SELELEKELA
U ka ba Sebete le ho Feta!
1-3. Mantsoe a Jesu a reng: “Emang re tsamaee,” a ne a bontša joang hore o sebete?
“EMANG re tsamaee.” Ho ka etsahala hore ebe ha ho motho ea kileng a bua mantsoe a bontšang hore o sebete ho feta ana. E ka ’na eaba oa ipotsa hore na mantsoe ana a bontša joang hore motho o sebete. Re tla fumana karabo ha re hlahloba hore na a ne a buuoa ke mang le hore na ke hobane’ng ha a ne a a bua.—Mat. 26:46.
“Emang re tsamaee.”—Mat. 26:46
2 Jesu Kreste ke eena ea ileng a bua mantsoe ana ho balateli ba hae ba tšepahalang. O ne a ile a a bua pele ho moo. (Joh. 14:31) Empa lekhetlong lena, lintho li ne li fapane. O ne a le serapeng sa Gethesemane, haufi le motse oa Jerusalema. E ne e le bosiu, khoeli e chabile, ’me Jesu o ne a tseba hore sehlopha sa banna ba tšoereng libetsa se ntse se atamela. O ne a boetse a tseba hore na banna bao ba rerile ho mo etsa’ng. Jesu o ne a tl’o tobana le teko e boima ka ho fetisisa eo ho seng motho ea kileng a e mamella. O ne a tseba hore o tl’o tobana le teko eo a le mong.
3 Jesu ha aa ka a leka ho baleha kotsi ena. Le hoja a ne a ka kopa thuso ho mangeloi a matla hore a mo sireletse, ha aa ka a etsa joalo. (Mat. 26:53) Ho e-na le hoo, o ile a re: “Emang re tsamaee.” O ne a ea hokae? O ne a ikisa hantle lemeneng la tau. Ke hobane’ng ha a ne a ikemiselitse ho etsa joalo? Ke hobane o ne a rata Ntate oa hae le balateli ba hae.
4, 5. Jesu o ile a bontša joang hore o sebete, hona ke hobane’ng ha re hloka ho ba sebete joaloka eena?
4 Ha ho pelaelo hore Jesu Kreste e ne e le motho ea sebete ka ho fetisisa ea kileng a phela. Na u e mong oa balateli ba hae? Haeba ho joalo, le uena u motho ea sebete. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho ba le sebete. Kajeno re phela linakong tse thata le tse kotsi. Kahoo, re hloka ho ba sebete ho feta leha e le neng pele.
5 Re ka hlalosa sebete seo Jesu a ileng a se bontša joang? Ho ba sebete ha ho bolele ho ipeha kotsing ho sa hlokahale, u nka hore ha ho letho le kotsi le tla u hlahela. Ha ho bolele ho etsa lintho tse kotsi e le ho bontša batho ba bang hore ha u tšabe letho. Jesu ha aa ka a bontša sebete ka tsela eo. (Pes. 11:5) Ho ba sebete ke ho etsa lintho tse nepahetseng mahlong a Molimo le ha u ikutloa u tšohile kapa ho le thata hore u li etse.
U ka ba Sebete Joaloka Jesu
6. Mohlala oa Jesu o ka re tšelisa joang ha re utloa eka ha re na sebete?
6 Mohlomong oa ipotsa hore na u ka khona ho ba sebete joaloka Jesu ha u tobana le teko. Hopola hore Jesu ke motho ea utloisisang. Joaloka Ntate oa hae, Jesu ha aa lebella hore re etse lintho tse ka holimo ho matla a rona. (Pes. 103:14; Joh. 14:9) Ka mohlala, bosiung ba ha a le serapeng sa Gethesemane, o ile a kopa baapostola ba hae hore ba lule ba falimehile le eena, empa ba ile ba mo soetsa. Leha ho le joalo, ka mosa o ile a re ho bona: “Pelo e na le tabatabelo empa nama ea fokola.” (Mat. 26:41) O ne a utloisisa mefokolo ea bona ’me le uena o utloisisa mefokolo ea hao.
7, 8. Jesu o bontšitse joang hore o tšepa balateli ba hae?
7 Jesu o ile a bontša hore o tšepa balateli ba hae. Nahana feela hore na ba ile ba khothala hakae ha a ne a re ho bona: “Le be sebete, ke hlotse lefatše.” (Joh. 16:33) O ne a tseba hore ba ka khona ho ba sebete joaloka eena ’me ba ile ba fela ba etsa joalo. Jesu o ile a sebelisa lipoleloana tse kang “le be sebete,” “u se ke oa tšoenyeha” le “le se ke la tšoha” ka makhetlo a ’maloa ha a ne a bua le balateli ba hae. Ka mohlala, pele a bolella monna ea shoeleng litho hore o tšoaretsoe libe, o ile a re ho eena: “U se ke oa tšoenyeha.” (Mat. 9:2) O ile a bua mantsoe a tšoanang ho mosali ea neng a e-na le boloetse bo bohloko pele a mo folisa. (Mat. 9:22) Ha barutuoa ba hae ba ne ba tšohile nakong ea sefefo se matla, o ile a re ho bona: “Le se ke la tšoha.” (Mat. 14:27) Ka mor’a hore batho ba halefileng ba leke ho bolaea moapostola Pauluse, Jesu o ile a bua le eena a le leholimong, a re: “E-ba sebete.”—Lik. 23:9-11.
8 Ka tsela e itseng, Morena oa hao ea sebete o bua ntho e tšoanang ho uena hona joale. O batla hore ‘u be sebete’ ’me oa tseba hore u ka khona. Ntate oa hae, Jehova, o u file lintho tseo u li hlokang hore u khone ho ba sebete.
Bibele e ka re Thusa Joang Hore re be Sebete le ho Feta?
9. Lentsoe la Molimo le ka re khothatsa joang?
9 Ka lerato, Jehova o re ngoletse mehlala e mengata ea batho ba sebete e ka re thusang hore re be sebete le ho feta. Ka Lentsoeng la hae, re ka bala ka lipale tse ngata tsa batho ba lilemo li fapaneng ba ileng ba kopana le maemo a fapaneng. Kaofela ha bona ho akarelletsa le moprofeta Elia, e ne e le batho feela joaloka rona. (Jak. 5:17) Le bona ba ne ba sa phethahala, ba e-na le mefokolo le likhaello ba bile ba etsa liphoso. Le bona ba ile ba kopana le liteko tse fapaneng feela joaloka rona, ho akarelletsa le maemo a kotsi. Leha ho le joalo, ba ile ba li hlola joaloka Jesu. Ba ile ba e-ba sebete ’me ba re sietse mehlala e ntseng e re khothatsa le kajeno.
10, 11. Buka ee e ka u thusa joang, hona u ka e sebelisa joang? (Sheba le lebokose le reng “Kamoo u ka Sebelisang Buka Ena Kateng ha u Etsa Thuto ea Botho le Borapeli ba Lelapa.”)
10 Buka ena e etselitsoe ho u thusa hore u be sebete le ho feta. Likhaolong tse 54 tse latelang, u tla ithuta hore na Jehova o ile a thusa batho ba sa phethahalang joaloka uena joang hore ba be le sebete seo ba neng ba se hloka. Kahoo, ha u bala ka motho ea itseng, bala tlaleho, u etse lipatlisiso u be u ithute lintlha tse eketsehileng ka motho eo. Ha u etsa joalo, u tla tseba banna le basali bana ba hlahang ka Bibeleng haholoanyane.
11 E se eka mehlala ea bona e ka u thusa hore u be sebete le ho feta ha u ntse u mameletse bophelo bona bo boima “mehleng ea bofelo.” (2 Tim. 3:1) Letsatsi ka leng, a re luleng re kholisehile ka mantsoe a Jehova, a reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Joalokaha Pauluse a bontšitse, mantsoe ao a ka re thusa hore “re beng sebete ’me re re: ‘Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova ke mothusi oa ka.’”—Baheb. 13:5, 6.