PINA EA 11
Popo e Rorisa Molimo
E Hatisitsoeng
1. Khanya ea hao Molimo oa rona,
Re e bona linthong tse bopiloeng.
Re’u rorisa ka baka la tsona
’Me le batho bohle baa li bona.
Re’u rorisa ka baka la tsona
’Me le batho bohle baa li bona.
2. Melao ea hao ea re sireletsa.
Ea re thusa bophelong ba rona.
E molemo ho feta ntho tsohle
’Me e hlalefisa batho bohle.
E molemo ho feta ntho tsohle
’Me e hlalefisa batho bohle.
3. Ho tseba Jehova hoa thabisa.
Lentsoe la hae lea re tataisa.
Bohle ba rorisang bitso la hao
U tla ba fa phelo bo sa feleng.
Bohle ba rorisang bitso la hao
U tla ba fa phelo bo sa feleng.
(Sheba le Pes. 12:6; 89:7; 144:3; Bar. 1:20.)