Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 97-100
  • Maikutlo a Fosahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Fosahetseng
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 97-100

Maikutlo a Fosahetseng

Ke maikutlo afe ao Bakreste ba lokelang ho a qoba?

Ho halefa

Ps 37:8, 9; Pr 29:22; Kol 3:8

Sheba le Pr 14:17; 15:18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 37:18, 19, 23, 24, 31-35—Bana ba bo Josefa ba ile ba mo hlasela, ba mo rekisa hore e be lekhoba eaba ba thetsa ntate oa bona Jakobo ba re mora oa hae eo a mo ratang o hlokahetse

    • Ge 49:5-7—Simeone le Levi ba ile ba fuoa kotlo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba ileng ba li etsa ha ba ne ba halefile

    • 1Sa 20:30-34—Ha Morena Saule a ne a halefile, o ile a rohaka mora oa hae Jonathane ’me a leka ho mo bolaea

    • 1Sa 25:14-17—Nabale le banna bohle ba ntlo ea hae ba ile ba batla ba bolaoa hobane a ile a rohaka banna ba Davida

Ho rata liqabang

Baf 2:3; Jak 3:14-16

Ho ba makoala

2Ti 1:7; Tše 21:8

Ho ba le pelo e mpe

De 15:7, 8; Mat 19:8; 1Jo 3:17

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 42:21-24—Bana ba bo Josefa ba ile ba re ba soabile hore ebe ba ile ba tšoara Josefa hampe

    • Mar 3:1-6—Jesu o ile a utloa bohloko ha a hlokomela kamoo Bafarisi ba neng ba le lipelo li mpe kateng hobane ba ne ba sa utloele batho bohloko

Ho se hlomphe

Sheba “Ho se Hlomphe”

Ho ikhohomosa

Gal 5:26; Baf 2:3

Sheba le Pr 3:7; 26:12; Bar 12:16

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Sa 15:1-6—Absalome o ne a ikhohomosa a bile a batla hore batho ba mo rate ho feta ntate oa hae Davida

    • Dan 4:29-32—Jehova o ile a fa Morena Nebukadnezare kotlo hobane o ne a ikhohomosa

Mona; ho lakatsa lintho tsa batho ba bang

Bar 13:9; 1Pe 2:1

Sheba le Gal 5:26; Tit 3:3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 26:12-15—Jehova o ile a hlohonolofatsa Isaka hobane o ne a sebetsa ka thata ’me Bafilista ba ile ba qala ho mo monela

    • 1Ma 21:1-19—Morena Akabe ea khopo o ile a khalla tšimo ea Nabothe hoo a ileng a etsa hore a qosoe ka leshano ’me a bolaoe

Ho tšaba batho

Ps 118:6; Pr 29:25; Mat 10:28

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Nu 13:25-33—Banna ba leshome bao e neng e le lihloela tsa Baiseraele ba ile ba tšoha haholo ha ba bona lira tsa bona ’me ba etsa hore batho ba bang le bona ba tšohe

    • Mat 26:69-75—Moapostola Petrose o ne a tšaba batho ke kahoo a ileng a latola Jesu ka makhetlo a mararo

Ho ba meharo

Sheba “Ho ba Meharo”

Lehloeo

Pr 10:12; Tit 3:3; 1Jo 4:20

Sheba le Nu 35:19-21; Mat 5:43, 44

Boikaketsi

Sheba “Boikaketsi”

Mona

Sheba “Mona”

Ho ba botsoa

Pr 6:6-11; Moe 10:18; Bar 12:11

Sheba le Pr 10:26; 19:15; 26:13

Ho rata chelete le maruo

Mat 6:24; 1Ti 6:10; Heb 13:5

Sheba le 1Jo 2:15, 16

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 31:24-28—Jobo e ne e le morui empa o ne a rata Jehova ho feta maruo a hae

    • Mar 10:17-27—Monna e mong o ne a rata maruo a hae haholo hoo a neng a sa batle ho a tlohela e le hore e be molateli oa Jesu

Lehloeo le tsamaisanang le ho halefa

1Sa 30:6; Ef 4:31; Kol 3:19

Sheba le Jak 3:14

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Ob 10-14—Jehova o ile a fa Baedomo kotlo hobane ba ne ba hloile bana ba bo bona e leng Baiseraele

Ho iketelletsa pele

Sheba “Ho Iketelletsa Pele”

Boikhohomoso; boikakaso

Sheba “Boikhohomoso”

Ho rata likhang

Pr 26:20; 1Ti 3:2, 3; Tit 3:2

Sheba le Pr 15:18; 17:14; 27:15; Jak 3:17, 18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 13:5-9—Balisa ba Abrahama le balisa ba Lota ba ile ba qabana empa Abrahama o ile a etsa hore ho be le khotso pakeng tsa bona

    • Bhl 8:1-3—Banna ba Efraime ba ne ba batla ho loantša Moahloli Gideone empa o ile a etsa hore ho be le khotso pakeng tsa bona hobane o ne a ikokobelitse

Borabele

1Sa 15:23; Ju 4, 8, 10, 11

Sheba le De 21:18-21; Ps 78:7, 8; Tit 1:10

Ho nka hore u lokile ho feta batho ba bang

Moe 7:16; Mat 7:1-5; Bar 14:4, 10-13

Sheba le Esa 65:5; Lu 6:37

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Mat 12:1-7—Seo Bafarisi ba ileng ba se bua ho Jesu se ne se bontša hore ba ne ba nka ba lokile ho feta batho ba bang

    • Lu 18:9-14—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore Molimo ha aa batle batho ba nkang hore ba lokile ho feta ba bang

Ho ba manganga

Jer 13:10

Sheba le Jer 7:23-27; Zak 7:11, 12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 36:11-17—Tsedekia e ne e le morena ea khopo a bile a le manganga ’me seo se ile sa etsa hore sechaba sohle se fuoe kotlo

    • Lik 19:8, 9—Moapostola Pauluse o ile a tlohela ho bolella batho ba manganga litaba tse monate

Ho se tsotelle maikutlo a batho ba bang

Mar 7:21-23; Ef 5:17

Sheba le 1Pe 2:15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 8:10-20—Baiseraele ba ile ba hana ho mamela ha moprofeta Samuele a ba bolella hore ba se ke ba ipatlela morena

    • 1Sa 25:2-13, 34—Banna bohle ba ntlo ea Nabale ba batlile ba bolaoa hobane a ne a hana ho thusa Davida

Ho se tšepe batho ba bang le ho ba qosa

Job 1:9-11; 1Ti 6:4

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 1Sa 18:6-9; 20:30-34—Morena Saule o ne a belaela hore Davida ha a mo tšepahalle ’me o ile a leka ho etsa hore Jonathane a mo fetohele

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela