KAROLO EA 1
Ho Tloha Mehleng ea Enoke ho ea ho ea Baahloli
E Hatisitsoeng
Litlaleho tse hlahang karolong ena li etsahetse lipakeng tsa lilemo tse ka bang 2 200 ho tloha mehleng ea Enoke. Re tl’o qala ka Enoke ea phetseng pele Adama a shoa ebe re qetella ka moprofeta Samuele, ea ileng a tlotsa morena oa pele oa Iseraele. Bohareng re tla bua ka mehlala e ikhethang e kang ea Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Rahaba, Debora le Gideone. E meng ke ea batho ba ileng ba nka maeto a malelele, a boima le a kotsi. Mehlala e meng eona ke ea ba ileng ba loana “lintoa tsa Jehova.” Kaofela ha bona ba ile ba bontša sebete ha ba ntse ba phetha boikarabelo bo tsoang ho Molimo oa bona eo ba mo ratang.