January
Labone, la 1 January
Le nahane joaloka batho ba baholo.—1 Bakor. 14:20.
E ’ngoe ea linako tse monate ka ho fetisisa bakeng sa banyalani ke ha ngoana oa bona a hlaha. Le hoja batsoali ba rata ngoana oa bona e monyenyane, ha ba batle hore e lule e le lesea. Ha e le hantle, ba ne ba ka tšoenyeha haholo haeba a sa hole. Ka tsela e tšoanang, le hoja Jehova a thaba ha re qala ho ithuta ka eena, ha a batle hore re felle moo. (1 Bakor. 3:1) Ho e-na le hoo, o batla hore re tšoane le “batho ba baholo” tabeng ea ho ba Bakreste. Ka Bibeleng, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba baholo” le ka boela la bolela “ba holileng,” “ho phethahala,” le “ho fella.” (1 Bakor. 2:6) Joalokaha ngoana a tsoela pele ho hola ho fihlela e e-ba motho e moholo, le rona re lokela ho tsoela pele re holisa kamano ea rona le Jehova. Ka tsela eo, re tla ba Bakreste ba holileng. Le ka mor’a hore kamano ea rona le Jehova e hole, re ntse re lokela ho tsoela pele ho e ntlafatsa.—1 Tim. 4:15. w24.04 2 ¶1, 3
Labohlano, la 2 January
Tente ea ka e tla ba moo ba lulang teng . . . ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona.—Ezek. 37:27.
U ne u ka re’ng haeba motho e mong a ne a ka u botsa a re: ‘Ho ea ka uena Jehova ke mang?’ Mohlomong u ne u ka mo araba ka ho re, ‘Jehova ke Ntate oa ka, ke Molimo oa ka le Motsoalle oa ka.’ Ho na le mantsoe a mang ao u ka a sebelisang ho hlalosa hore na Jehova ke mang. Empa na u kile oa nahana ka ho ba e mong oa baeti ba Jehova? Morena Davida o ile a bapisa setsoalle sa Jehova le barapeli ba hae ba tšepahalang le kamano e teng pakeng tsa motho le baeti ba hae. O ile a botsa a re: “Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao? Ke mang ea ka lulang thabeng ea hao e halalelang?” (Pes. 15:1) Mantsoeng ana re ithuta hore re ka ba baeti ba Jehova e leng metsoalle ea hae. Pele Jehova a bopa lintho tsohle o ne a le mong. Empa ha nako e ntse e ea o ile a bopa Mora oa hae oa letsibolo. Jehova o ne a le joaloka motho ea memmeng moeti oa hae oa pele tenteng ea hae ’me o ne a thabile haholo. Bibele e re Jehova o ne a rata Mora oa hae haholo ’me Mora oa hae le eena o ne a thabile “ka nako eohle . . . ka pel’a [Jehova.]”—Liprov. 8:30. w24.06 2 ¶1-3
Moqebelo, la 3 January
Tsadoke [e ne e le] mohlankana ea matla le ea sebete.—1 Likron. 12:28.
Ak’u nahane feela banna ba fetang 340 000 ba kopane e le hore ba ka etsa Davida morena oa Iseraele eohle. Ka matsatsi a mararo, banna bao ba ne ba lutse libakeng tse maralla haufi le Hebrone. Ba qoqa ebile ba binela Jehova lipina tsa thoriso. (1 Likron. 12:39) Har’a letšoele leo ho ne ho e-na le mohlankana e mong ea bitsoang Tsadoke. Batho ba bangata ba ne ba ke ke ba mo hlokomela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore rea tseba hore Tsadoke o ne a le teng moo. (1 Likron. 12:22, 26-28) Tsadoke e ne e le moprista ea neng a sebetsa haufi le Moprista ea Phahameng Abiathare. Molimo o ne a boetse a file Tsadoke bohlale le bokhoni ba ho utloisisa thato ea hae. (2 Sam. 15:27) E ne e le monna ea sebete. Matsatsing ana a ho qetela, Satane o leka ho senya tumelo ea rona ho Jehova ho feta leha e le neng pele. (1 Pet. 5:8) Re hloka ho ba sebete ha re ntse re emetse hore Jehova a felise Satane le lefatše la hae le khopo. (Pes. 31:24) Ha re etsa joalo re tla ba sebete joaloka Tsadoke. w24.07 2 ¶1-3
Sontaha, la 4 January
Adama o phetse lilemo tse 930 eaba oa shoa.—Gen. 5:5.
Ha Jehova a ne a bopa monna oa pele le mosali oa pele, o ne a batla hore ba thabe. O ile a ba fa lehae le letle, a ba nyalisa a ba a ba fa mosebetsi o thabisang. Jehova o ne a batla hore ba tlatse lefatše ka bana ba bona ba be ba etse hore lefatše lohle e be paradeise joaloka serapa sa Edene. O ile a ba fa taelo e le ’ngoe feela e bonolo ’me o ile a ba hlokomelisa hore ha ba ne ba ka khetha ho se e mamele ba ne ba tla shoa. Rea tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. Ho ile ha fihla lengeloi le khopo le neng le sa rate Molimo ebile le sa ba rate ’me la ba khelosa hore ba se ke ba mamela Molimo. Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba mamela lengeloi leo le khopo. Ba ile ba hloleha ho tšepa Ntate oa bona ea neng a ba rata eaba ba etsa sebe. Joalokaha re tseba, mantsoe a Jehova a ile a fela a phethahala. Ho tloha letsatsing leo ba entseng sebe ka lona, ba ile ba tlameha ho mamella litla-morao tsa sebe sa bona. Ba ile ba tsofala eaba qetellong baa shoa.—Gen. 1:28, 29; 2:8, 9, 16-18; 3:1-6, 17-19, 24. w24.08 3 ¶3
Mantaha, la 5 January
Le etse lintho tseo lentsoe la Molimo le li buang.—Jak. 1:22.
Jehova le Mora oa hae ba batla hore re thabe. Pesaleme ea 119:2 e re: “Ho thaba batho ba etsang lintho tseo a ba hopotsang tsona, ba mo batlang ka lipelo tsohle tsa bona.” Jesu o ile a re: “Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.” (Luka 11:28) Rona batho ba Jehova, re batho ba thabileng ha re bala Lentsoe la Molimo kamehla ’me re leka ka hohle ho sebelisa seo re ithutang sona. (Jak. 1:22-25) Ke tsela eo re ka thabisang Jehova. (Moek. 12:13) Ha re mamela keletso e ka Lentsoeng la Molimo, re ba le kamano e ntle le Bakreste-’moho le ba lelapa. Ho feta moo, re qoba mathata a mangata a hlahelang batho ba sa mameleng Jehova. Re lumellana le seo Morena Davida a ileng a se bua ka mor’a hore a bue ka molao, litaelo le likahlolo tsa Jehova pineng ea hae. O ile a re ka tsona: “Ea li mamelang o fumana moputso o moholo.”—Pes. 19:7-11. w24.09 2 ¶1-3
Labobeli, la 6 January
O folisa bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko. O tlamisa maqeba a bona.—Pes. 147:3.
Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahallang bahlanka ba hae ba lefatšeng. Oa bona ha ba thabile le ha ba utloile bohloko. (Pes. 37:18) Ha a bona hore re mo sebeletsa ka pel’o eohle ho sa tsotellehe mathata ao re thulanang le ’ona o thaba haholo! Ebile o ikemiselitse ho re tšehetsa le ho re tšelisa mathateng a rona. Pesaleme ea 147:3 e re Jehova “o tlamisa maqeba a ba utloileng bohloko.” Temana ena e re fa maikutlo a hore Jehova o re thoba maikutlo ha re utloile bohloko. Re ka etsa’ng e le hore re utloe ha Jehova a re thoba maikutlo? Nahana ka papiso ena: Ngaka e ka thusa motho ea kulang empa motho eo o lokela ho mamela litaelo tsa ngaka e le hore a tle a fole. Jehova o sebelisa Lentsoe la hae ho bua le batho ba utloileng bohloko le hore na ba ka sebelisa keletso eo joang e le hore ba fole. w24.10 6 ¶1-2
Laboraro, la 7 January
Kaofela tsa felisoa.—Gen. 7:23.
Nakong e fetileng lingoloeng tsa rona re ile ra bua ka hore na ho etsahala’ng ka batho bao Jehova a ba ahlotseng e le ba sa lokang. Re ile ra re batho ba timelitsoeng ke Jehova ba ke ke ba tsoha. Nahana ka litlaleho tse ’maloa tse hlahang ka Bibeleng tseo ho tsona Jehova a ileng ahlola batho ba sa lokang. Ka mohlala, Jehova o ile a timetsa batho bohle ntle le Noe le lelapa la hae nakong ea Moroallo. Hape o ile a sebelisa Baiseraele ho timetsa lichaba tse supileng tse neng li lula Naheng e Tšepisitsoeng. O ile a sebelisa lengeloi le le leng ho bolaea masole a 185 000 a Baasiria ka bosiu bo le bong. (Deut. 7:1-3; Esa. 37:36, 37) Mehlaleng ee, na Bibele e bolela ka ho hlakileng hore Jehova o ile a etsa qeto ea hore e mong le e mong oa batho baa a felisoe ka ho sa feleng ho se na tšepo ea hore a tsohe? Che, ha ho joalo. Ha re tsebe hore na Jehova o ile a ahlola e mong le e mong joang ebile ha re tsebe hore na batho ba ileng ba bolaoa ba ile ba e-ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova le hore ba bake. w24.05 3 ¶5-7
Labone, la 8 January
U se ke oa itlohela hore u hloloe ke bobe empa u ’ne u hlole bobe ka botle.—Bar. 12:21.
Jesu o ile a etsa papiso ea mohlolohali ea neng a lula a kopa moahloli hore a mo sebeletse ka toka. Barutuoa ba Jesu ba ne ba utloisisa hore na mosali eo o ikutloa joang hobane batho ba bangata mehleng eo, ba ne ba tšoaroa ka ho hloka toka. (Luka 18:1-5) Le rona re ka utloisisa hore na o ne a ikutloa joang hobane kaofela ha rona re kile ra tšoaroa ka ho hloka toka. Batho ba bangata lefatšeng mehleng ena ba na le khethollo, ha ba na mosa ebile ba hatella batho ba bang, kahoo ha re makale ha re tšoaroa ka ho hloka toka. (Moek. 5:8) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ha rea lebella ho tšoaroa ka ho hloka toka ke Bakreste-’moho le rona, le hoja e le ntho e ka ’nang ea etsahala. Ke ’nete hore Bakreste-’moho le rona ha ba batle ho re tšoara ka ho hloka toka joaloka bahanyetsi ba rona, empa feela ba sa phethahala. Re ka ithuta ho hoholo tseleng eo Jesu a ileng a itšoara ka eona ha a tšoaroa ka ho hloka toka ke bahanyetsi ba khopo. Haeba re khona ho mamella ha bahanyetsi ba rona ba re tšoara ka ho hloka toka, ho hlakile hore re lokela ho mamella Bakreste-’moho le rona ho feta. w24.11 2 ¶1-2
Labohlano, la 9 January
Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?—Joh. 6:5.
Bohobe bo ne bo jeoa haholo ke batho ba bangata bao Bibele e buang ka bona. (Gen. 14:18; Luka 4:4) E ne e le sejo sa bohlokoa haholo hoo ka linako tse ling ha Bibele e bua ka “bohobe” e bolelang lijo ka kakaretso. (Mat. 6:11) Jesu o ile a sebelisa bohobe mehlolong e ’meli e tsebahalang eo a ileng a e etsa. (Mat. 16:9, 10) O mong oa mehlolo eo o hlaha ho Johanne khaolo ea 6. Ka mor’a hore baapostola ba bolele litaba tse monate, Jesu o ile a tšela Leoatle la Galilea le bona ka sekepe e le hore ba ka phomola. (Mar. 6:7, 30-32; Luka 9:10) Ba ile ba fihla sebakeng se thotseng motseng oa Bethsaida. Ho e-s’o ee kae, batho ba likete ba ile ba fihla ba tl’o bona Jesu. Jesu ha aa ka a iphapanyetsa bona. O ile a ipha nako ea ho ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ho folisa ba kulang. Ha e e-ba mantsiboea, barutuoa ba ile ba tšoenyeha ka hore na batho bana ba bangata ba tl’o ja’ng. Mohlomong ba seng bakae ba bona ba ne ba e-na le lijonyana empa boholo ba bona ba ne ba tla hloka ho kena metsaneng ba ithekele lijo.—Mat. 14:15. w24.12 2 ¶1-2
Moqebelo, la 10 January
Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rona.—Bar. 6:23.
Batsoali ba rona ba pele e leng Adama le Eva, ba ne ba phethahetse ’me ba phela hamonate paradeiseng. (Gen. 1:27; 2:7-9) Ba ne ba ka phela ka ho sa feleng ba thabile empa lintho li ile tsa fetoha. Ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona le letle le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. Ba ne ba tla siela bana ba bona lefa lefe? Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu. Kahoo, lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Bar. 5:12) Lefa leo Adama a re sietseng lona, ke sebe se etsang hore ebe qetellong rea shoa. Sebe sena se tšoana le sekoloto se boima seo ho se nang motho ea ka khonang ho se patala. (Pes. 49:8) Bibele e tšoantša libe le likoloto. (Mat. 6:12; Luka 11:4) Ha re etsa sebe ho tšoana le ha eka re kolota Jehova ’me o lebelletse hore re patale sekoloto seo. Haeba Jehova a ne a sa etsa tokisetso ea hore re tšoareloe libe, re ne re tla lokela ho patala sekoloto seo ka bophelo ba rona.—Bar. 6:7. w25.02 2-3 ¶2-3
Sontaha, la 11 January
Ke ba tsebisitse lebitso la hao.—Joh. 17:26.
Ke tlotla ho bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ha se motho e mong le e mong ea nang le tlotla eo. Ka mohlala, ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a hanela bademona ho bua ka eena. (Luka 4:41) Mehleng ena pele motho a ea tšimong le Lipaki Tsa Jehova, o tlameha hore a be a se a ntse a phela ka tsela e khahlisang Molimo. Re bontša hore re ananela tlotla eo ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo ka linako tsohle hohle moo re leng teng. Joaloka Jesu, sepheo sa rona ke ho lema le ho nosetsa peo ea ’Muso lipelong tsa batho. (Mat. 13:3, 23; 1 Bakor. 3:6.) Mokhatlo oa Jehova o etsisa Jesu ka ho etsa sohle ho thusa batho ba bang ho tseba lebitso la Molimo. O entse sena ka ho hatisa Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitseng lebitso la Molimo moo le neng le le teng qalong. Phetolelo ena ea Bibele ea fumaneha hona joale e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 270. w24.04 9 ¶8-9
Mantaha, la 12 January
Monna oa hae oa ema ’me oa mo rorisa.—Liprov. 31:28.
Bara ba bo rona ba bang ba thabileng lenyalong ba etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng, ho na le ntho eo ba e etsang ho bontša kamoo ba ratang basali ba bona kateng. (1 Joh. 3:18) Monna a ka bontša hore o rata mosali oa hae ka ho mo etsetsa lintho tse nyenyane, joaloka ho mo tšoara ka letsoho kapa ho mo haka ka tsela e mofuthu. A ka mo romella molaetsa o reng “Ke u hopotse” kapa a mo botse, a re “U ntse u ea joang?” Nako le nako a ka mo romella karete e ngotsoeng mantsoe a monate a khethiloeng hantle a mo bolellang kamoo a mo ratang kateng. Ha monna a etsa lintho tsena, o hlompha mosali oa hae ebile o matlafatsa lenyalo la hae. Monna ea hlomphang mosali oa hae oa mo bolella hore na ke hobane’ng ha a mo nka e le oa bohlokoa. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka ho hopola ho mo leboha ka lintho tsohle tseo a li etsang ho mo tšehetsa. (Bakol. 3:15) Ha monna a rorisa mosali oa hae e le kannete, o thabisa pelo ea hae. Mosali oa hae o tla ikutloa a sireletsehile, a ratoa a bile a hlomphuoa. w25.01 11 ¶15; 13 ¶16
Labobeli, la 13 January
’Na Jehova ke Molimo oa hao, . . . ea u tataisetsang tseleng eo u lokelang ho tsamaea ho eona.—Esa. 48:17.
Pesaleme ea 15 e qetella ka tšepiso ena e reng: “Ea etsang lintho tsena a ke ke a sisinngoa le ka mohla.” Mona mopesaleme oa hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a batla hore re etse lintho tsohle tse boletsoeng Pesalemeng ena. Jehova o batla hore re thabe. Kahoo, haeba re etsa lintho tseo a reng re li etse, o tla re hlohonolofatsa ebile o tla re sireletsa. Baeti ba Jehova ba ka lebella bokamoso bo chabileng. Jesu o lokiselitse batlotsuoa ba tšepahalang ‘libaka tsa bolulo tse ngata’ leholimong. (Joh. 14:2) Batho ba tla phela lefatšeng ba tla fumana litšepiso tse boletsoeng lengolong la Tšenolo 21:3. Ke tlotla e kholo hore ebe Jehova o re memme hore re be baeti tenteng ea hae ka ho sa feleng.—Ps. 15:1-5. w24.06 13 ¶19-20
Laboraro, la 14 January
Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.—Pes. 96:8.
Thoriso ke eng? Ka Bibeleng, lentsoe “thoriso” le ka bolela ntho leha e le efe e etsang hore motho a tsotehe. Jehova o ile a bontša khanya ea hae e tsotehang matsatsi a seng makae feela ka mor’a hore a lopolle Baiseraele naheng ea Egepeta. Nahana ka ketsahalo ena: Baiseraele ba limilione ba bokane botlaseng ba Thaba ea Sinai ho ea kopana le Molimo oa bona. Leru le leholo, le letšo-letšo le koahetse thaba. Hang-hang, thaba eo e kubella mosi kahohle. Lefatše le reketla ka matla ’me ha le ntse le reketla joalo, ho ba le lialuma le mahalima le molumo o lerata haholo oa lenaka. (Ex. 19:16-18; 24:17; Pes. 68:8) U se u ka inahanela feela hore na Baiseraele ba ile ba hlolloa hakaakang ha ba bona kamoo Jehova a leng matla kateng. Kajeno re rorisa Jehova ka ho bolella batho ba bang ka makhabane a hae le ka lintho tse hlollang tseo a li entseng. Re boetse re rorisa Molimo ka ho mo tlotlisa ka lintho tseo re li finyeletseng ka matla a hae.—Esa. 26:12. w25.01 2 ¶2-3
Labone, la 15 January
Jehova o nthometse.—Num. 16:28.
Nakong eo Baiseraele ba ntseng ba le leetong le eang Naheng e Tšepisitsoeng, banna ba hlaheletseng ba ile ba fetohela Moshe le boemo boo Jehova a mo fileng bona. Ba ile ba re: “Sechaba sohle [eseng Moshe feela] sea halalela, kaofela ha sona ’me Jehova o har’a sona.” (Num. 16:1-3) Le hoja e ne e le ’nete hore mahlong a Molimo “sechaba sohle” se ne se halalela, Jehova o ne a khethile Moshe hore a etelle sechaba pele. Ha marabele ao a ne a nyatsa Moshe, ha e le hantle a ne a nyatsa Jehova. A ne a sa nahana ka hore na Jehova o batla’ng empa a ne a inahanetse feela ka hore na ’ona a batla’ng, e leng matla le ho hlahella. Molimo o ile a bolaea baeta-pele bao ba marabele le bohle ba neng ba lumellana le bona. (Num. 16:30-35, 41, 49) Mehleng ena re ka kholiseha hore Jehova ha a khahloe ke batho ba sa hlompheng litokisetso tse entsoeng ke mokhatlo oa hae. w24.07 11 ¶11
Labohlano, la 16 January
Pono ena e sa emetse nako ea eona.—Hab. 2:3.
Re phela nakong eo batho ba sa lumeleng hore bofelo boa tla ebile baa re soma hobane re kholoa taba eo. (2 Pet. 3:3, 4) Ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo re sa li tsebeng. Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore bofelo ba lefatše lena bo tla fihla ka nako e nepahetseng le hore Jehova o tla re hlokomela ka nako eo. Re boetse re lokela ho matlafatsa tšepo ea rona ea hore Jehova o sebelisa “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ho re tataisa kajeno. (Mat. 24:45) Ha mahlomola a maholo a qala, re ka ’na ra fuoa litaelo tse tobileng e le hore re pholohe. Ena ke nako ea hore re matlafatse tšepo le kholiseho ea rona tataisong eo re e fuoang ke ba etellang pele ka mokhatlong oa Jehova. Ha rea lokela ho lebella hore re tla latela tataiso ea bona ka kholiseho nakong ea mahlomola a maholo haeba re hloleha ho e latela hona joale. w24.09 11 ¶11-12
Moqebelo, la 17 January
Le ikholise hore thato ea Molimo e molemo, ea amoheleha hape e phethahetse.—Bar. 12:2.
Bana ha ba hlahe ba se ba ntse ba e-na le tumelo ho Molimo hobane feela batsoali ba e-na le eona. Ke ka hona ha nako e ntse e ea ngoana a ka ipotsang lipotso tse latelang: ‘Ke kholisoa ke’ng hore ehlile Molimo o teng? Na kannete nka tšepa seo Bibele e se buang?’ Ha e le hantle, Bibele e re khothaletsa hore re sebelise likelello tsa rona hantle le ho ‘etsa bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.’ (Bar. 12:1; 1 Bathes. 5:21) Feela u ka thusa ngoana oa hao joang hore a be le tumelo e matla? Khothaletsa ngoana ho ikholisa hore seo a ithutang sona ka Bibeleng ke ’nete. Ha ngoana a botsa lipotso, sebelisa monyetla oo ho mo bontša hore na a ka fumana likarabo joang a sebelisa lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso, joaloka Watch Tower Publications Index le Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova. U ka boela oa kena ho jw.org/st tlas’a “Lithuto Tsa Bibele” ebe u kena ho “Likarabo Tsa Bibele” ebe u tobetsa “The Bible.” Moo u tla fumana bopaki ba hore Bibele ha se buka feela e monate e ngotsoeng ke batho empa ke “Lentsoe la Molimo.”—1 Bathes. 2:13. w24.12 14-15 ¶4-5
Sontaha, la 18 January
U li fetisetse ho banna ba tšepahalang bao le bona ba tla tšoaneleha ho li ruta ba bang.—2 Tim. 2:2.
Baholo ba ka etsisa Jesu joang? Ba lokela ho koetlisa bara ba bo rona hore ba etse mosebetsi oa phutheho le haeba bara bao ba bo rona ba ntse ba le tlase lilemong. Baholo baa utloisisa hore bara bana ba bo rona ha baa phethahala. Ba lokela ho ba thusa ka bonolo hore ba tsebe mosebetsi, ba ikokobetse, ba tšepahale ba be ba ikemisetse ho sebeletsa ba bang. (1 Tim. 3:1; 1 Pet. 5:5) Jesu o file barutuoa ba hae mosebetsi oa ho bolela le ho ruta. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba utloa eka ba ke ke ba khona ho etsa mosebetsi oo empa Jesu o ne a kholisehile hore ba ka o etsa. O ne a kholisehile hoo a ileng a ba a re ho bona: “Kea le roma feela joalokaha Ntate a nthomile.”—Joh. 20:21. w24.10 16 ¶15; 17 ¶17
Mantaha, la 19 January
Davida . . . , monna ea nkhahlisang.—Lik. 13:22.
Davida e ne e le morena ea matla le ea tšepahalang. E ne e boetse e le sebini, seroki, mohlabani le moprofeta. O ile a tobana le liteko tse ngata. Ka lilemo tse ngata, o ile a phela e le mophaphathehi a baleha Morena Saule ea mona ea neng a batla ho mo bolaea. Le ka mor’a hore Davida e be morena, o ile a tlameha ho baleha mora oa hae Absalome ea neng a batla ho mo bolaea e le hore a mo nkele borena ka mahahapa. Ho sa tsotellehe mathata le mefokolo ea hae, Davida o ile a tšepahalla Molimo ho fihlela a shoa. Jehova o ile a mo hlalosa e le ‘monna ea mo khahlisang.’ Kannete ke habohlokoa hore re mamele keletso e bohlale ea Davida. (1 Mar. 15:5) Ka mohlala, nahana ka keletso eo Davida a ileng a e fa mora oa hae Solomone, eo e neng e tl’o ba morena ea latelang. Jehova o ile a khetha Solomone hore a hahe tempele eo batho ba neng ba tla mo rapela ho eona. (1 Likron. 22:5) Ho ne ho e-na le mosebetsi o mongata oo Solomone a neng a lokela ho o etsa hape o ne a tla hloka thuso ea Jehova ho etella sechaba pele. Davida o ile a re’ng? Davida o ile a bollella mora oa hae hore haeba a ne a ka mamela Jehova, e ne e tla ba morena ea molemo le ea atlehileng.—1 Mar. 2:2, 3. w24.11 10 ¶9-11
Labobeli, la 20 January
Tsebisa Jehova tsela ea hao; u itšetlehe ka eena ’me o tla u thusa.—Pes. 37:5.
Monna ea otlang mosali oa hae le ho mo hlekefetsa ka mantsoe, o lokela ho nka mehato ho lokisa kamano ea hae le Jehova le kamano ea hae le mosali oa hae. Oa pele, o lokela ho hlokomela hore o na le bothata bo tebileng. Ha ho na ntho e patehileng mahlong a Jehova. (Pes. 44:21; Moek. 12:14; Baheb. 4:13) Oa bobeli, o lokela ho khaotsa ho hlekefetsa mosali oa hae ’me a fetole boitšoaro ba hae. (Liprov. 28:13) Oa boraro, o lokela ho kopa tšoarelo ho mosali oa hae le ho Jehova. (Lik. 3:19) O boetse o lokela ho kopa Jehova hore a mo fe tabatabelo ea ho fetoha le ho mo thusa hore a laole tsela eo a nahanang ka eona, eo a buang ka eona le eo a etsang lintho ka eona. (Pes. 51:10-12; 2 Bakor. 10:5; Bafil. 2:13) Oa bone, o lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa hae, ka hore a ithute ho hloea mefuta eohle ea ntoa le mantsoe a hlabang. (Pes. 97:10) Oa bohlano, o lokela ho kopa thuso hang-hang ho baholo ba phutheho. (Jak. 5:14-16) Oa botšelela, o lokela ho etsa moralo oa lintho tse ka mo thusang hore na o lokela ho qoba eng e le hore a se ke a iphumana a khutletse mekhoeng eo e mebe hape. w25.01 10-11 ¶14
Laboraro, la 21 January
U sa emetse’ng? Ema, u kolobetsoe.—Lik. 22:16.
Na u rata Jehova Molimo, ea u fileng mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo, ho akarelletsa le bophelo ka bobona? Na u batla ho bontša hore oa mo rata? Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa joalo, ke ka hore u inehele ho eena u be u kolobetsoe. Lintho tsena tse peli ke tsona tse tla etsa hore u be karolo ea lelapa la Jehova. Ha u etsa joalo, Ntate le Motsoalle oa hao o tla u tataisa a be a u hlokomele hobane u ikarabella ho eena. (Pes. 73:24; Esa. 43:1, 2) Boinehelo le kolobetso li boetse li u fa monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (1 Pet. 3:21) Na ho na le ntho e u sitisang hore u kolobetsoe? Haeba ho joalo, ha u mong. Batho ba limilione bao e bileng Lipaki pele ho uena le bona ba ile ba tlameha ho etsa liphetoho boitšoarong le tseleng eo ba nahanang ka eona, e le hore ba tšoanelehe ho kolobetsoa. Hona joale ba sebeletsa Jehova ka cheseho ebile ba thabile. w25.03 2 ¶1-2
Labone, la 22 January
U tšoarela e le kannete.—Pes. 130:4.
Hangata ka Bibeleng, libe li tšoantšoa le mojaro o boima. Ha Morena Davida a bua ka libe tsa hae o ile a re: “Liphoso tsa ka li bokellane ka holim’a hlooho ea ka. Li nkimetse joaloka mojaro o boima haholo.” (Pes. 38:4) Jehova o tšoarela baetsalibe ba bakileng. (Pes. 25:18; 32:5) Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng bakeng sa “ho tšoarela” le bolela “ho imolla” kapa “ho tlosa.” Ha Jehova a re tšoarela libe, ho joalokaha eka o tlosa mojaro o boima mahetleng a rona ’me oa re imolla. Mohlala o mong o re thusang ho bona hore na Jehova o suthisetsa libe tsa rona hole hakae le rona o hlaha ho Pesaleme ea 103:12, e reng: “Feela joalokaha bochabela bo le hole le bophirimela, ka ho tšoanang o suthiselitse liphoso tsa rona hole le rona.” Bochabela bo hole le bophirimela ’me ha ho mohla libaka tseo tse peli li ka kopanang. Ka mantsoe a mang, Jehova o suthisetsa libe tsa rona hole le rona. Re kholisehile hore Jehova o re tšoarela ka pelo eohle. w25.02 9 ¶5-6
Labohlano, la 23 January
Ha u fa bafutsana liphallelo, u se ke oa ipolelisa joalokaha baikaketsi.—Mat. 6:2.
Ka mor’a hore Jesu a khutlele leholimong, moapostola Petrose o ile a etsa mohlolo oa hore a folise monna e mong ea neng a hlahile a holofetse. (Lik. 1:8, 9; 3:2, 6-8) Mohlolo ona o ile oa etsa hore batho ba bangata ba bokanele Petrose. (Lik. 3:11) Na Petrose o ne a tla ithorisa ka lebaka la ketso eo, joalokaha a holetse sebakeng seo batho ba teng ba ratang maemo ebile ba a khothalletsa? Che. Petrose ka boikokobetso o ile a isa thoriso eo ho batho bao e ba tšoanelang, e leng Jehova le Jesu. O ile a re: “Kaha re lumela ho [Jesu], monna enoa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o folisitsoe ka lebitso la [Jesu].” (Lik. 3:12-16) Re ka etsisa mohlala oa Petrose oa ho hlaolela boikokobetso. Re etsetsa batho ba bang lintho tse molemo hobane re ba rata ebile re rata le Jehova, eseng hobane re batla ho rorisoa. Haeba re thabela ho sebeletsa Jehova le Bakreste-’moho le rona ka tsela leha e le efe eo re ka khonang ka eona ho sa tsotellehe hore na ho na le motho ea re bonang, seo se bontša hore re ikokobelitse.—Mat. 6:1-4. w25.03 10-11 ¶11-12
Moqebelo, la 24 January
Etsa sohle seo u ka se khonang hore u be mohlala o motle le hore u rute hantle.—1 Tim. 4:16.
Ha re rata Jehova le batho ba bang seo se tla re thusa hore re chesehele mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate. (Mat. 22:37-39) Ak’u nahane feela hore na Jehova o thaba hakaakang ha a re bona re etsa mosebetsi ona le kamoo batho ba bang ba ka thabang kateng ha ba qala ho ithuta Bibele. Hopola hore batho ba mamelang molaetsa oa rona ’me ba nka qeto ea hore ba batla ho sebeletsa Jehova, ba tla fumana bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (Joh. 6:40) Na ha u khone ho tsoa ka tlung? Haeba ho joalo, nahana ka lintho tseo u ka li etsang ho bontša hore u rata Jehova le batho ba bang. Nakong ea seoa sa COVID-19, Mor’abo rona Samuel le Morali oa bo rona Dania ba ne ba sa khone ho tloha ha bona. Nakong eo e thata, ba ne ba bolella batho ba bang litaba tse monate ka fono, ba ngola mangolo le ho khanna lithuto tsa Bibele ba sebelisa Zoom. Le hoja Mor’abo rona Samuel le Morali oa bo rona Dania ba ne ba sa khone ho etsa lintho joaloka pele, ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ’me seo se ile sa ba thabisa haholo. w24.04 18 ¶15-16
Sontaha, la 25 January
“Ke mang ea ka fumanang mosali oa sebele? Mosali eo o bohlokoa haholo ho feta likorale.”—Liprov. 31:10.
Le hoja lenyalo e se lona feela le tlisang thabo bophelong, Bakreste ba bangata ba seng lenyalong ho sa tsotellehe hore ba bacha kapa ba holile ba ka thabela ho ba le molekane oa lenyalo. Leha ho le joalo, u lokela ho ba le kamano e matla le Jehova, u tsebe seo u se batlang ’me u be le bokhoni ba ho hlokomela lelapa la hao e le hore u ka kena lenyalong. (1 Bakor. 7:36) Ho ka ba molemo hore u tsebe makhabane ao u batlang hore motho eo u ka nyalanang le eena a be le ’ona pele u qala ho ratana le eena. Ha u sa etse joalo u ka ’na oa hlokomoloha motho eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa lenyalo ea u loketseng kapa oa ratana le motho ea sa u lokelang. Ke ’nete hore u lokela ho khetha motho ea kolobelitsoeng hore e be molekane oa hao. (1 Bakor. 7:39) Leha ho le joalo, ha se motho e mong le e mong ea kolobelitsoeng eo e ka bang molekane oa lenyalo ea u loketseng. Kahoo, ipotse: ‘Ke lintho life tseo ke batlang ho li finyella bophelong? Ke makhabane afe ao ke nkang hore molekane oa lenyalo o lokela ho ba le ’ona? Na lintho tseo ke li lebeletseng ho eena lia utloahala?’ w24.05 20 ¶1; 21 ¶3
Mantaha, la 26 January
Le bontšane mosa.—Baef. 4:32.
Ha le ntse le tsebana haholoanyane, le ka etsa’ng ha le sa lumellane ka lintho tse itseng? Na ho se lumellane ho bolela hore le lokela ho arohana? Ha ho joalo hobane batho ba ratanang kaofela ba na le ho se lumellane. Haeba banyalani ba hlomphana ba bile ba ikemiselitse ho mamellana, lenyalo la bona le tla tšoarella le hoja ho e-na le lintho tseo ba sa tšoaneng ka tsona. Kahoo, tsela eo le lokisang lintho ka eona ha le e-na le mathata hona joale e ka bontša hore na lenyalo la lona le tla atleha kapa che. Le lokela ho ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na re khona ho buisana ka lintho ka tsela e bonolo le e bontšang tlhompho? Na re potlakela ho amohela ha re entse phoso le ho leka ho ntlafatsa? Na rea ikokobetsa, re kope tšoarelo le ho tšoarelana?’ (Baef. 4:31) Leha ho le joalo, haeba le lula le sa lumellane ka lintho kapa le ngangisana ha le ntse le ratana, ho ka etsahala hore le ntse le tla etsa ntho e tšoanang ha le se le nyalane. Haeba u hlokomela hore motho eo u ratanang le eena ha se eena ea u loketseng, ho arohana e ka ba qeto e le tsoelang molemo le le babeli. w24.05 29 ¶12
Labobeli, la 27 January
Ho rorisoe Jehova, Lefika la ka,ea nkoetlisetsang ho loana.—Pes. 144:1.
Haeba re mamela Jehova linthong tsohle ebile re tataisoa ke melao-motheo ea Bibele ha re etsa liqeto, re tla ba mehlala e metle ho batho ba bang. Ha tsebo eo re nang le eona ka Jehova e ntse e eketseha le tumelo ea rona e ba matla le ho feta, re tla mamela melao ea Jehova le ho lula re mo tšepahalla. Re ke ke ra ba batho ba hlolehang ho etsa qeto, ba sa tsitsang kapa ba khelosoang habonolo ke lithuto tsa bohata le tsela eo batho ba lefatše lena ba nahanang ka eona. (Baef. 4:14; Jak. 1:6-8) Re tla khona le ho thusa batho ba bang ha ba hlaheloa ke mathata. (1 Bathes. 3:2, 3) Baholo ba lokela ho ba le teka-tekano linthong tsohle tseo ba li etsang, ba be le kelello, ba hlophisehe hape ba se ke ba ba manganga. Bara bana ba bo rona ba matlafatsa phutheho ka ho etsa hore ‘tsela eo ba rutang ka eona e be tumellanong le lentsoe le tšepahalang.’ (Tite 1:9; 1 Tim. 3:1-3) Ha baholo ba hlokomela phutheho, ba ea libokeng le tšimong kamehla ebile ba etsa thuto ea botho kamehla, mohlala oa bona o thusa bahoeletsi hore ba etse se tšoanang. Ha bara le barali ba bo rona ba hlaheloa ke mathata a etsang hore ba tšoenyehe, baholo ba ka ba thusa ho lula ba nahana ka Jehova le merero ea hae. w24.06 31 ¶16-18
Laboraro, la 28 January
Bakang hobane ’Muso oa maholimo o atametse.—Mat. 4:17.
Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae, o ile a ruta batho hore Ntate oa hae o ikemiselitse ho ba tšoarela ha ba etsa libe. O ile a ba ruta thuto ena ea bohlokoa ka ho etsa papiso ea mora ea lahlehileng. Mohlankana eo o ile a khetha ho tloha hae eaba o phela bophelo bo litšila. Hamorao o ile a “hlaphoheloa” eaba o khutlela hae. Ntate oa hae o ile a mo tšoara joang? Jesu o ile a re: “Ha a sa le hole ntate oa hae a mo bona . . . , a matha a ea ho eena a mo haka eaba oa mo suna.” Mora eo o ile a kopa hore ntate oa hae a mo etse e mong oa bahiruoa ba hae empa ntate oa hae o ile a mo bitsa “mora enoa oa ka” a ba a mo amohela. Ntate oa hae o ile a re: “O ne a lahlehile empa o fumanoe.” (Luka 15:11-32) Ha Jesu a ntse a le leholimong, e tlameha ebe o ne a ile a bona ka makhetlo a mangata ha Ntate oa hae a hauhela baetsalibe ba bakileng ka tsela e tšoanang. Papiso ena ea mora ea lahlehileng e re khothatsa haholo ebile e re ruta kamoo Ntate oa rona Jehova a leng mohau kateng. w24.08 11 ¶11-12
Labone, la 29 January
Le itšoare hantle ’me le lule le hopola ho rapela.—1 Pet. 4:7.
Mokreste ea hlaphohetsoeng kelellong o etsa sohle seo a ka se khonang hore a etse liqeto tse nepahetseng tse bontšang tsela eo Jehova a nahanang ka eona. Mokreste ea joalo oa tseba hore ha ho na ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ho feta kamano ea hae le Jehova. O etsa lintho ka tsela e itekanetseng, a tseba hore ha a na karabo ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hape o bontša hore o itšetlehile ka Jehova ka hore nako le nako a lule a mo rapela ka boikokobetso. Rea hlokomela hore re lokela ho lula re rapela Jehova ho sa tsotellehe bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona. Kahoo, re lokela ho lula re rapella tataiso ea Jehova ha re etsa liqeto, haholo-holo tsa bohlokoa, re tšepile hore o tseba se molemo bakeng sa rona. Rea thaba hore ebe Jehova o re bopile ka tsela eo re khonang ho bontša makhabane a hae. (Gen. 1:26) Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho etsisa Jehova ka tsela e phethahetseng.—Esa. 55:9. w25.03 11 ¶13; 13 ¶17-18
Labohlano, la 30 January
[Motho ea lerato] o tšepa lintho tsohle, o mamella lintho tsohle.—1 Bakor. 13:7.
U se ke oa nahana hore batho ba bang ha ba na kananelo. Ha ba bang ba sa ananele seo re ba etselitseng sona, re lokela ho ipotsa: ‘Na ehlile ha ba ananele, kapa ke feela hore ba mpa ba lebetse ho bontša kananelo?’ Mohlomong ho na le mabaka a entseng hore ba se ke ba re leboha ka tsela eo re neng re e lebeletse. Le hoja ba bang ba ananela, ho ka ba thata ho bontša kananelo eo. E ka ’na eaba ba bang ba hlajoa ke lihlong hobane nakong e fetileng, ba ne ba khona ho fana ’me hona joale ha ba sa khona. Empa haeba re rata bara le barali ba bo rona e le kannete, re ke ke ra nahana lintho tse mpe ka bona ’me re tla tsoela pele re fana re thabile. (Baef. 4:2) E-ba le mamello. Morena Solomone ea bohlale, o ile a re ha a bua ka ho fana: “Lahlela bohobe ba hao ka metsing kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.” (Moek. 11:1) Sena se re ruta hore batho ba bang ba ka bontša kananelo ka mor’a nako e telele. w24.09 30 ¶18-19
Moqebelo, la 31 January
Ba tloaetseng ho etsa sebe u ba khalemele ka pel’a batho bohle e le hore le ba bang ba tle ba tšabe ho etsa sebe.—1 Tim. 5:20.
Ka linako tse ling ho ka etsoa tsebiso ea hore motho ea itseng o khalemetsoe. Boemong bona, re ka tsoela pele ho sebelisana le eena hobane o bakile ebile o fetotse boitšoaro ba hae. E sa ntse e le karolo ea phutheho ’me o ntse a hloka likhothatso tse tsoang ho balumeli-’moho le eena. (Baheb. 10:24, 25) Empa boemo bo fapane ho motho ea tlositsoeng ka phuthehong. Re ‘khaotsa ho itsoakanya’ le motho ea joalo, esita ‘le ho ja ha re je’ le eena. (1 Bakor. 5:11) Na see se bolela hore re lokela ho qoba ka ho feletseng motho ea tlositsoeng ka phuthehong? Ha ho joalo. Ke ’nete hore re ke ke ra itsoakanya le eena. Empa Bakreste ba tla sebelisa matsoalo a bona a koetlisitsoeng ka Bibele ha ba khetha hore na ba tla mo memela libokeng. E ka ’na eaba ke motho eo ba amanang le eena kapa eo e neng e le motsoalle oa bona nakong e fetileng. w24.08 30 ¶13-14