Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
Bara le Barali ba bo Rona ba Ratehang:
Jesu o ile a re ho phutheho ea Smirna: “U se ke oa tšaba mathata a haufi le ho u hlahela.” (Tšen. 2:10) Mantsoe ana a khothatsang a ne a boetse a lebisitsoe ho rona ba phelang “letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:10) Kannete re phela linakong tse thata le tse kotsi, ’me re khothala haholo ha re bona batho ba Molimo lefatšeng lohle ba sebeletsa Jehova ka botšepehi le ha ba hlaheloa ke liteko tse hlokang hore ba be le tumelo le sebete.—2 Tim. 3:1-5.
Re ka etsa’ng hore re se ke ra tšoha empa re lule re tiile ’me re sa ‘chechele morao’? (Baheb. 10:39) Ka linako tse ling ho ka ba thata, kaha re ka hanyetsoa kapa hona ho hlorisoa. Leha ho le joalo, boemong bo bong le bo bong re na le khetho. Re ka khetha ho emela Jehova ka sebete ’me ra etsa ntho e nepahetseng ho sa tsotellehe hore na re batho ba letsoalo kapa ba sebete ka tlhaho. Re ka thusoa ke eng?
Lentsoe la Molimo le ka u thusa hore u be sebete. Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali ba ileng ba bontša sebete. Buka ena e etselitsoe ho re thusa hore re hlahlobisise mehlala ea bona re be re nahanisise ka eona. E ka ba hantle hore ha u ntse u ithuta litlaleho tsena, u rapele u be u nahane ka boemo ba hao le liteko tseo u tobaneng le tsona hona joale, kapa tseo u ka ’nang oa tobana le tsona nakong e tlang. Nahana ka hore na Jehova a ka u thusa joang hore u be sebete. U boele u nahane ka hore na sebete seo banna le basali bana ba se bontšitseng se ka u thusa joang hore u etse lintho tse latelang:
Ho etsa liphetoho. (Jak. 3:17) Ha Jehova a lahla Saule ’me a khetha Davida e monyenyane hore ebe eena morena ea hlahlamang, Jonathane o ile a bontša hore oa tšepahala ebile o sebete ka hore a tšehetse qeto ea Jehova ka pelo eohle.
Ho emela melao-motheo e nepahetseng. (Baheb. 11:32-34) Hanania, Mishaele le Azaria ba ne ba ikemiselitse ho shoella ka seboping sa mollo, ho e-na le ho sekisetsa tumelo ea bona ka hore ba rapele setšoantšo.
Ho bua ’nete. (Mat. 22:16) Nahana ka Saule oa Tarsase, ea ileng a bua ’nete ka Jesu ho batho ba neng ba lebeletse hore a ba thuse ho hlorisa balateli ba Jesu.
Re rapella hore buka ena e u thuse hore u ’ne u matlafatse tumelo ea hao le sebete. (Pes. 27:14) E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa ha u ntse u thusa ba lelapa la hao le Bakreste-’moho le uena hore ba tšehetse ’Muso oa Molimo ka sebete!
Bara ba bo lona,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova