Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wcg khao. 54 leq. 242-leq. 245
  • O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata
  • E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsa Lipatlisiso
  • Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
  • Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
  • Ithute Lintlha Tse Ling
  • ‘Ha ho e Moholo ho mo Feta’
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ea Potoloho ea 2025-2026 ka Molebeli oa Potoloho
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
wcg khao. 54 leq. 242-leq. 245

54 MOAPOSTOLA JOHANNE

O Ile a Bontša Sebete Linakong Tsa Mathata

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

MOAPOSTOLA JOHANNE o ile a ngola mantsoe ana: “Re se re le horeng ea ho qetela.” Ha a ngola mantsoe ana, o ne a se a holile haholo ’me o ne a tseba hore lilemo tse mashome pele ho moo, Jesu le moapostola Pauluse ba ne ba boletse esale pele hore ho tla ba le bakoenehi ba bangata ka phuthehong, ba neng ba tla leka ho khelosa Bakreste ba bang. Baapostola ke bona ba neng ba sireletsa phutheho khahlanong le lithuto tsa bona, empa ka mor’a hore ba hlokahale, lithuto tsa bakoenehi li ile tsa tlala liphuthehong tse ngata. (Mat. 7:15; Lik. 20:​29, 30; 2 Bathes. 2:​6, 7) Ho bonahala eka Johanne e ne e se e le eena oa ho qetela ea sirelelitseng phutheho. Re se re ka inahanela feela hore na o ne a ikutloa joang ha lithuto tsa bakoenehi li ntse li kekela liphuthehong tse ngata. Leha ho le joalo, Johanne o ile a lula a le sebete ’me ha aa ka a tela.

Ha Johanne a se a holile, o ile a hlorisoa, a isoa Patmose e le motšoaruoa, a bona ha bakoenehi ba kena ka phuthehong. O ile a khona joang ho mamella lintho tseo kaofela?

Leha Johanne a se a le ka holimo ho lilemo tse 90, o ne a ntse a chesehela “ho bua ka Molimo le ho ruta batho ’nete ka Jesu.” Ka lebaka leo, ’muso oa Roma o ile oa mo isa Patmose, e leng sehlekehleke se omeletseng le se tletseng majoe. Ke eng e ileng ea thusa Johanne hore a lule a le sebete a bile a e-na le tšepo? E ka ’na eaba o ile a lula a hopola tšepiso eo Jesu a ileng a e etsetsa balateli ba hae, ha a ne a re: “Ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.”—Mat. 28:20.

Lilemo tse fetang 60 ka mor’a hore Jesu a etse tšepiso eo, e tlameha ebe Johanne o ile a thaba haholo ha Jesu a mo bontša pono e hlollang ea se tla etsahala. Pono eo e ne e bontša se tla etsahala “letsatsing la Morena” ha phutheho ea Bokreste e ne e tla tsosolosoa e be e momahanngoe hape. Kreste o ne a tla thusa balateli ba hae ho lula ba tšepahala ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba tla kopana le ’ona.

Johanne o ile a bontšoa pono ena ‘ka litoro.’ E tlameha ebe o ne a sa utloisise lintho tse ngata tseo a ileng a li bona. Leha ho le joalo, ntho eo a neng a e utloisisa ke hore Jehova le Jesu ba ne ba tla etsa bonnete ba hore bakoenehi ba neng ba hasa lithuto tsa bohata ba ke ke ba atleha. Nakong ea letsatsi la Morena, batho ba Molimo ba ne ba tla ba bangata ’me Jehova o ne a tla ba etsetsa lintho tse hlollang. Satane o ne a tla hloloa ntoeng leholimong ’me a liheloe lefatšeng. Qetellong o ne a tla timetsoa ’me o ne a ke ke a hlola a e-ba teng. E tlameha ebe pono ena e ile ea matlafatsa sebete seo Johanne a neng a e-na le sona, eaba o ngola “lintho tsohle tseo a li boneng.”

Moapostola Johanne o ngola lintho tseo Jesu a mo senolelang tsona. Ponong, o bona Jesu a lahlela drakone e kholo e ’mala o kang oa mollo le bademona lefatšeng.

Ho ba motšoaruoa sehlekehlekeng sa Patmose, ha hoa ka ha nyahamisa Johanne. Ho bonahala eka Johanne o ile a lokolloa litlamong ka mor’a lefu la Moemphera oa Roma ea bitsoang Domitian, ea neng a hloile Bakreste. Ha nako e ntse e e-ea, e ka ’na eaba Johanne o ile a ea Efese. Ha a le lilemo li ka bang 100, o ile a hloka ho ba sebete, e le hore a khone ho phetha kabelo e ncha.

Jehova o ile a sebelisa Johanne ho ngola tlaleho ea bone ebile e le ea ho qetela ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. E ka ’na eaba o ne a tseba hore boitsebiso boo a bo ngotseng bo ne bo tla ajoa liphuthehong tse ngata kapele. Kahoo, tumelo ea Bakreste ho Jesu e ne e tla matlafala ’me e ne e tla ba thusa ho ba le sebete sa ho emela lintho tseo ba li lumelang. Ka lebaka leo, o ile a ipeha kotsing ea ho hlaseloa ke batho ba neng ba hloile Bakreste. Leha ho le joalo, ha aa ka a khaotsa.

Lilemo tse ka bang 70 ka mor’a lefu la Jesu, moea o halalelang o ile oa thusa Johanne ho hopola hantle hore na Jesu o ile a re’ng le hore na o ile a etsa’ng ha a ntse a le lefatšeng. O ile a ngola tlaleho e buang ka bophelo ba Jesu ka tsela e monate le e amang maikutlo haholo. Ebile boholo ba lintho tseo a li ngotseng Kosepeleng ea hae, ha li hlahe Likosepeleng tse ling tse tharo tse ngotsoeng pele ho eona. Ka mohlala, ke Johanne ea ngotseng hore Jesu o ile a tsosa Lazaro le hore baeta-pele ba khopo ba bolumeli ba ne ba batla ho bolaea Lazaro. (Joh. 11:​1-46; 12:10) Johanne o ile a boela a ngola lintho tse ngata tse ntle tseo Jesu a ileng a li bolella balateli ba hae bosiung ba hae ba ho qetela pele a bolaoa, le thapelo e amang maikutlo eo a ileng a e etsa molemong oa bona. Re ananela haholo hore ebe Johanne o ile a ngola lintho tsena kaofela, e le hore Bakreste ba ka khothatsoa.

Hona nakong eo, Johanne o ile a boela a ngolla Bakreste-’moho le eena mangolo a mararo. Mangolong ao, ka sebete o ile a pepesa bakoenehi a ba a lemosa Bakreste hore ba se ke ba tloaelana le bona. O ile a re le ho ba lumelisa feela ba se ke ba ba lumelisa. Mangolo a hae a mararo a tletse lerato le tšepo. Johanne o ile a ruta batho hore “Molimo ke lerato,” a ba a bontša batho lerato ka ho ba khothatsa le ho ba eletsa. O ile a boela a ngola hore o ne a thabile haholo hore ebe batho bao a ba thusitseng ho ithuta linnete ba ntse ba phelela ’nete. E tlameha ebe boholo ba bona ba ile ba khothala haholo eaba ba tsoela pele ho etsa joalo.

Mehleng ena, Bakreste ha ba hloke ho tšoha hore ba tla tobana le bokoenehi bo kang ba mehleng ea Johanne. Le hoja bo ntse bo le kotsi le mehleng ena, Jehova o tšepisitse hore a ke ke a bo lumella ho silafatsa borapeli ba ’nete. (Esa. 54:17; Lik. 3:21) Leha ho le joalo, re ntse re ka ’na ra hlorisoa kapa ra kenngoa literonkong. E se eka re ka etsisa mohlala oa Johanne. Hape ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng bophelong, e se eka re ka lula re ikemiselitse ho tsamaea le Molimo ka sebete!

Bala litemana tsena:

  • Johanne 16:1–17:26

  • 1 Johanne 2:18; 4:8

  • 2 Johanne 9-11

  • 3 Johanne 4

  • Tšenolo 1:​1, 2, 9-11; 12:9; 20:​1-6; 21:​1-5

U ka re’ng?

Johanne o bontšitse joang hore o sebete?

Etsa Lipatlisiso

  1. 1. Ke eng e bontšang hore Johanne e ne e le motho ea chesehang? (bt 33, lebokose ¶3-4)

  2. 2. Ke hobane’ng ha batho ba ne ba re Johanne ke ‘motho feela ea tloaelehileng le ea sa rutehang’? (Lik. 4:13; w08 5/15 30 ¶6)

  3. 3. Taba ea hore Johanne o ne a tla sala ho fihlela Jesu a fihla e bolela eng? (w05 1/15 13 ¶14-15)

  4. 4. Ke hobane’ng ha re ka etsa qeto ea hore Johanne ke eena ea ngotseng Kosepele e reheletsoeng ka eena? (it “Kamoo Johanne a re Boleletseng Litaba Tse Monate Kateng” ¶2-8-wcgr) A

    Fondation Martin Bodmer, Cologny (Genève)

    Setšoantšo A: Sengoloa sa lilemong tsa bo-200 se nang le sehlooho (se ka har’a lebokose) se reng “Kamoo Johanne a re Boleletseng Litaba Tse Monate Kateng”

Nahana ka Seo u Ithutileng Sona

  • Kosepeleng ea hae, Johanne o buile ka makhetlo a fetang 100 ka sehlabelo sa Jesu kapa melemo eo re e fumanang ka lebaka la sona. Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa Jesu joaloka Johanne?

  • Johanne o ne a le lilemo tse ka bang 100, ha Jehova a mo sebelisa ho ngola libuka tse hlano tsa Bibele. Taba ee e re ruta eng ka tsela eo Jehova a talimang batho ba holileng ka eona? B

    Litšoantšo: Morali oa bo rona ea holileng lilemong ea chesehang tšebeletsong ea hae. 1. O khanna thuto ea Bibele ka video call. 2. O fa morali oa bo rona ea phuthehong le eena mpho, ha morali eo oa bo rona a tšoere buka ea Sekolo sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho.

    Setšoantšo B

  • Re ka etsisa sebete seo Johanne a ileng a se bontša ka litsela life bophelong ba rona?

Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae

  • U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?

  • Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?

  • Ke hobane’ng ha u thabela hore ebe Johanne o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?

Ithute Lintlha Tse Ling

Na Bakreste ba holileng mehleng ee ba ka ba sebete joaloka Johanne?

E-ba Motho ea Holileng Lilemong ea Sebete (2:04)

Johanne o ile a ngola haholo ka lerato. Hlokomela hore na re ka ithuta eng ho seo a ileng a se ngola le mohlaleng oa hae.

“Re ka Ithuta’ng ho Morutuoa eo Jesu a Neng a mo Rata?” (w21.01 8-13)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela