KAROLO EA 3
Mehleng ea Mesia le Balateli ba Hae
Litlaleho tse hlahang karolong ena, li etsahetse nakong ea lilemo tse ka bang 100. Qalong ea karolo ena re tla ithuta ka moroetsana ea ikokobelitseng oa Mojuda ea bitsoang Maria, ea ileng a fuoa kabelo e khethehileng e e-s’o fuoe motho le ha e le ofe ke Jehova. Qetellong re tla ithuta ka moapostola Johanne eo Jesu a neng a mo rata haholo. Ha re ntse re tsoela pele re tla ithuta ka mehlala ea batho ba ileng ba bontša sebete joaloka Johanne Mokolobetsi, moapostola Petrose, Maria Magdalena, Setefane, le moapostola Pauluse. Kaofela ha bona ba ile ba lokela ho bontša sebete maemong a fapaneng. Ka mohlala, ka sebete ba ile ba phatlalatsa hore Jesu ke Mesia le hoja batho ba ne ba sa lumellane le taba eo. Ba ile ba latela mohlala oa Jesu le ho bolela litaba tse monate ka eena le hoja qetellong ba ile ba hanyetsoa le ho hlouoa.