22 JONATHANE
O ne a Hloka Sebete e le Hore a Lule a Tšepahala
BANNA ba babeli ba hlometseng ke bao ba e-hloa thaba ka potlako. Ba ne ba il’o hlasela sehlopha se seholo sa masole a Bafilista. E mong oa bona e ne e le Jonathane mora oa Saule, morena oa pele oa Iseraele. Jonathane o ne a le ka pele ’me mojari oa lihlomo tsa hae a tla a mo setse morao. O ile a khothalletsa mojari oa hae oa lihlomo hore a tsamaee le eena ba e’o loantša Bafilista ka ho re: “Ha ho na letho le ka sitisang Jehova ho re pholosa ebang re bangata kapa re ’maloa.” Kapele-pele, Jehova o ile a bontša hore Jonathane o ne a nepile. Banna bao ba babeli ba ile ba bolaea masole a ka bang 20. Ka mor’a moo, Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba hlole Bafilista.
Tlaleho ena e bontša tsela eo Jonathane a neng a le sebete ka eona. Leha ho le joalo, o ile a boela a bontša ka makhetlo a mangata bophelong ba hae hore ke motho ea sebete. O ne a tšepahala haholo ’me hangata ho hlokahala sebete hore motho a tšepahale. Ka mohlala, o ne a tšepahalla ntate oa hae Saule. Empa hamorao ha ntate oa hae a fetoha ’me a khaotsa ho mamela Jehova, o ile a hloka ho ba sebete e le hore a tšepahalle Jehova eseng Saule.
Lilemo tse mashome hamorao ha Jonathane a ne a ka ba lilemo li 50, o ile a etsa setsoalle le Davida ea neng a le monyenyane ho eena ka lilemo tse ka bang 30. Davida o ne a sa tsoa bolaea senatla sa Mofilista se bitsoang Goliathe. Ha ho pelaelo hore Saule le batho bohle ba ne ba hloletsoe ’me ba ile ba rorisa Davida. Jonathane o ile a ikutloa joang? Ha aa ka a monela Davida le hanyenyane feela. Ho fapana le hoo, o ile a fa Davida lihlomo tsa hae tsa ntoa ho akarelletsa le seqha sa hae. Seqha seo e ne e le mpho ea bohlokoa haholo hobane Jonathane o ne a ipabola ka ho betsa metsu. Le hoja Jonathane a ne a le moholo haholo ho Davida, ba ile ba etsa kano ea hore e tla lula e le metsoalle ’me ba ile ba tšepahalla kano eo.
Jonathane o ile a lokela ho tšepahalla Molimo ho feta ho tšepahalla ntate oa hae
Qalong Saule le eena o ne a rata Davida haholo. Empa ka mor’a nako e khutšoanyane, Saule o ile a mo monela haholo eaba oa mo hloea. O ne a lebelletse hore Jonathane le eena a hloee Davida. Empa Jonathane o ile a lula a tšepahalla motsoalle oa hae Davida le hoja Jehova a ne a khethile Davida hore e be eena morena ea tla hlahlama Saule eseng Jonathane. Ha Saule a bolella Jonathane hore o batla ho bolaea Davida, Jonathane o ile a emela motsoalle oa hae eaba o bolella Saule hore a se ke a mo bolaea. Jonathane o ile a hloka ho ba sebete haholo e le hore a etse joalo. Le hoja Saule a ne a se a holile haholo, e ne e ntse e le mohlabani ea matla. Ka le leng ha Jonathane a ntse a buella Davida, Saule o ile a mo betsa ka lerumo empa a mo fosa. Ketso eo e ile ea utloisa Jonathane bohloko haholo. O ile a ea ho Davida a mo bolella hore Saule o ikemiselitse ho mo bolaea. Jonathane o ne a tšepahalla motsoalle oa hae Davida e le kannete. Jonathane o ile a boela a kopa Davida hore a hlokomele lelapa la hae haeba a ka bolaoa.
Davida o ile a tlameha ho baleha kaha Saule o ne a leka ho mo bolaea. O ne a bile a mo lelekisa ka mabotho a hae, kahoo Davida o ne a lokela ho lula a baleha le ho ipata libakeng tse fapaneng. Na Jonathane o ne a ee a tsamaee le bona ha ba il’o lelekisa Davida? Ha ho na moo Bibele e chong joalo ebile re kholisehile hore Jonathane o ne a ke ke a etsa ntho e joalo. Ka nako e ’ngoe Jonathane o ile a tseba hore na Davida o ipatile hokae, eaba o ea ho eena. Hobane’ng? Bibele e re Jonathane o ile “a mo thusa hore a fumane matla ho Jehova.” O ile a re ho Davida: “U se ke oa tšoha hobane ntate oa ka Saule a ke ke a u fumana. U tla ba morena oa Iseraele ’me ’na ke tla ba oa bobeli ka mor’a hao.” Metsoalle ena e ’meli e ile ea arohana ’me lena e ne e le lekhetlo la ho qetela ba bonana.
Nakoana ka mor’a moo, Jonathane o ile a tsamaea le Saule ho ea loantša lira tsa batho ba Molimo, e leng lebotho la Bafilista. Ka nako eo, Saule o ne a se a lahlile Molimo ebile o ne a ile a ea ho mosali ea sebelisanang le bademona. Jehova o ne a se a sa hlohonolofatse Saule. Kahoo, Bafilista ba ile ba lematsa Saule hampe eaba oa ipolaea. Letsatsing leo, bara ba bararo ba Saule ho akarelletsa le Jonathane ba ile ba shoella ntoeng.
Davida o ile a utloa bohloko haholo ha ba hlokahala. O ile a qapa pina e neng e bontša kamoo a neng a utloile bohloko kateng le kamoo a neng a rata Jonathane kateng. O ile a e bitsa “Seqha,” mohlomong hobane a ne a hopola seqha seo Jonathane a neng a ile a mo fa sona lilemong tse fetileng. Pineng eo, Davida o ile a re: “Ke utloile bohloko haholo ka lebaka la hao Jonathane ngoan’eso, ke ne ke u rata haholo.” O ile a etsa ntho eo a neng a e tšepisitse motsoalle oa hae Jonathane. Ka mor’a hore e be morena, o ile a batla hore na ha ho na bana ba Jonathane ba neng ba ntse ba phela eaba o fumana mora oa Jonathane ea holofetseng, e leng Mefiboshethe. O ile a re a tl’o lula haufi le eena Jerusalema eaba oa mo hlokomela ho tloha ka nako eo ho ea pele.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Jonathane o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Bafilista e ne e le bo-mang? (w95 2/1 31)
2. Lengolo la 1 Samuele 13:21 le tiisa joang hore Bibele e nepahetse? (w05 3/15 29) A
Setšoantšo A: Lejoe le bekhang le lekanang le pime
3. Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hore Jonathane a tšele lekhalo la Mikmashe e le hore a fetele ka lehlakoreng le leng? E ka ’na eaba Jonathane o ile a thusoa ke eng hore a tšele? (it “Mikmashe” ¶4-wcgr) B
Todd Bolen/BiblePlaces.com
Setšoantšo B: E ka ’na eaba lekhalo la Mikmashe le ne le le mona
Setšoantšo sa B: Ho ka etsahala hore ebe lekhalo la Mikmashe le ne le le mona
Todd Bolen/BiblePlaces.com
4. Davida o ile a etsa’ng ho phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla hlokomela lelapa la Jonathane? (it “Mefiboshethe” No. 2 ¶1-wcgr)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Jonathane o ne a tšepahalla Jehova ho feta Saule. Ke maemong afe ao re ka iphumanang re lokela ho bontša hore re tšepahalla Jehova ho feta mang kapa mang? C
Setšoantšo C
Setsoalle sa Davida le Jonathane se u ruta eng ka . . .
setsoalle?
boikokobetso?
ho tšepahala?
U ka etsisa sebete seo Jonathane a ileng a se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Jonathane eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Ke hobane’ng ha Jonathane le Davida e ne e le metsoalle e ratanang hakaale, hona re ka thabela botsoalle bo tšoanang le boo joang kajeno?
Thusa bana ba hao hore ba ithute lintho tsa bohlokoa bophelong ba Jonathane.