PINA EA 102
Thusang ba Nang le Mathata
E Hatisitsoeng
1. Re na le mefokolo
E re sitisang.
Empa Ntate oa rona
Oa re tsotella.
Jehova o mohau
Hape o lerato.
Re etsise Molimo,
Re rate batho.
2. A re khothatseng bohle
Ba leng mathateng.
Re be mosa ho bona,
Re ba tšelise.
Jehova o rata
Le bao ba fokolang.
A re ke re ba thuseng,
Re ba tšehetse.
3. Re se ke ra ahlola
Bao ba fokolang.
Ka mosa re ba thuse,
Ba matlafale.
Re ke re chesehe
’Me re ba khothatse.
Haeba re ka ba thusa,
Ba tla khothala.
(Sheba le Esa. 35:3, 4; 2 Bakor. 11:29; Bagal. 6:2.)