PINA EA 10
Rorisang Jehova ’Mopi!
E Hatisitsoeng
1. Rorisang Jehova ’Mopi!
Tsebisang batho ka eena!
Lemosang lichaba tsohle
Hore bofelo bo haufi.
Jehova o re joale ke nako
Ea hore Jesu a buse.
Le tsebise bohle tlho’nolofatso
Tse tla tlisoa ke ’Mopi.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova ’Mopi!
Tsebisang lichaba ka eena!
2. Rorisang Jehova ’Mopi!
Tlotlisang lebitso la hae!
Ka pelo tse nyakaletseng,
Le bolelleng bohle ka eena.
O moholo ebile o matla,
O lerato, o molemo.
Ke Ntate ea mosa le ea mohau.
O re fa seo re se hlokang.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova ’Mopi!
Tsebisang lichaba ka eena!
(Sheba le Pes. 89:27; 105:1; Jer. 33:11.)