Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 99-102
  • Mamello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamello
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
  • Lihloohoana
  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 99-102

Mamello

Jehova o bontšitse joang hore o na le mamello?

Bar 2:4; 9:22

Sheba le Ne 9:30

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Jer 7:23-25—Jehova o ile a hlalosa kamoo a bontšitseng mamello kateng ho tloha khale ha sechaba sa hae se ne se sa mo mamele

    • 2Pe 3:3-9, 15—Moapostola Petrose o ile a hlalosa hore na Jehova o bontša mamello joang le hore na ke hobane’ng ha a e bontša. O ile a boela a re lemosa hore mamello ea Jehova e-ea fela

Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le mamello?

Pr 25:15; Ef 4:1-3; 2Ti 2:24, 25; 4:2

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 39:19-21; 40:14, 15, 23; 41:1, 9-14—Le hoja bana ba bo Josefa ba ile ba mo rekisa hore e be lekhoba, a koalloa teronkong Egepeta lilemo tse ngata ka ntho eo a neng a sa e etsa, o ile a mamella ’me a lula a e-na le tumelo e matla

    • Heb 6:10-15—Moapostola Pauluse o ile a etsa mohlala ka Abrahama ho bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng ho ba le mamello

Na bahlanka ba Jehova ba lokela ho ba le mamello?

1Ko 13:4, 7; 1Ti 6:11; 2Pe 1:5, 6

Re tseba joang hore batho ba bang ba tla re hlorisa le ho se re mamele ha re ba bolella litaba tse monate?

Mat 10:22; Joh 15:18, 19; 2Ko 6:4, 5

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Pe 2:5; Ge 7:23; Mat 24:37-39—Le hoja Noe a ne a “phatlalatsa litaba tse lokileng,” batho ba ne ba sa mo mamele ’me ke eena le ba lelapa la hae feela ba ileng ba pholoha moroallo

    • 2Ti 3:10-14—Moapostola Pauluse o ile a bua ka mathata ao a ileng a a mamella ho thusa Timothea ho bona hore le eena a ka mamella.

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha ba lelapa ba leka ho re thibela ho sebeletsa Jehova?

Mat 10:22, 36-38; Lu 21:16-19

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 4:3-11; 1Jo 3:11, 12—Ka lebaka la hore Kaine o ne a le khopo, o ile a bolaea ngoan’abo Abele ea neng a tšepahala

    • Ge 37:5-8, 18-28—Ha Josefa a bolella bana babo ka toro e tsoang ho Jehova, ba ile ba mo hlasela ba ba ba mo rekisa hore e be lekhoba

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba lefu ha re hlorisoa?

Mat 10:28; 2Ti 4:6, 7

Sheba le Tše 2:10

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Dan 3:1-6, 13-18—Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba hana ho rapela setšoantšo le hoja morena a ne a itse o tla ba bolaea haeba ba sa etse joalo

    • Lik 5:27-29, 33, 40-42—Baapostola ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate le hoja ba ile ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa

Ke’ng e ka re thusang ho lula re tšepahalla Jehova leha re khalemeloa?

Pr 3:11, 12; Heb 12:5-7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Nu 20:9-12; De 3:23-28; 31:7, 8—Le hoja Moshe a ile a nyahama ha Jehova a mo khalemela, o ile a tsoela pele a mo sebeletsa ka botšepehi

    • 2Ma 20:12-18; 2Kr 32:24-26—Morena Ezekiase o ile a amohela khalemelo e tsoang ho moprofeta oa Jehova ka mor’a ho etsa libe ’me a ikokobelletsa Jehova a ba a tsoela pele a mo sebeletsa

Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho mamella ha ba bang ba khaotsa ho sebeletsa Jehova?

Jer 1:16-19; Hab 1:2-4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ps 73:2-24—Ha mopesaleme a bona lintho li tsamaela batho ba khopo hantle, o ile a ipotsa hore na ho na le molemo oa hore a tsoele pele ho sebeletsa Jehova

    • Joh 6:60-62, 66-68—Petrose o ile a lula a ikemiselitse ho latela Jesu le hoja ba bang ba ile ba khaotsa ho mo latela

Ke’ng e ka re thusang ho mamella?

Ho lula re le haufi le Jehova

De 30:19, 20; Bar 15:5, 6; 1Ko 10:13

Ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo re ithutang sona

Moe 7:12; Bar 15:4; Kol 1:10, 11; 2Pe 3:15-18

Ho rapela Jehova kamehla le ho mo bolella lintho tsohle

Bar 12:12; Kol 4:2; 1Pe 4:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Dan 6:4-11—Daniele o ile a tsoela pele a rapela Jehova le hoja seo se ne se beha bophelo ba hae kotsing

    • Mat 26:36-46; Heb 5:7—Bosiung ba hae ba ho qetela lefatšeng, Jesu o ile a rapela ka matla ’me a khothaletsa ba bang ho etsa se tšoanang

Ho rapela ’moho le bara le barali ba bo rona ho tla re thusa ho mamella

Bar 1:11, 12; Heb 10:23-25

Ha re lula re nahana ka litšepiso tsa Jehova re tla mamella

Bar 8:25; 1Th 1:3; Heb 11:6; 12:1, 2

Ho rata Jehova le bara le barali ba bo rona ho tla re thusa ho mamella

Mat 6:33; 1Ko 13:4-7; 1Th 3:12, 13; 1Jo 4:18, 19

Ho matlafatsa tumelo ea rona

Ef 6:16; 1Jo 5:4; Ju 20, 21

Hopola hore na Jehova o ikutloa joang ha re utloa bohloko

Lik 5:40, 41; Jak 1:2-4; 1Pe 3:14; 4:14, 16

Re ka fumana melemo efe ha re mamella ka botšepehi?

Re tlotlisa Jehova Molimo

Pr 27:11; Joh 15:7, 8; 1Pe 1:6, 7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 1:6-12; 2:3-5—Satane o ile a qosa Jehova ka hore o sireletsa batho e le hore ba mo sebeletse. Jobo o ile a tlameha ho mamella ka botšepehi ho paka hore Satane o leshano

    • Bar 5:19; 1Pe 1:20, 21—Ho mamella ha Jesu ka botšepehi ho ile ha thusa ho arabela potso ena: Na monna ea phethahetseng a ka atleha ho lula a tšepahala ha a tobana le liteko tse thata tse hlotseng Adama?

Ho khothatsa ba bang hore ba mamelle

Baf 1:13, 14; Jak 5:10, 11

Ho mamella ho re thusa ho atleha ha re bolela litaba tse monate

Moe 11:6; Lu 8:15; 2Pe 1:5-8

Ha re mamella, Jehova o tla thaba a be a re hlohonolofatse

Mat 24:13; Lu 21:19; 1Ko 15:58; Heb 10:36

Sheba le Bar 2:6, 7; Jak 1:12

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela