PINA EA 144
Re Lule re Nahana ka Moputso
E Hatisitsoeng
1. Nakong eo lifofu li bonang,
Le ba sa utloeng se ba utloa,
Bana ba bina ba thabile,
Ho tletse khotso le thabo.
Nakong eo bafu ba tla tsosoa,
Batho ba se ba phethahetse,
(K’HORASE)
U tla bona lintho tseo tsohle.
U nahane ka moputso.
2. Nakong eo khotso e tla ba teng,
Ho na le kutloano lefatšeng.
Nakong eo phiri le konyana
Li tla be li fula ’moho,
Ho se ho se na motho ea llang,
Tse bohloko se li felile,
(K’HORASE)
U tla bona lintho tseo tsohle.
U nahane ka moputso.
(Sheba le Esa. 11:6-9; 35:5-7; Joh. 11:24.)