PINA EA 14
Rorisang Morena e Mocha oa Lefatše
E Hatisitsoeng
1. Letšoele le tsoang lichabeng
le bokane hammoho.
Le bokeletsoe ke Kreste
le batlotsuoa ba hae.
’Muso oa Jah o s’o busa.
Re rapella thato ea hae.
Re na le tšepo e thabisang,
E re tšelisang haholo.
(K’HORASE)
Rorisang Jehova le Mora oa hae Jesu
Kaha joale ke Morena.
A re kopaneng bohle re hlomphe
Jesu Moren’a rona.
2. Re rorisa Jesu Kreste.
Re bina re thabile.
Khosana ena ea Khotso
e tla pholosa batho.
Re lebeletse ho bona
Ho na le khotso lefatšeng.
Ho tla tsosoa le ba mabitleng.
Bohle re thabe haholo!
(K’HORASE)
Rorisang Jehova le Mora oa hae Jesu
Kaha joale ke Morena.
A re kopaneng bohle re hlomphe
Jesu Moren’a rona.