PINA EA 101
Re Sebetsa re Momahane
E Hatisitsoeng
1. Batho ba lefatše lena
Ha ba na lerato ho hang.
Empa Jah o re kopantse,
Joale re thabile.
Re batho ba khotso,
Re momahane.
Re sebeletsa Jehova,
Re tataisoa ke eena.
Re mo mamele kamehla,
Re sebetse ’moho.
2. Re kope Jehova hore
A re thuse ho utloana.
Re tla lula re thabile
Ka linako tsohle.
Re tla khatholoha
Re be re thabe.
Molimo o tla re thusa
Ka moea o halalelang,
Re lule re na le khotso
’Me re momahane.
(Sheba le Mik. 2:12; Sof. 3:9; 1 Bakor. 1:10.)