KHAOLO EA 19
Na Ehlile Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’Nete?
Rona Lipaki Tsa Jehova re lumela hore re Bakreste ba ’nete. Ebe ke hobane’ng? Hlokomela hore na tumelo ea rona e thehiloe hokae, lebitso le re khethollang le lerato leo re ratanang ka lona.
1. Lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova li thehiloe hokae?
Jesu o ile a re: “Lentsoe la [Molimo] ke ’nete.” (Johanne 17:17) Joaloka Jesu, haesale Lipaki Tsa Jehova li theha lintho tseo li li lumelang Lentsoeng la Molimo. A re ke re hlahlobe hore na re entse sena joang ho tloha qalong. Lilemong tsa bo-1870 sehlopha sa liithuti tsa Bibele se ile sa qala ho ithuta Bibele ka ho teba. Batho bana ba ile ba theha litumelo tsa bona linthong tseo ba ithutileng tsona, esita leha li ne li fapana le lintho tseo ba ithutileng tsona likerekeng. Ka mor’a moo ba qala ho bolella batho lintho tseo ba ntseng ba ithuta tsona.a
2. Ke hobane’ng ha re ipitsa Lipaki Tsa Jehova?
Jehova o bitsa barapeli ba hae Lipaki hobane ba phatlalatsa ’nete ka eena. (Baheberu 11:4–12:1) Ka mohlala, mehleng ea khale Molimo o ile a re ho sechaba sa hae: “Le lipaki tsa ka.” (Bala Esaia 43:10.) Jesu o bitsoa “Paki e Tšepahalang.” (Tšenolo 1:5) Ke kahoo ka 1931 re ileng ra khetha ho ipitsa Lipaki Tsa Jehova. Re motlotlo hore ebe re bitsoa ka lebitso lena.
3. Lipaki Tsa Jehova li etsisa tsela eo Jesu a neng a rata batho ka eona joang?
Jesu o ne a rata barutuoa ba hae haholo hoo a neng a ba bitsa lelapa labo. (Bala Mareka 3:35.) Ka tsela e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova ke lelapa le momahaneng la lefatšeng lohle. Ke kahoo re bitsanang bara le barali ba bo rona. (Filemone 1, 2) Re boetse re mamela taelo ena e reng: “Le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rona.” (1 Petrose 2:17) Lipaki Tsa Jehova li bontša lerato lena ka litsela tse ngata. Ka mohlala, lia tšehetsana lefatšeng lohle ha li e-na le mathata.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute haholoanyane ka pale ea Lipaki Tsa Jehova ’me u bone bopaki bo eketsehileng ba hore ehlile re Bakreste ba ’nete.
Bakreste ba ’nete ba theha lintho tseo ba li lumelang Bibeleng, ebile ba buisana ka tsona le batho ba bang
4. Lintho tseo re li lumelang li thehiloe Bibeleng
Jehova o ile a bolela esale pele hore tsela eo re utloisisang Bibele ka eona e tla hlaka haholoanyane. Bala Daniele 12:4 ebe le buisana ka potso ena:
Ke eng e tla ba “ngata” ha bahlanka ba Molimo ba ntse ba ithuta Bibele?
Bona hore na sehlopha sa liithuti tsa Bibele, seo har’a sona ho neng ho e-na le ntate Charles Russell, se ne se ithuta Bibele joang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, ntate Charles Russell le ba bang ba ne ba ithuta Bibele joang?
Na u ne u tseba?
Ka linako tse ling re ’nile ra ntlafatsa tse ling tsa lithuto tsa rona. Hobane’ng? Feela joalokaha butle-butle mahlaseli a letsatsi ha le chaba a re thusa hore re bone hantle, Molimo o ’nile a re thusa hore re utloisise Lentsoe la hae hanyane ka hanyane. (Bala Liproverbia 4:18.) Kahoo, le hoja Bibele e sa fetohe, ha re e utloisisa haholoanyane re fetola seo re se lumelang.
5. Re phelela lebitso la rona
Ke hobane’ng ha re ile ra khetha ho ipitsa Lipaki Tsa Jehova? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Ke hobane’ng ha lebitso Lipaki Tsa Jehova le loketse?
Ke hobane’ng ha Jehova a e-na le batho bao a ba khethileng hore e be lipaki tsa hae? Ke hobane ba ne ba tla mo khetholla e le eena Molimo oa ’nete, kaha ho ’nile ha phatlalatsoa mashano a mangata ka eena. A re ke re bue ka a mabeli a ’ona.
Malumeli a mang a ruta balateli ba ’ona hore Molimo o batla ba sebelise litšoantšo ha ba mo rapela. Leha ho le joalo, bala Levitike 26:1 ebe le buisana ka lipotso tsena:
’Nete ke efe tabeng ee? Jehova o ikutloa joang ka litšoantšo tse rapeloang?
Baeta-pele ba malumeli a mang ba ruta hore Jesu ke Molimo. Leha ho le joalo, bala Johanne 20:17 ebe le buisana ka lipotso tsena:
’Nete ke efe tabeng ee? Na Molimo le Jesu ke motho a le mong?
Ho tseba hore Jehova o rometse Lipaki tsa hae hore li phatlalatse ’nete ka eena le Mora oa hae, ho etsa hore u ikutloe joang?
6. Rea ratana
Bibele e bapisa Bakreste le likarolo tse fapa-fapaneng tsa ’mele oa motho. Bala 1 Bakorinthe 12:25, 26 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Bakreste ba ’nete ba lokela ho etsa’ng ha Bakreste ba bang ba utloa bohloko?
U ithutile’ng ha u sheba tsela eo Lipaki Tsa Jehova li ratanang ka eona?
Ha Lipaki Tsa Jehova tsa naheng e itseng li e-ba le mathata, Lipaki tsa linaheng tse ling li leka ho li thusa ka potlako. A re ke re bone mohlala o le mong. Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Tsela eo Lipaki Tsa Jehova li thusanang ka eona e paka joang hore lia ratana?
Bakreste ba ’nete ba thusa batho ba hlokang
BATHO BA BANG BA RE: “Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli bo fihlang maobane mona.”
Jehova o ile a bitsa barapeli ba hae lipaki ho tloha neng?
KAKARETSO
Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete. Re lelapa le momahaneng la lefatše lohle la barapeli, re thehile lithuto tsa rona Bibeleng hape re phatlalatsa ’nete ka Jehova.
Re Ithutile’ng?
Ke hobane’ng ha re ile ra khetha ho ipitsa Lipaki Tsa Jehova?
Re tšoara Bakreste-’moho le rona joang?
Na oa lumela hore Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete?
BATLA
Ithute haholoanyane ka pale ea rona.
Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1: Li Tsoa Lefifing 1:00:53
Bona mohlala oa kamoo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa pepesa lithuto tsa bohata kateng.
Fumana likarabo tsa lipotso tseo e ka ’nang eaba u ntse u ipotsa tsona ka Lipaki Tsa Jehova.
“Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova” (sehlooho se websaeteng)
Ntate Stephen o ne a hloile batho ba merabe e meng hoo a neng a ba hlasela. Fumana hore na o ile a bona’ng har’a Lipaki Tsa Jehova e ileng ea mo susumelletsa hore a fetohe.
“Bophelo ba ka bo ne bo Ntse bo Mpefala” (Molula-Qhooa, July 1, 2015)
a Haesale makasine ea rona ea Molula-Qhooa e hatisa lithuto tsa Bibele ho tloha ka 1879.