KHAOLO EA 44
Na ke Mekete Eohle e Khahlisang Molimo?
Jehova o batla hore re thabele bophelo le hore re be le mekete ka linako tse ling. Empa na o thabisoa ke mekete eohle le matsatsi a phomolo? Tabeng ee re ka bontša joang hore re rata Jehova?
1. Ke hobane’ng ha Jehova a sa rate mekete e meng?
U ka ’na oa makala ha u ithuta hore mekete e mengata ha ea thehoa Bibeleng kapa ke ea bohetene. Ho ka etsahala hore ebe mekete e joalo e tsoa bolumeling ba bohata. E ka ’na eaba e amana le ho sebelisana le bademona kapa e thehiloe tumelong ea hore moea ha o shoe. Mekete e meng e thehiloe litumela-khoeleng kapa ho lumeleng lehlohonolong. (Esaia 65:11) Jehova o lemosa bahlanka ba hae o re: “Le ikarole . . . le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”—2 Bakorinthe 6:17.a
2. Jehova o ikutloa joang ka mekete e tlotlisang batho?
Jehova o re lemosa hore re se ke ra oela lerabeng la ho ‘tšepa motho oa lefatše.’ (Bala Jeremia 17:5.) Matsatsi a mang a phomolo a tlotlisa babusi kapa masole. A mang ke a ho keteka matšoao a naha kapa boipuso. (1 Johanne 5:21) Ha e le matsatsi a mang ’ona, ke a ho keteka mekhatlo ea lipolotiki kapa mekhatlo e emelang sehlopha se itseng sa batho. Jehova a ka ikutloa joang haeba re fana ka tlotla e sa tšoanelang ho motho kapa mokhatlo o itseng, haholo-holo haeba mokhatlo oo o etsa lintho tse khahlanong le thato ea hae?
3. Ke boitšoaro bofe bo ka etsang hore mokete o se ke oa thabisa Molimo?
Bibele e nyatsa ‘ho fetella ka veine, mekete e lerata le litlholisano tsa ho noa.’ (1 Petrose 4:3) Meketeng e meng batho ba etsa lintho tse tsoileng tseleng le boitšoaro bo bobe. E le hore re lule re ntse re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho tsamaella hole le mekhoa e joalo.
ITHUTE LINTLHA TSE LING
Ithute hore na u ka thabisa Jehova joang ka ho etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ea mekete le matsatsi a phomolo.
4. Qoba mekete e sa hlompheng Jehova
Bala Baefese 5:10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Re lokela ho nepisisa eng ha re etsa qeto ea hore na re tla keteka letsatsi la phomolo kapa che?
Ke matsatsi afe a phomolo a tloaelehileng sebakeng seo u lulang ho sona?
Na u nahana hore a thabisa Jehova?
Ka mohlala, na u kile oa ipotsa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho keteka matsatsi a tsoalo? Ha ho na moo Bibele e buang ka morapeli oa Jehova ea kileng a keteka letsatsi la tsoalo empa e bua ka mekete e ’meli ea matsatsi a tsoalo ea batho ba neng ba sa sebeletse Jehova. Bala Genese 40:20-22 le Matheu 14:6-10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Mekete ee e ’meli ea matsatsi a tsoalo e tšoana ka eng?
Ho latela mangolo aa a mabeli, u nahana hore Jehova o ikutloa joang ka mekete ea matsatsi a tsoalo?
Leha ho le joalo u ka ’na oa ipotsa oa re: ‘Na ehlile Jehova oa tsotella hore na ke keteka matsatsi a tsoalo kapa mekete e meng e sa lumellaneng le Bibele?’ Bala Exoda 32:1-8. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Ke hobane’ng ha re lokela ho nepisisa hore na ke’ng e amohelehang ho Jehova?
Re ka etsa seo joang?
Re ka tseba joang hore mokete o itseng ha o thabise Molimo?
Na o thehiloe lithutong tse sa lumellaneng le Bibele? E le hore u fumane karabo, batlisisa hore na o qalile hokae.
Na o tlotlisa batho, mekhatlo kapa matšoao a naha? Re tlotlisa Jehova ho feta ntho leha e le efe ebile re lumela hore ke eena feela ea tla felisa mathata ’ohle a teng lefatšeng.
Na litloaelo le lintho tse etsoang moketeng oo li khahlanong le melao ea Bibele? Re lokela ho lula re itšoere hantle.
5. Thusa batho ba bang hore ba hlomphe seo u se lumelang
Ho ka ba thata hore u emele seo u se lumelang ha batho ba bang ba u hatella hore u keteke mekete e sa thabiseng Jehova. Bontša mamello ’me u be bohlale ha u ntse u ba hlalosetsa liqeto tsa hao. E le hore u bone kamoo u ka etsang sena kateng, bapala VIDEO.
Bala Matheu 7:12 ebe le buisana ka lipotso tsena:
U ipapisitse le temana ee, na u lokela ho bolella ba lelapa ba sa lumeleng lintho tseo u li lumelang hore ha baa lokela ho keteka letsatsi la phomolo le itseng?
U ka etsa’ng ho ba tiisetsa hore le hoja u sa keteke le bona u ntse u ba rata ebile u ba nka e le ba bohlokoa?
6. Jehova o batla hore re thabe
Jehova o batla hore re be le linako tse monate le ba lelapa le metsoalle ea rona. Bala Moeklesia 8:15 ebe le buisana ka potso ena:
Temana ee e bontša joang hore Jehova o batla hore re thabe?
Jehova o batla hore batho ba hae ba thabe le hore ba be le linako tse monate. Bapala VIDEO ’me u bone hore likopano tsa rona tsa machaba li tiisa hore taba ena ke ’nete.
Bala Bagalata 6:10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na re lokela ho keteka matsatsi a phomolo e le hore re etsetse batho ba bang “se molemo”?
Na u tla thaba haholo haeba u fana u tlamehile ka lebaka la letsatsi la phomolo kapa haeba u fana hobane u batla?
Ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova tse ngata li etsetsa bana ba tsona lintho tse ntle ebile li ba fa limpho. Haeba u na le bana, ke lintho life tseo u ka ba etsetsang tsona tse tla ba thabisa?
BATHO BA BANG BA RE: “Ha se taba ea bohlokoa hore na letsatsi la phomolo le qalile hokae. Taba ea bohlokoa ke hore re ithabise le metsoalle le ba lelapa.”
U ka re’ng ha u ba araba?
KAKARETSO
Jehova o batla hore re be le linako tse monate le ba lelapa le metsoalle ea rona. Empa o boetse o batla hore re qobe mekete e sa mo thabiseng.
Re Ithutile’ng?
Re ka ipotsa lipotso life e le hore re bone hore na mokete o itseng o thabisa Jehova kapa che?
Ke joang re ka thusang ba lelapa le metsoalle ea rona ho utloisisa liqeto tseo re li entseng tabeng ea ho keteka matsatsi a phomolo?
U tseba joang hore Jehova o batla hore re thabe le hore re be le linako tse monate?
BATLA
Hlokomela hore na ke matsatsi afe a phomolo ao Bakreste ba sa lokelang ho a keteka.
Ithute mabaka a mane a etsang hore re lumele hore mekete ea matsatsi a tsoalo ha e thabise Molimo.
“Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Tsoalo?” (Sehlooho se websaeteng)
Hlokomela hore na bana ba ratang Jehova ba ka mo thabisa joang ka matsatsi a phomolo.
Ho na le Bakreste ba limilione ba entseng qeto ea hore ba ke ke ba keteka Keresemese. Ba ikutloa joang ka qeto eo?
“Ba Fumane ho Hong ho Molemo le ho Feta” (Molula-Qhooa, December 1, 2012)
a Sheba Tlhaloso ea 5 e le hore u ithute hore na u ka etsa’ng haeba u le ka har’a batho ba ntseng ba keteka letsatsi la phomolo.