PINA EA 76
Na ha ho Thabise?
1. Na ha ho thabise
ha u bolela Lentsoe,
U tseba hantle hore
u thabisa ’Mopi?
Re kholisehile
hore o tla re putsa
Ha re lula re batla
batho ba mo ratang.
(K’HORASE)
Hoa thabisa, ho monate
ho bolela re cheseha.
Re tla rorisa Jehova
ka matsatsi ’ohle.
2. Na ha ho thabise
ha u bua le motho
Ea amohelang Lentsoe,
a le pelo e ntle?
Ba bang ha ba rate
’me ba bang baa khelosoa.
Empa rona re lula
re ntse re bolela.
(K’HORASE)
Hoa thabisa, ho monate
ho bolela re cheseha.
Re tla rorisa Jehova
ka matsatsi ’ohle.
3. Na ha ho thabise
ha Molimo oa rona
A u hlo’nolofatsa
le ho u tšehetsa?
Re thaba haholo
ebile re motlotlo
Ha re fumana batho
ba mamelang Lentsoe.
(K’HORASE)
Hoa thabisa, ho monate
ho bolela re cheseha.
Re tla rorisa Jehova
ka matsatsi ’ohle.
(Sheba le Lik. 13:48; 1 Bathes. 2:4; 1 Tim. 1:11.)