PINA EA 146
‘Lintho Tsohle li ba Ncha’
1. ’Muso oa Molimo o se o busa.
Jesu o se a lutse teroneng.
O ile a leleka Satane.
Thato ea Jehova e tla etsoa.
(K’HORASE)
Thabang hobane Molimo
O tla lula har’a batho.
O tla hlakola meokho eohle,
A felise le lefu lefatšeng.
’Mopi o tla nchafatsa ntho tsohle.
Mantsoe ana ke ’nete.
2. Bonang monyaluoa oa Kreste Jesu.
Ke Jerusalema e phatsimang.
Ke motse o mocha o ratehang.
Jehova ke eena ea o khantšang.
(K’HORASE)
Thabang hobane Molimo
O tla lula har’a batho.
O tla hlakola meokho eohle,
A felise le lefu lefatšeng.
’Mopi o tla nchafatsa ntho tsohle.
Mantsoe ana ke ’nete.
3. Bohle ba tla thabela motse ona
’Me o lula o butsoe kamehla.
O khantša litsela tsa lichaba.
Le batho ba phallela ho oona.
(K’HORASE)
Thabang hobane Molimo
O tla lula har’a batho.
O tla hlakola meokho eohle,
A felise le lefu lefatšeng.
’Mopi o tla nchafatsa ntho tsohle.
Mantsoe ana ke ’nete.
(Sheba le Mat. 16:3; Tšen. 12:7-9; 21:23-25.)