PINA EA 58
A re Batleng Batho ba Khotso
1. Jesu o itse: ‘Bolelang Lentsoe.’
O n’a ruta batho bohle,
ho bata kapa ho chesa.
O ne a rata nku tsa Molimo.
O n’a batla batho bohle
ba ratang khotso.
Re tsamaea ka ntlo le ntlo,
Re tsebisa batho bohle
Hore mathata ’ohle a tla fela.
(K’HORASE)
A re batleng
Batho ba khotso fatšeng lohle.
A re batleng
Ba batlang ho tseba Jehova.
Re ba etse
Barutuoa.
2. Re ’ne re batle batho ba khotso.
Ho tseba mang?
Limilioneng ho ka pholoha a le mong.
Re tla ’ne re khutlele ho bona.
Ba nyahameng ba tla thusoa
ho thaba hape.
Re ea metseng le metsaneng
’Me re tla thaba haholo
Ha re fumana batho ba mamelang.
(K’HORASE)
A re batleng
Batho ba khotso fatšeng lohle.
A re batleng
Ba batlang ho tseba Jehova.
Re ba etse
Barutuoa.
(Sheba le Esa. 52:7; Mat. 28:19, 20; Luka 8:1; Bar. 10:10.)