Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 24 leq. 114-leq. 117
  • O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Abigaile le Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Mosali ea Masene o Qoba Koluoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 24 leq. 114-leq. 117

24 ABIGAILE

O Ile a Kokobetsa Boemo bo Kotsi

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

ABIGAILE o ile a iphumana a le boemong bo thata ka lebaka la banna ba babeli ba neng ba halefile. E mong oa bona e ne e le monna oa hae Nabale, ea neng a le khopo, a le bohale a bile a se na kelello. E mong e ne e le Davida, monna ea neng a lokile, mohlanka oa Jehova ea tšepahalang eo ka moso e neng e tla ba morena oa Iseraele. Leha ho le joalo, Nabale o ne a halefisitse Davida ’me joale banna bohle ba ntlo ea Nabale le Abigaile ba ne ba le kotsing ea ho bolaoa. Abigaile e ne e le mosali ea motle le ea bohlale. Ebe o ne a tla etsa’ng hore a be le sebete sa hore a pholose lelapa lohle la hae kotsing ee?

Lekhetlo la pele ha Abigaile a utloela ka ntho eo monna oa hae a e entseng, e ne e le ha a bolelloa ke mosebeletsi oa Nabale. O ile a mo bolella hore Davida o tseleng le banna ba hae ba 400, ba ikemiselitse ho tla bolaea Nabale ’moho le “bohle ba ntlo ea hae.” Hobane’ng? Davida o ne a ile a kopa Nabale lijo. Ena e ne e se kopo e thata. Davida le banna ba hae ba ile ba hlokomela Nabale oa morui, ba ba joaloka lerako le sirelelitseng balisa ba hae hammoho le mehlape ea hae e mengata. Ka botšepehi, Davida o ne a sirelelitse Iseraele le baahi ba eona ha ho ne ho e-na le batho ba batlang ho e hlasela le ho hapa thepa, le hoja Morena Saule a ile a etsa hore a balehe a ba a mo hlorisa ntle ho lebaka. Hona joale ha Davida a roma banna ba hae hore ba il’o kopa lijo ho Nabale, o ile a ba halefela le ho ba rohaka, a ba a re Davida ke mohlanka ea balehileng mong’a hae.

Mohlanka oa Nabale o ne a tseba hore ho ne ho ke ke ha thusa ka letho hore a bolelle mong’a hae ka taba ena. O ile a re ho Abigaile: “Ke monna ea se nang thuso hoo ho se nang motho ea ka buang le eena.” Empa o ne a tseba hore Abigaile o tla mo mamela le hore o tla etsa ntho e nepahetseng. Abigaile o ne a tla etsa’ng?

Abigaile ha aa ka a tšoha. Empa o ile a tlameha ho etsa lintho ka potlako. O ile a nka lijo tse ngata a li palamisa tonki eaba o kopa bahlanka ba hae hore ba li ise ho Davida le banna ba hae, eena a tla ka mor’a bona a palame tonki ea hae. Ha aa ka a re letho ho Nabale. O ne a tseba hore Nabale a ka ’na a leka ho mo thibela ho etsa ntho e nepahetseng.

Abigaile o ile a ba le sebete sa ho ea kopana le Davida le banna ba hae ba neng ba halefisitsoe ke monna oa hae ea se nang kelello

Ha Abigaile a ntse a tla ka tonki ea hae, Davida le banna ba hae ha baa ka ba mo hlokomela ka nako eo hobane ho ne ho e-na le thaba e neng e ba sirile. Eitse hang ha ba bonana, Abigaile a theoha tonki ea hae ka potlako, a ea ho Davida ea neng a halefile. A fihla a khumama ka pel’a maoto a Davida, a mo kopa hore a mo mamele. Boikokobetso ba Abigaile bo ile ba etsa hore bohale ba Davida bo kokobele, eaba oa mo mamela.

Abigaile o khumame ka pel’a Davida le banna ba hae, o kopa hore a ba hauhele. Lijo le linkho tsa veine li ka mor’a hae.

Abigaile o ile a kopa tšoarelo ho Davida ka lebaka la liketso tsa monna oa hae tse booatla, a ba a bolella Davida hore oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha a halefile joalo. O ile a hopotsa Davida lintho tsohle tseo a li etselitseng Jehova le tseo Jehova a mo etselitseng tsona. Le hore Jehova o ne a sa batle hore Davida a bolaee batho ba se nang molato, e leng ntho eo a neng a tla ikoahlaela eona hamorao. O ile a boela a re Jehova o ne a tla lula a khetha motho eo e tla ba morena oa Iseraele lelapeng la Davida le hore o ne a tla mo pholosa ho lira tsohle tsa hae. Ho hlakile hore Abigaile o ne a tseba hore Jehova o ne a khethile Davida hore e tle e be eena morena ea latelang.

Kaha Abigaile o ne a le bohlale a bile a bua ka tsela e mosa, o ile a khona ho kokobetsa bohale ba Davida. Davida o ile a re: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng hore u tl’o kopana le ’na letsatsing lena.” O ile a boela a babatsa Abigaile ka bohlale ba hae ’me ka boikokobetso a mamela keletso ea hae e molemo, a ba a mo bolella hore o mo utloile.

Nabale o ne a sa tsebe letho ka litaba tsena. Bosiung boo o ne a entse mokete o moholo “a bile a tahiloe haholo.” Abigaile ha aa ka a mo bolella letho ho fihlela hoseng ha a se a hlaphohetsoe. Ho ka etsahala hore ebe Nabale o ne a halefile joaloka mehleng. Ho sa tsotellehe seo, Abigaile o ile a mo qoqela lintho tsohle tse etsahetseng. Mohlomong o ne a lebelletse hore Nabale o tla mo omanya a be a mo shape empa ha aa ka a etsa joalo. Hobane’ng? Bibele e re: “Pelo ea hae [e ile] ea ema ’me a se ke a khona ho sisinyeha, a ba joaloka lejoe.” Ka mor’a matsatsi a ka bang leshome, “Jehova [o ile] a otla Nabale ’me a shoa.” Kahoo, Jehova o ile a fa Nabale kotlo hobane a ile a hana ho thusa Davida, eo a neng a mo khethile hore e tl’o ba morena nakong e tlang. Jehova o ile a boela a hlohonolofatsa Abigaile ka ho mo lokolla lenyalong la hae le boima.

Jehova ha aa ka a fella moo, o ile a hlohonolofatsa Abigaile ka litsela tse ling tse ngata. Ha Davida a utloa hore Nabale o shoele, o ile a kopa Abigaile hore e be mosali oa hae. Abigaile o ile a lumela. Davida e ile ea qetella e le morena. Pele e ile ea e-ba morena oa Juda ’me ha nako e ntse e ea, ea e-ba morena oa sechaba sohle sa Iseraele. Abigaile o ile a mo tsoalla mora. Ka letsatsi le leng lira tsa batho ba Molimo li ile tsa mo koetela. Empa monna oa hae ea lokileng le ea sebete o ile a mo lokolla ka mor’a nako e khutšoanyane.

Bala litemana tsena:

  • 1 Samuele 25:​1-43; 30:​1-6, 16-20

U ka re’ng?

Abigaile o ile a bontša joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. E ka ’na eaba ho tlile joang hore Abigaile a nyaloe ke Nabale? (ia 77 ¶6)

  2. 2. Davida o ile a kopa Nabale lijo nakong eo Nabale le bahlanka ba hae ba neng ba kuta linku. Hlalosa hore na ho ne ho etsahala’ng nakong eo ea selemo. (w97 7/1 14 ¶4) A

Mong’a linku o eme ka ntle ho tente ea hae, o fa e mong oa bakuti ba hae limpho a nyakalletse. Bakuti ba bang ba tla ho eena ba nkile boea ba linku.

Setšoantšo A: Nakong eo ho kutoang linku hoa ketekoa

Setšoantšo A: Nakong eo ho kutoang linku hoa ketekoa

  1. 3. Ke hobane’ng ha Nabale a ne a lokela ho ananela thuso ea masole a Davida? (ia 77-78 ¶9-10) B

    Naha e omelletseng e pel’a sebaka sa Karmele.

    Hanan Isachar/Alamy Stock Photo

    Setšoantšo B: Karmele e ne e pota-potiloe ke sebaka se omelletseng

  2. 4. Abigaile o ne a bolela’ng ha a ne a re bophelo ba Davida “bo tla lula bo sireletsehile ka mokotleng oa bophelo o ho Jehova”? (1 Sam. 25:29; it “Bophelo” ¶45-wcgr)

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Banna ba ka ithuta’ng ho Davida ea ileng a mamela keletso ea Abigaile? C

    Mor’abo rona ea halefileng o omanya mokhanni e mong har’a sephethephethe empa mosali oa hae o leka ho mo kokobetsa bohale.

    Setšoantšo C

  • Barali ba bo rona ba nyetsoeng ke banna bao eseng Lipaki, ba ka ithuta’ng ho Abigaile?

  • U ka etsisa sebete seo Abigaile a ileng a se bontša joang?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • U ka rata ho botsa Abigaile eng ha a se a tsositsoe?

Ithute Lintlha Tse Ling

Mokreste a ka etsa’ng ho matlafatsa lenyalo la hae haeba molekane oa hae a sa sebeletse Jehova?

Lenyalo ke Tlamo ea ka ho sa Feleng (4:30)

Abigaile o ile a kokobetsa bohale ba Davida. U ka etsa’ng hore u se ke oa halefa ha motho e mong a u khopisa?

“Temohisiso ea Motho e Liehisa Bohale ba Hae” (w14 12/1 12-13)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela