PINA EA 145
Molimo o re Tšepisitse Paradeise
E Hatisitsoeng
1. Jehova o re tšepisitse
Paradeise nakong e tlang.
’Muso oa hae o tla felisa
Libe tsohle le bohloko.
(K’HORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Litšepiso tsa Jehova.
2. Haufinyane Mor’a Molimo
O tla tsosa ba mabitleng.
Jesu Kreste o ile a re:
‘U tla phela Paradeiseng.’
(K’HORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Litšepiso tsa Jehova.
3. Paradeise e tšepisitsoe
Ke Morena ea re busang.
Re leboha Ntate oa rona,
Re ’minela re thabile.
(K’HORASE)
Paradeise e tla fihla.
Batho bohle ba tla thaba.
Jesu o tla phethahatsa
Litšepiso tsa Jehova.
(Sheba le Mat. 5:5; 6:10; Joh. 5:28, 29.)