova. O ile a isa Samuele tabernakeleng a sa le monyenyane hore a e’o sebeletsa Jehova. O ile a re ho Eli: ‘Enoa ke mora eo ke ileng ka rapela Jehova hore a mphe eena. Ke fana ka eena hore a mo sebeletse bophelo bohle ba hae.’ Elkana le Anna ba ne ba chakela Samuele selemo se seng le se seng, ba mo tlisetsa seaparo se se nang matsoho. Jehova o ile a fa Anna bara ba bang ba bararo le barali ba babeli.
“Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana.”—Matheu 7:7