PINA EA 115
Re Leboha Mamello ea Molimo
E Hatisitsoeng
1. Ntat’a rona ea Matla ’Ohle,
U Molimo ea lokileng.
Fatše le tletse bokhopo
Bo re utloisang bohloko.
Batho ba bona u lieha
Empa ho hang ha u liehe.
(K’HORASE)
Re tšepile uena Ntate.
Re rorisa lebitso la hao.
2. Ho uena lemo tse sekete
Li lekana le letsatsi.
Tsatsi la hao le haufi
’Me le ke ke la lieha.
Le hoja u sa rate bobe,
U thabisoa ke ha re baka.
(K’HORASE)
Re tšepile uena Ntate.
Re rorisa lebitso la hao.
(Sheba le Neh. 9:30; Luka 15:7; 2 Pet. 3:8, 9.)