PINA EA 59
A re Roriseng Jehova
E Hatisitsoeng
1. A re bineng,
Re roriseng
Ntate oa rona
ea re fang tsohle.
Re roriseng Bitso la hae.
Mo roriseng hobane o matla.
O bontša bohle lerato la hae.
2. Re roriseng
Morena Jah.
O araba thapelo tsa rona.
O tšelisa Ba nyahameng.
O ba fa matla
ka moea oa hae.
Re rorise bitso la Jehova.
3. A re bineng,
Re roriseng
Ntate oa rona
ea nang le toka.
O tla tlisa ’Muso oa hae
’Me o tla lokisa lintho tsohle.
Re rorise ’Mopi re thabile!
(Sheba le Pes. 94:18, 19; 145:21; 147:1; 150:2; Lik. 17:25.)