Mokhoa oa ho Sebelisa Bukana Ena
Maqepheng a latelang, u tla fumana temana ea letsatsi le leng le le leng le tlhaloso ea eona. Le hoja temana le tlhaloso ea eona li ka baloa ka nako leha e le efe, batho ba bangata ba fumane ho le molemo ho e hlahloba hoseng. Ka tsela eo, ba ka lula ba nahanisisa ka lintlha tseo letšehare lohle. Ho molemo ha le ka hlahloba temana hammoho le le lelapa. Malapa a Bethele lefatšeng lohle a e hlahloba nakong ea lijo tsa hoseng.
Tšupiso e hlahang qetellong ea tlhaloso e bontša Molula-Qhooa oo tlhaloso e nkiloeng ho oona. Ka mohlala, tafole ena e ka tlase e hlakisa hore na tšupiso ea “w24.04 2 ¶1, 3” e bolela’ng. Litlhaloso tse eketsehileng tsa taba eo ho buuoang ka eona li ka fumanoa sehloohong ka bosona.
w24 |
Selemo sa khatiso ea Molula-Qhooa (2024) |
04 |
Khoeli ea khatiso ea Molula-Qhooa (April) |
2 |
Nomoro ea leqephe kapa maqephe ao tlhaloso e nkiloeng ho ’ona |
¶1, 3 |
Nomoro ea serapa kapa lirapa tseo tlhaloso e nkiloeng ho tsona |