PINA EA 15
Rorisang Letsibolo la Jehova!
E Hatisitsoeng
1. Rorisang Mor’a Jah.
Ke eena Letsibolo,
’Musi ea nang le toka,
Ea tla pholosa batho.
Lebitso la Molimo
Oa le halaletsa
Le puso ea Jehova,
Oa e phatlalatsa.
(K’HORASE)
Rorisang Mor’a Jah!
Ke eena Letsibolo.
O behiloe Sione,
Joale o se a busa!
2. Rorisang Mor’a Jah,
Ea ileng a re shoela
A ba a re lopolla,
’Mopi a re tšoarela.
Le monyaluoa o teng,
O emetse Kreste.
Lenyalo leo la Kreste
Le tla re thabisa.
(K’HORASE)
Rorisang Mor’a Jah!
Ke eena Letsibolo.
O behiloe Sione,
Joale o se a busa!
(Sheba le Pes. 2:6; 45:3, 4; Tšen. 19:8.)