46 MARIA MAGDALENA
“Ke Bone Morena!”
QALONG bophelo ba Maria Magdalena bo ne bo le bohloko. O ne a laoloa ke bademona, ba mo sotla ba bile ba mo sulafalletsa bophelo. Empa o ile a kopana le Jesu ’me bophelo ba hae ba fetoha. Bibele e re Jesu o ile a ntša “bademona ba supileng” ho eena. O ile a ananela seo Jesu a mo etselitseng sona hoo qetellong e ileng ea e-ba molateli oa hae. Hape Maria o ne a batla ho mo thusa ka eng kapa eng eo a neng a tla e hloka.
Maria o ne a bitsa Morena oa hae eo a mo ratang Rabboni, e leng lentsoe le bontšang tlhompho e tebileng le bolelang “Mosuoe.” Monna enoa le baapostola ba hae ba 12, ba ne ba tsamaea naheng eohle ba ruta batho ka ’Muso oa Molimo. Maria o ile a hlokomela hore ba siile mesebetsi ea bona e le hore ba sebelise matla ’ohle a bona mosebetsing ona oa bohlokoa. Ebe Maria o ne a ka ba thusa joang?
Qalong bophelo ba Maria bo ne bo le bohloko, empa o ile a kopana le Jesu ’me a ikemisetsa ho mo thusa hammoho le balateli ba hae
Maria e ne e le e mong oa basali “ba neng ba sebelisa lintho tseo ba nang le tsona ho thusa Jesu le baapostola ba hae.” Basali bana ba ile ba sebelisa lichelete tsa bona ho tšehetsa Jesu le baapostola ba hae. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le banna le basali ba ka bang 20 ba neng ba tsamaea le Jesu metseng le metsaneng. Mehleng eo, e ne e le ntho e sa tloaelehang hore basali ba tsamaee le moeta-pele oa bolumeli, ’me ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ba ne ba ba bua hampe. Empa Maria le basali ba bang ba ne ba nka hore ho thusa Jesu le baapostola ba hae e ne e le mosebetsi oa bohlokoa ho feta ntho leha e le efe. Ba ne ba e-na le sebete sa ho tšehetsa Jesu ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba nahana’ng ka bona.
E tlameha ebe pelo ea Maria e ile ea qhitsa mali ha a bona Jesu a tšoaroa bosiung ba Paseka, Jerusalema, a qosoa ka bohata ka hore o nyefotse Molimo a bile a ahloleloa lefu palong. Empa Maria o ile a ’na a ba sebete. O ile a tsamaea le ’mè oa Jesu le basali ba bang ho ea sebakeng seo Jesu a neng a il’o bolaeloa ho sona. Kahoo, ha Jesu a ba bona nakong eo a ntseng a hlokofatsoa, o ile a hlokomela hore na basali bana ba mo rata hakaakang hobane haesale ba e-na le eena. Basali bao ba ile ba bona hore Jesu o ile a tšepahala ho fihlela a shoa le hore o ile a phetha mosebetsi oohle oo Ntate oa hae a neng a mo romme hore a o phethe. Maria o ne a le teng ha Jesu a hlokahala.
Maria le basali ba bang ba ile ba tlameha ho ba sebete hore ba se ke ba tšaba ho llela Jesu ka pel’a masole a Baroma le baeta-pele ba Bajuda, ba neng ba sa tsoa bolaea Jesu. Le hoja Maria a ne a ntse a utloile bohloko, ho ne ho e-na le ntho e le ’ngoe eo a neng a batla ho e etsetsa Morena oa hae Jesu, ho bontša hore oa mo rata. O ne a batla ho tlotsa setopo sa Jesu ka oli le linoko tse nkhang hamonate. Kaha Judea e ne e le sebaka se chesang haholo, setopo se ne se ka bola kapele ebe se qala ho nkha. Kahoo batho ba ne ba tlotsa setopo ka oli le linoko tse nkhang hamonate pele ho lepato e le hore se se ke sa nkhela batho ha ba tl’o se bona. Hang ka mor’a Sabatha, Maria le basali ba bang ba ile ba reka oli le linoko eaba ba tsohella hoseng ba ea lebitleng la Jesu ho ea tlotsa setopo sa hae.
E ka ’na eaba Maria o ile a fihla pele lebitleng ’me ha aa ka a kholoa mahlo a hae ha a fumana le butsoe ebile le se na letho. O ile a matha a ea ho Petrose le Johanne ho ea ba joetsa taba ena. Ha a khutla le bona, basali ba bang ba ne ba se ba tsamaile. Maria o ile a fihla a nyarela ka lebitleng eaba “o bona mangeloi a mabeli a apere liaparo tse tšoeu a lutse moo Jesu a neng a behiloe teng.” Ka mor’a ho buisana le ’ona, o ile a hetla eaba o bona monna eo a neng a nahana hore ke mohlokomeli oa serapa. Monna eo o ile a re: “U llela’ng?” Maria o ile a mo botsa hore na setopo sa Jesu se hokae, a re: “Ntate, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile kae e le hore nka mo nka.” Maria ha aa ka a tšoenyeha ka hore na o tla khona ho nka le ho jara setopo sa monna ea mokaalo. Ntho eo a neng a e batla ke ho etsa sohle seo a ka se khonang ho hlokomela setopo sa Jesu.
Ha Maria a furalla a utloile bohloko, a re oa tsamaea, monna eo o ile a re: “Maria!” Maria o ile a tseba lentsoe leo. O ile a araba a re: “Rabboni!” eaba o mo haka a ntse a lla. Jesu ha aa ka a mo lumella hore a mo mamarele. Ho ne ho e-na le mosebetsi oa bohlokoa oo a neng a batla ho mo fa oona, o ile a re ho eena: “E-ea ho bana beso.” Jesu o ne a mo tšepa hore o tla bolella baapostola litaba tsena tse monate, tsa bohlokoa, tsa hore o tsositsoe. Maria o ile a ea hang-hang. Qalong baapostola ha ba aa ka ba mo kholoa. Ba ile ba re o “bua lintho tse se nang kelello,” empa Maria Magdalena ha aa ka a nyahamisoa ke seo. Ha e le hantle, ha aa ka a lumella eng kapa eng ho mo sitisa ho bolela litaba tsena tse monate ka sebete.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Maria Magdalena o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. E ka ’na eaba Maria Magdalena le basali ba bang ba ile ba thusa Jesu le baapostola ba hae ka litsela life? (ijwia sehlooho sa botšelela ¶5-6) A
Setšoantšo A
2. Ke hobane’ng ha Maria a ne a sa tsebe Jesu ha a mo bona ka lekhetlo la pele ka mor’a hore a tsosoe? (ijwia sehlooho sa botšelela ¶16)
3. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bolella Maria Magdalena hore a khaotse ho mo mamarela? (w08 4/15 32 ¶6)
4. Baapostola ba ile ba utloa tlaleho ea Maria Magdalena ea hore Jesu o se a tsositsoe ‘e se na kelello.’ E ka ’na eaba ke hobane’ng ha ba ile ba nahana joalo? (Luka 24:11; w12 9/1 10 ¶4-5)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Maria Magdalena o ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa batho ba bang. Re ka mo etsisa joang? B
Setšoantšo B
Re ka etsisa Maria Magdalena joang ha batho ba bang ba sa kholoe litaba tse monate tseo re ba bolellang tsona kapa ba sa li nke li le bohlokoa? (Luka 24:10, 11)
U ka etsisa sebete seo Maria Magdalena a ileng a se bontša ka litsela life tse ling?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
Ke hobane’ng ha u thabela hore ebe e ka ’na eaba Maria Magdalena o khethetsoe ho ea busa le Kreste leholimong?
Ithute Lintlha Tse Ling
Bapisa a mang a mashano a buuoang ka Maria Magdalena le linnete tse hlahang ka Bibeleng.
Tsela eo Jesu a ileng a tšoara Maria Magdalena le basali ba bang ka eona e re ruta eng ka tsela eo re lokelang ho tšoara basali ka eona?
“Basali ba Bakreste ba Tšoaneloa ke Tlhompho le Tlotlo” (w95 7/15 16-18 ¶3-8)