January
Labohlano, la 1 January
E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.—Mat 28:19.
Bahlanka bohle ba Jehova ba batla ho ithuta hore na ke joang ba ka phethang mosebetsi oo ba o filoeng ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Mosebetsi ona ke oa bohlokoa haholo ebile o potlakile ho feta mosebetsi ofe ka ofe oo re nang le oona. Leha ho le joalo, ho ka ba le lintho tse re sitisang ha re ntse re etsa mosebetsi ona. Lintho tse ngata tsa bohlokoa li hloka matla le nako ea rona. Ho ka etsahala hore ebe boholo ba rona re qeta nako e ngata mosebetsing e le hore re be le chelete e lekaneng ho hlokomela malapa a rona. Mohlomong re thatafalloa ke ho fumana lintho tseo lelapa le li hlokang, rea kula ebile re na le khatello ea maikutlo kapa re tšoenngoa ke mathata a boqheku. Ha rea lokela ho nyahama haeba mathata ao re nang le ’ona a etsa hore re se ke ra qeta nako eo re e batlang tšebeletsong ea Jehova. Jesu oa tseba hore matla a rona ha a lekane. (Mat 13:23) Jehova le eena o ananela mosebetsi oo re o etsang hafeela re etsa sohle se matleng a rona.—Baheb. 6:10-12. w19.04 2 ¶1-3
Moqebelo, la 2 January
Diabolose . . . o leshano ’me ke ntate oa leshano.—Joh. 8:44.
Mashano a Satane ka bafu a senya Jehova lebitso. A mang a ’ona ke hore bafu ba chesoa mollong oa lihele. Thuto ena e sentse Jehova lebitso. Ka tsela efe? Thuto ena e ruta hore Molimo oa rona ea lerato o khopo joaloka Satane. (1 Joh. 4:8) Taba ee e etsa hore u ikutloe joang? Ho feta moo, e etsa hore Jehova eena a ikutloe joang? Ha e le hantle, Jehova o hloile bokhopo. (Jer. 19:5) Mashano a Satane ka bafu a nyenyefatsa sehlabelo sa Jesu sa thekollo. (Mat. 20:28) Leshano le leng la Satane ke la hore batho ba na le moea o sa shoeng. Haeba ho ne ho fela ho le joalo, batho bohle ba ne ba tla phela ka ho sa feleng. Jesu a ka be a sa tla lefatšeng ho tla re shoela e le hore re ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Kahoo, lula u hopola hore sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo ka sehloohong ba hore Jehova oa re rata. (Joh. 3:16; 15:13) U nahana hore Jehova le Jesu ba ikutloa joang ka lithuto tsee tse nyenyefatsang bohlokoa ba mpho ee eo ba re fileng eona? w19.04 14 ¶1; 16 ¶8-9
Sontaha, la 3 January
Etsoe “ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, e le hore a ka mo ruta?” Empa re fela re e-na le kelello ea Kreste.—1 Bakor. 2:16.
Lintho tseo Jesu a ’nileng a li ruta batho li tlalehiloe hokae? Likosepele tse ’nè ka Bibeleng li tlalehile lintho tse ngata tseo Jesu a ileng a li bua le tseo a ileng a li etsa ha a le lefatšeng mona. Mangolo a mang a Segerike a Bakreste a re thusa ho utloisisa tsela eo Jesu a nahanang ka eona, hobane batho ba a ngotseng ba ne ba bululetsoe moea o halalelang ba bile ba e-na le “kelello ea Kreste.” Hore lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng li ka re thusa maemong ’ohle a bophelo. Kahoo, “molao oa Kreste” o ama lintho tseo re li etsang ha re le malapeng, mosebetsing kapa sekolong le ha re le libokeng. (Bagal. 6:2) Re ithuta molao ona ha re bala Mangolo a Segerike a Bakreste re bile re nahanisisa ka ’ona. Re ikobela molao ona ha re latela litaelo, melao le melao-motheo e Mangolong ao. Ha re mamela molao oa Kreste, ha e le hantle re mamela Jehova Molimo, kaha lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng li tsoa ho eena.—Joh. 8:28. w19.05 3 ¶6-7
Mantaha, la 4 January
Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisangworse.—2 Tim. 3:13.
Ho utloisa bohloko ha batho ba phela ka tsela e thabisang Satane. Leha ho le joalo, kamehla Jehova o ela hloko maraba a Satane. Oa tseba hore na re utloa bohloko hakae ’me o batla ho re tšelisa. Rea thaba hore ebe re sebeletsa “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rona, e le hore re ka khona ho tšelisa ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.” (2 Bakor. 1:3, 4) Batho bao batsoali ba bona ba sa ba sireletsang ha ba ne ba hlekefetsoa ka motabo kapa ba ileng ba hlekefetsoa ke batho ba haufi le bona ba ka hloka ho tšelisoa. Morena Davida o ne a tšepile hore kamehla Jehova o tla re tšelisa. (Pes. 27:10) Davida o ne a kholisehile hore Jehova e tla ba ntate oa batho bohle ba sa tšoaroeng hantle ke ba malapa a bo bona. Ka tsela efe? Ka ho sebelisa bahlanka ba hae ba tšepahalang. Bara le barali babo rona ka phuthehong ba joaloka lelapa labo rona. Jesu o ile a re batho ba neng ba etsa thato ea Ntate oa hae ke barab’abo, baralib’abo le ’Mè.—Mat. 12:48-50. w19.05 15-16 ¶8-9
Labobeli, la 5 January
Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.—Bafil. 1:10.
Lintho tsa rona tsa bohlokoa li akareletsa’ng? Li akareletsa ho qeta nako e itseng letsatsi le letsatsi re ithuta Bibele. Likhaolo tsa Bibele tseo re li hlahlobang libokeng tsa har’a beke, li fokolitsoe e le hore re be le nako e ngata ea ho nahanisisa ka lintho tseo re li balang le ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng. Sepheo sa rona ha ea lokela ho ba ho bala likhaolo tseo feela empa molaetsa oo oa Bibele o lokela ho re ama lipelo le ho re thusa ho ba le kamano e ntle le Molimo. (Pes. 19:14). Thuto ea Molula-Qhooa e re thusa ho utloisisa Bibele haholoanyane. Kahoo, ela hloko mangolo ’ohle a hlahang serapeng, haholo-holo a tla baloa nakong eo phutheho e tšohlang sehlooho seo sa Molula-Qhooa. Leka ho bona hore na moko-taba o hlahang temaneng o amana joang le taba eo ho buuoang ka eona serapeng. Ha u ntse u bala Bibele, nka nako e itseng u nahanisisa ka mangolo ao le ho bona hore na u ka sebelisa melao-motheo e hlahang ho ’ona joang bophelong ba hao.—Josh. 1:8. w19.05 27 ¶5; 28 ¶9
Laboraro, la 6 January
Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi oa hae.—Joh. 4:34.
Jesu ke mohlala o motle oo re ka o etsisang kaha o ile a etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba hae. Ntho ea bohlokoa ho eena e ne e le ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. O ne a nka maeto a malelele e le hore a ka ruta batho ba bangata kamoo a ka khonang. A sebelisa monyetla oohle oo a ka o fumanang ho ruta batho molaetsa, ba le malapeng a bona kapa hohle moo a kopanang le bona teng. Bophelong bohle ba hae, Jesu o ne a amehile ka ho ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Re leka ho etsisa Jesu ka hore ha monyetla o mong le o mong o hlaha re bue le batho ka molaetsa oa Bibele. Re ikemiselitse ho tela bophelo bo mabothobotho e le hore re rute batho ka Molimo. (Mar. 6:31-34; 1 Pet. 2:21) Batho ba bang ka phuthehong ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla kapa ba thusang. Ba bang ba ithutile puo e ’ngoe kapa ba ile sebakeng seo ho hlokehang bahoeletsi ba eketsehileng. Ho ntse ho le joalo, ho na le bahoeletsi ba bangata ba sa khoneng ho etsa lintho tsena empa ba ntse ba qeta nako e ngata ka hohle kamoo ba ka khonang mosebetsing oa boboleli. Ho sa tsotellehe hore na re qeta nako e kae re etsa mosebetsi oa boboleli, Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang. w19.04 4 ¶7-8
Labone, la 7 January
Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova.—Pes. 19:14.
Ipotse: ‘Na ho na le matšoao a hore ke mona?’ (1 Pet. 2:1) ‘Na ke na le ho ikutloa eka ke phahametse batho ba bang ka lebaka la setso sa ka, thuto eo ke nang le eona, kapa chelete?’ (Liprov. 16:5) ‘Na ke khella batho ba bang fatše hobane ba se na lintho tseo ke nang le tsona, kapa ka lebaka la setso sa bona?’ (Jak. 2:2-4) ‘Na ke rata lintho tseo lefatše la Satane le ’nonosang tsona?’ (1 Joh. 2:15-17) ‘Na ke thabela ho shebella lintho tse hlahisang boitšoaro bo bobe le lintoa?’ (Pes. 97:10; 101:3; Amose 5:15) Ha u ntse u araba lipotso tsena u ka ’na oa ela hloko moo u lokelang ho etsa liphetoho teng. Metsoalle ea rona e na le tšusumetso e kholo ho rona. (Liprov. 13:20) Hangata ha re le sekolong kapa re le mesebetsing, re pota-potiloe ke batho ba ke keng ba re thusa ho nahana ka tsela eo Jehova a e amohelang. Empa, libokeng ke teng moo re ka fumanang metsoalle ea sebele. Ke teng moo re ka khothatsoang kapa ra susumeletsoa “leratong le mesebetsing e metle.”—Baheb. 10:24, 25. w19.06 12 ¶13-14
Labohlano, la 8 January
Ho hlokomoloha tlolo ke botle ho eena.—Liprov. 19:11.
Jehova o ne a sa re bopela hore re be le mathata le matšoenyeho ao re thulanang le ’ona mehleng ena. Kahoo, re lokela ho utloisisa ha mohlanka ea tšepahalang oa Jehova a bua a sa nahana nakong eo a tšoenyehileng haholo. (Jobo 6:2, 3) Le haeba a ka bua lintho tse fosahetseng ka Jehova kapa ka rona, ha rea lokela ho potlakela ho mo koatela kapa ho mo jara ka pelo. Ka linako tse ling, motho ea imetsoeng ke mathata o ntse a ka lokela ho khalemeloa. (Bagal. 6:1) Baholo ba ka mo khalemela joang? Ba lokela ho etsisa Elihu ea ileng a mamela Jobo ka hloko. (Jobo 33:6, 7) Elihu o ile a khalemela Jobo ka mor’a hore a utloisise hore na ke hobane’ng ha Jobo a nahana joalo. Baholo ba etsisang mohlala oa Elihu ba mamela ka hloko e le hore ba utloisise boemo ba motho hantle. Ho etsa joalo ho thusa motho hore a khone ho amohela khalemelo eo ba mo fang eona. w19.06 22-23 ¶10-11
Moqebelo, la 9 January
Mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.—Lik. 5:29.
Ke joang u ka tsoelang pele ho sebeletsa Jehova leha mosebetsi oa rona o thibetsoe? Ofisi ea lekala e tla fa baholo ba phutheho ea heno litaelo le litlhahiso. Haeba ofisi ea lekala e sa khone ho buisana le baholo, boemong boo baholo ba tla thusa bohle ka phuthehong hore ba tsoele pele ho sebeletsa Jehova. Ba tla re tataisa ba itšetlehile ka hore na Bibele le lingoliloeng tsa rona li re’ng. (Mat. 28:19, 20; Baheb. 10:24, 25) Jehova o ile a tšepisa hore bahlanka ba hae ba tla fumana lintho tsohle tse tla ba thusa hore ba lule ba e-na le tumelo e matla. (Esa. 65:13, 14; Luka 12:42-44) Kahoo, u ka kholiseha hore mokhatlo oa hae o tla re fa lintho tsohle tse tla re thusa hore re lule re tšepahala. Empa ho na le ho hong hoo le uena u ka ho etsang. Ha mosebetsi oa rona o thibeloa, batla sebaka se sireletsehileng seo ho sona u ka patang Bibele le lingoliloeng tsa hao. U be hlokolosi hore u se ke oa li beha sebakeng se ka fumanehang habonolo e-bang ke lingoliloeng tse hatisitsoeng kapa tse founong kapa tableteng. Kaofela ha rona re lokela ho loanela hore tumelo ea rona e lule e le matla. w19.07 10 ¶10-11
Sontaha, la 10 January
Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang.—1 Bakor. 9:22.
Haesale ho tloha lilemong tse likete tse fetileng boholo ba batho ba e-na le bolumeli boo ba leng ho bona. Empa mehleng ena ho bonahala phetoho e kholo tabeng ena. Batho ba bangata ba se ba re ha se balumeli. Ha e le hantle, linaheng tse ling batho ba bangata ba re ha ba na bolumeli. (Mat. 24:12) Hobane’ng? E ka ’na eaba batho ba bang ba imetsoe ke mathata kapa ba iphathahantse ka boithabiso. (Luka 8:14) Ba bang bao e neng e le balumeli ha ba sa lumela hore Molimo o teng. Ha ba bang bona ba lumela hore Molimo o teng empa ba nka hore bolumeli bo siuoe ke nako, ha bona thuso ebile ha bo lumellane le saense. E ka ’na eaba batho ba bang ba utloa metsoalle, matichere le bo-ralitaba ba re lintho li ikentse empa ho se mohla ba kileng ba utloa mabaka a utloahalang a ho lumela hore Molimo o teng. Batho ba bang ba tlohetse ho ea kerekeng ka lebaka la baruti ba meharo le ba ratang maemo. Linaheng tse ling teng, ba boholong ’musong ba entse melao e thibelang bolumeli ka ho feletseng. w19.07 20 ¶1-2
Mantaha, la 11 January
Le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lona hase oa lefeela mabapi le Morena.—1 Bakor. 15:58.
Ha re hloke ho ba sehlahlo e le hore re lule re e-na le tumelo e matla re bile re chesehela tšebeletso. Ha e le hantle, ho na le batho ba bangata ba seng ba se mahlaha-hlaha empa ba ntse ba rata ho sebeletsa Jehova. (2 Bakor. 4:16) Mohlomong u ’nile oa sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata empa hona joale bokuli bo se bo u khina ho sebetsa joaloka pele. Haeba ho joalo, u se ke oa nyahama. Kholiseha hore Jehova o tla lula a hopola mesebetsi e metle eo u ileng oa e etsa nakong e fetileng. (Baheb. 6:10) Hona joale, lula u hopola hore taba ea hore na re rata Jehova hakae ha e pakoe ke boholo ba mesebetsi eo re mo etsetsang eona. Empa re bontša hore re rata Jehova ha re etsa sohle seo matla a rona a re lumellang hore re se etse. (Bakol. 3:23) Jehova o tseba moo matla a rona a fellang teng ’me ha a batle hore re mo etsetse ho fetang hoo.—Mar. 12:43, 44. w19.08 3 ¶6; 5 ¶11-12
Labobeli, la 12 January
Leseli la lona le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lona e metle.—Mat. 5:16.
Jehova o hulela batho ho eena ka lebaka la mesebetsi ea rona e metle. (Mat. 5:14, 15; 1 Pet. 2:12) Haeba molekane oa hao ha se Paki ea Jehova, na o kile a kopana le batho ba phutheho ea heno? Mo memele hore a ee le uena libokeng. (1 Bakor. 14:24, 25) Re ka thaba ha beng ka rona bohle le bona ba ka sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boiteko bohle boo re ka bo etsang, ba bang ba ka ’na ba se ke ba lumela ho sebeletsa Jehova. Haeba seo se etsahala, ha rea lokela ho ipeha molato ka qeto eo ba e entseng. Etsoe re ke ke ra qobella mang kapa mang hore a sebeletse Jehova. Empa haeba beng ka rona ba bona hore re thabile hobane re sebeletsa Jehova, taba eo e ka ’na ea ba susumetsa. Ba rapelle. Leka ho ba pakela ka bohlale. U se ke oa tela ho leka ho ba thusa. (Lik. 20:20) Kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Haeba beng ka uena ba lumela ho u mamela, ba tla pholoha! w19.08 18-19 ¶15-17
Laboraro, la 13 January
Lebone la ’mele ke leihlo. Joale, haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya.—Mat. 6:22.
Jesu o ne a bolela’ng? O ne a bolela hore re lokela ho tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli re sa sitisoe ke letho. Jesu o behile mohlala o motle tabeng ena ’me o ile a ruta le barutuoa ba hae hore ba tsepamise likelello tsa bona mosebetsing oa ho ruta batho ka Jehova le ka ’Muso oa hae. Re etsisa mohlala oa Jesu ka hore re etse hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona ’me ka ho etsa joalo re mamela mantsoe a Bibele a reng: “Le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha [Molimo].” (Mat. 6:33.) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka tsepamisang likelello tsa rona mosebetsing oa boboleli, ke ka hore re nolofatse bophelo ba rona e le hore re ka khona ho qeta nako e ngata re thusa batho ho tseba ka Jehova. Mohlala, na u ka khona ho fokotsa nako eo u e qetang mosebetsing oa boipheliso e le hore u ka eketsa nako eo u e qetang mosebetsing oa boboleli? Kapa na u ka khona ho fokotsa nako eo u e qetang boikhathollong le boithabisong? w19.04 5-6 ¶12-13
Labone, la 14 January
Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang, hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng.—Esa. 57:15.
Lilemong tse seng kae tse fetileng, bara le barali babo rona ba bangata ba sebelelitseng Jehova ka lilemo tse ngata, ba ile ba fuoa likabelo tse ncha. Boholo ba bara le barali babo rona ba ile ba thatafalloa ho amohela liphetoho tsena. Bonneteng, ba ne ba rata mesebetsi eo ba neng ba e etsa ka lilemo tse ngata. Ba bang ba ne ba utloile bohloko haholo ha ba leka ho amohela mosebetsi o mocha oo ba o fuoeng. Empa ha nako e ntse e-ea, ba ile ba khona ho ikamohela. Ba ile ba thusoa ke’ng? Ntho e ka sehloohong e ileng ea ba thusa ke ho rata Jehova. Ba ne ba sa tšepisa Jehova hore ba tla mo sebeletsa hafeela ba e-na le mosebetsi kapa boemo bo itseng ka mokhatlong. (Bakol. 3:23) Ba thabile ’me ba ntse ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova likabelong leha e life tseo ba li filoeng. Ba “lahlela matšoenyeho ’ohle a [bona]” ho Jehova hobane baa tseba hore oa ba tsotella. (1 Pet. 5:6, 7) Hore re be batho baikokobelitseng ha ho molemong oa batho ba bang feela ho boetse ho molemong oa rona. Re boetse re ka khona ho sebetsana le mathata ao re kopanang le ’ona bophelong. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore, re tla ba le kamano e ntle le Jehova. w19.09 6-7 ¶15-17
Labohlano, la 15 January
Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; . . . ho li boloka ho na le moputso o moholo.—Pes. 19:8, 11.
Jehova o ile a khetha Davida hore ebe hlooho ea lelapa la hae le ea sechaba sohle sa Iseraele. Kaha Davida e ne e le morena o ne a e-na le matla a maholo. Ka linako tse ling, o ile a sebelisa matla a hae hampe ’me a etsa liphoso tse kholo. (2 Sam. 11:14, 15) Empa o ile a ikokobelletsa Jehova eaba o amohela khalemelo. O ile a bolella Jehova mabina-bine a pelo ea hae. Hape o ile a leka ka hohle ho mamela keletso ea Jehova. (Pes. 51:1-4) Ho phaella moo, o ne a ikokobelitse a bile a amohela likeletso tseo a neng a li fuoa, ho sa tsotellehe hore na o li fuoa ke banna kapa basali. (1 Sam. 19:11, 12; 25:32, 33) Davida o ile a ithuta liphosong tsa hae, ’me a etsa hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. O ne a tseba melemo ea ho mamela Jehova. Le mehleng ena, re khona ho bona phapang pakeng tsa batho ba mamelang melao ea Jehova le ba sa e mameleng. Batho ba mamelang Jehova “ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.”—Esa. 65:13, 14. w19.09 17 ¶15; 19 ¶21
Moqebelo, la 16 January
Ka talima . . . bongata bo boholo . . . bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.—Tšen. 7:9.
Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlakeloa hore ha se hore bongata bo boholo bo tlameha ho ba leholimong e le hore “bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” Ho e-na le hoo, bo eme ka tsela ea tšoantšetso. Le hoja bongata bo boholo bo tl’o phela lefatšeng, bo khona ho ema “ka pel’a terone” ka hore bo amohele hore Jehova ke ’Musi oa bokahohle le ho bontša hore bo amohela bolaoli ba hae ka ho mo mamela. (Esa. 66:1) Ba ema ka “pel’a Konyana” ka hore ba bontše tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo. Ka ho tšoanang, ho Matheu 25:31, 32, ho thoe “lichaba tsohle,” ho akarelletsa le batho ba khopo, li bokelloa “ka pel’a” Jesu teroneng ea hae e khanyang. Ho hlakile hore lichaba tsena tsohle ha li leholimong empa li lefatšeng. Tsela ena e ncha eo ho ileng ha hlalosoa taba ena ka eona ka 1935 ea utloahala. E etsa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha ho se na moo Bibele e reng bongata bo boholo bo nkeloa leholimong. Ke sehlopha se le seng feela se tšepisitsoeng ho ea phela leholimong ka ho sa feleng, e leng ba 144 000 ba tla “busa e le marena holim’a lefatše” le Jesu.—Tšen. 5:10. w19.09 28 ¶9
Sontaha, la 17 January
Ratang Jehova, lona bohle ba tšepahalang ba hae.—Pes. 31:23.
Jehova o lebeletse hore barapeli ba hae ba tsoe ho Babylona e Moholo. Empa ha rea lokela ho fella moo feela. Re boetse re lokela ho ikemisetsa ho sebeletsa Jehova. A re hlahlobeng litsela tse peli tseo re ka etsang seo ka tsona. Ea pele, re lokela ho emela ka tieo melao ea Jehova ea boitšoaro. Re ke ke ra lumella batho ba lefatše lena ba boitšoaro bo bobe hore ba re susumetse. Mohlala, ha re lumelle boitšoaro bo bobe ka tsela leha e le efe ho akareletsa le manyalo a batho ba bong bo tšoanang le mekhoa efe kapa efe e lumellang ho ratana ha batho bo bong bo tšoanang. (Mat. 19:4, 5; Bar. 1:26, 27) Ea bobeli, re lokela ho tsoela pele re bokana hammoho le Bakreste-’moho le rona. Re etsa joalo ka hohle kamoo re ka khonang, ebang ke Liholong Tsa ’Muso, malapeng a Lipaki tse ling kapa ka sekhukhu. Ha ho na letho le ka re sitisang ho bokana hammoho. Hona joale, re lokela ho bokana hammoho ‘kaha rea bona hore letsatsi le ntse le atamela.’—Baheb. 10:24, 25. w19.10 16 ¶6-7
Mantaha, la 18 January
[Jehova] ke Molimo ea boulelang.—Ex. 34:14.
Jehova o batla hore re thabele bophelo ’me boithabiso bo ka re thusa ho etsa joalo. Ebile le Bibele e re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moek. 2:24) Leha ho le joalo, boithabiso bo bongata bo teng lefatšeng bo ka ba kotsi ho rona. Bo ka etsa hore batho ba bangata ba qale ho amohela le ho rata lintho tseo Lentsoe la Molimo le li nyatsang ka matla. Re batla ho sebeletsa Jehova a le mong feela, kahoo re ke ke ra ja “tafoleng ea Jehova” le “tafoleng ea bademona.” (1 Bakor. 10:21, 22) Hangata ha batho ba e-ja hammoho, taba eo e bontša hore ke metsoalle. Haeba re khetha boithabiso bo khothalletsang ntoa, boloi, boitšoaro bo bobe kapa lintho tse ling tseo Molimo a sa li rateng, ho tla be ho tšoana leha re e-ja lijo tse phehiloeng ke lira tsa Molimo ebile re lutse tafoleng re e-ja le tsona. Ha re etsa joalo re tla be re sa intše kotsi feela empa re tla be re senya le kamano ea rona le Jehova. w19.10 26 ¶2; 29-30 ¶11-12
Labobeli, la 19 January
Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.—2 Pet. 1:21.
Mokhanni oa sekepe o lokela ho etsa lintho tse peli e le hore moea o mo thuse. Ea pele, o tlameha ho isa sekepe moo moea o fokang hobane sekepe se ke ke sa tsamaea haeba mokhanni oa sona a sa se ise moo ho nang le moea. Ea bobeli, mokhanni o lokela ho phahamisa liseile tsa sekepe le ho li bula. Ho hlakile hore le haeba moea o ntse o foka, sekepe se tla tsamaea hafeela liseile li khile moea. Ka tsela e tšoanang, le rona re tla tsoela pele re sebeletsa Jehova hafeela re thusoa ke moea o halalelang. E le hore re rue molemo ho oona, re tlameha ho etsa lintho tse peli. Ea pele, re lokela ho etsa lintho tseo moea oa Molimo o tataisang bahlanka ba hae hore ba li etse. Ea bobeli, re lokela ho “phahamisa liseile tsa rona” ka hore re etse lintho tseo kahohle kamoo re ka khonang. (Pes. 119:32) Joale moea o halalelang o tla re fa matla a hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi. w19.11 9 ¶8; 10 ¶11
Laboraro, la 20 January
Ke le fa khotso ea ka.—Joh. 14:27.
Jesu o ne a khathatsehile haholo letsatsing la ho qetela a le lefatšeng. Ho ne ho setse nako e seng kae pele a bolaoa ka sehloho. Empa lefu la hae e ne e se lona feela lebaka le entseng hore a khathatsehe. O ne a rata Ntate oa hae haholo a bile a batla ho mo khahlisa. Jesu o ne a tseba hore ho mamella nakong eo e thata, ho tla etsa hore a halaletse lebitso la Jehova. O ne a boetse a rata batho ’me a tseba hore o lokela ho lula a tšepahala ho isa lefung e le hore re ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Le hoja Jesu a ne a khathatsehile hakaalo, o ne a e-na le khotso. O ne a e-na le “khotso ea Molimo” kahoo a lula a khobile matšoafo. Khotso eo e ile ea mo thusa hore a se ke a lula a khathatsehile. (Bafil. 4:6, 7) Ke ’nete hore re ke ke ra thulana le mathata ao Jesu a ileng a tlameha ho a mamella empa taba ena ha e bolele hore re ke ke ra ba le mathata ho hang. (Mat. 16:24, 25; Joh. 15:20) Hape joaloka Jesu, le rona ka linako tse ling re ikutloa re khathatsehile. w19.04 8 ¶1-3
Labone, la 21 January
Le se ke la tima mollo oa moea.—1 Bathes. 5:19.
E ka ba hantle hore u ipotse, ‘Na ke ananela taba ea hore ebe ke karolo ea mokhatlo oa Jehova o lefatšeng?’ Jehova o re file bopaki bo hlakileng ba hore o hlohonolofatsa batho ba hae mehleng ena. Kannete re na le lintho tse ngata tseo re ka lebohang Jehova ka tsona. (1 Bathes. 5:18) Re ka bontša joang hore re tšehetsa mokhatlo oo Jehova a o sebelisang? Ka ho mamela keletso e tsoang ka Bibeleng eo re e fumanang ho lingoliloeng tsa rona, libokeng le likopanong. Re boetse re bontša hore rea o tšehetsa ka hore re ikakhele ka setotsoana mosebetsing oa ho bolela le ho ruta batho Bibele. (1 Bakor. 15:58) Re batla hore Jehova a amohele mahlabelo a rona. Re mo sebeletsa hobane re e-na le kananelo. Re tla lula re fa Jehova sohle se matleng a rona hobane re mo rata ka lipelo tsohle tsa rona. Hape re etsa sohle ho tšehetsa mokhatlo oa hae. Ha re etsa lintho tsena, re bontša Jehova hore re ananela tokelo eo a re fileng eona ea ho mo sebeletsa re le Lipaki tsa hae. w19.11 25 ¶17-18
Labohlano, la 22 January
Ea bontšang tumelo ho ’na . . . o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena.—Joh. 14:12.
Jesu o ne a sa bolele hore balateli ba hae ba tla etsa mehlolo joaloka eena. Ho e-na le hoo, o ne a bolela hore ba tla bolela le ho ruta batho ba bangata libakeng tse ngata ho mo feta ebile e le ka nako e telele le ho feta ea hae. Haeba u na le mosebetsi oa boipheliso, u ka ipotsa lipotso tsena: ‘Na mosebetsing batho ba tseba ke sebetsa ka thata? Na ke qeta mosebetsi ka nako le ho o etsa hantle kahohle kamoo nka khonang?’ Haeba ho joalo, mohiri oa hao a ka ’na a u tšepa. Hape basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba thabela ho mamela litaba tse molemo. U ka ipotsa lipotso tsena ka mosebetsi oa hao oa boboleli: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea sebetsang ka thata mosebetsing oa boboleli? Na ke lokisetsa maeto a pele hantle? Na ke potlakela ho khutlela ho batho ba bontšitseng hore ba thabela molaetsa? Hape, na kamehla ke nka karolo mekhoeng e fapaneng ea ho bolella batho litaba tse molemo?’ Haeba ho joalo, u tla thabela mosebetsi oa hao. w19.12 5 ¶14-15
Moqebelo, la 23 January
E mong le e mong oa lona ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.—Baef. 5:33.
Ha banyalani ba se ba entse qeto ea ho ba le bana, ba lokela ho buisana ka lintlha tsena tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, hore na ba tla ba le bana neng. Ea bobeli, hore na ba tla ba le bana ba bakae. Empa lintlha tsee, li lokela ho hlahlojoa neng? Hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho bua ka tsona? Maemong a mangata, batho ba babeli ba lokela hore ba bue ka taba ea hore na ba tla ba le bana kapa che pele ba nyalana. Hobane’ng ka nako eo? Hobane ke habohlokoa hore ba be le maikutlo a tšoanang ka taba ena. Hape ba lokela ho nahanisisa ka hore na ba ka khona ho jara boikarabelo boo. Banyalani ba bang ba entse qeto ea ho ema selemo kapa tse peli ka mor’a lechato pele ba e-ba le bana hobane ba tla hloka nako e ngata le matla a hore ba ba hlokomele. Ba re ho etsa joalo, ho ba fa nako ea hore ba tloaelane le bophelo ba lenyalo le ho ba le monyetla oa hore ba atamelane. w19.12 23 ¶4-5
Sontaha, la 24 January
Motsoalle oa ’nete . . . ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.—Liprov. 17:17.
Lefatšeng lohle, bahlanka ba bangata ba Jehova ba thulana le maemo a mangata a bohloko le a ba tšoenyang. Bakreste ba bang ba na le bokuli bo sa eeng moriting, ha ba bang bona ba oele ka phatla. Ba bang bona ba utloile bohloko hobane setho se seng sa lelapa se khaolitse ho sebeletsa Jehova. Athe ba bang bona ba mamelletse mathata ao ba bileng le ’ona ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho. Bara le barali bana babo rona ba hloka ho tšelisoa. Re ka ba thusa joang? E-ba motsoalle oa ’nete. Metsoalle ea ’nete e tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe hore e thuse Bakreste-’moho le eona. Mohlala, ngaka e ile ea bolella Mor’abo rona Peter hore o tšoeroe ke lefu le tl’o mpefala kapele le be le mo bolaee. Mohats’ae Kathryn o re: “Banyalani ba bang bao re kopanelang le bona ba ne ba ile le rona ngakeng ha re tla fumana hore na mohatsa’ka o tšoeroe ke eng. Ba ile ba etsa qeto ea hore re ke ke ra hela re itlamela bothateng bona ’me ba ile ba lula ba re thusa ka lintho tseo re li hlokang.” Hoa tšelisa ho ba le metsoalle ea ’nete e ka re thusang ho mamella mathata a rona. w20.01 8 ¶1; 9 ¶5; 10 ¶6
Mantaha, la 25 January
Kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng.—Lik. 2:4.
Haeba u ne u le e mong oa barutuoa ba neng ba le ka kamoreng eo ka Pentakonta ea selemo sa 33, ruri u ne u ke ke oa lebala letsatsi leo. U ne u tla be u tseba hantle hore u tlotsitsoe ka moea o halalelang. (Lik. 2:5-12) Empa na batho bohle ba tlotsoang ka moea o halalelang ba tlotsoa ka tsela ea mohlolo le ka nako e tšoanang? Che. A re hlahlobeng hore na motho a ka tlotsoa neng. Ha se sehlopha seo sa barutuoa ba ka bang 120 feela se ileng sa tlotsoa ka moea o halalelang ka letsatsi leo. Hamorao hona letsatsing leo, batho ba ka bang 3 000 ba ile ba amohela moea o halalelang oo Jesu a neng a o tšepisitse. Ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang ha ba ne ba kolobetsoa. (Lik. 2:37, 38, 41) Empa lilemo hamorao, ha se Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ileng ba tlotsoa ha ba kolobetsoa. Ho ile ha feta nako pele Basamaria ba tlotsoa ka mor’a hore ba kolobetsoe. (Lik. 8:14-17) Athe Korneliase le lelapa la hae bona ba tlotsitsoe ka mokhoa o sa tloaelehang, ba ile ba tlotsoa le pele ba ka kolobetsoa.—Lik. 10:44-48. w20.01 20-21 ¶2-4
Labobeli, la 26 January
Ke ba tsebisitse lebitso la hao.—Joh. 17:26.
Likosepeleng tse ’ne, Jesu o ile a bitsa Jehova “Ntate” ka makhetlo a ka bang 165. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua ka Jehova ka makhetlo a mangata tjee? Lebaka le leng e ne e le ho kholisa batho hore Jehova ke Ntate ea lerato. (Joh. 17:25) A re hlahlobeng hore na re ithuta’ng tseleng eo Jehova a neng a tšoara Mora oa hae ka eona. Jehova o ne a lula a mamela lithapelo tsa Jesu. Ha aa ka a mamela lithapelo tsa Jesu feela empa o ile a li araba. (Joh. 11:41, 42) Ho sa tsotellehe mathata ao Jesu a ileng a tobana le ’ona, o ile a lula a bona hore Jehova oa mo rata le hore o mo tšehelitse. (Luka 22:42, 43) Kaha Jehova ke Ntate ea lerato, o ile a etsa bonnete ba hore Jesu a tseba hore o mo tšehelitse. (Mat. 26:53; Joh. 8:16) Le hoja Jehova a sa ka a sireletsa Jesu nthong e ’ngoe le e ’ngoe e neng e mo utloisa bohloko, o ile a mo thusa hore a mamelle. Jesu o ne a tseba hore lintho tse mo hlahelang ke tsa nakoana. (Baheb. 12:2) Jehova o ile a bontša hore o rata Jesu ka hore a mo mamele, a mo fe lintho tseo a li hlokang, a mo koetlise le hore a mo tšehetse.—Joh. 5:20; 8:28. w20.02 3 ¶6-7, 9
Laboraro, la 27 January
Le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. Phemang ho ba lisosa tsa khopiso.—1 Bakor. 10:31, 32.
Pele re etsa qeto ea ho kenella tloaelong kapa moetlong o itseng, re lokela ho nahana ka matsoalo a batho ba bang haholo-holo a Bakreste-’moho le rona. Ha re batle ho khopisa motho ofe kapa ofe. (Mar. 9:42) Hape, ha re batle ho utloisa batho bao e seng Lipaki bohloko ho sa hlokahale. Kaha rea ba rata, re tla bua le bona ka tsela e ba hlomphang e leng se tla etsa hore re halaletse lebitso la Jehova. Re ke ke ra phehisana khang le batho kapa ra hobosa meetlo ea bona. Etsoe rea hopola hore lerato ke lona la bohlokoa. Ha re rata batho ba re hanyetsang ebile re ba hlompha, re ka ’na ra hapa lipelo tsa bona. Bolella baahisane ba hao hore u Paki ea Jehova. (Esa. 43:10) Ha u ka hlalosetsa beng ka uena le baahisane esale pele hore na u lumela’ng, ba ka ’na ba utloisisa boemo ba hao ha ho se ho hlahile mokhohlane. E se e ka re ke ke ra hlajoa ke lihlong ho emela seo Bibele e se rutang ka bafu.—Bar. 1:16. w19.04 17-18 ¶14-16
Labone, la 28 January
Ke e monyenyane ho baapostola, ’me ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola.—1 Bakor. 15:9.
Baapostola ba 12 ba ile ba latela Jesu nako eohle ha a ne a le lefatšeng empa Pauluse ha e-ea ka ea e-ba Mokreste ho fihlela ha Jesu a e-shoa le ka mor’a hore a tsosoe. Le hoja Pauluse a ile a khethoa hore ebe “moapostola ho lichaba,” ha a ka a fumana tlotla ea ho ba e mong oa baapostola ba 12. (Bar. 11:13; Lik. 1:21-26) Ho e-na le hore a monele banna bao ba 12 ka hore e ne e le metsoalle ea Jesu, o ile a lula a khotsofalletse seo a neng a e-na le sona. Haeba re le batho ba ikokobelitseng le ba khotsofalang, re tla tšoana le Pauluse ’me re hlomphe batho bao Jehova a ba fileng boikarabelo. (Lik. 21:20-26) O khethile baholo hore ba etelle phutheho ea hae pele. Ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona, Jehova o ba nka e le “limpho tseo e leng banna.” (Baef. 4:8, 11) Ha re hlompha banna bana ba khethiloeng ’me ka boikokobetso re latela tataiso ea bona, re lula re e-na le kamano e ntle le Jehova hape re thabela ho ba le khotso le Bakreste-’moho le rona. w20.02 17 ¶13-14
Labohlano, la 29 January
Rea rata, hobane o ile a re rata pele.—1 Joh. 4:19.
E ka ’na eaba pele u ithuta le Lipaki u ne u se u ntse u rata Bibele haholo. Hape, e ka ’na eaba u ne u se u ntse u rata Jesu. Joale, kaha u se u tsebana le Lipaki Tsa Jehova, e ka ’na eaba u batla ho qeta nako e ngata le tsona. Empa ho rata lintho tsena feela ha se hona ho tla etsa hore u batle ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. Lebaka le ka sehloohong le ka u susumeletsang hore u kolobetsoe, ke hobane u rata Jehova. Ha u rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, u ke ke oa lumella eng kapa eng kapa motho le ha e le ofe ho u sitisa ho mo sebeletsa. Ho mo rata ho tla u susumeletsa hore u kolobetsoe hape u tla lula u mo tšepahalla le ka mor’a hore u kolobetsoe. esu o ile a re re lokela ho rata Jehova ka lipelo tsohle tsa rona, moea, kelello le matla ’ohle a rona. (Mar. 12:30) U ka ithuta ho rata Jehova le ho mo hlompha ka tsela e tebileng joalo joang? Ha re nahana ka hore na Jehova o re rata hakae, taba eo e tla etsa hore le rona re mo rate. w20.03 4 ¶4-5
Moqebelo, la 30 January
U phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.—2 Tim. 4:5.
Ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo ho bolela’ng? Ho phetha mosebetsi oa rona ka botlalo ho bolela hore re qeta nako e ngata kamoo re ka khonang re ruta batho molaetsa oa Bibele. Empa sepheo sa rona ha re etsa mosebetsi ona ke sona sa bohlokoa ho Jehova ho feta nako eo re e qetang. Kaha re rata Jehova le baahisane ba rona, re sebetsa ka moea oohle ha re le mosebetsing oa boboleli. (Mar. 12:30, 31; Bakol. 3:23) Ho sebeletsa Molimo ka moea oohle ho bolelela ho sebelisa matla a rona le ho etsa boiteko bohle ba hore re phethe mosebetsi oo a re fileng oona ka botlalo. Ha re utloisisa hore na ke tlotla e kaakang ho bolella batho ka Jehova, re tla etsa ka hohle kamoo re ka khonang hore re bolelle batho ba bangata ka eena. Empa re ka ’na ra se ke ra khona ho qeta nako eo re e batlang tšimong le hoja e le mosebetsi oo re o ratang. Re leka ka hohle ho ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona e le hore re finyelle batho lipelo. Hape re etsa hore mosebetsi oa boboleli o tle pele bophelong ba rona. w19.04 2 ¶3; 3 ¶4, 6
Sontaha, la 31 January
’Nete ha e eo ho eena.—Joh. 8:44.
Mashano a Satane a baketse batho mahlomola le mathata. Batsoali ba hlokahalletsoeng ke ngoana ba ka ’na ba bolelloa hore Molimo o nkile ngoana eo mohlomong hore e il’o ba lengeloi leholimong. Na leshano lee le ba thoba lipelo kapa le ba utloisa bohloko le ho feta? Thuto e fosahetseng ea hore Molimo o chesa batho liheleng e ’nile ea sebelisoa ho emela tloaelo ea kereke ea ho chesa batho ba hanyetsang lithuto tsa eona. Ha buka e ’ngoe e bua ka lekhotla la mehleng ea khale la Spain, e re batho ba neng ba hanyetsana le lithuto tsa kereke ea Roma e K’hatholike ba ne ba chesoa mollong ka le reng mohlomong ba tla baka pele ba e-shoa, ebe ha ba isoe mollong oa lihele oa ka ho sa feleng. Linaheng tse ngata, batho ba nka hore ba tlameha ho rapela balimo, ho ba hlompha le ho kopa mahlohonolo ho bona. Batho ba bang bona ba nka hore ba tlameha ho thabisa balimo ba bona e le hore ba se ke ba ba hlokofatsa. Ka bomali-mabe, mashano a Satane ao batho ba a lumelang ha a ba tšelise ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, a etsa hore ba lule ba tšoenyehile ba bile ba tšohile. w19.04 14 ¶1; 16 ¶10