PINA EA 163
Re Thabile!
1. Jesu o tlile lefatšeng
Ho ruta batho ka ’Muso.
A re ruta ho phelela Molimo.
O ne a rata Jehova.
O re behetse mohlala
Hore re ratane ka pelo tsohle.
(K’HORASE)
Jehova o re fa
Leseli la ’nete.
Jehova, rea u leboha.
U re thusitse. Re thabile!
2. Leha re na le mathata,
’Mopi o tla re fa matla.
O re fa seo re se hlokang kamehla.
Le lipalesa tsa naheng
O etsa hore li hole.
Li re hopotsa hore oa re rata.
(K’HORASE)
Jehova o re fa
Leseli la ’nete.
Jehova, rea u leboha.
U re thusitse. Re thabile!
3. Leha lifefo li ka tla,
Re tla ema re tiile
Ha re lula re bala Lentsoe la Jah.
Ha re le tseleng ea ’nete
Jehova o tla re putsa,
Re fumane bophelo bo sa feleng.
(K’HORASE)
Jehova o re fa
Leseli la ’nete.
Jehova, rea u leboha.
U re thusitse. Re thabile!
(Sheba le Mat 7:24.)