KHAOLO EA 13
Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
Haeba Molimo ke lerato, ke hobane’ng ha malumeli a reng aa mo sebeletsa a etsa lintho tse khopo hakaale? Lebaka ke hobane ke malumeli a bohata ’me a senya Molimo lebitso ka ho ruta mashano ka eena. A sentse Molimo lebitso joang? O ikutloa joang ka seo? Hona Jehova o tla etsa’ng ka malumeli aa?
1. Lithuto tsa malumeli a bohata li senya Molimo lebitso joang?
Malumeli a bohata a “fapanyetsa ’nete ea Molimo ka leshano.” (Baroma 1:25) Ka mohlala, malumeli a mangata ha a rute balateli ba ’ona lebitso la Molimo. Leha ho le joalo, Bibele eona e re lebitso la Molimo le lokela ho sebelisoa. (Baroma 10:13, 14) Baruti ba bang ba ruta hore ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko ke thato ea Molimo. Taba ena ke leshano. Ha ho mohla Molimo a bakang bokhopo. (Bala Jakobo 1:13.) Ka masoabi, mashano ana a rutoang ke malumeli a entse hore ho be thata hore batho ba rate Molimo.
2. Liketso tsa malumeli a bohata li senya Molimo lebitso joang?
Malumeli a bohata ha a tšoare batho ka tsela eo Jehova a ba tšoarang ka eona. Bibele e re ka bolumeli ba bohata: “Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong.” (Tšenolo 18:5) Ka lilemo tse makholo, haesale malumeli a kenella lipolotiking, lintoeng hape a bolaea kapa a lumella ho bolaoa ha batho ba bangata haholo. Baruti ba bang ba batla ho rua, kahoo ba batla chelete ho balateli ba bona. Liketso tsa bona li bontša hantle hore ha ba tsebe Molimo ebile ha ba na le tokelo ea ho mo emela.—Bala 1 Johanne 4:8.
3. Molimo o ikutloa joang ka malumeli a bohata?
Haeba liketso tsa malumeli a bohata lia u halefisa, u nahana hore Jehova eena o ikutloa joang? Jehova o rata batho empa o halefisoa ke baruti ba mo senyang lebitso le ba tšoarang balateli ba bona hampe. O re tšepisa hore o tla felisa malumeli a bohata ’me “le ka mohla a ke ke a fumanoa hape.” (Tšenolo 18:21) Haufinyane, Molimo o tla felisa malumeli ’ohle a bohata.—Tšenolo 18:8.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute haholoanyane ka hore na Molimo o ikutloa joang ka malumeli a bohata. Hape ithute hore na malumeli ao a entse’ng, u boele u bone hore na ke hobane’ng ha u sa lokela ho lumella lintho tseo a li entseng ho u sitisa ho ithuta ka Jehova.
4. Ha se malumeli ’ohle ao Molimo a a amohelang
Batho ba bangata ba lumela hore malumeli a tšoana le litsela tse fapaneng tseo kaofela li lebisang batho ho Molimo. Empa na see ke ’nete? Bala Matheu 7:13, 14 ebe le buisana ka potso ena:
Bibele e hlalosa tsela e isang bophelong joang?
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Na Bibele e re ho na le malumeli a mangata a khahlisang Molimo?
5. Malumeli a bohata ha a bontše lerato joalokaha Molimo a le bontša
Malumeli a sentse Molimo lebitso ka litsela tse ngata. Tsela e mpe ka ho fetisisa eo a entseng sena ka eona ke ka ho kenella lintoeng. Hore u bone mohlala o le mong, bapala VIDEO. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang.
Likereke tse ngata li ile tsa etsa’ng nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše?
U ikutloa joang ka seo li ileng tsa se etsa?
Bala Johanne 13:34, 35 le 17:16. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tsena:
U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha malumeli a kenella lintoeng?
Malumeli a bohata a entse lintho tse ngata tse mpe. U bone malumeli a hloleha ho etsisa tsela eo Molimo a leng lerato ka eona joang?
Malumeli a bohata ha a bontše lerato joalokaha Molimo a le bontša
6. Molimo o batla ho thusa batho ho tsoa malumeling a bohata
Bala Tšenolo 18:4a ebe le buisana ka potso ena:
Ho tseba hore Molimo o batla ho thusa batho ba khelositsoeng ke malumeli a bohata ho etsa hore u ikutloe joang?
7. Tsoela pele u ithuta ka Molimo oa ’nete
Na lintho tse mpe tse etsoang kapa tse buuoang ke malumeli a bohata li lokela ho ama tsela eo u ikutloang ka eona ka Molimo? Nahana ka mora ea sa mameleng tataiso ea ntate oa hae. Mora enoa o tloha hae ’me o phela bophelo bo litšila. Ntate oa hae ha a lumellane le liketso tsena tsa hae. Ke hobane’ng ha e ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang ho beha ntate molato ka lebaka la lintho tse mpe tse etsoang ke mora oa hae?
Na e tla be e le ntho e utloahalang ho beha Jehova molato le ho tlohella ho ithuta ka eena ka lebaka feela la lintho tse mpe tse etsoang ke malumeli a bohata?
BATHO BA BANG BA RE: “Ha ke na thahasello ea ho ithuta ka Molimo hobane malumeli ke ’ona a bakang mathata a mangata.”
Na le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang?
Ke hobane’ng ha liketso tsa malumeli a bohata li sa lokela ho ama tsela eo re ikutloang ka eona ka Jehova?
KAKARETSO
Malumeli a bohata a sentse Molimo lebitso ka ho ruta batho mashano le ka liketso tsa ’ona tse mpe. Molimo o tla felisa malumeli a bohata.
Re Ithutile’ng?
U ikutloa joang ka liketso le lithuto tsa malumeli a bohata?
Jehova o ikutloa joang ka malumeli a bohata?
Jehova o tla etsa’ng ka malumeli a bohata?
BATLA
Ithute ka lintho tse peli tseo malumeli a bohata a li etsang tse sa khahliseng Molimo.
“Na Malumeli ’Ohle aa Tšoana? Na Kaofela ke Litsela Tse Lebang ho Molimo?” (Sehlooho se websaeteng)
Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mo rapele re le ’moho le batho ba bang?
“Na Hoa Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bolumeli bo Itseng?” (Sehlooho se websaeteng)
Moruti o ne a tšoenngoa ke lithuto le liketso tsa batho ba bolumeli ba hae. Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa mo thibela ho ithuta ’nete ka Molimo.
“Lebaka Leo Moruti a Ileng a Nyahlatsa Kereke” (Tsoha!, February 2015)
Haesale malumeli a ruta mashano ka Molimo ka lilemo tse makholo ’me sena se entse hore batho ba lumele hore Molimo ha a ba tsotelle ebile o khopo. Ithute seo e leng ’nete mabapi le mashano ana a mararo.
“Mashano a Etsang Hore Molimo a se ke a Rateha” (Molula-Qhooa, November 1, 2013)
a E le hore u tsebe hore na ke hobane’ng ha buka ea Tšenolo e re malumeli a bohata ke mosali ea bitsoang Babylona e Moholo, sheba Tlhaloso ea pele lethathamong la litlhaloso qetellong ea buka.