PINA EA 114
“Le be le Mamello”
E Hatisitsoeng
1. Jehova ke Molimo
Ea ratang lebitso la hae.
Ka nako e telele
Le ile la silafatsoa.
O tla le halaletsa
Ka nako e loketseng.
A ke ke a khathala
Le ho fela pelo.
Ke thato ea Molimo
Hore bohle ba pholohe.
O ntse a mameletse,
Ha a tele le ka mohla.
2. Mamello e re thusa
Ho tšepahala kamehla.
E re thusa ho qoba
Bohale bo sa laoleheng.
Le nakong tsa mathata,
Re tla ’ne re mamelle.
Re tla khona ho tšepa ba bang
Ho tsoa pelong.
Moea o halalelang
O re thusa ho mamella.
Ha re na le mamello,
Re tla etsisa Jehova.
(Sheba le Ex. 34:14; Esa. 40:28; 1 Bakor. 13:4, 7; 1 Tim. 2:4.)