41 ZAKARIA LE ELIZABETHA
“Jehova o ne a ba Nka ba Lokile”
ZAKARIA e ne e le e mong oa baprista ba bangata ba tsoang lelokong la Arone. Ka letsatsi le leng, ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo Zakaria a neng a lokela ho e etsa. E ne e le nako ea hae ea ho nyehela libano aletareng ea khauta, tempeleng ea Jehova. Ketso ena e ne e le bohlokoa haholo hobane ho ne ho ka etsahala hore moprista a nyehele libano hanngoe feela bophelong ba hae. Kahoo, Zakaria le mosali oa hae, Elizabetha, ba ne ba thabile haholo letsatsing leo.
Zakaria le Elizabetha ba ne ba se ba e-na le lilemo tse ngata ba nyalane, ’me Jehova o ne a ba hlohonolofalitse ka lintho tse ngata. Empa ho na le ntho e ’ngoe eo ba neng ba hlile ba e batla. Ba ne ba batla ho ba le bana, kaha ka nako eo, batho ba Molimo ba ne ba nka ho le bohlokoa haholo ho ba le bana. Leha ho le joalo, “ba ne ba se ba holile haholo.” Empa Bibele e re “Jehova o ne a ba nka ba lokile.” Kahoo ba ile ba tsoela pele ho rapela Molimo, ba kholisehile hore o tla ba mamela le hoja ho ne ho bonahala eka ho ke ke ha khoneha hore ba be le bana.
Zakaria o ile a kena ka sehalalelong ha batho ba bang ba ntse ba rapela ka ntle. Ha Zakaria a ntse a le mong ka moo, lengeloi la Jehova le ile la hlaha ka tšohanyetso eaba le ema pel’a aletare ea libano. Le ile la bolella Zakaria hore Molimo o utloile lithapelo tsa hae le hore Elizabetha o tla ba le ngoana oa moshanyana. Ngoana eo o ne a tla rehoa Johanne. Ha a se a holile o ne a tla ba le “moea le matla a tšoanang le a Elia.” O ne a tla etsa mosebetsi o ikhethang oa ho thusa batho ho khutlela ho Jehova.
Zakaria o ne a sa kholiseha hore o tla fela a be le ngoana. Kahoo, o ile a kopa hore lengeloi le mo fe bopaki ba hore ntho eo e tla fela e etsahale. Lengeloi le ile la mo khalemela, la re: “Ke ’na Gabariele ea lulang a le haufi le Molimo.” Gabariele e ne e le lengeloi le sebeletsang Jehova leholimong, kahoo Zakaria o ne a se na lebaka la ho se mo kholoe. Lengeloi leo le ile la boela la re Zakaria o ne a ke ke a khona ho bua ho fihlela Molimo a phethahalitse litšepiso tsa hae. Ha a tsoa ka sehalalelong, o ile a sebelisa matsoho ho hlalosetsa batho hore o bone lengeloi le hore ha a khone ho bua.
Banyalani ba holileng ba ile ba fumana molaetsa o tsoang leholimong, o ileng oa fetola bophelo ba bona
Ha Zakaria a se a e-na le Elizabetha o ile a mo hlalosetsa hore na ho etsahetse’ng. “Ka mor’a matsatsinyana,” Elizabetha o ile a ima. O ile a ikoalla ka tlung likhoeli tse hlano, ea re ha a tšoara khoeli ea botšelela, Maria, morali oa Heli, e leng mong ka eena ea tsoang Nazaretha, a mo chakela. Hang ha Maria a kena ha Elizabetha, lesea le ka mpeng ea hae le ile la raha-raha hobane le thabile. Elizabetha o ile a tlala moea o halalelang eaba o mo susumelletsa hore a re Maria ke ‘’mè oa Morena oa hae.’ O ne a tseba hore lesea le ka popelong ea Maria e ne e tla ba Mesia. Ho e-na le ho monela Maria, o ile a mo khothatsa eaba oa mo kholisa hore Jehova o tla mo thusa ho phetha boikarabelo ba hae.
Ha Elizabetha a qeta ho tsoala mora, ba leloko le baahisani ba hae ba ile ba mo chakela, ba leka ho mo susumelletsa hore a rehelle ngoana ka ntate oa hae. Empa Elizabetha o ne a tseba hore Gabariele o itse ho monna oa hae: “U tla mo reha Johanne.” Kahoo, o ile a hana, a re: “Che! Lebitso la hae ke Johanne.” Kaha ba leloko ba ne ba sa batle ho mo mamela, ba ile ba ea ho Zakaria, ba mo botsa hore na o batla hore ngoana a bitsoe mang. Kaha Zakaria o ne a ntse a sa khone ho bua, o ile a kopa hore ba mo fe letlapa, eaba o ngola mantsoe ana: “Lebitso la hae ke Johanne.” Ka mor’a moo, o ile a khona ho bua.
Jehova o ile a fa Zakaria moea o halalelang eaba o qala ho profeta. Zakaria o ile a etsa hore batho ba Molimo ba be le tšepo ea hore Jehova o ne a tl’o ba hauhela a be a ba pholose. O ile a boela a profeta hore mora oa hae, Johanne, o “tla tsamaea ka pel’a Jehova ho lokisa litsela tsa hae.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Pele Mesia a bolella batho ka ’Muso oa Molimo, Johanne Mokolobetsi o ile a thusa batho ho itokiselletsa ho mamela molaetsa oo oa ’Muso.
Jesu o ile a ruta batho ba Molimo tsela e ncha ea hore na ba tšoare batho ba sa sebeletseng Jehova le ba ba hanyetsang joang. Nakong e fetileng, bahlanka ba bangata ba Molimo ba ne ba le sebete ’me ba loantša lira tsa Jehova. Leha ho le joalo, Jehova o ne a se a sa batle hore bahlanka ba hae ba ee ntoeng ho ea loantša lira tsa bona. Empa ba ne ba ntse ba tl’o hloka ho ba sebete. Kahoo, bohle ba lumelang ho Mesia, ba ntse ba lokela ho bolella batho litaba tse monate ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, joalokaha Zakaria le Elizabetha ba entse.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Zakaria le Elizabetha ba ile ba bontša joang hore ba sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Le hoja Zakaria le Elizabetha ba ne ba sa phethahala, ke hobane’ng ha Bibele e ba hlalosa e le batho ba neng “ba se na molato”? (Luka 1:6; it “Ho Hloka Molato” ¶2-wcgr)
2. Bibele e re’ng ka Gabariele? (it “Gabariele” ¶2-3-wcgr) A
Setšoantšo A
Setšoantšo A
3. Gabariele o ile a re Zakaria a rehe mora oa hae Johanne. Lebitso leo le bolela’ng? (it “Johanne” ¶1-wcgr)
4. Ha Zakaria a koaloa molomo, na o ile a boela a lahleheloa ke bokhoni ba ho utloa litsebeng? (w08 3/15 30 ¶6)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Mehleng ea Zakaria, baeta-pele ba Bajuda ba ne ba lumella monna ho hlala mosali oa hae ha a sa khone ho ba le bana. Banna ba ka ithuta eng mohlaleng oa Zakaria ka ho tšepahalla basali ba bona? B
Setšoantšo B
Elizabetha o ne a tšepahala ’me o ile a mamela monna oa hae, le hoja beng ka eena le baahisani ba ne ba batla hore a etse se fapaneng. (Luka 1:58-61) Basali ba ka ithuta eng mohlaleng oa hae?
U ka etsisa sebete seo Zakaria le Elizabetha ba ileng ba se bontša joang?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
Haeba Zakaria le Elizabetha ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng, u ka rata ho ba botsa eng?a
Ithute Lintlha Tse Ling
Hlokomela se ileng sa etsahala ha Zakaria a se a khona ho bua le ho rorisa Molimo.
Jehova o ile a matlafatsa Maria joang ha a ne a ile ho Elizabetha, hona re ka ithuta eng tabeng ee?
a Haeba Zakaria le Elizabetha ba shoele pele ho Pentekonta ea 33, ha ba tsosoa ba tla phela mona lefatšeng.