Mokhoa oa ho Sebelisa Bukana Ena
Maqepheng a latelang, u tla fumana temana ea letsatsi ka leng le tlhaloso ea temana eo. Le hoja temana le lintlha tsa eona li ka baloa ka nako leha e le efe, ba bangata ba fumane ho thusa ho e hlahloba qalong ea letsatsi. Ka ho etsa joalo ba ka lula ba nahanisisa ka lintlha tseo letšehare lohle. Ho molemo ha le ka hlahloba temana hammoho le le lelapa. Malapa a Bethele lefatšeng ka bophara a etsa joalo nakong ea lijo tsa hoseng.
Litlhaloso li nkiloe Molula-Qhooeng (w) oa April 2015 ho ea ho oa March 2016. Linomoro tse tlang ka mor’a deiti ea Molula-Qhooa li bontša hore na ke sehlooho sa bokae (1, 2, 3, 4, kapa 5) lihloohong tse ithutoang khatisong eo. Ebe ho latela nomoro ea lirapa tseo tlhaloso e nkiloeng ho tsona. (Sheba mohlala o tlaase mona.) Litlhaloso tse eketsehileng tsa taba e tšohloang li ka fumanoa sehloohong ka bosona. E le hore u fumane hore na sehlooho se itseng se qala leqepheng lefe, sheba leqephe le qalang la Molula-Qhooa oo.